Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g98 7/8 leq. 31
  • Ha ho Shoa ho Bolela ho Shoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ha ho Shoa ho Bolela ho Shoa
  • Tsoha!—1998
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Etsahala Eng ka Baratuoa ba Rōna ba Shoeleng?
    Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
  • Na U Lokela ho Tšaba Bafu?
    Tsoha!—2009
  • Bontša Tumelo Bakeng sa Bophelo bo sa Feleng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Ho na le Tšepo Efe Bakeng sa Baratuoa ba Shoeleng?
    Ho na le Tšepo Efe Bakeng sa Baratuoa ba Shoeleng
Bala Tse Ling
Tsoha!—1998
g98 7/8 leq. 31

Ha ho Shoa ho Bolela ho Shoa

BATHO ba bangata ba na le tumelo e sa hlakang ka moea o tsoelang pele o phela ka mor’a lefu kapa o tsoaloang hangata. Ba bang ba bile ba lumela hore motho a ka phela hape ka mor’a lefu. Thomas Lynch, oa khoebo ea ho lokisetsa mapato, o sa tsoa botsoa hore na o nahana’ng ka bophelo ka mor’a lefu. O ile a re: “Batho ba bonang lipono tsa bohata pele ba shoa ba ne ba sa tsohe bafung—ba ile ba mpa ba nkoa ba shoele feela hobane re ne re se na matla a ho lekanyetsa matšoao a hore baa phela. Hobane ‘ho shoa’ ke seo u bang sona ha u sa tsohe.”—The New York Times Magazine.

Bibele e buile ’nete ka lilemo tse likete. “Ntja e utloang e fetisa tau e shoeleng. Ba utloang bona ba tseba hobane ba ea shoa, empa bafu ha ba tsebe letho leha le le leng, ’me ba ke ke ba hlola ba nka moputso lefatšeng, hobane lebitso la bona le lebetsoe.” (Moeklesia 9:4, 5) Ha u ka etela setša sefe kapa sefe sa mabitla sa boholo-holo ka nakoana ka potlako u tla tiisa ’nete eo.

Na seo se bolela hore ho hang ha ho na tšepo bakeng sa bafu? Ka sebele Bibele ha e fane ka lebaka la ho lumela hore moea ha o shoe le hore o pholoha lefu. (Genese 2:7; Ezekiele 18:4, 20) Leha ho le joalo, Jesu Kreste o ile a bua ka ho tsohela bophelong lefatšeng la paradeise le tsosolositsoeng. Maretha, molateli oa hae oa Mojuda, khaitseli ea Lazaro ea neng a sa tsoa shoa, o ne a lumela tsohong, hobane o ile a re ka Lazaro: “Kea tseba hore o tla tsoha tsohong ka letsatsi la ho qetela.” (Johanne 11:24) Ho sena, Jesu o ile a araba: “Ke ’na tsoho le bophelo. Ea sebelisang tumelo ho ’na, esita le hoja a ka shoa, o tla phela; ’me e mong le e mong ea phelang ’me a sebelisa tumelo ho ’na ho hang ha a na ho shoa le ka mohla. Na u lumela see?” (Johanne 11:25, 26) Pejana, o ne a ile a re: “Le se ke la hlolloa ke sena, hobane hora ea tla eo ka eona bohle ba mabitleng a khopotso ba tla utloa lentsoe la hae ’me ba tsoe, ba ileng ba etsa lintho tse molemo ba ee tsohong ea bophelo, ba ileng ba tloaela ho etsa lintho tse nyonyehang ba ee tsohong ea kahlolo.” Empa hlokomela, Jesu ha aa ka a bua ka moea o sa shoeng!—Johanne 5:28, 29; Luka 23:43.

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

“Ntja e utloang e fetisa tau e shoeleng. Ba utloang bona ba tseba hobane ba ea shoa, empa bafu ha ba tsebe letho leha le le leng, ’me ba ke ke ba hlola ba nka moputso lefatšeng, hobane lebitso la bona le lebetsoe.”—Moeklesia 9:4, 5.

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

“‘Ho shoa’ ke seo u bang sona ha u sa tsohe.”

Thomas Lynch, oa khoebo ea ho lokisetsa mapato

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela