Lifeshene tse Ratoang ka ho Feteletseng—Na ke Lokela ho li Latela?
‘EHLILE e ntle haholo!’ ‘Joale u jele koto!’ Lithaka tsa hao li ka ’na tsa u babatsa haholo ha li bona hore u latela feshene ea morao-rao e ratoang ka ho feteletseng. E, lifeshene tse ratoang ka ho feteletseng li na le mokhoa oa ho hapa tlhokomelo le ho etsa hore batho ba arabele ka mekhoa e matla.
Leha ho le joalo, lifeshene tse ratoang ka ho feteletseng li boetse li fetoha ka ho panya ha leihlo, ’me li tsebahala ka hore ke tsa nakoana. Ho ea ka patlisiso e amanang le khoebo, feshene e ratoang ka ho feteletseng e simolla ho tuma har’a lihlotšoana tsa bacha ba sebete, ba etsang lintho tse sa tloaelehang. Ha e qala ho nama, bahlahisi le ba phatlalatso ba e buella ka ho sebelisa liphatlalatso ka makasine, TV, le seea-le-moea. Libini le likhalala li lefelloa ho e etsa hore e hlomphehe ’me e tume ka ho e buella. Le bacha ba ka e buella ka cheseho e khōlō. ’Me haeba e tuma, e ka fetoha feshene ho pholletsa “palong e ngata ka mokhoa o hlollang har’a bacha.”
Leha ho le joalo, qetellong, feshene e ratoang ka ho feteletseng ha e sa khahlisa ’me ea tsoa. (American Demographics) Empa nakong ea ha mokhoa o mocha, tantši, kapa sesebelisoa se itseng se le fesheneng, u ka ’na ua ikutloa u le tlas’a khatello e matla ea hore u e latele. Ba bangata ba ikutloa joaloka Kim ea lilemo li 15: “U etsoa hore u ikutloe joaloka mokhelo haeba u le ea fapaneng.”
Ho li latela e ka ba morero o theko e boima. Ka mohlala, nahana ka feshene e ratoang ka ho feteletseng ea phini e ileng ea tuma har’a bacha ba Mafora lilemong tse seng kae tse fetileng. Ho latela sehlooho sa 1991 ho The New York Times, “ke de rigueur [tlamo] hore kepisi ea hao ea baseball kapa beche ea baki ea hao e hlongoe liphini tse mebala-bala, tse lekanang le khutlo ea ledaese la papali ea domino.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Ho ne ho bonahala feshene eo e ratoang ka ho feteletseng e se kotsi—empa u ne u tlameha ho lefa R44 e ngata ka mokhoa o makatsang bakeng sa phini e le ’ngoe e entsoeng ke motho ea tummeng.
Mocha a ka boetse a fumana hore ho ba ea “hantle” ho bolela ho fetang feela ho lefa chelete e ngata. Ka mohlala, lihlopheng tse ling, ho fesheneng ho roala kepisi ea baseball. Empa u tlameha ho khetha kepisi e nang le ’mala o nepahetseng, o emelang sehlopha se nepahetseng, ’me karolo ea feshene e ratoang ka ho feteletseng ke tsela eo u roalang kepisi ka eona.
Ho bacha ba bangata ena ke taba e tebileng. Ba nka hore ho latela lifeshene tse itseng tse ratoang ka ho feteletseng ke senotlolo sa ho fumana botumo kapa ho amoheloa. Leha ho le joalo, re tla hlokomela hore ho li latela hase kamehla ho leng bohlale.
Qamakisisa Moo U Hatang Teng
Hase hore Bibele e nyatsa lifeshene tse ratoang ka ho feteletseng ka botsona. Lintho tse ling tse ratoang e ka ba tse loketseng ho sa tsotellehe taba ea hore ke feshene e ratoang ka ho feteletseng. Ka mohlala, ba bang ba ne ba nka ho matha e le feshene e ratoang ka ho feteletseng nakong ea ha ho ne ho tuma lilemong tse itseng tse fetileng. Empa ke mang ea ka latolang hore boikoetliso bo hahang, bo itekanetseng bo molemo?—Bapisa le 1 Timothea 4:8.
Leha ho le joalo, lifeshene tse ratoang ka ho feteletseng li fapana ho tloha ho tse bontšang booatla le tse kotsi ka ho feletseng. Ka hona temoso ea maele a boholo-holo e loketse: “Sethoto se lumela litaba tsohle; empa ea nang le kelello o qamakisisa moo a hatang teng.” (Liproverbia 14:15) Motho ea seli o bohlale, oa hlalohanya. Ha a latele ka bofofu mokhoa o itseng o mocha feela ka lebaka la hore o tumme. Ka bohlale, o leka-lekanya liphello tsa ho etsa joalo.
