Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w04 12/1 leq. 32
  • Keletso e Bohlale ea Solomone ka Seo re Lokelang ho se Bala

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Keletso e Bohlale ea Solomone ka Seo re Lokelang ho se Bala
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
w04 12/1 leq. 32

Keletso e Bohlale ea Solomone ka Seo re Lokelang ho se Bala

“HO ETSOA ha libuka tse ngata ha ho na bofelo, ’me ho inehela haholo ho tsona ho tepelletsa ’mele.” (Moeklesia 12:12) Ha Morena Solomone ea bohlale oa Iseraele a ne a ngola mantsoe ao lilemong tse ka bang 3 000 tse fetileng, hase hore o ne a khothalletsa batho hore ba se ke ba bala. Ho e-na le hoo, o ne a hlalosa bohlokoa ba ho hloaea se baloang. Kajeno keletso eo e nakong hakaakang, kaha lefatšeng ho hatisoa lingoliloeng tse libilione selemo le selemo!

Ho hlakile hore “libuka tse ngata” tseo Solomone a neng a bua ka tsona e ne e se tse hahang kapa tse khathollang. Ka hona, o ne a beha lebaka la hore ho inehela ho tsona ho “tepelletsa ’mele” ho e-na le ho tlisa melemo ea nako e telele.

Leha ho le joalo, na Solomone o ne a bolela hore ha ho na libuka tse fanang ka tataiso e utloahalang le e ka tšeptjoang e ka tsoelang ’mali molemo? Che, hobane o ile a boela a ngola: “Mantsoe a ba bohlale a joaloka litsenene tsa likhomo, ’me ba inehellang ho bokelleng lipolelo ba joaloka lipekere tse khokhothetsoeng; ba fanoe ke molisa a le mong.” (Moeklesia 12:11) Ka sebele ho na le mantsoe a ngotsoeng, ao “joaloka litsenene tsa likhomo,” a ka fanang ka tšusumetso e ntle. A ka susumelletsa motho tseleng e nepahetseng. Ho feta moo, “joaloka lipekere tse khokhothetsoeng,” a ka thusa motho ho matlafatsa qeto eo a e entseng le hore a be le botsitso.

Re ka fumana mantsoe a bohlale joalo hokae? Ho ea ka Solomone, a mang a mantsoe a ikhethang joalo ke a simolohang ho Molisa a le mong, Jehova. (Pesaleme ea 23:1) Ka hona, buka e molemo ka ho fetisisa eo motho a ka eang ho eona hore a fumane mantsoe a bohlale joalo ke buka e bululetsoeng ke Molimo—Bibele. Ho bala kamehla mantsoe a joalo a bululetsoeng ho ka thusa motho ho “hlomelloa ka ho feletseng bakeng sa mosebetsi o mong le o mong o molemo.”—2 Timothea 3:16, 17.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela