Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w97 12/15 maq. 8-10
  • Ba ‘Rekile ’nete’!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ba ‘Rekile ’nete’!
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Lihloohoana
  • Ho Khahloa ke Thuto ea Bibele
  • Ho Ikholisa Hore ke ’Nete
  • Ho se Thetsoe ke Bolumeli ba Bohata
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
w97 12/15 maq. 8-10

Ba ‘Rekile ’nete’!

‘REKA ’nete ’me u se ke ua e rekisa.’ (Liproverbia 23:23, BPN) Ke kamoo monna ea bohlale Solomone a elelitseng kateng. Le hoja ho ka boleloa sena mabapi le ’nete ka kakaretso, ka ho khetheha ho buuoa ka ’nete e fumanoang ka Lentsoeng la Molimo, Bibele. ’Nete e joalo e ka lebisa bophelong bo sa feleng! (Johanne 17:3, 17) Leha ho le joalo, hlokomela hore ho fumana ’nete eo ha ho itlise feela tjee. Motho o lokela ho ikemisetsa ho e “reka,” ka mantsoe a mang, o lokela ho tela ho itseng e le hore a e fumane. (Bapisa le Matheu 13:45, 46.) Ka kakaretso, batho ha baa ikemisetsa ho etsa joalo. Leha ho le joalo, linaheng tse ngata palo e hōlang ea batho ba sebete e reka ’nete ea Bibele—hangata ka boitelo bo boholo.

Ka mohlala, nahana ka Lipaki tsa Jehova tsa naheng e Afrika Bophirimela ea Ghana. Ka June 1989, ho ne ho e-na le batho ba ka holimo ho 34 000 naheng eo ba neng ba amohetse ’nete ea Bibele ’me ba le mafolofolo ho e arolelana le ba bang. Joale mosebetsi oa ho bolela phatlalatsa o ile oa thibeloa ka molao. Ho ntse ho le joalo, ba lipelo li tšepahalang ba ile ba tsoela pele ho “reka ’nete”—ho sa tsotellehe thibelo eo ea molao. Thibelo e ile ea fela ka la 31 October, 1991, ’me mahareng a 1995, lilemo tse tharo le halofo feela ka mor’a hore thibelo eo e tlosoe, palo ea Lipaki tsa Jehova tse mafolofolo Ghana e ne e phahametse ho 46 104! ’Me selemong sena palo e nyolohetse ka holimo ho 52 800.

Ke eng e huletseng batho ’neteng ea Lentsoe la Molimo? Ke boitelo bofe boo ba bang ba ileng ba lokela ho bo etsa bakeng sa ho “reka ’nete”? Ho fumana karabo, a re hlahlobeng liphihlelo tsa Bakreste ba bararo ba Ghana.

Ho Khahloa ke Thuto ea Bibele

A re qaleng ka ho hlahloba mosetsana ea lilemong tse qalang tsa bo-20. Ntate oa hae e ne e le moruti ’me leha ho le joalo, o ile a khetha ho tlohela bolumeli ba ntate oa hae. Hobane’ng? Ka lebaka la ho rata ha hae ’nete.

O kile a hlalosa ka nako e ’ngoe: “Lipaki li ne li atisa ho tla lapeng ha li ntse li etela ntlo le ntlo. Ka mor’a ho qoqa le tsona ka makhetlo a ’maloa, ke ile ka hlokomela hore li ne li ruta se fumanehang hantle ka Bibeleng. Ke ile ka botsa lipotso litabeng tse kang Boraro-bo-bong, mollo oa lihele, ho se shoe ha moea, ’me haholo-holo, tabeng ea ho folisa ka tumelo. Ke ne ke lumela ka matla hore lithuto tsena li tsoa Bibeleng. Empa Lipaki li ile tsa nthusa hore ke bone hore ho ne ho se joalo.”—Bakeng sa maikutlo a Bibele litabeng tseo, ka kōpo bona Mareka 13:32; Baroma 6:23; Liketso 10:40; le 1 Bakorinthe 13:8-10.

Mosetsana eo oa phaella: “Leha ho le joalo, lelapa leso le ne le nkhanyetsa ka matla, haholo-holo Ntate. O ne a nahana hore kea lahleha. Empa, ke ne ke tseba hore ke ithuta ’nete ho Lipaki tsa Jehova. Ke ile ka leka ho bolella Ntate lintho tsena tse tsoang Bibeleng, empa o ne a sa mamele. Ha e le hantle, khanyetso e ile ea tota.

“Leha ho le joalo, ke ne ke sa tšabe. Ke ne ke tseba hore ke tsebo ea ’nete feela e lebisang bophelong bo sa feleng ba Paradeise, ’me ke ne ke ikemiselitse ho e khomarela. Ha Lipaki tsa sebakeng sa heso li utloa ka mathata ao ke neng ke tobana le ’ona, ka lerato li ile tsa nthusa, tsa nkhothatsa le ho ’neha lintho tse itseng tsa bohlokoa tseo ke neng ke li hloka. Sena se ile sa etsa hore ke utloisise bohlokoa ba mantsoe a Jesu a fumanoang ho Johanne 13:35: ‘Ka sena bohle ba tla tseba hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.’ Kholiseho ea ka ea hore Lipaki tsa Jehova li bolumeling ba ’nete e ile ea teba. Hamorao ha batsoali ba ka ba elelloa hore ke ne ke ntlafalitse bophelo ba ka, ba ile ba khahloa ke seo ’me ba fetola tsela eo ba neng ba ntšoara ka eona—haholo hoo Ntate a bileng a kōpa Lipaki hore li ithute Bibele le abuti oa ka!”

Ho Ikholisa Hore ke ’Nete

E boetse ke phephetso ho bacha ba bang ba hōlisitsoeng ke batsoali ba Lipaki hore ba ‘reke ’nete.’ Bacha ba bang ba tloaetse ho nka ’nete ea Bibele hasesaane. Ha ba hlōleha ho etsa hore ’nete e be ea bona, tumelo ea bona e ba e fokolang, e sa tebang. (Bapisa le Matheu 13:20, 21.) Nathaniel eo e leng monna oa Ghana ea lilemong tsa bo-30 o bolela kamoo a ileng a “reka ’nete” e sa le mocha.

Oa hopola: “Batsoali ba ka ba nthutile Bibele ho tloha boseeng. Ha ke ntse ke hōla, ke ne ke tsamaea le bona mosebetsing oa ho bolela, empa ke ne ke hlile ke sa etsa qeto ea ho ba Paki. Ha nako e ntse e feta, ke ile ka hlokomela hore ho hlokahala hore ke hlahlobe lintho ka bonna.

“Pele, ke ne ke lokela ho kholiseha hore Bibele ke eona eo e leng Lentsoe la Molimo, eseng buka leha e le efe e ’ngoe e halalelang ea bolumeli. Ka thuto ea botho, ke ile ka hlokomela hore ke eona feela buka e halalelang e nang le boprofeta bo bongata bo hlakileng bo ileng ba phethahala joalokaha bo le joalo. Ke ile ka boela ka ithuta hore Bibele e na le linnete tse ngata tsa saense—ka mohlala, hore lefatše le ‘leketlile holim’a lefeela.’ (Jobo 26:7, BPN) Mantsoe ana a ngotsoe lilemo tse likete pele bo-rasaense ba ka tseba ka setsi sa potoloho ea lipolanete. Ke Molimo feela ea neng a ka bululela batho hore ba ngole lintho tse joalo!a

“Ka mor’a moo, ke ile ka batla ho fumana hore na ke mokhatlo ofe oa bolumeli o rutang le o sebelisang ’nete e rutoang ke Bibele. Malumeli a mangata a ruta ka mollo oa lihele, Boraro-bo-bong le ka moea o sa shoeng o tsoelang pele ho phela ka mor’a lefu. Empa ke ne ke utloa lithuto tsena li sa utloahale. Ke ne ke ipotsa: Na ntate ea ka khalemelang ngoana oa hae ka ho kenya letsoho la hae ka pitseng ea metsi a belang e tla be e se ea khopo? Joale, ke joang Molimo ea lerato a neng a ka kenya bana ba hae mollong oa lihele ’me a ba tlohella hore ba hlokofale? Leha ho le joalo, Lipaki tsa Jehova li ruta tumellanong le mangolo a Bibele a kang la Baroma 6:23, le reng: ‘Moputso oo sebe se o lefang ke lefu’—eseng mollo oa lihele. Ke ne ke utloisisa sena.

“Ke ile ka boela ka hlokomela hore Lipaki tsa Jehova li hloka hore litho tsohle tsa tsona li phele tumellanong le litekanyetso tsa Bibele le hore li khaola tsohle tse tloaetseng ho etsa sebe li sa bake. Ka lebaka la sena sohle, ke ile ka etsa qeto ea hore Lipaki tsa Jehova li na le ’nete, ’me ke ile ka etsa qeto ka bonna ea hore ke be e mong oa tsona. Ke ile ka sebetsa ka thata hore ke tšoanelehe ho ba Paki e kolobelitsoeng.”—1 Bakorinthe 5:11-13.

Phihlelo ea Nathaniel e bontša hantle hore bacha ba hōlisitsoeng ke batsoali ba Bakreste le bona ba lokela ho “reka ’nete.” Ha baa lokela ho ea feela tjee libokeng tsa phutheho. Joaloka Baberea ba boholo-holo, ba lokela hore ‘ka hloko ba hlahlobe Mangolo letsatsi le leng le le leng mabapi le hore na lintho tsena li joalo’ na. (Liketso 17:11) Sena se hloka nako le boiteko, empa se ka fella ka tumelo e tiileng le kholiseho.—Bapisa le Baefese 3:17-19.

Ho se Thetsoe ke Bolumeli ba Bohata

Monna oa Ghana ea bitsoang Godwin o ne a ka ba lilemo li 70 ha a tlohela Kereke ea Presbitheri le Mokhatlo oa Masona. Godwin o re: “Ho ne ho e-na le lintho tseo ke sa li rateng tse neng li etsahala kerekeng. Ka mohlala, ho ne ho lula ho qhoebeshanoa, ’me ho sa le joalo le kajeno. Ka linako tse ling mapolesa a ne a lokela ho tla kena lipakeng bakeng sa khotso le botsitso! Ke ne ke nahana hore sena ha sea tšoanela balateli ba Kreste. Joale ho ile ha hlaha bothata lipakeng tsa ka le Mopresbitheri-’moho le ’na. Lekhotla la lefatše le ile la sebetsa nyeoe ea rōna ’me molato oa oela ka ho monna eo. Leha ho le joalo, ka leeme moruti oa kereke o ile a emela monna enoa ’me a leka ho ’nyatsa ka pel’a phutheho eohle! Ke ile ka mo tšolela a mabeli a mararo ’me ka tsoa ka kerekeng—ke se nke ke ka hlola ke le beha.

“Ho ile ha feta nako ’me Lipaki tsa Jehova tsa nketela ha ka. Qalong, ke ne ke mamela feela hobane ke sa batle ho leleka batho ba buang ka Molimo. Empa ke ile ka qala ho hlokomela hore le hoja ke ne ke bile Mopresbitheri ka mashome a lilemo, ho ne ho e-na le ho hongata hoo ke neng ke sa ho tsebe ka Bibele. Ka mohlala, ke ne ke sa tsebe hore Bibele e fana ka tšepo ea ho phela ka ho sa feleng Paradeiseng lefatšeng.b ’Me ha ke qala ho kopanela libokeng tsa Lipaki tsa Jehova, ke ile ka khahloa haholo ke mekhoa e metle, ’me haholo-holo ke moaparo le ho itlhopha ha bacha ba teng. Ka sebele bana e ne e le batho ba phelang ka melao-motheo ea Bibele!”

Leha ho le joalo, ‘ho reka ’nete’ ho ne ho mo hloka hore a etse liphetoho tse boima bophelong. Godwin oa hopola: “Ke ne ke le setho sa Mokhatlo oa Masona. ’Me le hoja o tsebahala e le mokhatlo oa boena o thusang litho tsa oona, ke ile ka hlokomela litloaelo tse akarelletsang ho sebelisa mahata le masapo le ho rapela meea. Ho ne ho lumeloa hore meea ena e ne e tla thusa ba sebelisanang le eona hore ba hōle moeeng.

“Seo ke neng ke ithuta sona se ile sa nthusa ho hlokomela hore Jehova Molimo o nyonya ho ikopanya ka tsela leha e le efe le meea kaha e ka tlisa motho tlas’a tšusumetso ea Satane le makhotla a hae a khopo a moea.c Na ke ne ke tla tsoela pele ke le setho sa Mokhatlo oa Masona le mehlolo eohle eo o e etsang, kapa ke ne ke tla khaotsa ’me ke thabise Jehova? Ke ile ka khetha ho thabisa Jehova. Ke ile ka senya thepa eohle ea Masona eo ke neng ke e-na le eona, esita le sutu eo ke neng ke e apara ha ke ea libokeng tsa Mokhatlo oo. Ke ile ka bona bonnete ba tšepiso ea Jesu ha a itse: ‘’Nete e tla le lokolla’! (Johanne 8:32) Hona joale, ka thabo ke arolelana le ba bang lintho tseo ke ithutileng tsona. Ha ho seo ke ikoahlaelang sona.”

Batho ba likete-kete ba lipelo li tšepahalang le bona ba entse boitelo bo boholo e le hore ba ‘reke ’nete.’ Joaloka Bakreste ba bararo bao ho builoeng ka bona mona, ha ba ikoahlaele liphetoho tseo ba li entseng. ’Nete ea Bibele e ba file “motheo o motle bakeng sa ka moso, e le hore ba ka tšoara ka tieo bophelo ba sebele.” (1 Timothea 6:19) “Bophelo [boo] ba sebele” hammoho le litlhohonolofatso tsohle tsa bona e ka ba tsa hao ka ho sa feleng haeba u ka “reka ’nete.”

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng, bona buka ea Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

b Ka mohlala, bona Pesaleme ea 37:9-11, 29.

c Bona Deuteronoma 18:10-12 le Bagalata 5:19-21.

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Nathaniel

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Godwin

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela