-
“Le Etsise Molimo” ha le Sebelisa Matla a LonaAtamela ho Jehova
-
-
10. (a) Molimo o file batsoali bolaoli bofe? (b) Lentsoe “ho khalemela” le bolela’ng, hona khalemelo e lokela ho fanoa joang? (Bona le naletsana.)
10 Batsoali le bona ba na le bolaoli boo ba bo filoeng ke Molimo. Bibele ea eletsa: “Bo-ntate, le se ke la halefisa bana ba lona empa le tsoele pele ho ba holisa ka ho ba khalemela le ho ba tataisa ka tsela eo Jehova a e batlang.” (Baefese 6:4) Ka Bibeleng, lentsoe “ho khalemela” le ka bolela “ho holisa, ho koetlisa, ho rupela.” Bana ba hloka ho khalemeloa. E ba ba thabileng le ba atlehileng ha ba fuoa tataiso e hlakileng, ba beheloa meeli le litekanyetso tse tobileng. Bibele e amahanya khalemelo, kapa thupelo e joalo le lerato. (Liproverbia 13:24) Ka hona, le ka mohla ‘thupa e khalemelang’ ha ea lokela ho hlekefetsa maikutlong kapa ’meleng.a (Liproverbia 22:15; 29:15) Ho khalemela ka tsela e sa tenyetseheng kapa e khahlapetsang e se nang boikutlo ba lerato ke ho sebelisa bolaoli ba botsoali hampe ’me ho ka sithabetsa ngoana moeeng. (Bakolose 3:21) Ka lehlakoreng le leng, ho khalemela ka tsela e itekanetseng le e loketseng ho bontša bana hore batsoali ba bona baa ba rata le hore baa tsotella hore na e tla ba batho ba mofuta ofe.
-
-
“Le Etsise Molimo” ha le Sebelisa Matla a LonaAtamela ho Jehova
-
-
a Mehleng ea Bibele, lentsoe la Seheberu bakeng sa “thupa” le ne le bolela molamu kapa lere, le kang leo molisana a alosang linku ka lona. (Pesaleme ea 23:4) Ka ho tšoanang, “thupa” e khalemelang eo batsoali ba e sebelisang e fana ka maikutlo a tataiso e lerato, eseng a kotlo e khahlapetsang kapa e sehloho.
-