Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • “Jehova ka Boeena o Fana ka Bohlale”
    Molula-Qhooa—1999 | November 15
    • Ka mantsoe a lerato a ntate, Morena Solomone ea bohlale oa Iseraele ea boholo-holo o re: “Mora oa ka, haeba u tla amohela lipolelo tsa ka ’me u ipolokele litaelo tsa ka, e le hore u ele hloko bohlale ka tsebe ea hao, hore u sekamisetse pelo ea hao temohong; ho feta moo, haeba u hoeletsa kutloisiso ’me u bitsa temoho, haeba u ntse u li batla joalokaha u batla silevera, ’me u ntse u li tsoma joalokaha u tsoma matlotlo a patiloeng, tabeng eo u tla utloisisa ho tšaba Jehova, ’me u tla fumana tsebo ea Molimo.”—Liproverbia 2:1-5, NW.

  • “Jehova ka Boeena o Fana ka Bohlale”
    Molula-Qhooa—1999 | November 15
    • Nahana hore na ke matlotlo a maholo hakaakang a re emetseng haeba ka pelo e tšepahalang re fata ka botebo ka Bibeleng. Ka sebele re ne re tla fumana “tsebo ea Molimo”—e leng tsebo e tiileng, e tsitsitseng le e phelisang ea ’Mōpi oa rōna! (Johanne 17:3) “Ho tšaba Jehova” le hona ke letlotlo le ka fumanoang. Tlhompho ee ea borapeli e lebisoang ho eena ke ea bohlokoa hakaakang! Tšabo ena e molemo ea hore motho a se ke a mo halefisa e lokela ho laola karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo ba rōna, e eketsa bomoea ho sohle seo re se etsang.—Moeklesia 12:13.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela