Bacha Baa Botsa . . .
Nka Qoba ho Bapala ka Boitšoaro bo Bobe Joang?
“Ke ne ke nahana hore ho lokile ho akana le ho phathatsana, hore ke feela tsela ea ho tsebahatsa maikutlo a ka a tebileng le lerato. Ke ne ke nahana hore nka khaotsa pele ke etsa ntho e tebileng haholo joaloka bohlola. Empa ke ne ke fositse haholo.” Ke kamoo ho ileng ha ngola mosali e mocha ea bitsoang Valerie ea ileng a oela boitšoarong bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali.a
BACHA ba Bakreste baa tseba hore Bibele e nyatsa likamano tsa botona le botšehali pele ho lenyalo. (1 Ba-Korinthe 6:9, 10) Leha ho le joalo, mohlomong ba bang ha ba hlokomele hore Bibele e boetse e nyatsa ho bapala ka boitšoaro bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali—ho kenella katamelanong eo ka ho hlakileng e boloketsoeng banyalani.b (Ba-Galata 5:19) Na see se bolela hore ho fosahetse ho bonahatsa kameho e lerato? Le hanyenyane.
Bibele e re bolella ka pale ea moroetsana oa Mosulamithe le molisana ba neng ba lebeletsane. Lefereho la bona le ne le hloekile le ho ba le boitšoaro ka ho feletseng. Ho ntse ho le joalo, ho hlakile hore ba ne ba bontšana lipontšo tse itseng tsa kameho e lerato pele ba nyalana. (Sefela sa Lifela 1:2; 2:6; 8:5) Kajeno, ba bang ba leng leferehong ba ka ’na ba ikutloa hore ho tšoarana ka matsoho le ho kopa e mong ka matsoho ke lipontšo tse loketseng tsa lerato ha lenyalo le bonahala le le haufi.c
Ho bonolo haholo le lipakeng tsa ba babeli ba nang le boikemisetso bo hlomphehang hore ba nkehe ebe ba qala ho bapala ka boitšoaro bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali. Ba ka qoba ho etsa joalo joang?
“Ho Itebela”
Ho Pesaleme ea 119:9 (NW), mopesaleme o ile a botsa: “Mohlankana o tla hloekisa tsela ea hae joang?” Karabo? “Ka ho itebela ho latela lentsoe la hao.” Tsela e ’ngoe ea ho itebela ke ka ho khetha hore na metsoalle ea hao ke bo-mang. Moshemane e mong oa Leamerika ea bitsoang Nakia o re: “Ka linako tsohle metsoalle ea ka e nkenya tlas’a khatello ea hore ke etse bohlola.” Bibele ea lemosa: “Ea tloaelaneng le maoatla o tla senyeha.” (Liproverbia 13:20) Kahoo makasine o mong oa bacha o ile oa fana ka keletso e molemo ha o re: “Sebeletsa ho fumana metsoalle e mecha e nang le litekanyetso tse tšoanang le tsa hao.”
Tsela e ’ngoe ea ho itebela ke ho qoba maemo a ho sekisetsa. Nahana ka se ileng sa etsahala ha moratuoa oa molisana oa moroetsana oa Mosulamithe a mo mema hore ba otlolle maoto ka tsela e amang maikutlo a lerato. Ho hang boikemisetso ba hae bo ne bo se na molato; o ne a mpa a batla ho thabela botle ba nako ea selemo le eena. Ho ntse ho le joalo, likhaitseli tsa moroetsana oa Mosulamithe tse khōlō ho eena li ile tsa ‘mo halefela.’ E ne e se hore ha li tšepe bao ba babeli. Empa li ne li tseba liteko tse neng li ka hlaha haeba bao ba babeli ba ne ba ka lumelloa ho ba bang maemong a amang maikutlo a lerato. Tharollo? Likhaitseli tseo tse khōlō li ile tsa sitisa merero ea bao ba babeli ea lerato ’me tsa neha khaitseli ea tsona mosebetsi oa bohlokoa o neng o tla e boloka e tšoarehile.—Sefela sa Lifela 1:6; 2:8-15.
Ho ba babeli maemong a amang maikutlo a lerato ho tsoela pele ho hlahisa kotsi kajeno. Ngoanana e mong ea mocha eo re tla mo bitsa Mary oa hopola: “Ha re ne re laetsana, re ne re tloaetse ho ba le molebeli.” Leha ho le joalo, ka lekhetlo le leng ba ile ba iphumana ba le bang ka foleteng. “Re ile ra nkeha. Re bile maoatla hore re lumelle seo ho etsahala. Re ne re e-na le maikutlo a hore ‘Ho ke ke ha re etsahalla.’ Joale kea tseba hore molebeli o tlameha ho ba teng ka linako tsohle, ho sa tsotellehe maemo. Etsang litokisetso tse ling haeba ho se na motho ea ka tsamaeang le lōna. Ha rea ka ra hlokomela kotsi.”