Litšenyehelo e ka ba lebaka le leng leo ho ka nahanoang ka lona. Makasine oa Canada o bolela ka ngoanana ea ka tlaase ho lilemo tse 20 ea sebetsang sebakeng sa ho jela lijo tse phehoang le ho rekisoa hang-hang. Chelete e fetang halofo ea chelete eo a e sebeletsang ka thata e sebelisetsoa ho reka liaparo tsa morao-rao tsa lifeshene tse ratoang ka ho feteletseng. Bibele e re, ‘chelete ke tširelo’ ke hore ke sesebelisoa se hlokahalang, se nang le thuso. (Moeklesia 7:12) Na u ka khona ho e senya linthong tseo, ho latela seo mongoli e mong a se bolelang, “li etselitsoeng ho fela ka mor’a nakoana e itseng”?
Kotsi ’meleng e ka ba tšobotsi e ’ngoe eo re tlamehang ho nahana ka eona. Break dancing e ne e tumme eseng khale haholo. Empa e ile ea baka likotsi tse ngata tsa mokokotlo. Ho thoe’ng kajeno? Sehlooho ho makasine oa Rolling Stone se bua ka liketso tse tsoileng taolong tse etsoang lihlopheng tsa tantši le likonsareteng tsa rock, tse kang “ho qhoma sethaleng” (ho tsubella motho a le sethaleng a theohela matsohong a batšehetsi ba ntseng ba thoholetsa), “ho thulana” le “ho theselana”—liketso tsa “tantši” tseo ha e le hantle e leng pefo e etsoang ka morethetho oa ’mino. Mocha e mong o tletleba ka hore: “Taba ena e se e tsoile taolong haholo. Ke bolela hore, e hlile e tsoile taolong.” O hlalosa kamoo “ba etsang tantši ea ho chaisana” ba “tantšang ba sa thijoe ke letho ka potlako e khōlō, ba tantša ba ntse ba pota-pota, ba sa nahane letho ’me ba thula mang kapa mang eo ka bomalimabe a leng tseleng ea bona.” Boitšoaro bo joalo bo ka ’na ba khahla lithaka tse ling tsa hao. Empa na ho ba libakeng tse joalo kapa ho etsa lintho tse joalo ho ka amoheloa ke Molimo, ea laelang Bakreste ho “tela ho se tšabe Molimo le litakatso tsa lefatše, re tle re phele nakong ea joale ka kelello”?—Tite 2:12.
Ho thoe’ng ka likotsi bophelong bo botle ba ’mele tse bakoang ke ho phunya ’mele le ho cheseletsa mongolo ’meleng—tseo le tsona li tumang haholo har’a bacha? Lingaka li bolela hore ho cheseletsa mongolo ’meleng ho ka baka likotsi tse hlokang tlhokomelo ea bongaka, tse kang lefu la sebete le mohlomong AIDS, haeba lintho tse sebelisoang li sa hloeka. Hape ho na le tebello ea ho ba le mokhabiso oa nako eohle o tla ba teng le ka mor’a hore o tsoe fesheneng. Ke ’nete hore ho cheseletsa mongolo ’meleng ho hong ho ka ’na ha tlosoa ke laser. Empa phekolo ea laser e kopanyeletsa linako tse ngata tsa bohloko, tse hlokang liranta tse makholo lekhetlo ka leng.
Ho kotsi ka ho fetisisa ke kotsi ea moea e ka bakoang ke ho latela lifeshene tse itseng tse ratoang ka ho feteletseng. Bongata ba tsona bo thehiloe ho likhalala—batšoantšisi, limathi, libini, le ba bang ba tšoanang le bona. E ba ntho e “ntle” haholo ho apara le ho etsa lintho joaloka mang kapa mang eo hona joale a hlahelletseng. Empa Jehova Molimo o talima ho rapela mohale ea joalo joang? E le borapeli bo tebileng ba litšoantšo. Ka hona Bibele e eletsa hore: “Le ke le tšabe tšebeletso ea litšoantšo.” (1 Ba-Korinthe 10:14) Likhalala tse ngata ho hang ha li tsotelle litekanyetso tsa Bibele tsa boitšoaro. (1 Ba-Korinthe 6:9-11) Taba ha li le tjena, na mohlomong Molimo a ka thabela ha u etsa lintho kapa u apara ka litsela tseo ha e le hantle li tlotlisang ba joalo?
Maikutlo ao U a Fang ba Bang
Bibele e boetse e laela bacha hore ba hlomphe batsoali ba bona. (Ba-Efese 6:2) Na e ke ke ea e-ba ho ba tlotlolla haeba u tla lapeng u khabile ka mabenyane a kentsoeng ’meleng kapa u tletse ka mengolo e cheselelitsoeng ’meleng? ’Me ho thoe’ng ka ba bang, joaloka bao u kenang sekolo le bona? Haeba u Mokreste, na ba tla ho fumana ho le thata ho nka seo u se bolelang ka ho teba haeba hamorao u leka ho arolelana le bona tumelo ea hao?—Bapisa le 2 Ba-Korinthe 6:3.
