Na U Tseba ho Leta?
NA U ka lekanya hore na ke nako e kae eo batho ba e senyang feela ka ho leta selemo se seng le se seng? Ba fola meleng mabenkeleng kapa moo ho tšeloang peterole. Ba emela ho sebeletsoa lireschorenteng. Ba letela ho bona ngaka. Ba letela libese le literene. E, nako e ngata ka ho makatsang bophelong ba motho e senngoa ho letetsoe ho hong. Ho latela khakanyo e ’ngoe, Majeremane feela a lahleheloa ke lihora tse limilione tse likete tse 4,7 ka selemo a emisitsoe ke sephethephethe feela! Motho e mong o ile a hakanya hore palo ena e lekana le nako eo ho lebeletsoeng hore batho ba ka bang 7 000 ba tla e phela.
Ho leta e ka ba ntho e ferekanyang haholo. Mehleng ena, ha ho bonahale eka ho na le nako e lekaneng ea ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ’me ho nahana ka lintho tseo tse ling tseo re lokelang hore ebe rea li etsa ho ka fetola ho leta teko ea sebele. Alexander Rose oa sengoli o kile a re: “Halofo ea mahlomola bophelong ke ho leta.”
Benjamin Franklin, eo e neng e le setsebi sa Moamerika ho tsa puso, o ile a lemoha hore ho leta ho ka boela ha baka litšenyehelo. Lilemong tse fetang 250 tse fetileng, o ile a re: “Nako ke chelete.” Ke ka lebaka leo batho ba khoebo ba batlang ho qoba tieho e sa hlokahaleng nakong ea mosebetsi. Ha ho etsoa thepa e ngata ka nako e khutšoanyane ho ka ba le phaello e khōloanyane. Khoebong eo ho eona ho sebeletsoang batho ka ho toba ho etsoa boiteko ba tšebeletso e potlakileng—lireschorente tse rekisang lijo tse phehoang ka potlako, libanka tse nang le tšebeletso ea banka e etsoang motho a le ka koloing, le tse ling tse joalo—hobane hoa tsejoa hore ho khahlisa ba sebeletsoang ho akarelletsa ho fokotsa nako ea ho leta.
Ho Senyeheloa ke Nako Bophelong
Ralph Waldo Emerson, eo e neng e le sengoli sa lithothokiso sa Moamerika lekholong la lilemo la bo19, o kile a tletleba: “Batho ba senyeheloa ke nako e ngata hakaakang bophelong ka ho leta!” Lance Morrow oa sengoli o sa tsoa tletleba ka hore ho leta hoa tena ebile ho baka mokhathala. Empa joale a bua ka “bohloko bo ipatileng haholoanyane ba ho leta.” Ke bofe? “Tsebo ea hore ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa eo motho a itšetlehileng ka eona, nako, karolo ea bophelo ba motho, e ntse e utsuoa, e lahleha empa e ke ke ea hlola e khutla.” Ho bohloko, empa ke ’nete. Nako e senyehileng ka lebaka la ho leta, e lahlehetse ruri.
Ha e le hantle, haeba bophelo bo ne bo se bokhutšoanyane hakana, ho leta ho ka be ho sa tšoenye haholo. Empa bophelo bo bokhutšoanyane. Lilemong tse fetileng tse likete, mopesaleme oa Bibele o ile a hlalosa tjena: “Matsatsi a lilemo tsa rōna ke lilemo tse mashome a supileng; haeba e le ka lebaka la matla a khethehileng e ba lilemo tse mashome a robeli, empa leha ho le joalo a tsitlella khathatsong le linthong tse kotsi; etsoe a lokela ho feta kapele, ’me rea fofa.” (Pesaleme ea 90:10, NW) Kae kapa kae moo re phelang teng, ebile ho sa tsotellehe hore na re bo-mang, nako ea bophelo ba rōna—matsatsi, lihora le metsotso tse re saletseng ha re tsoaloa—lia fokola. Leha ho le joalo, re sitoa ho qoba maemo ao ho ’ona re tlamehang ho senya e ’ngoe ea nako eo ea bohlokoa re letetse liketsahalo kapa batho.
Ho Ithuta ho Leta
Ba bangata re kile ra palama koloi eo moqhobi oa eona a phehellang ho leka ho feta koloi e ka pele ho eena. Hangata, ha ho hlile ha ho hlokahale hobane moqhobi ha a na taetsano e potlakileng. Leha ho le joalo, o sitoa ho mamella hore lebelo la hae le laoloe ke moqhobi e mong. Ho fela pelo ha hae ho bontša hore ha aa ithuta ho leta. Ho ithuta? E, ho tseba ho leta ke ntho e lokelang ho ithutoa. Ha ho ea tsoetsoeng a ho tseba. Bana ba batla tlhokomelo ea kapele ha ba lapile kapa ba sa ikutloe hamonate. Ke feela ha ba hōla moo ba utloisisang hore ka linako tse ling ba tlameha ho letela seo ba se batlang. Ka sebele, kaha ho leta ke karolo ea bophelo e ke keng ea qojoa, ho tseba ho leta motho a sa fele pelo, ke pontšo ea hore o hōlile kelellong.
Ha e le hantle, ho na le maemo a potlakileng ao ho ’ona ho nang le mabaka a utloahalang a ho fela pelo. Hoa utloahala ha monna e mocha lilemong ea potlakisetsang mosali oa hae sepetlele kahobane a le haufi le ho beleha lesea la bona a fela pelo. Mangeloi a neng a phehella Lota hore a tlohe Sodoma a ne a sa ikemisetsa ho leta ha Lota a lieha. Timetso e ne e le haufi, ’me bophelo ba Lota le lelapa la hae bo ne bo le kotsing. (Genese 19:15, 16) Leha ho le joalo, maemong a mangata, ha batho ba tlameha ho leta, bophelo bo ee be bo se kotsing. Maemong a joalo, lintho li ka ba molemo haholoanyane haeba e mong le e mong a ka ithuta ho se fele pelo—esita le haeba ho leta ho ne ho bakoa ke ho se tsebe mosebetsi ha motho e mong kapa ho hloka thahasello ha hae. Ho feta moo, ho se fele pelo ho ne ho tla ba bonolo haholoanyane haeba e mong le e mong a ne a ka ithuta ho sebelisa hamolemo nako e senngoang ho letiloe. Lebokoseng le leqepheng la 5 ho na le litlhahiso tsa ho etsa hore ho leta e se ke ke ea e-ba ho mamellehang feela empa hape e be ho putsang.
Re ke ke ra hlokomoloha hore moea oa ho fela pelo o ka ’na oa senola boikhohomoso, boikutlo ba hore motho ke oa bohlokoa hoo ho ke keng ha etsoa hore a lete. Ke habohlokoa hore leha e le bafe ba nang le boikutlo bo joalo ba nahane ka mantsoe a latelang a Bibele: “Ea sa feleng pelo o molemo ho feta ea ikhohomosang moeeng.” (Moeklesia 7:8, NW) Boikakaso, kapa boikhohomoso, ke bofokoli bo tebileng ho motho, ’me maele a Bibele a re: “E mong le e mong ea pelo e ikakasang ke ntho e manyala ho Jehova.” (Liproverbia 16:5, NW) Ka lebaka leo, ho ithuta ho se fele pelo—ho ithuta ho leta—ho ka ’na ha hloka hore re itlhahlobisise re be re hlahlobisise le kamano ea rōna le batho ba haufi le rōna.
Ho se Fele Pelo ho Tla Putsoa
Hangata re fumana ho leta ho le bonolo haholoanyane haeba re kholisehile hore seo re se letetseng se tšoanela tieho eo le hore ka sebele qetellong se tla tla. Ntlheng ena, ho hotle ho hopola ’nete ea hore barapeli bohle ba tšepahalang ba Molimo ba letetse ho phethahala ha litšepiso tsa hae tse babatsehang tse fumanoang ka Bibeleng. Ka mohlala, pesalemeng e bululetsoeng ke Molimo rea bolelloa: “Ba lokileng ba tla rua lefatše, ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.” Tšepiso ena e ile ea phetoa ke moapostola Johanne ha a re: “Ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.” (Pesaleme ea 37:29, NW; 1 Johanne 2:17) Ho hlakile hore haeba re ne re ka phela ka ho sa feleng, ho leta e ne e ke ke ea e-ba bothata bo boholo. Empa hona joale ha re phele ka ho sa feleng. Na ho hlile hoa utloahala ho bua ka bophelo bo sa feleng?
Pele u araba, nahana hore Molimo o bōpile batsoali ba rōna ba pele ba e-na le tebello ea ho phela ka ho sa feleng. Ke feela ka lebaka la hore ba ile ba etsa sebe ba ileng ba lahleheloa ke tebello eo bakeng sa bona le bana ba bona—ho akarelletsa le rōna. Leha ho le joalo, hang-hang ka mor’a sebe sa bona, Molimo o ile a phatlalatsa morero oa hae oa ho etsolla liphello tsa ho se mamele ha bona. O ile a tšepisa ho tla ha “peo,” eo e ileng ea e-ba Jesu Kreste.—Genese 3:15; Baroma 5:18.
Hore na rōna re le batho ka bomong re tla rua molemo phethahatsong ea litšepiso tsa hae, ho ho rōna. Ho etsa joalo ho tla hloka ho se fele pelo. E le ho re thusa ho ithuta ho se fele pelo ha mofuta ona, Bibele e re khothalletsa ho nahanisisa ka mohlala oa molemi. O jala peō ea hae ’me ha a na boikhethelo haese feela hore a se ke a fela pelo—a etse seo a ka se khonang ho sireletsa lijalo tsa hae—ho fihlela nakong ea kotulo. Ka mor’a moo, ho se fele pelo ha hae hoa putsoa, ’me o bona litholoana tsa mosebetsi oa hae. (Jakobo 5:7) Moapostola Pauluse o bolela mohlala o mong oa ho se fele pelo. O re hopotsa ka banna le basali ba khale ba tšepahalang. Ba ne ba lebeletse ho phethahala ha merero ea Molimo, empa ba ne ba lokela ho letela nako eo Molimo a e behileng. Pauluse o re khothalletsa ho etsisa batho bana, “bao ka tumelo le ho se fele pelo ba ruang litšepiso.”—Baheberu 6:11, 12.
E, ho leta ke ’nete eo re ke keng ra e qoba bophelong. Empa ha ho hlokahale hore re tšoenyehe ka hona ka linako tsohle. Ho ba letetseng ho phethahala ha litšepiso tsa Molimo, e ka ba mohloli oa thabo. Ba ka koala sekheo sa nako eo ba e senyang ba letile ka ho hlaolela kamano e haufi le Molimo le ka ho etsa mesebetsi e bontšang tumelo ea bona. Ka thapelo, thuto, le ho thuisa, ba ka hlaolela kholiseho e sa thekeseleng ea hore sohle seo Molimo a se tšepisitseng se tla etsahala ka nako ea hae e loketseng.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 5]
FOKOTSA BOHLOKO BA HO LETA!
Lokisetsa esale pele! Haeba u tseba hore u tla lokela ho leta, ikemisetse ho bala, ho ngola, ho loha, ho korocha, kapa ho etsa mosebetsi o mong o nang le thuso.
Sebelisetsa nako eo ho thuisa, e leng ntho e ntseng e e-ba thata ka ho eketsehileng lefatšeng la rōna leo ho potlakiloeng ho lona.
Boloka ntho e baloang haufi le thelefono hore u tle u e sebelise haeba ho thoe u lete; ka metsotso e mehlano kapa e leshome, u ka bala maqephe a mangata.
Ha u letile sehlopheng, sebelisa monyetla oo, haeba ho loketse, ho qala lipuisano le ba bang le ho ba bolella maikutlo a hahang.
Boloka ntho ea ho ngolla kapa e baloang ka koloing bakeng sa linako tsa ha u ka leta ka tšohanyetso.
Tutubala, phutholla ’mele, kapa u rapele.
HO LETA KA KATLEHO HO ITŠETLEHILE HAHOLO KA BOIKUTLO LE HO NAHANA ESALE PELE.