Hlokomelang kotsi! Haeba u le leferehong le motho e mong, rerang litaetsano tsa lōna ka hloko. Ha ho ka etsahala, laetsanang le le sehlopha le ba bang, kapa le tsitlallele ho ba le molebeli. Qobang maemo a kotsi, a kang ho ba bang ka koloing e emeng kapa ka foleteng. Ho thabela botsoalle e mong ba e mong ka ho etela libaka tsa polokelo ea lintho tsa khale, libaka tsa ho jela, ho ea pikiniking, joalo-joalo hangata ho sireletsehile haholoanyane. Ka ho tšoanang, u ka boela ua hopola mantsoe a Hosea 4:11 (NW): “Veine le veine e monate ke lintho tse felisang boikemisetso bo botle.” Kaha tahi e na le ho fokotsa matla a ho nahana, ke ho utloahalang hore u be hlokolosi mabapi le tšebeliso ea eona le hoja ka molao u le moholo ho lekana hore u ka noa.
Ho Beha Meeli
Liproverbia 13:10 (NW) e fana ka keletso e ’ngoe ea bohlokoa ha e re: “Ho ba botsanang hammoho ho na le bohlale.” Se ke ua emela hore u be boemong ba maikutlo a phahameng a lerato pele u beha melao ea motheo ea boitšoaro. Ba leferehong ba ka ba bohlale ho beha meeli esale pele, ka botšepehi ba tšohla taba ea hore na ke lipontšo life tsa kameho e lerato tse loketseng. Leha ho le joalo, ka bobeli ba tlameha ho latela molao-motheo o ho Ba-Efese 4:25 (NW): “Le bue ’nete e mong le e mong oa lōna ho moahisani oa hae.”
Ka mohlala, nka hore moroetsana o utloa hore kamano ea hae le mohlankana e fihletse boemo boo ho bona ho akana pele ba arohana ho loketseng. Leha ho le joalo, mohlankana a ka ’na a ikutloa hore ha ho talingoa maikutlo a hae, kako e ka ba feela teko. Ka ho tšaba ho lahloa kapa mohlomong ka ho utloa a na le tlamo ea ho khahlisa kharebe, a ka etsa lintho khahlanong le seo a tsebang hore se molemo. Empa le hoja e ka ba ho mo tlotlollang, lokela ho bua ’nete le ho tsebahatsa maikutlo a hae a sebele tabeng ena. Kaha lerato la Bokreste “ha le ipatlele lithahasello tsa lona,” e mong le e mong o lokela ho hlompha maikutlo a e mong—le letsoalo—tabeng ena. (1 Ba-Korinthe 13:5, NW; 1 Petrose 3:16) Ka ho utloahalang, ho bua ka taba e joalo e etsang hore le se phutholohe ho ka ba thata le ho tlotlolla, haholo-holo linakong tse qalang tsa lefereho. Empa ho ka etsa ho hoholo ho thibela mathata hore a se ke a hlaha hamorao. Ka ho thahasellisang, ho khona ho buisana le ho tšohla litaba tsena e ka boela ea e-ba sesupo sa hore na kamano eo e na le motheo o motle hakae bakeng sa lenyalo le tiileng.
‘U ne U Tla Lumela ha U ne U Nthata’
Leha ho le joalo, ka linako tse ling ho sa tsotellehe boikemisetso bo botle, boemo bo qala ho ama maikutlo a lerato haholo. Ke nako ea hore u bue! Ka mosa empa e le ka tieo hata mariki, kamoo ho ka boleloang. Tsamaea haeba ho hlokahala. (Bapisa le Liproverbia 23:2.) Ho thoe’ng haeba motho eo u laetsanang le eena a hana ho hlonepha meeli e utloahalang ’me a tsoela pele ho u kenya tlas’a khatello ea hore u fetelle? Ka masoabi, bacha ba bang ba ’nile ba khelosoa ke lipolelo tseo ho ka bang bonolo ho lemoha morero oa tsona tse kang, ‘U ne u tla lumela ha u ne u nthata’ kapa, ‘E mong le e mong oa ho etsa’ kapa esita le, ‘Re tl’o nyalana haufinyane, joale bothata ke bofe?’ Joaloka mehleng ea Bibele, ho na le ba lekang ho eka ‘ka leleme le boreleli.’ (Liproverbia 7:21, NW; bapisa le Pesaleme ea 5:9.) U se ke ua inehela tšokelong ea mantsoe!
Tabeng ea pele, motho ea u ratang e le kannete a ke ke a u beha tlas’a khatello ea hore u etse ntho e senyang letsoalo la hao la Bokreste kapa e etsang hore u ikutloe u sa phutholoha. (1 Ba-Korinthe 13:5) Tabeng ea bobeli, ha se ’nete hore ‘e mong le e mong oa ho etsa.’ Hape le haeba e mong le e mong o ne a ho etsa, ho hang seo se ne se ke ke sa bolela hore u lokela ho ho etsa. Hopola molao-motheo o ho Exoda 23:2: “U se ke ua latela bongata ho ea etsa tse mpe.”
Ha e le mabapi le litšepiso tsa lenyalo, ha ho moo Mangolo a fang batho ba lebeletsaneng tumello ea ho itšoara joaloka batho ba nyalaneng. Ho fapana le hoo, hlokomela lipalo tse soabisang tse tlalehiloeng bukeng The Compleat Courtship, ea Nancy Van Pelt: “Banana ba fetang karolo ea 33 lekholong ba nang le phihlelo ea likamano tsa botona le botšehali, ka lekhetlo la pele ha ba ne ba e-ba le likamano tsa botona le botšehali ba ne ba lumela hore ba tla nyalana le moshemane eo—empa ke ba fokolang ba bona ba ileng ba etsa joalo. Leha ho le joalo, ke karolo ea 7 lekholong feela har’a bashemane ba bileng le likamano tsa botona le botšehali bao ho buisanoeng le bona e neng e nahana hore e tla nyala ngoanana eo. Ho ne ho etsahala e ’ngoe ea lintho tse peli—ho ka etsahala hore ebe ngoanana o ne a ithetsa kapa moshemane o ne a sa bue ’nete. Ikhethele.” Maele a bohlale a re: “Sethoto se lumela litaba tsohle; empa ea nang le kelello o qamakisisa moo a hatang teng.”—Liproverbia 14:15.
Ha le se le Nkehile
Mocha e mong oa Lejeremane ea bitsoang Thomas oa lumela: “Ke ne ke e-na le kharebe eo ke laetsanang le eona khafetsa, ’me re ne re kenella ho phathatsaneng ho tebileng. Empa ka mehla ho ne ho bonahala re khaotsa ka nako. Sena se ile sa mpha boikutlo ba hore nka itaola.” Khopolo eo e ile ea etsa hore a kenelle boitšoarong bo bobe ba botona le botšehali. Hopola temoso ea Bibele: “Ka baka leo, ea lekanyang hore o sa eme, a ke a iponele hore a se ke a oa.”—1 Ba-Korinthe 10:12.
Ho thoe’ng haeba ba babeli ba oela boitšoarong bo fosahetseng? Mohlankana e mong ea bitsoang John o re: “Ha re qala lefereho la rōna le molebeletsuoa oa ka, boitšoaro ba rōna bo ne bo hloekile ’me bo le boemong bo phahameng. Empa ka nako e ’ngoe re ile ra qala ho akana le ho phathatsana—hoo re ileng ra batla re etsa bohlola. Ke nakong eo ke ileng ka etsa qeto ea ho bua le e mong oa baholo ba phuthehong ea heso.” E, ha ba babeli ba lumella lintho ho ea bohōleng boo, ka bobeli ba hloka thuso! U se ke ua ithetsa ka ho nahana hore le ka itharollela bothata. Mocha e mong oa lumela: “Ke ne ke ee ke rapele, ‘Re thuse hore re se hlole re ho etsa hape.’ Ka linako tse ling ho ne ho sebetsa, empa ka makhetlo a ’maloa ha hoa ka ha sebetsa.” Kahoo Bibele e fana ka keletso e molemo ha e re: ‘Bitsa banna ba hōlileng ba phutheho.’ (Jakobo 5:14, NW) Balebeli bana ba Bakreste ba ka fana ka keletso kapa khalemelo eohle e hlokahalang hore le lokise kamano ea lōna—’me, habohlokoahali, ea lōna le Molimo.
Leha ho le joalo, ho molemo haholo ho ela hloko ka ho loketseng, ho beha meeli esale pele, le ho ikemisetsa ho lula le hloekile mahlong a Molimo. Ka tsela ena le ka qoba tlokotsi.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a mang a fetotsoe.
b Bona sehlooho “Bacha Baa Botsa . . . Kamano Pakeng tsa ba Batona le ba Batšehali e ‘Fetella’ ha e Fihla Kae?” tokollong ea rōna ea November 8, 1993.
c Likarolong tse ling tsa lefatše, lipontšo tsa phatlalatsa tsa kameho e lerato lipakeng tsa batho ba sa nyalanang li nkoa li sa lokela ebile li khopisa. Bakreste ba hlokomela hore ba se itšoare ka tsela leha e le efe e ka khopisang ba bang.—2 Ba-Korinthe 6:3.
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Batho ba babeli ba bohlale ba tla hana lipontšo tsa kameho e lerato tse sa lokelang