Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w89 4/15 leq. 28
  • Ho Nyarela ka Litabeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Nyarela ka Litabeng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Rarolla Tlōlo ea Molao
  • Ke Mang ea Ikarabellang?
  • ’Molai oa Sebele
  • Ho Laola Bohale—Ba Hao le Ba Ba Bang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Bohale—Ke Eng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Laola Moea oa Hao!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Hobane’ng ha ke Hlōleha ho Laola Bohale ba Ka?
    Tsoha!—1987
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
w89 4/15 leq. 28

Ho Nyarela ka Litabeng

Ho Rarolla Tlōlo ea Molao

Ho sa tsotellehe litšepiso tsa bo-ralipolotiki ba batlang batšehetsi tsa ho etsa melao e molemonyana mabapi le tlōlo ea molao United States, ABA (Mokhatlo oa Tsamaiso ea Makhotla oa Amerika [American Bar Association]) haufinyane o ile oa lumela hore tlōlo ea molao e tsoile taolong le hore ho hang tsamaiso ea toka malebana le batlōli ba molao e ke ke ea e thibela. The New York Times e tlaleha hore, ABA e hakantse hore ho entsoe litlōlo tsa molao tse limillione tse 34 ka 1986, empa liphuputso tse kopanetsoeng li senola hore “ke tse likete tse makholo a seng makae feela tse ileng tsa fella ka likahlolo tsa chankana.” Ho phaella moo, ABA e bolela hore boholo ba litlōlo tsa molao ha li tlaleheloe mapolesa. Ho sa tsotellehe sena, lichankana li tletse tsoete! ’me linyeoe tsa tlōlo ea molao li tletse ka makhotleng. Times e bolela hore, phuputso e ile ea lumela hore “ha ho tšepo ea sebele ea hore keketseho ea liqoso le likahlolo tsa chankana e tla ke e thibele tlōlo ea molao.”

Le hoja sechaba se ferekaneng se ka ’na sa fumana ho lumela taba e tjena e le ho nyarosang, liithuti tsa Bibele tse nang le tsebo ha li ho fumane ho nyarosa. Makholo a lilemo khale koana moapostola Pauluse o ile a bolela esale pele hore “mehleng ea qetello” ea tsamaiso ena e teng, “batho ba lonya . . . ba ea ’ne ba tsoele pele tšenyong.” (2 Timothea 3:1, 13) Leha ho le joalo, seo motho a ke keng a khona ho se etsa, Molimo o ka se etsa. O tšepisa hore ba khopo “ba tla khaoloa holim’a lefatše.”—Liproverbia 2:22.

Ke Mang ea Ikarabellang?

Ha sefofane sa 103 sa Pan American World Airways se phatloha sepaka-pakeng holim’a Lockerbie, Scotland, ka Tšitoe selemong se fetileng, baeti bohle ba 258 ba ile ba shoa. Baahi ba leshome le motso o le mong ba Lockerbie le bona ba ile ba shoa ha sefofane se senyehileng se bjaramana holim’a matlo a ’maloa. Baratuoa ba shoeleng koluoeng eo e nyarosang ea moeeng ba ne ba Ileloa ke beng ka bona le metsoalle ka ho tšoanang. Na Molimo oa ikarabella bakeng sa koluoa ee?

Ho bonahala eka mobishopo e mong oa K’hatholike oa Scotland o nahana joalo. Ho latela The New York Times, puong ea hae Kerekeng ea K’hatholike ea Boraro-bo-bong bo Halalelang o itse: “Ntate, haeba U Molimo o lerato, ke hobane’ng ha U ile ua lumella see hore se etsahale? Ke hobane’ng ha U ile ua lumella timetso ea bophelo ba batho ba makholo ba se nang molato? . . ’Me ke hobane’ng ha U lumella batho ba bangata hakaale ho hlokofatsoa ke mesarelo e sehlōhō, e sithabetsang?”

Na kannete Molimo o molato bakeng sa tlhokofatso e joalo? Ho latela bafuputsi, sefofaneng se senyehileng ho ile ha fumanoa bopaki bo neng bo bontša hore se sentsoe ke seqhomane sa likhukhuni. Ha batho ba loantšana ho ntšetsa pele lithahasello tsa bona tsa boithati, na Molimo o lokela ho nkoa o ikarabella bakeng sa kotsi eo seo se ka e tlisetsang ba bang? Che! Ho lokela ho lebelloe hore batho ba ke ke ba phonyoha liphello tsa seo ba se etsang. Moapostola Pauluse o ngotse: “Hobane seo motho a se jalang, o tla se kotula le hona.” (Ba-Galata 6:7) Ho feta moo, mabapi le batho ba se nang molato ba hlaseloang ke liketso tse sehlōhō le tse se nang boikarabelo tsa ba bang, Moeklesia 9:11 (NW) e bolela hore “nako le ketsahalo e sa lebelloang li oela bohle.” Ka hona, motho a ka ’na a hlaha kotsi kapa a ba a lahleheloa ke bophelo ba hae, eseng hobane Molimo o batla ha motho a hlokofatsoa empa hobane, ka kotsi, a le sebakeng se fosahetseng ka nako e mpe.

’Molai oa Sebele

Ka lilemo tse ngata litsebi li ne li lumela hore batho ba likhoka le ba ntseng ba potlakile ka mehla ke bona ba pele ba ka hlaseloang ke mafu a pelo. Leha ho le joa!o, hona joale bopaki bo bocha bo bontša hore bohale, eseng ho hloka mamello, e ka ’na ea e-ba ’molai oa sebele. New York Post e tlaleha hore, Dr. Redford Williams, Jr., oa Setsi sa Bongaka sa Univesithi ea Duke, o ile a hlalosa hore ho potlaka kapa ho ba lekhoba la mosebetsi ha “ho hlile ha ho hobe bakeng sa pelo ea hao.” Williams o ile a bontša hore “ho hobe ke haeba a e-na le bora bo boholo le bohale ’me a sa ikhathatse ho bo pata ha a sebetsana le batho ba bang.” Ho ile ha boleloa hore ba leng kotsing e khōlō ea ho tšoaroa ke lefu la pelo ke “ba halefang kapele” le ba belaellang merero ea ba bang. Post e bolela hore, “Ba halefa hangata ’me ba bontša khalefo ea bona pepenene, ho e-na le ho e pata.”

Ke khale liithuti tsa Bibele li tseba liphello tse mpe tsa bohale. Makholo a lilemo khale koana Morena Salomone ea bohlale o ne a ngole: “Motho ea bohale o etsa tsa booatla” ’me “motho ea bohale o hotetsa phapang.” Leha ho le joalo, motho ea “liehang ho hlonama o tima likomang.” (Liproverbia 14:17; 15:18) Bao ka bohlale ba latelang keletso ena ea Bibele ba ka ’na ba fokotsa kotsi ea ho tšoaroa ke lefu la pelo. Lentsoe la Molimo ke ’nete: “Pelo e tšoeu e phelisa ’mele oa motho, empa mōna o bolisa masapo a hae.”—Liproverbia 14:30.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela