Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g88 10/8 maq. 16-18
  • Nka Hlōla Joang ho Hlajoa ke Lihlong?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nka Hlōla Joang ho Hlajoa ke Lihlong?
  • Tsoha!—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Metsotso e Hlabisang Lihlong Bophelong
  • Khutlela Leqhoeng!
  • Ho Sebetsana le Maemo a Hlabisang Lihlong
  • Ke Hobane’ng ha Batsoali ba ka ba Ntlhabisa Lihlong?
    Tsoha!—1990
  • Ke Hobane’ng ha ke Hōla Kapele Hakaale?
    Tsoha!—1993
  • Nka Pakela Bao ke Kenang Sekolo le Bona Joang?
    Tsoha!—2002
  • Nka ba ea Botsoalle Haholoanyane Joang?
    Tsoha!—1999
Bala Tse Ling
Tsoha!—1988
g88 10/8 maq. 16-18

Bacha Baa Botsa. . .

Nka Hlōla Joang ho Hlajoa ke Lihlong?

Ebile bomalimabe bo boholo hore Angie a tle sekolong a kentse samente leotong kaofela. Empa boemo ba e-ba bobe haholo ha a oela ka tebetebeng ea seretse nakong ea khefu. Angie oa hopola: “Ke ile ka hlajoa ke lihlong! Ke ne ke sitoa ho phahama, ’me ke ne ke tletse seretse.”

U TSEBA hantle boikutlo boo bo nyenyefatsang ba ho hlajoa ke lihlong. Hangata ke rōna ka borōna ba ipakelang mahlomola. Joaloka ha makasine oa Seventeen o hlalosa, re “fela pelo kapele, ’me kapele re etsa lintho tse booatla haholo. ’Me ka eona nako eo, rea hlokomela . . . ‘Na e hlile ke ’na ea entseng hoo?’”

Leha ho le joalo, lilemong tsa bohlankana le boroetsana, u tla hlajoa ke lihlong haholo ho feta ka nako leha e le efe bophelong ba hao. Hobane’ng?

Metsotso e Hlabisang Lihlong Bophelong

’Matlisisi David Elkind o hlalosa hore ka baka la mahlale a kelello a eketsehang, bacha ba tla ameha haholo ka seo ba bang ba se nahanang ka bona. Boikutlo bona bo feteletseng ba boinahano bo tšoana le ho ba le “bashebelli ba inahaneloang” ba “hlahlobang liketso tsa bona.” (Adolescent Development) Kahoo mocha e mong oa ngoanana o bitsa bocha “nako ea bophelo eo ka eona lintho tse nahanoang ke batho ba bang ka uena li bolelang ho hoholo ho uena.”

Ka bomalimabe, boiteko ba hao ba ho hapa tlhokomelo ea ba bang bo ka ’na ba hlōleha. Hobane u sa ntsane u leka ho tseba maikutlo a hao—le ho ba ea amohelehang sechabeng—‘lentsoe le nepahetseng ka nako ea teng’ le ka ’na la u phonyoha. (Liproverbia 15:23) Hobane u e-na le tšekamelo ea ho bolela kamoo u ikutloang kateng, ho fapana le ho ba masene le ho bua mantsoe a nepahetseng, u ka ’na ua etsa liphoso tse hlabisang lihlong. Ho feta moo, hobane u le tlas’a taolo ea batsoali, u ka ’na ua tlameha ho etsa lintho tseo u neng u sa rate ho li etsa. “Ka linako tsohle ’mè o ne a batla hore ke apare mese e tsoileng fesheneng ha ke e-ea sekolong empa e mong le e mong o tena li-jean ’me ’na ke lokela ho apara mese ena,” ho tletlebile joalo mocha e mong.

Ka hobane bacha ba bang ba lakatsa haholo ho amoheloa ke ba bang, ba hlabeha kapele ha ba nyatsuoa, ha ba qheloa, kapa ba hlōleha. Ka mohlala, bacha ba Bakreste, ba ka ’na ba e-ba lihlong ho bolela ka litumelo tsa bona tsa bolumeli ho bao ba kenang sekolo le bona kapa matichere. Ba bang ba ka ’na ba ikutloa ba nyenyefalitsoe ke khalemelo e tsoang ho tichere kapa motsoali. “Ka lekhetlo le leng [’mè o ile a nkomanya] ka pel’a e mong oa metsoalle ea ka ’me sena se ile sa ntlhabisa lihlong ka sebele,” ho bolela Angela e monyenyane.

Hape ho na le ntoa eo bacha ba e loanang le ’mele ea bona. Bacha ba hōlang hantle ba atisa ho tenoa ke ponahalo ea bona e sa fetoheng ea bongoana, bacha ba hōlang kapele bona ba tenoa ke ’mele ea bona ea batho ba baholo le litšobotsi tse sa rateheng tsa khōlo e joalo. Annie oa hopola, “Ha ke ne ke le sehlopheng sa botšelela, ke ne ke le motelele ho feta bohle. Sena se ne se ntlhabisa lihlong. Ke ne ke e-na le motsoalle e monyenyane haholo ’me ke ne ke mo honohela.”

Khutlela Leqhoeng!

Ka baka leo ho hlajoa ke lihlong ke karolo e ke keng ea qojoa ea bophelo. Ke ’nete hore u lokela ho etsa sohle se matleng a hao ho qoba ho etsa lintho tseo u ka ikoahlaelang tsona hamorao. Ka mohlala, “sethoto se atisa mantsoe.” (Moeklesia 10:14) Ho nahana pele u bua ho ka u sireletsa ho mahlabisa lihlong a mangata. (Liproverbia 15:28) Empa ho sa tsotellehe boiteko ba hao bo matla, maemo a hlabisang lihlong a hlaha nako le nako. U itšoara joang? Ho tea mohlala: Na u kile ua thelelisa leqhoeng? Haeba u kile ua ho etsa, mohlomong u kile ua thella ’me ua oela leqhoeng ka lekhetlo la pele—mohlomong le ho feta moo. Empa na hoo ho ile ha u thibela hore u se khutlele leqhoeng hape? E seng haeba u ne u batla ho ba le setsebi sa ho thelelisa leqhoeng!

Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka litšebelisano tsa hao le batho ba bang? Haeba u itlhahisitse lihlong ka tsela e itseng, na u ‘lula leqhoeng’ ka ho ikhula, u qoba batho le maemo a itseng ka ho tšaba hore u tla hlajoa ke lihlong hape? Haeba ho joalo, ho hlajoa ke lihlong hoa u laola. U fetoa ke linako tsa bohlokoa le likamano tse thabisang ha u ntse u leka ho lokisa mefokolo e sa reng letho. Moeklesia 11:4 e re: “Ea elang moea hloko [ka tšabo a nahana ka li-sa-tsejoeng tsa bophelo] a ke ke a jala, ea talimang maru a ke ke a kotula.”

Hore u thabele bophelo le likamano tse ntle le ba bang, ho ameha karolo e itseng ea ho iketsa sehlabelo. Joaloka ha Dr. Wayne W. Dyer a ngotse ho Pulling Your Own Strings: “U ke ke ua tseba hore ho joang ho tlosa tšabo ho fihlela u hlaheloa ke boemo bo thulanang le eona.” Ka baka leo ha u oele, khutlela leqhoeng!

Ho Sebetsana le Maemo a Hlabisang Lihlong

Leha ho le joalo, ke joang u ka sebetsanang le metsotso eo ka eona u lakatsang eka u ka be u ipatile? Litlhahiso tse ’maloa ke tsena:

U se ke ua inka ka ho teba. Makasine oa Seventeen o itse: “Kaofela ha rōna re ikahlola haholo.” Ho feta moo, ho leka ho hōlisa phoso e nyenyane ke mofuta o mong oa ‘ho inahana haholo ho feta kamoo ho hlokahalang kateng.’ (Ba-Roma 12:3) Ak’u inahane feela u etsa ketso ea booatla ka pel’a metsoalle ea hao. Mocha e mong ea bitsoang Beverly o re: “U ka ’na ua nahana hore nako le nako ha metsoalle ea hao e u bona, e tla nahana ka ketsahalo eo.” Empa na phosonyana ea hao e hlile e nka sebaka sa bohlokoa hakaalo likelellong tsa ba bang? Che. Ka baka leo, na ha ho molemo ho lebala liphoso tse nyenyane?

Amohela taeo: Joaloka mocha, u tla ’ne u etse liphoso ka lebaka la ho hloka phihlelo. Leha ho le joalo, ho lauoa ka liphoso tsa rōna ho ka re ‘nea temoho.’ (Liproverbia 1:3) Khalemelo e tsoang ho tichere kapa motsoali e ka ’na ea hlaha nako le nako. Ho e-na le ho hlora ka baka la lihlong tsa nakoana tse ka ’nang tsa hlaha, sebeletsa ho rua molemo taeong ka ho etsa liphetoho tse hlokahalang.—Liproverbia 1:7-9.

Boloka boikutlo ba hao ba ho tšeha: Ka linako tse ling ho molemo ho etsa seo Frank ea lilemo li 15 a se bolelang: “Itšehele.” Haeba ketso e itseng ea booatla eo u e entseng e tšehisa, u se potlakele ho halefa. (Moeklesia 7:9) Terry ea lilemo li 18 o buella hore: “U se ke ua nahana haholo ka seo batho ba bang ba se nahanang.” Leka ho bona bofokoli ba hao ka mahlo a ba bang. Nahana kamoo “bofokoli” bona bo tlang ho shebahala kateng ho uena hosane—kapa beke e tlang. Hangata ho itšeha ho tlosa lihlong.

Nka bohato ba pele: Ho boletse joalo mocha ea bitsoang Faith. Haeba u ile ua itlhabisa lihlong kapel’a motho e mong, ka tlhaho u ka ’na ua ikutloa u soabela ho ba haufi le motho eo hape. Empa nka mehato ea pele ea ho atamela motho eo ka pele kamoo ho ka khonehang. (Bapisa Mattheu 5:23, 24.) Faith o fumane hore haeba motho eo “a bona hore u motho ea kenehang habonolo le ea koatisoang ke mosoaso, o tla ikutloa a phutholohile ho ba haufi le uena.”

U se ke ua ipapisa le ba bang: Ho ka bonahala ho le hobe ho ba mokhutšoane ha lithaka tsa hao kaofela li tsoile ka mahetla—kapa li le khutšoane uena u tsoile ka mahetla. Empa hopola, “ntho e ’ngoe le e ’ngoe e na le sebaka sa eona.” (Moeklesia 3:1, NW) Nako ea hao ea ho finyella khōlo e felletseng e ka ’na ea fapana le ea motho e mong. Ho shebella khōlo ea hao ea ’mele u ntse u e bapisa le ea motho e mong ke ntho ea lefeela, hobane ha a e’o har’a lōna ea ka eketsang kapa a liehisa tsamaiso ea khōlo. (Bapisa Ba-Galata 6:4.) Ho feta moo, ha ho na tiiso leha e le efe ea hore u tla hōla ho fihlela tekanyong eo u e ratang kapa u tla ba le sebōpeho se seholo sa ’mele, ka baka leo hobane’ng ha u ikhathatsa ka ntho eo u ke keng ua e fetola? Kapa joaloka ha Jesu a botsitse: “Ke mang ho lōna ea ka eketsang boemo ba hae ka setsoe se le seng?” (Mattheu 6:27) U ka etsa ho hoholo ha u amohela tsela eo u shebahalang ka eona le ho hōlisa botho bo hohelang.

Tšoara ba bang kamoo u ratang hore ba u tšoare kateng: U itšoara joang ha ba bang ba etsa lintho tse ba hlabisang lihlong? Haeba u thabela ho ba tšeha kapa ho pepesa phoso ea bona, u se ke ua belaela ha ba etsa se tšoanang ho uena. Liproverbia 11:13 e re, “Ea pelo e tšepehang u boloka taba.” Haeba u etsa sena ho ba bang, mohlomong ba tla susumeletsehe ho etsa se tšoanang ho uena.—Mattheu 7:12.

Emela litumelo tsa hao: Le ka mohla u se ke ua ikutloa u hlajoa ke lihlong ho abelana le ba bang ka tumelo ea hao. Mantsoe a Jesu ho Mareka 8:38 a khothatsa: “Ea hlajoang ke lihlong ka ’na le eena Mor’a motho o tla mo hlabeloa ke lihlong.” Ho nke e le tokelo eo u e neiloeng ho ba ‘sethoto ka baka la Kreste.’ (1 Ba-Korinthe 4:10) Mocha e mong o hlokometse: “Ha u leka ka matla ho etsa hore linnete tsa Bibele e be karolo ea bophelo ba hao, u tla lakatsa haholo ho abelana le ba bang ka tsona.”

Maemo a tlotlollang a hlaha nako le nako. Empa ha sena se etsahala, e-ba le pono e nepahetseng, le e leka-lekaneng, u se ke ua lebella hore lintho tsohle li tla tsamaea hantle. Boloka boikutlo ba hao ba ho tšeha. Qoba ho inka ka ho teba. Haeba u sebelisa keletso ena, u tla fumana ho le bonolo ho ikhothatsa ha u hlabiloe ke lihlong.

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Ho hlajoa ke lihlong ke karolo e ke keng ea qojoa ea bophelo

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Bacha ba hōla ’meleng ka tekanyo e sa tšoaneng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela