“Bakeng sa Ntho e ’Ngoe le e ’Ngoe ho na le Nako e Behiloeng”
“Bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ho na le nako e behiloeng, esita le nako bakeng sa taba e ’ngoe le e ’ngoe tlas’a maholimo.”—MOEKLESIA 3:1, NW.
1. Batho ba sa phethahalang ba na le bothata bofe, ’me see se felletse ka eng maemong a mang?
HANGATA batho ba re, “Ekare nka be ke ho entse pejana.” Kapa mohlomong ha ba hetla morao ba re, “Ekare nka be ke ile ka leta.” Lipolelo tse joalo li bontša bothata boo batho ba sa phethahalang ba bang le bona ba ho lekanyetsa nako e nepahetseng ea ho etsa lintho tse itseng. Bofokoli bona bo entse hore likamano li senyehe. Bo felletse ka ho sareloa le ho tsieleha. ’Me ho hobe ka ho fetisisa, bo fokolisitse tumelo ea batho ba bang ho Jehova le ho mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng.
2, 3. (a) Ke hobane’ng ha ho amohela ho lekanyetsa ha Jehova linako tse behiloeng e le bohlale? (b) Re lokela ho ba le pono efe e leka-lekaneng mabapi le ho phethahala ha boprofeta ba Bibele?
2 Kaha Jehova o na le bohlale le temohisiso tseo batho ba se nang tsona, ha a rata, o khona ho tseba phello ea ketso e ’ngoe le e ’ngoe esale pele. A ka tseba “qetello ho tloha tšimolohong.” (Esaia 46:10, NW) Kahoo, a ka khetha ka nepo nako e loketseng ea ho etsa ntho efe kapa efe eo a batlang ho e etsa. Ka lebaka leo, ho e-na le ho tšepa boikutlo ba rōna bo fosahetseng ba ho lekanyetsa nako, ke bohlale hore re amohele tsela ea Jehova ea ho lekanyetsa linako tse behiloeng!
3 Ka mohlala, Bakreste ba hōlileng tsebong ka botšepehi ba letela nako eo Jehova a e behileng bakeng sa ho phethahala ha boprofeta ba Bibele bo itseng. Ba lula ba phathahane tšebeletsong ea hae, ka nako e tšoanang ba hopotse ka ho hlaka molao-motheo o ho Lillo tsa Jeremia 3:26: “Ho molemo ho motho ho lebella le ho lulela pholoso ea Jehova ka sebete.” (Bapisa le Habakuke 3:16.) Ka nako e tšoanang, ba kholisehile hore ho lihuoa ha kahlolo ea Jehova ho phatlalalitsoeng, ‘esita le haeba ho ka lieha, . . . ruri ho tla phethahala. Ha ho na ho siuoa ke nako.’—Habakuke 2:3, NW.
4. Amose 3:7 le Matheu 24:45 li lokela ho re thusa joang hore re letele Jehova re sa fele pelo?
4 Ka lehlakoreng le leng, haeba re hlōleha ho utloisisa ka ho feletseng litemana tse itseng tsa Bibele kapa litlhaloso tse fanoeng ho lingoliloeng tsa Watch Tower, na re na le lebaka la ho fela pelo? Ho letela nako ea Jehova e behetsoeng ho hlakisa lintho ke tsela ea bohlale. “Hobane Morena Jehova ha a etse letho, a e-so ho senole morero oa hae ho bahlanka ba hae, baporofeta.” (Amose 3:7) Ke tšepiso e babatsehang hakaakang! Empa re lokela ho hlokomela hore Jehova o senola litaba tsa hae tsa lekunutu ka nako eo a lekanyang hore e molemo. Bakeng sa morero oo, Molimo o file “lekhoba le tšepahalang le le masene” matla a ho fa batho ba hae “lijo tsa bona [tsa moea] ka nako e tšoanetseng.” (Matheu 24:45) Ka lebaka leo, ha ho na lebaka la hore re amehe haholo, esita le la hore re ferekanngoe ke hore lintho tse itseng ha lia hlalosoa ka ho feletseng. Ho e-na le hoo, re ka kholiseha hore haeba re sa fele pelo ho letela Jehova, “ka nako e tšoanetseng,” o tla fana ka se hlokahalang ka lekhoba le tšepahalang.
5. Ho hlahloba Moeklesia 3:1-8 ho na le molemo ofe?
5 Morena Solomone ea bohlale o ile a bua ka lintho tse fapaneng tse 28, tseo e ’ngoe le e ’ngoe ea tsona e nang le “nako e behiloeng.” (Moeklesia 3:1-8, NW) Ho utloisisa moelelo oa seo Solomone a se buileng le liphello tsa sona, ho tla re thusa hore ho latela pono ea Molimo, re lekanyetse nako e nepahetseng le e fosahetseng bakeng sa liketso tse itseng. (Baheberu 5:14) Ka lehlakoreng le leng, seo se tla re lumella ho hlophisa bophelo ba rōna ka tsela e loketseng.
“Nako ea ho Lla le Nako ea ho Tšeha”
6, 7. (a) Batho ba tsotellang ba kajeno ba ‘llisoa’ ke eng? (b) Lefatše le leka ho loantša boemo bo tebileng boo le iphumanang le le ho bona joang?
6 Le hoja ho e-na le “nako ea ho lla le nako ea ho tšeha,” ke mang ea ke keng a khetha ho tšeha ho e-na le ho lla? (Moeklesia 3:4) Ka masoabi, re phela lefatšeng leo ka kakaretso le etsang hore re lle. Litaba tse nyahamisang li tletse hohle mecheng ea litaba. Re haroha matsoalo ha re utloa ka bacha ba thunyang liithuti-’moho le bona sekolong, batsoali ba hlekefetsang bana ba bona, likhukhuni tse bolaeang kapa tse holofatsang batho ba se nang molato, le seo ho thoeng ke likoluoa tsa tlhaho tse senyang bophelo ba batho le thepa ea bona. Bana ba lapang, ba mahlo a khohletseng le baphaphathehi ba phaphathehang ba baleha linaheng tsa habo bona ba loanela ho hapa qenehelo ea rōna thelevisheneng. Mantsoe ao pele a neng a sa tloaeleha a kang tlhoekiso ea morabe, AIDS, ntoa ea libetsa tse nang le likokoana-hloko le El Niño hona joale a etsa hore likelello tsa rōna le lipelo li tšoenyehe—le leng le le leng ka tsela ea lona.
7 Ha ho na pelaelo ea hore lefatše la kajeno le tletse bomalimabe le masisa-pelo. Leha ho le joalo, indasteri ea boithabiso, joalokaha eka e bebofatsa ho teba ha boemo bona, ka tloaelo e hlahisa mananeo a sa nahaneleng, a litšila, ao hangata e leng a boitšoaro bo bobe le pefo, a reretsoeng ho re khelosa hore re hlokomolohe masisa-pelo ao ba bang ba leng har’a ’ona. Empa moea oa ho se tsotelle, ho soasoa ka booatla le ho tšeha ha lefeela oo boithabiso bo joalo bo o fehlang ha oa lokela ho ferekanngoa le thabo ea sebele. Thabo eo e leng tholoana ea moea oa Molimo ke seo lefatše la Satane le ke keng la fana ka sona.—Bagalata 5:22, 23; Baefese 5:3, 4.
8. Na Bakreste kajeno ba lokela ho etelletsa pele ho lla kapa ho tšeha? Hlalosa.
8 Ha re lemoha boemo ba lefatše bo sisimosang, re ka utloisisa hore kajeno hase nako ea ho etelletsa pele ho tšeha. Hase nako ea ho phelela boikhathollo le boithabiso feela kapa ea ho lumella hore ‘ho bapala’ e be ntho ea bohlokoa ho feta lintho tsa moea. (Bapisa le Moeklesia 7:2-4.) Moapostola Pauluse o itse: “Ba sebelisang lefatše” ba lokela ho ba “joaloka ba sa le sebeliseng ka botlalo.” Hobane’ng? Hobane “pono ea lefatše lena ea fetoha.” (1 Bakorinthe 7:31) Bakreste ba ’nete ba hlokomela ka ho feletseng ho teba ha linako tseo re phelang ho tsona, letsatsing le leng le le leng la bophelo ba bona.—Bafilippi 4:8.
Ho sa Tsotellehe ho Lla, ba Thabile e le Kannete!
9. Ke boemo bofe bo soabisang bo bileng teng pele ho Moroallo, ’me see se bolela’ng ho rōna kajeno?
9 Batho ba neng ba phela nakong ea Moroallo oa lefatše lohle ba ne ba se na pono e tebileng ka bophelo. Ba ne ba etsa mesebetsi ea bona ea letsatsi le letsatsi ’me ba hlōleha ho llisoa ke “bobe ba motho bo bongata lefatšeng,” ba iphapantse ha “lefatše le ne le tletse pefo.” (Genese 6:5, 11, NW) Jesu o ile a bua ka boemo boo bo soabisang, ’me a bolela esale pele hore mehleng ea rōna batho ba tla ba le boitšoaro bo tšoanang le boo. O ile a lemosa: “Joalokaha matsatsing ao pele ho moroallo, ba ne ba ja ’me ba noa, banna ba nyala ’me basali ba nyalisoa, ho fihlela letsatsing leo Noe a ileng a kena ka arekeng ka lona; ’me ba se ke ba elelloa ho fihlela moroallo o tla ’me o ba hohola bohle, ho ba teng ha Mora oa motho ho tla ba joalo.”—Matheu 24:38, 39.
10. Baiseraele ba mehleng ea Haggai ba ile ba bontša joang hore ha ba ananele nako ea Jehova e behiloeng?
10 Lilemo tse ka bang 1 850 ka mor’a Moroallo, mehleng ea Haggai, Baiseraele ba bangata ba ile ba bontša mokhoa o tšoanang oa ho se amehe ka ho teba ka lintho tsa moea. Ba tšoarehile ka ho phehella lithahasello tsa botho, ba ile ba hlōleha ho lemoha hore nako eo ba phelang ho eona ke ea ho etelletsa pele lithahasello tsa Jehova. Rea bala: “Sechaba sena se re: Nako ha e e-so ho tle; hase nako eo ntlo ea Jehova e ka hahuoang ka eona! Lentsoe la Jehova la tla ka moporofeta Haggai, la re: Hleka ho lōna ke nako ea ho lula matlung a lōna a manehiloeng ka lipolanka, athe ntlo ena ke lesupi? ’Me joale, ho bolela Jehova oa makhotla: Lekolang litsela tsa lōna pelong tsa lōna.”—Haggai 1:1-5.
11. Re ka ipotsa lipotso life ka nepo?
11 Re le Lipaki tsa Jehova kajeno, re e-na le boikarabelo le litokelo ka pel’a Jehova tse tšoanang le tsa Baiseraele ba mehleng ea Haggai, le rōna ekaba hantle ha re ka lekola litsela tsa rōna lipelong tsa rōna ka ho teba. Na re ‘llisoa’ ke maemo a lefatše le thohako eo a e tlisetsang lebitso la Molimo? Na re utloa bohloko ha batho ba hana boteng ba Molimo kapa ka ho hloka tlhompho ho feletseng ba hlokomoloha melao-motheo ea hae e lokileng? Na re etsisa batho ba tšoailoeng ba bonoeng ke Ezekiele ponong lilemong tse 2 500 tse fetileng? Re bala sena ka bona: “Jehova a re ho eena [monna ea nang le lenaka la enke la mongoli]: Pholletsa ka motse, ka Jerusalema, u tšoaee liphatla tsa batho ba feheloang, ba bobolang ka baka la manyala ’ohle a etsoang har’a oona.”—Ezekiele 9:4.
12. Ezekiele 9:5, 6 e bolela eng ho batho ba kajeno?
12 Seo tlaleho ena e re bolellang sona kajeno sea totobala ha re bala litaelo tse latelang tse eang ho banna ba tšeletseng ba tšoereng libetsa tsa ho pshatla: “Pholletsang ka motse ka mor’a hae, le hlabake; mahlo a lōna a se ke a qenehela, le hloke mohau; bolaeang, le be le timeletse maqheku, le bahlankana, le likharebe, le bana ba banyenyane, le basali; ha e le ba nang le letšoao, le se ke la ba ama; hlong le qale ka sehalalelo sa ka.” (Ezekiele 9:5, 6) Hore re pholohe matšoenyeho ao a maholo a atamelang ka potlako ho itšetlehile ka hore re hlokomele hore kajeno ehlile ke eona nako ea ho lla.
13, 14. (a) Ke batho ba mofuta ofe bao Jesu a ileng a bolela hore ba thabile? (b) Hlalosa hore na ke hobane’ng ha u nahana hore tlhaloso ena e lokela Lipaki tsa Jehova hantle.
13 Ka sebele, taba ea hore bahlanka ba Jehova ba ‘llisoa’ ke boemo bo nyahamisang ba liketsahalo tsa lefatše ha e ba thibele ho thaba. Ho fapana le hoo! Ha e le hantle, ke sehlopha sa batho se thabileng ka ho fetisisa lefatšeng. Jesu o fane ka matšoao a thabo ha a ne a re: “Ho thaba ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea, . . . ba siameng, . . . ba maikutlo a bonolo, . . . ba lapelang le ho nyoreloa ho loka, . . . ba mohau, . . . ba hloekileng pelong, . . . ba nang le khotso, . . . ba hlorisitsoeng ka lebaka la ho loka.” (Matheu 5:3-10) Ho na le bopaki bo bongata bo bontšang hore tlhaloso ena e tšoanela Lipaki tsa Jehova e le sehlopha, hamolemo ho feta kamoo e tšoanelang sehlopha leha e le sefe se seng.
14 Haholo-holo esale borapeli ba ’nete bo tsosolosoa ka 1919, batho ba thabileng ba Jehova ba na le lebaka la ho “tšeha.” Ka kutloisiso ea moea, ba ile ba latsoa phihlelo e thabisang ea ba ileng ba khutla Babylona lekholong la botšelela la lilemo B.C.E.: “Enere Jehova ha a khutlisa batšoaruoa ba Sione, ho rōna ho bile joalo ka toro. Eaba molomo oa rōna o tšèla litlatse tsa thabo, le leleme la rōna lipina tsa nyakallo. . . . Jehova o re etselitse ntho tse kholo; ke sona se re thabisang.” (Pesaleme ea 126:1-3) Ho ntse ho le joalo, esita le har’a ho tšeha ha moea, Lipaki tsa Jehova ka bohlale li hopola hore nako ena ke e mahlonoko. Hang ha lefatše le lecha le se le le teng ’me baahi ba lefatše ba ‘tšoere ka tieo bophelo ba sebele,’ joale nako e tla be e fihlile ea hore ho tšeha ho nkele ho lla sebaka ka ho sa feleng.—1 Timothea 6:19; Tšenolo 21:3, 4.
“Nako ea ho Kopa le Nako ea ho Qoba ho Kopa”
15. Ke hobane’ng ha Bakreste ba hloaea ha ba khetha metsoalle?
15 Bakreste baa khetha hore na metsoalle ea bona e ba bo-mang. Ba hopola temoso ea Pauluse, e reng: “Le se ke la khelosoa. Litloaelano tse mpe li senya mekhoa e nang le thuso.” (1 Bakorinthe 15:33) ’Me Morena Solomone ea bohlale o itse: “Ea tsamaeang le ba bohlale o tla hlalefa; empa ea tloaelaneng le maoatla o tla senyeha.”—Liproverbia 13:20.
16, 17. Lipaki tsa Jehova li talima setsoalle, ho laetsana le lenyalo joang, hona hobane’ng?
16 Bahlanka ba Jehova ba khetha metsoalle har’a batho ba ratang Jehova le ho loka ha hae joaloka bona. Le hoja ba ananela le ho thabela botsoalle ba metsoalle ea bona, tabeng ea ho laetsana ba qoba ka bohlale pono e atileng linaheng tse ling kajeno ea ho lumella ntho e ’ngoe le e ’ngoe le ea boitšoaro bo hlephileng. Ho e-na le ho ikakhela ka setotsoana ho laetsaneng e le thabo e se nang kotsi, ba ho talima e le bohato bo tebileng bo lebisang lenyalong bo lokelang ho nkoa hafeela motho a hōlile ka ho lekaneng ’meleng, kelellong le moeeng—’me ho latela Mangolo a bile a lokolohile—hore a ka kena kamanong ea lenyalo e sa khaotseng.—1 Bakorinthe 7:36.
17 Ba bang ba ka ’na ba ikutloa hore ho ba le pono e joalo ka ho laetsana le lenyalo ke ho siuoa ke nako. Empa Lipaki tsa Jehova ha li lumelle khatello ea lithaka ho kena-kenana le khetho ea tsona ea metsoalle kapa liqeto tsa tsona mabapi le ho laetsana le lenyalo. Lia tseba hore “bohlale bo pakoa bo lokile ke mesebetsi ea bona.” (Matheu 11:19) Kamehla Jehova o tseba hamolemohali, ka hona, li nka ka ho teba keletso ea hae ea ho nyala “feela Moreneng.” (1 Bakorinthe 7:39; 2 Bakorinthe 6:14) Li qoba ho phosumela lenyalong ka mohopolo o fosahetseng oa hore qeto ea ho hlala kapa ho arohana ea amoheleha haeba lenyalo le sa atlehe. Li nka nako ho batla molekane ea tšoanelehang, li hlokomela hore hang ha likano tsa lenyalo li entsoe, ho sebetsa molao oa Jehova o reng: “E leng hore ha ba sa le babeli, empa e se e le nama e le ’ngoe. Ka hona, seo Molimo a se kopantseng hammoho jokong a ho se ke ha e-ba le motho ea se arolang.”—Matheu 19:6; Mareka 10:9.
18. Ke’ng se ka sebeletsang e le bohato bo qalang ba lenyalo le thabileng?
18 Lenyalo ke tumellano ea bophelo bohle e hlokang ho lokisetsoa ka hloko. Hoa utloahala hore monna a ipotse, ‘Na ehlile o ntoketse?’ Empa habohlokoa ka ho tšoanang, o lokela ho ipotsa, ‘Na ke hlile ke mo loketse? Na ke Mokreste ea hōlileng tsebong ea ka hlokomelang litlhoko tsa hae tsa moea?’ Bao e tla ba balekane, ka bobeli ba na le boikarabelo ka pel’a Jehova, ba hore ba be matla moeeng, ba khone ho etsa lenyalo le tiileng le amoheloang ke Molimo. Banyalani ba Bakreste ba likete ba ka fana ka bopaki ba hore kaha tšebeletso ea nako e tletseng e etelletsa pele ho fana ho e-na le ho amohela, ke bohato bo qalang bo botle haholo ba lenyalo le thabileng.
19. Ke hobane’ng ha Bakreste ba bang ba lula e le masoha?
19 Bakreste ba bang ba “qoba ho kopa” ka ho khetha ho lula e le masoha ka lebaka la litaba tse molemo. (Moeklesia 3:5) Ba bang ba lesa ho kena lenyalong ho fihlela ha ba ikutloa hore ba na le litšoaneleho tsa moea tse ka khahlang molekane ea tšoanelehang. Empa a re boeleng re hopoleng Bakreste bao ba masoha ba labalabelang katamelano e haufi ea lenyalo le melemo ea lona empa ba sa fumane balekane. Re ka tiiseha hore Jehova o thabela ho hana ha bona ho sekisetsa melao-motheo ea bomolimo ha ba ntse ba batla ho kena lenyalong. Re boetse re etsa hantle ha re ananela botšepehi ba bona le ho ba khothatsa ka tsela e loketseng e ba tšoanelang.
20. Ke hobane’ng ha esita le balekane ba lenyalo ka linako tse ling ba “qoba ho kopa”?
20 Na le balekane ba lenyalo ba ka “qoba ho kopa” ka linako tse ling? Ho bonahala hore ho ka ba joalo maemong a mang, hobane Pauluse o itse: “Ke bolela sena, barab’eso, nako e setseng e fokotsehile. Ho tloha joale ho ea pele ba nang le basali a ba be joalokaha eka ha ba na bona.” (1 Bakorinthe 7:29) Ka lebaka leo, thabo le litlhohonolofatso tsa lenyalo ka linako tse ling li lokela ho etelloa pele ke boikarabelo ba puso ea Molimo. Pono e leka-lekaneng ea taba ena e ke ke ea fokolisa lenyalo empa e tla le matlafatsa hobane e thusa ho hopotsa balekane ka bobeli hore kamehla Jehova e lokela ho ba eena ea ka sehloohong ea tiisang kamano ea bona.—Moeklesia 4:12.
21. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho ahlola balekane ba lenyalo tabeng ea botsoali?
21 Ho ekelletsa moo, banyalani ba bang ba qoba ho ba le bana e le hore ba ka lokoloha haholoanyane bakeng sa ho ntšetsa pele tšebeletso ea bona ho Molimo. Sena se ile sa hloka hore ba itele, ’me Jehova o tla ba putsa ka ho loketseng. Le hoja Bibele e khothalletsa bosoha ka lebaka la litaba tse molemo, ha e bue ka ho toba ka taba ea ho hloka bana ka lebaka lona leo. (Matheu 19:10-12; 1 Bakorinthe 7:38; bapisa Matheu 24:19 le Luka 23:28-30.) Kahoo, banyalani ba lokela ho iketsetsa qeto ho latela maemo le matsoalo a bona. Ho sa tsotellehe hore na qeto eo ke efe, banyalani bao ha baa lokela ho nyatsuoa.
22. Ke habohlokoa hore re lekanyetse eng?
22 E, “bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ho na le nako e behiloeng, esita le nako bakeng sa taba e ’ngoe le e ’ngoe tlas’a maholimo.” Ho bile ho na le “nako bakeng sa ntoa le nako bakeng sa khotso.” (Moeklesia 3:1, 8) Sehlooho se latelang se tla hlalosa hore na ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re lekanyetse hore na hona joale ke nako ea eng ho tsena tse peli.
Na U ka Hlalosa?
◻ Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re tsebe hore “bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ho na le nako e behiloeng”?
◻ Ke hobane’ng ha kajeno e hlile e le eona “nako ea ho lla”?
◻ Ke hobane’ng ha Bakreste, le hoja ba “lla,” ba thabile e le kannete?
◻ Bakreste ba bang ba bontša joang hore ba talima nako ea hona joale e le “nako ea ho qoba ho kopa”?
[Litšoantšo tse leqepheng la 6, 7]
Le hoja Bakreste ba “lla” ka lebaka la maemo a lefatše . . .
. . . ha e le hantle ke batho ba thabileng ka ho fetisisa lefatšeng
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Tšebeletso ea nako e tletseng ke motheo o motle haholo oa lenyalo le thabileng