-
“Bohlale ke Tšireletso”Molula-Qhooa—2007 | July 15
-
-
Ho fumana bohlale ho ama lipuo tsa rōna joang? Morena ea bohlale o re ho rōna: “Ea bontšang temohisiso tabeng o tla fumana se molemo, ’me ho thaba ea tšepang Jehova. Ea pelo e bohlale o tla bitsoa ea nang le kutloisiso, ’me ea molomo o mosa o eketsa tšusumetso. Temohisiso ke seliba sa bophelo ho ba nang le eona; ’me taeo ea maoatla ke booatla. Pelo ea ea bohlale e etsa hore molomo oa hae o bontše temohisiso, ’me e eketsa tšusumetso molomong oa hae.”—Liproverbia 16:20-23.
-
-
“Bohlale ke Tšireletso”Molula-Qhooa—2007 | July 15
-
-
Hase feela motho “ea pelo e bohlale” a bitsoang “ea hlalefileng” kapa “ea nang le temoho”! (Liproverbia 16:21, Bibele ea Sesotho; New International Version) Ka sebele, temohisiso ke “seliba sa bophelo” ho ba nang le eona. Empa ho thoe’ng ka maoatla? A ‘nyelisa bohlale le taeo.’ (Liproverbia 1:7) A kotula eng ka ho furalla taeo ea Jehova? Joalokaha ho boletsoe ka holimo, Solomone o re: “Taeo ea maoatla ke booatla.” (Liproverbia 16:22) Maoatla a fumana taeo e eketsehileng, hangata e le kotlo e matla. A ka boela a ipakela mathata, mahlabisa-lihlong, maloetse, esita le ho shoa kapele.
-