Ho Kha “Metsi a Tebileng”
MAELE a Bibele a re: “Keletso ka pelong ea motho e joaloka metsi a tebileng, empa motho ea nang le temoho ke eena ea tla e kha.” (Liproverbia 20:5, NW) Mehleng ea Bibele, ho ne ho le thata haholoanyane ho fumana metsi ho feta kamoo ho leng kateng linaheng tse ngata kajeno. Ha Jesu a ne a bua le mosali oa Mosamaria, o ne a e-kha metsi tlaase selibeng sa Jakobo, seliba se neng se tebile ka limithara tse ka bang 23!—Johanne 4:5-15.
Joalokaha Liproverbia 20:5 e bontša, temoho e hlokahalang bakeng sa ho ntša mehopolo le maikutlo a tebileng pelong ea motho e tšoana le matla a hlokahalang bakeng sa ho kha metsi selibeng. Sena ke ’nete maemong a mangata bophelong. Ka mohlala, e ka ’na eaba u tseba batho bao ka lilemo-lemo ba ’nileng ba fumana tsebo e ngata le phihlelo. Haeba batho bana ha ba atise ho fana ka keletso ntle leha ba kōpiloe, ho ka ’na ha hlokahala hore u etse hore ba e ntše. Ka ho bontša thahasello, ho botsa lipotso le ho fata maikutlo ka bohlale, e tla ka u theolela nkho ea hao ka selibeng se tebileng sa bohlale.
Keletso eo ea Liproverbia 20:5 e boetse ea sebetsa ka lapeng. Ho tloaelehile ho utloa basali ba re: “Monna oa ka ha a mpolelle hore na o ikutloa joang!” Monna a ka ’na a re: “Mosali oa ka ha a mpuise!” Maemong a joalo, ho hlokahala temoho bakeng sa ho ntša maikutlo a tebileng pelong ea molekane oa hao. Lipotso tse bohlale (Na u thulane le mathata kajeno? Ho etsahetse’ng? Nka u thusa joang?) hangata li ka qala puisano ea ho phetlelana lifuba. Ho bontša temoho e joalo ho tla matlafatsa kamano ea lenyalo molemong oa monna le mosali.