Ho ka boleloa se tšoanang ka ho apara litaele tse ling tse tumisitsoeng ke bahlahisi ba rap. Ke ’nete hore libakeng tse ngata kepisi ea baseball e mpa feela e le ntho e roaloang. Empa libakeng tse ling tsa mabalane, “hona joale lipolotiki li phetha karolo ea bohlokoa tabeng ea ho tuma ha likepisi tse itseng.” (Entertainment Weekly) Na ho roala likepisi tse itseng, ho apara libaki, ho roala liteki, kapa lintho tse ling tsa ho khaba tsa hip-hop ho fana ka maikutlo a hore u tšehelitse mokhoa oa bophelo oa rap ka botšepehi? Hopola, lerato la Bokreste “ha le etse ho soabisang” kapa ha le itšoare ka mokhoa o tšosang.—1 Ba-Korinthe 13:5.
Nahana ka se ileng sa etsahalla sehlopha se seng sa banana ba ka tlaase ho lilemo tse 20 toropong ea khale bao, ho latela makasine oa People, ba ileng ba nyelisa ho ameha ha batho ba moo ka ho ea sekolong ba apere “liaparo tsa hip-hop.” Ngoanana e mong oa hlalosa: “Re bona liaparo tsena ho MTV [seteishene sa TV se lefelloang se bapalang livideo tsa ’mino]. Ke ne ke nahana hore li ntle.” Leha ho le joalo, liaparo tseo tse fesheneng li ile tsa hotetsa khang—le pefo ea morabe.
Ka hona joaloka Bakreste re batla ho ‘itlhopha ka boitlhopho le ka tšabo.’ (1 Timothea 2:9) Sena se kopanyelletsa ho nahanela maikutlo le boikutlo ba ba bang le ho se tsitlallele seo motho a se ratang. Ho boetse ho bolela ho qoba liaparo le boitšoaro tseo ba bang ba ka ’nang ba nka hore li feteletse.
Tlhokahalo ea ho ba Hlokolosi
Ho hlakile hore feshene e ’ngoe le e ’ngoe e ratoang ka ho feteletseng e tlameha ho leka-lekanngoa ka seo e leng sona. Leha ho le joalo, hopola hore Satane Diabolose ke ’musi oa lefatše lena, ’me pakane ea hae ke ho ‘batla eo a ka mo jang.’ (1 Petrose 5:8; Johanne 12:31; 1 Johanne 5:19) Ntle ho pelaelo lifeshene tse ling tse ratoang ka ho feteletseng tse tummeng li ’nile tsa sebelisoa ke Satane ho khelosa le ho isa bacha hōle le Molimo. Ka hona ho loketse ho ba hlokolosi.
Ha ho kotsi ho bolela hore hangata ha ho bohlale ho ba oa pele oa ho latela mokhoa leha e le ofe o mocha kapa feshene e ratoang ka ho feteletseng; ho sireletsehile haholoanyane ho sekamela ho ba ea leka-lekaneng. Ka lehlakoreng le leng, Bibele e boetse e lemosa khahlanong le ho ba “ea lokileng ka ho fetisisa.” (Moeklesia 7:16) Ka sebele ha ho hlokahale hore u hanele mekhoa e mecha hoo ka ho nyahamisang u siuoang ke linako, u shebahalang u makatsa, kapa eka u nahana ka tsela e sa tloaelehang.
Ha feshene e ratoang ka ho feteletseng e kena-kenana le molao-motheo oa Bibele kapa kahlolo e ntle, joale ntho e bohlale ke hore u e qobe. Ke ’nete hore ha ho bonolo ho ba ea fapaneng le lithaka tsa hao. Empa bukeng ea hae How to Say No and Keep Your Friends, mongoli Sharon Scott oa botsa: “Na u na le metsoalle e bohlale haholo le e u tsebang hantle hoo e lokelang ho u etsetsa liqeto? Mohlomong ha u na eona!” Na e ke ke ea e-ba ho molemo haholoanyane ho tataisoa ke thato ea batsoali ba hao le letsoalo la hao le koetlisitsoeng ke Bibele? Ho etsa joalo hase kamehla ho tla etsa hore u amohelehe ho lithaka tsa hao kaofela, ho e-na le hoo, ho tla etsa hore u amoheloe ke Jehova, e leng seo, ho fapana le feshene e ratoang ka ho feteletseng e fetang ka potlako, e leng ntho ea ka ho sa feleng!—Pesaleme ea 41:12; Liproverbia 12:2.
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Batsoali ba hao ba tla arabela joang haeba u latela feshene e itseng e ratoang ka ho feteletseng?