Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Buka e Sebetsang Bophelong ba Kajeno
    Buka ea Batho Bohle
    • Hangata bophelo ba motho ba ’mele bo angoa ke boemo ba bophelo ba kelello le ba maikutlo. Ka mohlala, liphuputso tsa saense li fumane liphello tse kotsi tsa bohale. Dr. Redford Williams, Motsamaisi oa Phuputso ea Boitšoaro Setsing sa Bongaka sa Univesithi ea Duke le mosali oa hae, Virginia Williams, bukeng ea bona ea Anger Kills ba re: “Boholo ba bopaki bo teng bo fana ka maikutlo a hore batho ba hlaha ba kotsing e phahameng haholoanyane ea lefu la pelo (hammoho le maloetse a mang) ka mabaka a sa tšoaneng, ho akarelletsa ho fokotseha ha metsoalle, ho eketseha ha liphello tse bakoang ke ho tepella maikutlo ha motho a halefisitsoe, le ho eketseha ha ho inehella boitšoaro bo behang bophelo ba ’mele kotsing.”13

      Lilemo tse likete pele ho liphuputso tse joalo tsa saense, Bibele, ka mantsoe a bonolo empa e le a hlakileng, e ile ea amahanya boemo ba rōna ba maikutlo le ba bophelo ba rōna ba ’mele: “Pelo e tšoeu e phelisa ’mele oa motho; empa mōna o bolisa masapo a hae.” (Liproverbia 14:30; 17:22) Ka bohlale, Bibele e ile ea eletsa: “U kokobetse bohale ba hao, u tele khalefo,” hape “U se ke ua phaka ua halefa pelong ea hao.”—Pesaleme ea 37:8; Moeklesia 7:9.

  • Buka e Sebetsang Bophelong ba Kajeno
    Buka ea Batho Bohle
    • “U se ke ua phaka ua bontša tlhonamo; hobane tlhonamo e koetloa ke lithoto.” (Moeklesia 7:9, The New English Bible) Hangata maikutlo a etella liketso pele. Motho ea potlakelang ho halefa ke sethoto, hobane tsela ea hae e ka ’na ea lebisa ho bueng ka potlako kapa ho etseng lintho ka potlako.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela