Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w99 11/1 leq. 32
  • Ho Leka-lekanya Mosebetsi le Boikhathollo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Leka-lekanya Mosebetsi le Boikhathollo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
w99 11/1 leq. 32

Ho Leka-lekanya Mosebetsi le Boikhathollo

“BOIKHATHOLLO ke seaparo se setle, empa ha sea lokela ho aparoa ka linako tsohle.” Ka mantsoe ana, mongoli e mong ea sa ipolelang lebitso o hlalosa hantle molemo oa boikhathollo. Leha ho le joalo, o bontša hore bo lokela ho leka-lekanngoa le mesebetsi e meng e molemo.

Mongoli ea bululetsoeng oa Bibele, Solomone, le eena o ile a bua ka eona taba ena. Morena enoa ea bohlale o ile a khetholla lintho tse peli tse feteletseng tse lokelang ho qojoa. Ea pele, o ile a re: “Ea hlokang kelello o phutha matsoho ’me o ja nama ea hae.” (Moeklesia 4:5, NW) E, botsoa bo ka bakela motho bofutsana. Ka lebaka leo, bo ka kulisa motho haesita le ho mo bolaea. Ka lehlakoreng le leng, ho na le ba bang ba ipolaisang mosebetsi. Solomone o hlalositse ho sebetsa ha bona ba sa khaotse e le “lefeela, [le] mosebetsi o nyopileng.”—Moeklesia 4:4.

Hoa utloahala hore ebe Solomone o ile a buella ho etsa lintho ka tekanyetso: “Seatla se le seng se tletseng phomolo se molemo ho e-na le liatla tse peli tse tletseng mokhathala le mosebetsi o nyopileng.” (Moeklesia 4:6) Motho o lokela hore a “bone se molemo ka lebaka la mosebetsi oa hae oo a o entseng ka thata”—ke hore, nako le nako o lokela ho ipha nako ea ho thabela seo a se sebelelitseng. (Moeklesia 2:24, NW) ’Me bophelong ho lokela hore ho be le lintho tse ling ntle ho mosebetsi oa boipheliso. Re lokela ho ba le nako e itseng ea ho ba le malapa a rōna. Solomone o ile a hatisa hore ntho e ka sehloohong e re tlammeng ke ho sebeletsa Molimo, eseng mosebetsi oa boipheliso. (Moeklesia 12:13) Na u har’a ba nang le pono e leka-lekaneng ka mosebetsi?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela