Na Melomo ea Rōna ke “Lijana Tsa Bohlokoa”?
● Morena Solomone oa mehleng ea boholo-holo o ile a ngola tjena: “Ho na le khauta, le likorale tse ngata; empa molomo o nang le tsebo ke lijana tsa bohlokoa.” (Liproverbia 20:15) Haesale khauta e nkoa e le ntho ea bohlokoa haholo ’me mehleng ea Solomone, likorale le tsona li ne li nkoa e le tsa bohlokoa. Leha ho le joalo, melomo ea rōna e ka ba ea bohlokoa ho feta lintho tsena. Joang? Ka lebaka la seo e se buang eseng chebahalo ea eona.
Melomo e ratehang ke ea batho ba buang lintho tse molemo, ka tsela e mosa le e bontšang lerato. Hape, joaloka ‘melomo e nang le tsebo,’ e bolela ’nete ka Molimo joalokaha e tlalehiloe Bibeleng. Ha ho pelaelo hore buka ena ea boholo-holo e na le bohlale hammoho le ’nete e buang ka ’Mōpi oa rōna ebile e na le likeletso tse ntle haholo mabapi le bophelo.—Johanne 17:17.
Ka masoabi, batho ba bangata ba sebelisa melomo ea bona hampe ka ho bua lintho tseo e seng ’nete ka Molimo. Ka mohlala, ba bang ba mo jarisa molato ka lebaka la ho hloka toka le mahlomola tse teng lefatšeng le hoja boholo ba lintho tsena bo bakoa ke batho. Ha Liproverbia 19:3 e bua ka taba ena, e re: “Bothoto ba motho bo timetsa bophelo ba hae, ka pelong ea hae a korotlele Morena.”—Bibele—Phetolelo e Ncha.
Ba bang ba etsa hore melomo ea bona e be e se nang thuso ka hore ba tšehise ba bang ka meno feela, ba ba bue hampe ba be ba ba etselletse. Bibele e etsa papiso e matla ha e re: “Melomo e tukang le pelo e mpe, li joalo ka leloapi la silefera le manehiloeng holim’a pitsa ea letsopa.” (Liproverbia 26:23, Bibele ea Sesotho) Joalokaha “leloapi la silefera” le koahela pitsa ea letsopa eo le manehiloeng ho eona, “pelo e mpe” le eona, e ka patoa ka “melomo e tukang,” e leng ho etsa eka motho o chesehela ntho e itseng ebile oa tšepahala.—Liproverbia 26:24-26.
Bonneteng, mekhoa eo e mebe ha ea pateha mahlong a Molimo. O bona seo re hlileng re leng sona! Kahoo, Jesu Kreste o itse: “Hloekisa bokahare ba senoelo le ba sejana pele, e le hore bokantle ba sona le bona bo ka hloeka.” (Matheu 23:26) Ha ho ’nete e fetang eo! Ho feta moo, lipolelo tsa rōna li tla bontša haeba maikutlo a rōna a hloekile le lipelo tsa rōna li tletse ’nete ea Bibele. Phello ea seo e tla ba efe? Melomo ea rōna e tla ba “lijana tsa bohlokoa,” haholo-holo mahlong a Molimo.
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Melomo ea ba bohlale ke “lijana tsa bohlokoa”