Pono ea Bibele
Ke Eng se ka U Thusang ho Sebetsana le Khatello Kelellong ka Katleho?
NA U mohlaseluoa oa khatello kelellong? Haeba ho joalo, ho na le ba bangata ba joaloka uena. Tsena ke “linako tse bohloko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona,” ’me batho ba lilemo tsohle le limelo tsohle tsa bophelo ba latsoa khatello kelellong. (2 Timothea 3:1, NW) Litsebi tse ling li bolela hore ho fetang halofo ea maeto ’ohle a ho ea ngakeng a bakoa ke mathata a amanang le khatello kelellong.
Leha ho le joalo khatello kelellong ha e le hantle hase ntho e mpe ka boeona. Motsamaisi oa tleliniki e sebetsanang le khatello kelellong o re: “Ha e le hantle, e re fa nyakallo, ho chesehela ho phela, le matla a ho etsa lintho. Rea e thabela—haeba re ka tseba ho e laola.”
Ka lehlakoreng le leng, khatello kelellong e ka ba e imelang le e senyang. Kahoo ho thoe’ng haeba khatello kelellong e u bakela mathata? Litlhahiso tse seng kae tse thehiloeng holim’a bohlale ba Bibele tse ka ’nang tsa u thusa ho fokotsa liphello tsa eona tse senyang ke tsena.
Qoba Litebello tse sa Utloahaleng
Bibele e re: “Tšepo ha e lieha ho phetheha, e babisa pelo.” (Liproverbia 13:12) Haeba litebello ho se mohla li phethahatsoang, khatello kelellong e ka ba e matla haholo. Sena se tlameha ho hlaha ha re beha litebello tsa rōna li phahame ka ho sa utloahaleng.
Ka mohlala, lefapha la phatlalatso le thetsitse ba bangata hore ba lumele hore thabo e itšetlehile ka ho ba le lintho tse bonahalang. Ha motho a lakatsa lintho tse ka holimo ho matla a hae, liphello e ka ba khatello kelellong le ho ferekana. Kahoo Bibele e fana ka keletso ena: “’Me ha re e-na le lijo le liaparo, a re kholoeng ke tsona.” (1 Timothea 6:8) E, esita le hoja u ka ’na ua se be le koloi, lehae, thepa ea ka tlung eo u neng u ka batla ho ba le eona, ananela seo u hlileng u nang le sona. Boloka litebello tsa ho ba le lintho tse bonahalang e le tse lekanyelitsoeng.
Litebello tse sa utloahaleng tse amang batho le tsona li ka tlisa khatello kelellong. Ka mohlala, le hoja mohiri kapa mookameli a e-na le tokelo ea ho lebella hore ba ikarabellang ho eena ba ka etsa mosebetsi ho isa tekanyetsong e itseng, ke booatla ho lebella phetheho ho bona. Carlos, mookameli oa fektheri ea Brazil o re: “U lokela ho amohela batho kamoo ba leng kateng. Haeba u ka lebella se fetang seo ba ka fanang ka sona, ho tla phahamisa khatello kelellong, e leng ho tla etsa
hore bohle ba hloname.”—Bapisa le Jeremia 17:5-8.
Laola Khatello ea ho Lelekisa Lipakane tse Thata Haholo
Latin America Daily Post e senola mohloli o mong oa khatello kelellong, e bolela hore ‘ho sekamela ho batleng katleho le boitšoaro ba tlholisano ke sesosa se seholo sa ho ba kotsing ea ho ba le lefu la pelo.’ ’Moloki oa libuka tsa khoebo e mocha lilemong oa lumela: “Ha ke le ofising ke tšoha haholo le ho tšaba ho senola bofokoli leha e le bofe. Ke sebetsa ka matla haholo ’me ke ferekanngoa ke ho se fumane tlhokomelo e amohelehang ho ba bang.”
Mabapi le lenyora le joalo la ho tsebahala le katleho, Salomone o ile a re: “Ke bone hobane mokhathala oohle le mesebetsi eohle e metle ea batho e ntse e hlahisa mōna le mohono. Hoo le hona ke lefeela, ke mosebetsi o nyopileng.”—Moeklesia 4:4.
’Nete ke hore, ‘ba lebelo ha ba siee ba bang ka mehla’ ha ho tluoa tabeng ea khatelo-pele le ho hlokomeleha. (Moeklesia 9:11) Maria, mosebetsi oa ofisi oa Brazil, o e beha ka tsela ena: “Motho a ka ’na a ba le bokhoni, empa maemo, mohlomong haesita le leeme, a ka mo sitisa ho phahamisoa mosebetsing.”—Bapisa le Moeklesia 2:21; 10:6.
Boloka litebello tsa hao li itekanetse ’me u hlokomele mefokolo ea hao. Sebeletsa thabo eo mosebetsi ka booona o fanang ka eona ho e-na le ho sebetsa bakeng sa
khatelo-pele feela. (Moeklesia 2:24) Ka sebele, motho ea lulang a arubelitsoe ke ho batla katleho hase feela hore o lahleheloa ke thabo ea bophelo empa hape e ka ba ea ferekaneng hoo a ka khellang fatše boiteko ba hae ba ho atleha. Kahoo Dr. Arnold Fox o elelitse: “Ho batla ho ba ea molemohali lefapheng leo u leng ho lona ke pakane e ratehang, empa u se lumelle khopolo eo e le ’ngoe ho laola bophelo ba hao. Haeba u hlokomoloha lerato, letšeho, le thabo ea bophelo, kapa haeba u arubelitsoe ke ho batla katleho hoo u lebalang ho thabela bophelo, u ipakela khatello kelellong ka bouena.”
Lintho Tseo U ka li Etsang
Tsela e ’ngoe ea ho loantša ho se tsitse ha maikutlo ho bakoang ke likhatello tsa letsatsi le letsatsi ke ho hlaolela boikutlo ba ho tšeha. (Moeklesia 3:4) Ha ho hlokahale hore u be rametlae hore u tle u be le boikutlo ba nyakallo. “Pelo e thabileng ke sehlare se matlafatsang; athe moea o hlomohileng o omeletsa masapo.”—Liproverbia 17:22.
Na u na le tšekamelo ea ho behella lintho ka thōko ho fihlela ka la hosasa? Qetellong, ho lieha ho eketsa khatello kelellong ho e-na le ho e fokotsa. Bibele ea eletsa: “Le se ke la ba botsoa mosebetsing oa lōna.” (Ba-Roma 12:11, NW) Etsa lethathamo, la lintho tseo ho hlokahalang hore u li etse, u le ngole kapa u le behe ka kelellong. (Liproverbia 21:5) Joale rera hore na ke lintho life tseo ho hlokahalang hore li etsoe pele—’me u qale ho li etsa.
Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba ho sa tsotellehe boiteko ba hao bo molemohali, u ntse u ikutloa u ferekane kapa u e-na le khatello kelellong? Ho ka ’na ha hlokahala hore u etse boiteko bo lumellanang ba ho fetola monahano oa hao. U se ke ua tsoela pele u nahana ka liphoso tsa nako e fetileng. Sena se ka eketsa khatello e khōlō kelellong hona joale. Rafilosofi oa lekholo la bo19 la lilemo o ngotse: “Bophelo re ka bo utloisisa feela ka ho nahana ka tse fetileng; empa re lokela ho phela re nahanne ka bokamoso.” Le hoja re ka ithuta ka tseo re hlōlehileng ho tsona, liketso tsa rōna tsa hona joale li theha bokamoso ba rōna.
Morena Davida o ile a supa pheko e molemohali ea khatello kelellong ha a ne a rapela Jehova: “Matsoalo a pelo ea ka a eketsehile; u ntokolle tsietsing tsa ka.” (Pesaleme 25:17) E, Davida o ne a talima ho Molimo hore a mo imolle matšoenyehong a hae. Haeba o ka ipha nako ea ho bala le ho thuisa ka Lentsoe la Molimo, le uena ka ho tšoanang u tla fumana hore u ikutloa u le haufi le Molimo. Ha u ntse u fumana kutloisiso ka merero ea Molimo, u tla susumetseha hore u behe lithahasello tsa hae pele bophelong ba hao, e leng se tlang ho u imolla matšoenyehong a mangata a sa hlokahaleng. (Mattheu 6:31, 33) Ithute ho ameha ka letsatsi le le leng ka nako. Ke hobane’ng ha u ekeletsa matšoenyeho a hosasane ho a kajeno? Jesu o ile a e hlalosa ka tsela ena: “Kahoo, le ka mohla le se khathatsehe ka letsatsi le latelang, hobane letsatsi le latelang le tla ba le likhathatso tsa lona. Letsatsi ka leng le lekanoa ke mathata a lona.”—Mattheu 6:34, NW.
Haeba ka mor’a ho bala makasine ona u na le lipotso leha e le life tsa Bibele, ka kōpo ikutloe u lokolohile ho iteanya le Lipaki tsa Jehova Holong ea ’Muso e leng sebakeng sa heno, kapa u ngolle bahatisi ba makasine ona. (Bona leqephe la 5.)
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 32]
“Motho a ka ’na a ba le bokhoni, empa maemo haesita le leeme, a ka mo sitisa ho phahamisoa mosebetsing”
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 32]
The Metropolitan Museum of Art, Funds given by the Josephine Bay Paul and C. Michael Paul Foundation, Inc., and the Charles Ulrick and Josephine Bay Foundation, Inc., and the Fletcher Fund, 1967.