Phela Bopheloba Hao Hamolemohali
NTATE o ne a le ka tlung, a robetse, a bolaoa ke kankere. Mora oa hae o ne a le ka kamoreng ea ho sebeletsa, a ntse a beha lithulusi tsa ntate oa hae tsa ho betla mapolanka ka makhethe. Ha a ntse a tšoara lithulusi tsena, o ne a nahana ka lintho tse babatsehang tseo ntate oa hae a li entseng ka tsona. Le hoja kamore ena ea ho sebeletsa e ne e le pel’a ntlo, o ne a tseba hore ntate oa hae ha a sa tla hlola a kena ka moo hape, ha ho mohla a tla boela a tšoare lithulusi tseo a neng a e-na le tsebo e kana ea ho li sebelisa. Nako eo e ne e fetile.
Mora o ile a nahana ka lengolo la Moeklesia 9:10: “Tsohle tse fihleloang ke letsoho la hao hore li ka sebetsoa, u li etse ka matla a hao; hobane nģalong ea bafu [lebitleng] moo u eang, ha ho sa le mosebetsi, leha e le morero kapa tsebo, kapa bohlale.” O ne a tseba lengolo leo hantle. O ne a ’nile a le sebelisa hangata ha a ruta ba bang ’nete ea Bibele ea hore lefu ke boemo ba ho se sebetse. Joale matla a taba ea Solomone a ile a ama pelo ea hae—re lokela ho phela bophelo ka ho feletseng le ho thabela matsatsi a rōna ha re sa ntse re khona hobane nako ea tla eo ka eona re sa tl’o hlola re khona ho etsa joalo.
Thabela Bophelo
Ho pholletsa le buka ea Moeklesia, Morena Solomone ea bohlale o khothatsa babali ba hae ka matla hore ba thabele bophelo. Ka mohlala, khaolo ea 3 e re: “Ke lemohile hobane ha ho letho le ka bang molemo ho [batho], ha e se ho itumela le ho iketsetsa boiketlo ka tšiu tsa bophelo ba bona; ke lemohile hape hoba, ere ha motho a e-ja lijo, kapa a e-noa, le ho latsoa boiketlo ka mokhathala oohle oa hae, le teng e sa le neo ea Molimo.”—Moeklesia 3:12, 13.
Molimo o ile a bululela Solomone hore a phete khopolo ena: “Hoo ke ho lemohileng ke hona: ho leng molemo le ho leng hotle, ke ho ja, le ho noa, le ho latsoa boiketlo ka mokhathala oohle oo motho a ikhathatsang ka oona tlas’a letsatsi, ka tšiu tsohle tsa bophelo tseo Molimo o mo neileng tsona; hobane ke eona kabelo eo a e abetsoeng.”—Moeklesia 5:18.
Ka ho tšoanang, o khothatsa bacha ka matla: “Mohlankana, thabela bocha ba hao, ’me pelo ea hao e ke e u nyakalatse matsatsing a bocha ba hao, u tsamaee ka lithato tsa pelo ea hao le ka chalimo ea mahlo a hao.” (Moeklesia 11:9a) Ho molemo hakaakang ho thabela ka ho feletseng matla le mahlahahlaha a bocha!—Liproverbia 20:29.
‘Hopola ’Mōpi oa Hao’
Ka sebele, Solomone ha a bolele hore ho bohlale ho phehella ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ka ’nang ea ipiletsa lipelong tsa rōna kapa mahlong a rōna. (Bapisa le 1 Johanne 2:16.) Sena se hlakile ho tsoa ho seo a se ngolang ka mor’a moo: “Leha ho le joalo, u ’no u tsebe hoba Molimo o tla u ahlola ka tseo tsohle [lintho tseo u li phehellang tse ka ’nang tsa khotsofatsa litakatso tsa hao].” (Moeklesia 11:10a) Ho sa tsotellehe hore na re lilemo li kae, re lokela ho hopola hore Molimo o hlokomela seo re se etsang ka bophelo ba rōna ’me o tla re ahlola ka ho loketseng.
Ke bothoto bo bokaakang ho nahana hore re ka phela bophelo ba boithati ’me ra chechisa boinehelo ba bomolimo ho fihlela lilemong tsa rōna tsa moraonyana! Bophelo ba rōna bo ka ’na ba fela neng kapa neng. Esita leha ho sa be joalo, ho sebeletsa Molimo ha ho bonolo lilemong tsa botsofali. Ha a hlokomela ’nete ena Solomone oa ngola: “U mpe u hopole ’Mopi oa hao matsatsing a bocha ba hao, ho e-so ho tle litšiu tsa tlokotsi, ho e-so ho fihle le lilemo tseo ka tsona u tla re: Ha ke sa khahlisoa ke tsona.”—Moeklesia 12:1.
Botsofali bo na le phello e tebileng. Ho se latelang, ka tsela ea tšoantšetso Solomone o hlalosa liphello tsa botsofali. Matsoho le liphaka lia thothomela, maoto aa tetema le meno aa fokotseha. Moriri o ba moputsoa ’me oa hlotheha. Boroko bo fokola hoo motho a tsosoang ke mololi oa nonyana. Mecha ea kutlo—ho bona, ho utloa, ho ama, ho fofonela le ho latsoa—kaofela e felloa ke matla. ’Mele o fokolang o lebisa tšabong ea ho oa le mefuteng e meng ea “ho tšoha” litseleng tsa sechaba. Qetellong motho oa shoa.— Moeklesia 12:2-7.
Ka ho khethehileng botsofali bo tlisa tlokotsi ho ba sitiloeng ho ‘hopola ’Mōpi oa bona’ bocheng ba bona. Ka lebaka la ho senya bophelo ba hae, motho ea joalo ‘ha a sa khahloa’ ke lilemo tsa morao. Bophelo ba ho se tšabe Molimo le bona bo ka ’na ba eketsa mathata le bohloko ba botsofali. (Liproverbia 5:3-11) Hoa soabisa hore ebe ba joalo ha ba sheba pele ha ba bone bokamoso ba letho haese lebitla.
Ho Thaba Lilemong Tsa Botsofali
Sena ha se bolele hore ba tsofetseng ba ke ke ba thabela bophelo. Ka Bibeleng, “bolelele ba matsatsi le lilemo tsa bophelo” li boetse li amahanngoa le tlhohonolofatso ea Molimo. (Liproverbia 3:1, 2, NW) Jehova o ile a bolella motsoalle oa hae Abrahama: “Ha e le uena, . . . u tla patoa u tsofetse haholo.” (Genese 15:15, NW) Ho sa tsotellehe ho hloka boiketlo ho tlisoang ke lilemo tsa botsofali, Abrahama o ile a fumana khotso le khutso lilemong tsa hae tsa morao, ha a hetla morao ka khotsofalo bophelong bo nehetsoeng ho Jehova. O ne a boetse a lebeletse ka tumelo “motse o nang le metheo ea sebele,” e leng ’Muso oa Molimo. (Baheberu 11:10) Kahoo, o ile a shoa “a tsofetse ’me a khotsofetse.”—Genese 25:8, NW.
Ka lebaka leo, Solomone o ile a khothatsa ka matla: “Haeba motho a ka phela esita le lilemo tse ngata, a thabe ho tsona kaofela.” (Moeklesia 11:8, NW) Ebang re bacha kapa re tsofetse, thabo ea ’nete e amana le kamano ea rōna le Molimo.
Ha mohlankana ea neng a le ka kamoreng ea ho sebeletsa a ntse a beha lithulusi tsa ho qetela tsa ntate oa hae, o ne a nahana ka lintho tsena. O ile a nahana ka batho bohle bao a neng a ba tseba ba ileng ba leka ho phela bophelo ba bona hamolemohali empa ba se ke ba fumana thabo hobane ba ne ba se na kamano le ’Mōpi oa bona. Ho ne ho bonahala ho loketse hakaakang hore ebe ka mor’a ho fana ka khothatso ea hore motho a thabe bophelong ba hae, Solomone o ile a akaretsa litaba ka mantsoe aa: “Bofello ba taba tseo kaofela ke jona: Tšaba Molimo, u boloke litaelo tsa oona, hobane, ke eona tšoanelo eohle ea motho”!—Moeklesia 12:13.