Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w97 4/15 leq. 27
  • Na U sa Hopola?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U sa Hopola?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Akuila le Prisila—Banyalani ba Behang Mohlala
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Bolela ka Morero oa ho Etsa Barutuoa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Karolo ea ’Mino Borapeling ba Kajeno
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
w97 4/15 leq. 27

Na U sa Hopola?

Na u nahanisisitse ka litokollo tsa morao tjee tsa Molula-Qhooa? Haeba ho joalo, u tla fumana ho thahasellisa ho hopola tse latelang:

◻ Ke joang banyalani ba bangata kajeno ba latetseng mohlala o babatsehang o siiloeng ke Akuila le Prisila?

Akuila le Prisila ba ne ba sebeletsa liphuthehong tse ngata tse sa tšoaneng. Joaloka bona, Bakreste ba bangata ba kajeno ba entse hore ba fumanehe bakeng sa ho fallela moo tlhokahalo e leng khōloanyane. Ba boetse ba latsoa thabo le khotsofalo ka ho bona lithahasello tsa ’Muso li hōla le ka ho khona ho hlaolela botsoalle ba bohlokoa ba Bokreste.—12/15, leqepheng la 24.

◻ Pono ea Bibele ke efe ka lino tse tahang?

Pono ea Bibele ka lino tse tahang e leka-lekane. Ka lehlakoreng le leng, Bibele e re veine ke mpho e tsoang ho Molimo. (Pesaleme ea 104:1, 15) Ka lehlakoreng le leng, e nyatsa ho noa ho tlōlisa. (Luka 21:34; 1 Timothea 3:8; Tite 2:3; 1 Petrose 4:3)—12/15, leqepheng la 27.

◻ Tšobotsi ea bohlokoa ea buka ea Bibele ea Haggai ke efe?

Le hoja buka ea Haggai e entsoe ka litemana tse 38 feela, lebitso la Molimo le sebelisitsoe ka makhetlo a 35. Boprofeta bo joalo bo utloahala bo sa thahasellise ha lebitso la bohlokoa la Jehova le nketsoe sebaka ke tlotla “Morena.”—1/1, leqepheng la 6.

◻ Ke thuto efe e ka fumanoang libeng tsa Davida le Manase?

Ho sa tsotellehe ho tšoarela ha Jehova Davida le Manase, banna bana—hammoho le Iseraele—ba ile ba lokela ho phela le liphello tsa liketso tsa bona tsa boetsalibe. (2 Samuele 12:11, 12; Jeremia 15:3-5) Ka mokhoa o tšoanang, le hoja kajeno Jehova a tšoarela baetsalibe ba bakang, ho ka ’na ha e-ba le liphello tse ke keng tsa qojoa tsa liketso tsa bona.—1/1, leqepheng la 27.

◻ Ke ka tsela efe ‘maoto a ba bolelang litaba tse molemo’ tsa ’Muso oa Molimo a leng “matle”? (Esaia 52:7)

Ke maoto ao ka tloaelo a tsamaisang motho ha a e-tsoa ho ea bolela ho ba bang. Maoto a joalo ka sebele a emela motho eo. Kahoo, ho ba bangata ba utloang le ho arabela hamolemo litabeng tse molemo tsa ’Muso, maoto a manģosa a joalo ka sebele a shebahala hantle.—1/15, leqepheng la 13.

◻ Mosebetsi o likarolo li peli o akarelletsoang ho ‘boleleng litaba tse molemo ke ofe’? (1 Bakorinthe 9:16)

Pele, re tlameha ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso. Karolo ea bobeli ea mosebetsi ona e akarelletsa ho ruta ba arabelang hamolemo boboleling ba ’Muso.—1/15, leqepheng la 23.

◻ Ke melemo efe ea botho eo re e fumanang ka ho bina lipina tsa ’Muso libokeng tsa phutheho?

Ho bina ho re fa monyetla oa ho ntšetsa ’Mōpi oa rōna maikutlo a rōna. (Pesaleme ea 149:1, 3) Ha re tšollela lipelo tsa rōna ’minong oa phutheho, hoo ho ka re beha boemong bo loketseng ba kelello le pelo bakeng sa lenaneo le latelang. Ho ka re susumelletsa ho kopanela haholoanyane borapeling ba Jehova.—2/1, leqepheng la 28.

◻ Ke neng ha letsatsi la ho shoa le le molemo ho feta letsatsi la ho tsoaloa? (Moeklesia 7:1)

Letsatsi la ho shoa le ka ba molemo ho feta letsatsi leo motho a tsoaloang ka lona haeba ka nako eo motho a iketselitse lebitso le letle ho Jehova, ea khonang ho tsosa ba tšepahalang ba shoang. (Johanne 11:25)—2/15, leqepheng la 12.

◻ Ke hobane’ng ha buka ea Moeklesia e lokela ho re thusa ka borōna?

E ka thusa e mong le e mong oa rōna ho lokisa pono ea hae bophelong le seo re lebisang tlhokomelo ea rōna ho sona. (Moeklesia 7:2; 2 Timothea 3:16, 17)—2/15, leqepheng la 16.

◻ Na Lipaki tsa Jehova ke bafandamenthale?

Che. Le hoja li e-na le litumelo tse matla tsa bolumeli, hase bafandamenthale ka kutloisiso eo lentsoe lena le seng le sebelisoa ka eona. Ha li retelehele mekolokong ea boipelaetso le pefong khahlanong le bao li sa lumellaneng le bona. Li etsisa Moeta-pele oa tsona, Jesu Kreste.—3/1, leqepheng la 6.

◻ Ho se tsebe nako e nepahetseng eo Jesu a tlang ka eona ho tla phethisa phetetso ea Molimo ho na le phello efe ho Bakreste?

Sena se boloka Bakreste ba falimehile ’me se ba fa monyetla oa letsatsi le letsatsi oa ho pakahatsa hore ba sebeletsa Jehova ka mabaka ao e seng a boithati.—3/1, leqepheng la 13.

◻ Re lokela ho nahana ka eng pele re nka bohato ba molao khahlanong le mor’abo rōna eo e ka ’nang eaba o re etselitse bolotsana?

Re lokela ho nahana ka liphello tseo ho ka etsahalang hore li tlele rōna, ba bang ba amehang, phutheho le ba ka ntle. (1 Bakorinthe 6:7)—3/15, leqepheng la 22.

◻ Thabo ea ’nete e ka fumanoa joang?

Thabo ea ’nete ke boemo ba pelo, bo thehiloeng tumelong ea ’nete le kamanong e ntle le Jehova. (Matheu 5:3)—3/15, leqepheng la 23.

◻ Mokreste o lokela ho etsa’ng ha a biletsoa tšebeletsong ea lekhotla la boahloli?

Mokreste ka mong ea talimaneng le tšebeletso ea lekhotla la boahloli o tlameha ho lekanyetsa tsela eo a lokelang ho e latela, a itšetlehile ka kutloisiso ea hae ea Bibele le letsoalo la hae. (Bagalata 6:5)—4/1, leqepheng la 29.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela