“Ruta Mohlankana”
HO LEMA ka katleho ho hloka ho fetang feela ho jala peō le ho khutla ka mor’a likhoeli tse ’maloa ho tla kotula. Ho ameha mosebetsi o mongata oa ho lokisa mobu, ho jala peō, ho nosetsa le ho matlafatsa lijalo e le hore li hōle.
Tšebetso ena e ka tšoantšoa hantle le ’nete e ho Liproverbia 22:6, e reng: “Ruta mohlankana tsela eo a tšoanetseng ho e tsamaea; le mohla a tsofalang, a ke ke a e kheloha.” Ka sebele, koetliso ea batsoali ke karolo e ka sehloohong ho hōliseng ngoana ka katleho.
Leha ho le joalo, lefatšeng lena la kajeno le lumellang ntho e ’ngoe le e ’ngoe, batsoali ba bangata ha ba latele keletso ena. Ha ba latela boikutlo bo tloaelehileng ba hore bana ba lokela ho ithuta ho itharollela mathata a bona, hangata bana ba bona ba tlohelloa hore ba iponele hore na ba tsoa le hokae. Mokhoa o joalo o pepesetsa bacha litšusumetsong tse kotsi tsa batho ba se nang molao le ba se nang boitšoaro bo botle.—Liproverbia 13:20.
Ho molemo hakaakang hore batsoali ba kenye melao-motheo ea Bokreste baneng ba bona ka hore ba ba koetlise ba sa le banyenyane hore ba tšabe Molimo! Ba le banyenyane bo bokae? Moapostola Pauluse o re “ho tloha boseeng.” Ho bile joalo ka mohlankana Timothea. ’M’ae Eunice, le nkhono’ae Loise ba ile ba ruta Timothea “lingoliloeng tse halalelang” e le hore a ka “ithuta” ’me o ile a ‘susumelletsoa hore a li lumele.’ Phello e bile efe? Koetliso eo e ile ea phetha karolo ea bohlokoa ho mo ‘hlalefisetseng poloko.’—2 Timothea 1:5; 3:14, 15.
Ka tsela e tšoanang kajeno, batsoali ba sa ‘teleng ho etsa se setle’ ba tla kotula meputso e meholo haeba ba sa ‘khathale.’ (Bagalata 6:9) Morena Solomone ea bohlale o re: “Ntat’a ea lokileng o tla nyakalla haholo.”—Liproverbia 23:24.