Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g21 no. 3 maq. 14-15
  • Ke Hobane’ng ha e le Habohlokoa Hore re Tsebe Hore na ho na le ’Mopi?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha e le Habohlokoa Hore re Tsebe Hore na ho na le ’Mopi?
  • Tsoha!—2021
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • U tla thabela bophelo haholoanyane
  • Fumana keletso e molemo e ka u thusang hona joale
  • Fumana likarabo tsa lipotso tsa hao
  • E-ba le tšepo ka bokamoso
  • Na Molimo o Teng? Ho Tseba Seo ho U Ama Joang?
    Tsoha!—2015
  • Ke Eng Seo e Leng ’Nete ka Molimo?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Bibele e re Tšepisa Bokamoso bo Thabisang
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Bibele e re Tšepisa Bokamoso bo Thabisang
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Selelekela sa Thuto ea Bibele
Bala Tse Ling
Tsoha!—2021
g21 no. 3 maq. 14-15
A group of friends admiring animals in a tree.

Ke Hobane’ng ha e le Habohlokoa Hore re Tsebe Hore na ho na le ’Mopi?

Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho tseba hore ho na le ’Mopi? Haeba ho na le bopaki bo u kholisang hore Molimo ea matla ’ohle o teng, u lokela ho hlahloba bopaki bo bong bo bontšang hore Bibele e ngotsoe ka tšusumetso ea moea oa Molimo. Kahoo, haeba u tšepa seo Bibele e se buang, e tla u tsoela molemo ka litsela tsena tse latelang.

U tla thabela bophelo haholoanyane

BIBELE E RE: “[Molimo] o ile a etsa se molemo, a le fa lipula tse tsoang leholimong le linako tse behang, a tlatsa lipelo tsa lona ka ho phethahetseng ka lijo le ho hlasimoloha ho molemo.”​—Liketso 14:17.

TEMANA EE E BOLELA’NG?: Popo ke mpho e tsoang ho ’Mopi. U tla ananela mpho ena haholo le ho feta ha u hlokomela hore Mofani oa eona oa u tsotella.

Fumana keletso e molemo e ka u thusang hona joale

BIBELE E RE: “U tla utloisisa ho loka le kahlolo le bokhabane, tsela eohle ea se molemo.”​—Liproverbia 2:9.

TEMANA EE E BOLELA’NG?: Kaha ke ’Mopi oa hao, Molimo o tseba seo u se hlokang e le hore u thabe. Ha u bala Bibele u ka ithuta lintho tse ngata tse tla u thusa bophelong ba hao.

Fumana likarabo tsa lipotso tsa hao

BIBELE E RE: “U tla fumana tsebo ea Molimo.”​—Liproverbia 2:5.

TEMANA EE E BOLELA’NG?: Ho tseba hore ’Mopi o teng ho ka u thusa hore u fumane likarabo tsa lipotso tsa bohlokoa tse kang: Morero oa bophelo ke ofe? Ke hobane’ng ha mathata a le mangata hakaale? Ho etsahala’ng ka rona ha re e-shoa? U ka fumana likarabo tse khotsofatsang ka Bibeleng.

E-ba le tšepo ka bokamoso

BIBELE E RE: “‘Etsoe ke tseba hantle menahano eo ke e nahanang ka lona,’ ho bolela Jehova, ‘menahano ea khotso e seng ea tlokotsi, ho le fa bokamoso le tšepo.’”​—Jeremia 29:11.

Shebella video e nang le sehlooho se reng Re ka Tseba Joang Hore Bibele e Nepahetse? le ea Mongoli oa Bibele ke Mang? ho jw.org. U ka fumana livideo tsena ka ho ea lebokoseng le ngotseng “Batla” ebe u ngola “’Nete ea Bibele” kapa “Mongoli oa Bibele”.

TEMANA EE E BOLELA’NG?: Molimo o tšepisa hore nakong e tlang o tl’o felisa bokhopo, mathata le lefu. Ha u na le tšepo litšepisong tsa Molimo, seo se tla u thusa hore u sebetsane le mathata a hao a letsatsi ka leng ka sebete.

Kamoo ba bang ba ruileng melomo kateng ka ho lumela hore ’mopi o teng

Cyndi.

Cyndi ea lulang Amerika o re: “Ke lula ke hlolloa ha ke bona tsela eo Molimo a re thusang ka eona bophelong. O re thusa hore re tsebe hore na ke lintho life tsa bohlokoa bophelong, re phelisane hantle le batho ba bang le hore re be metsoalle ea hae.”

Elise.

Elise ea lulang France o re: “Ke phela bophelo bo khotsofatsang le bo monate hobane ke lumela ho ’Mopi. Ho lumela ho Molimo ho etsa hore bophelo bo ’natefele hobane ho na le lintho tse ngata tseo nka ithutang tsona ka eena, ka popo ea hae le ka lentsoe la hae.”

Peter.

Peter ea lulang Netherlands o re: “Ha ke sebelisa seo ’Mopi oa rona a re rutang sona ka Bibeleng bophelong ba ka, kea thaba. Ke ba motho ea sa tšoaeng liphoso, ea mamelang batho ba bang ha ba bua le ea khotsofetseng. Ebile ke motsoali ea molemo.”

Liz.

Liz ea lulang Estonia o re: “Pele ke ithuta ka Molimo, bophelo ba ka bo ne bo se na morero. Ke ne ke lula ke ja, ke robala ebile ke lula ke fihla morao mosebetsing. Ke ne ke sa thabele bophelo. Hona joale ke nka bophelo e le mpho, ebile kea bo thabela le ho bo ananela.”

Adrien.

Adrien ea lulang France o re: “Ke motho ea tšoenyehang habonolo. Empa ke khona ho sebetsana le maikutlo ao hobane kea tseba hore haufinyane bokhopo, ho hloka toka le mathata li tla felisoa.”

Hlokomela kamoo Bibele e arabelang lipotso tsa bohlokoa bophelong kateng. Shebella video e nang le sehlooho se reng Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Ithuta Bibele?​—Video e Feletseng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela