Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w09 10/15 leq. 12
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ntate le Moholo—Ho Phethahatsa Likarolo Tsena ka Bobeli
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Lenyalo—Mpho e Tsoang ho Molimo ea Lerato
    “Le Ipoloke Leratong la Molimo”
  • U ka Khona ho Tsamaisa Lelapa Joang?
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • Ithuteng Lentsoe la Molimo Kamehla le le Lelapa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
w09 10/15 leq. 12

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Re rutoa eng ho Liproverbia 24:27?

Ha a ne a eletsa mohlankana e mong, mongoli oa Liproverbia o ile a bolela se latelang: “Lokisa mosebetsi oa hao ka ntle, ’me u itokisetse oona tšimong. Ka mor’a moo u boele u hahe lelapa la hao.” Maele aa a bululetsoeng a bolela’ng? A bolela hore monna o lokela ho itokisa hantle pele a nyala ’me a qala lelapa, kaha o hlokomela boikarabelo bo tlisoang ke boitlamo boo.

Nakong e fetileng, ka linako tse ling ho ’nile ha hlalosoa hore temana ena e bolela hore monna le ntate a se ke a hlokomela mosebetsi oa hae oa boipheliso feela, empa a boele a sebeletse ho matlafatsa kapa ho khothatsa lelapa la hae, ka hore ka mohlala, a le rute ka Molimo le ka Bibele. Le hoja khopolo eo ka sebele e le ’nete ebile e lumellana le Mangolo, ha ho bonahale eka ke eona ntlha e ka sehloohong ea temana ena. Hobane’ng? Nahana ka mabaka a mabeli.

La pele, temana ena ha e bue ka ho haha ka tsela ea ho khothatsa, kapa ho matlafatsa lelapa le seng le ntse le le teng. Ho e-na le hoo, khopolo e boleloang mona ke ea ho haha ntlo ea sebele. Lentsoe le fetoletsoeng e le ‘haha,’ le ka boetse la sebelisoa ka tsela ea tšoantšetso, ka kutloisiso ea ho haha, kapa ho theha lelapa—ke hore, ho nyala le ho ba le bana.

La bobeli, temana ena e hatisa ho etsa lintho ka tatellano e nepahetseng, joalokaha eka ho thoe, “Qala ka ho etsa sena, ebe u etsa sane.” Kahoo, na joale maele aa a fana ka tlhahiso ea hore boikarabelo ba lintho tsa nama bo tla pele ho ba lintho tsa moea? Le hanyenyane!

Mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele, haeba monna a ne a batla ho ‘haha lelapa’ ka hore a nyale o ne a lokela ho ipotsa, ‘Na ke loketse hore nka hlokomela ka ba ka phelisa mosali le bana leha e le bafe bao re ka ’nang ra ba le bona?’ Pele a qala lelapa, o ne a e-na le mosebetsi oo a lokelang ho o etsa, e leng oa ho hlokomela masimo a hae kapa lijalo. Kahoo, Today’s English Version e fetolela temana ena ka ho hlaka e re: “U se ke ua haha ntlo ea hao ua ba ua theha lelapa ho fihlela ha masimo a hao a lokile, ’me u kholisehile hore u ka fumana seo u tla phela ka sona.” Na molao-motheo o tšoanang oa sebetsa kajeno?

E. Monna ea batlang ho nyala o lokela ho lokisetsa boikarabelo boo hantle. Haeba a sa kule, o tla tlameha ho sebetsa. Leha ho le joalo, mosebetsi o thata oa monna oa hore a hlokomele lelapa la hae, ha oa lokela ho fella feela tabeng ea ho lokisetsa lintho tse bonahalang. Lentsoe la Molimo le bontša hore monna ea sa hlokomeleng lelapa la hae nameng, maikutlong le moeeng o mobe le ho feta ea se nang tumelo! (1 Tim. 5:8) Kahoo, mohlankana ea lokisetsang ho nyala le ho ba le lelapa a ka ipotsa lipotso tse kang tsena: ‘Na ke se ke itokisitse ka ho lekaneng hore ke hlokomele lelapa ka lintho tse bonahalang? Na ke se ke loketse hore nka etella lelapa pele borapeling? Na ke tla phetha boikarabelo ba ho khannela mosali oa ka le bana ba ka thuto ea kamehla ea Bibele?’ Ka sebele Lentsoe la Molimo le hatisa hore boikarabelo boo ke ba bohlokoa.—Deut. 6:6-8; Baef. 6:4.

Kahoo, mohlankana ea batlang mosali o lokela ho nahana ka hloko ka molao-motheo o ho Liproverbia 24:27. Ka tsela e tšoanang, ke hantle hore moroetsana le eena a ipotse hore na ebe o se a loketse boikarabelo ba ho ba mosali le ho ba ’mè. Banyalani ba bacha ba ka ipotsa lipotso tse tšoanang ha ba nahana ka boikarabelo ba ho hōlisa bana. (Luka 14:28) Ho phela ka tataiso eo e bululetsoeng ho ka thusa batho ba Molimo hore ba qobe masisa-pelo le hore ba phele bophelo bo khotsofatsang ba lelapa.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 12]

Mohlankana o lokela ho ipotsa lipotso life ka lenyalo?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela