Ho Lokisa Litaba Pakeng tsa Molimo le Uena
“Leha libe tsa lōna li ka ba khubelu joale ka krimsone, li tla soeufala joale ka lehloa.”—ESAIA 1:18.
1, 2. (a) U ne u ka ’na ua nahana eng haeba e mong a ne a ka re, “Tlo joale, re beelane mabaka”? (b) Ke hobane’ng ha re ke ke ra lebella ho shebisana litaba le Molimo?
HAEBA ka lebaka la phoso kapa ketso e ’ngoe e seng mosa e ileng ea etsoa nakong e fetileng, ho ile ha hlaha khohlano pakeng tsa hao le motho e mong, u ne u ka arabela joang mantsoeng aa: “Tlo joale, re beelane mabaka”? Hoo e ne e ka ’na ea e-ba memo ea hore le lule fatše bakeng sa ho shebisana litaba, le fanana menyetla le ho sekisetsa moo ho hlokahalang. E mong le e mong a e-na le sebaka sa ho hlahisa maikutlo a hae, ’me e mong le e mong a ka ’na a lumela phoso e itseng kapa ho hloka kutloisiso ho itseng.
2 Empa na u ka nahana hore ’Mōpi o ne a ka etsa thapeli ka kutloisiso eona eo, a re, “Tlo joale, re beelane mabaka,” joalokaha Esaia 1:18 e baleha joalo Libibeleng tse ngata? Le hanyenyane. Ha ho lea mong ho rōna ea ka lebellang ho “ngangisana” (The New English Bible) kapa ho shebisana litaba le Jehova, joalokaha eka a ka ’na a amohela phoso kapa a sekisetsa. Leha ho le joalo, haeba re batla khotso le Molimo, Esaia 1:18 e re hloka eng?
3. Kutloisiso e nepahetseng ea Lentsoe la Seheberu leo ka linako tse ling le fetoleloang e le “beelana mabaka” ho Esaia 1:18 ke efe?
3 Lentsoe la Seheberu le ngotsoeng e le “ho beelana mabaka” hantle-ntle le bolela “ho etsa qeto, ho liha kahlolo, ho paka.” Ke lentsoe le nang le moelelo oa puo ea molao, le fanang ka maikutlo a batho ba fetang bobeli ba mpang ba beelana mabaka feela. Ho ne ho ameha qeto.a (Genese 31:37, 42; Jobo 9:33; Pesaleme ea 50:21; Esaia 2:4) Wilson’s Old Testament Word Studies e fana ka tlhaloso ena “ho nepahala; ho bea mabaka; ho bontša se nepahetseng le sa ’nete.” Molimo o ne o laela: “Tlong joale, re lokiseng lintho” (The New American Bible) kapa, “A re lokiseng litaba.”
4-6. Esaia e ne e le mang, hona o sebelelitse e le moprofeta neng?
4 Jehova Molimo o ile a sebelisa moprofeta Esaia ho fana ka molaetsa ona oa bohlokoahali. Esaia e ne e le mang, hona ke hobane’ng ha molaetsa oa hae e ne e le o loketseng hakaalo mehleng ea hae? Ho feta moo, re ka rua molemo joang ho oona?
5 Ha ho boleloa “moprofeta,” ba bangata kajeno ba ka ’na ba nahana ka mohlankana e mong ea itšoereng ka thata-thata ka baka la tumelo ea neng a bolela maikutlo a hae a sothehileng ka ’nete e ’ngoe ea bophelo. Ba bang ba ka ’na ba nahana ka sengangele sa monna-moholo se iketsang “tsebanyane” ea maemo a teng. Monna Esaia ea itekanetseng le ea utloisisang, eo Jehova Molimo a ileng a mo sebelisetsa ho ngola buka ea Bibele e bitsoang ka lebitso la hae o ne a fapane hakaakang le motho ea joalo!
6 “Esaia mor’a Amotse” o ne a lula Juda ’me a sebeletsa Jehova ka mafolo-folo “mehleng ea Oziase, le ea Jothame, le ea Akaze, le ea Ezekiase, marena a Juda”—ka lilemo tse fetang 40. Ka boikokobetso Esaia, ha a ka a fana ka boitsebiso bo bongata bo buang ka eena. Lipale li bolela hore o ne a amana le lelapa la borena la Juda. Hoo re ho tsebang kannete ke hore e ne e le monna oa lelapa eo mosali oa hae a ileng a mo tsoalla bara ba babeli. Mohlomong o ile a nyala hape kamor’a hore mosali eo a shoe, ’me Esaia a nyala hape, ea e-ba ntate oa mora e mong, eo ho ea ka boprofeta a ileng a bitsoa Emmanuele.—Esaia 1:1; 7:3, 14; 8:3, 18.
7. Ke hobane’ng ha re lokela ho thahasella boprofeta ba Esaia?
7 Ho na le ho tšoana lipakeng tsa nako ea Esaia le ea rōna. U bone hore re phela nakong eo lichaba li fehileng matšoafo, ea lintoa kapa litšokelo tsa ntoa. Ha baeta-pele ba bolumeli le ba lipolotiki ba bolelang hore ba rapela Molimo ba itlhahisa e le mehlala e ka lateloang, re atisa ho bona litlaleho tsa litaba tsa mahlabisa-lihlong a bona litabeng tsa lichelete le tsa boitšoaro. Molimo o talima baeta-pele ba joalo joang, haholo-holo ba amanang le Bokreste-’mōtoana? Ke eng se larileng ka pele ho bona le balateli ba bona? Bukeng ea Esaia, re fumana litlhaloso tsa bomolimo tse loketseng ka ho fetisisa bakeng sa litaba tse joalo tsa kajeno. Hape re fumana seo e mong le e mong ho rōna a ka ithutang sona ntoeng ea rōna ea motho ka mong ea ho sebeletsa Molimo.
Moprofeta Sechabeng se Molato
8. Buka ea Esaia e fupere eng, hona e ngotsoe ka mokhoa ofe?
8 Ha u bala buka ea Esaia, u tla fumana melaetsa e buang ka molato oa Juda le Jerusalema, lintlha tse qaqileng tsa histori tsa liphutuho tsa sera, lipolelo tsa hore lichaba tse pota-potileng [Juda] li ne li tla etsoa lesupi, le boprofeta bo khothatsang ba ho tsosolosoa le ho bolokoa ha Iseraele. Sena se ngotsoe ka mokhoa o hlakileng le o hapang. Dr. I. Slotki o re: “Liithuti li hlompha ka pelo eohle bohlale ba ho nahana le ba ho tšoantšetsa taba ba Esaia, khetho ea hae e matla ea mantsoe a hlalosang, le ea mantsoe a tšoanang ka molumo, le ho tsitsa ho hotle le morethetho o motle oa lipolelo tsa hae.” A re ke re hlahlobeng ka ho khethehileng molaetsa o qalang oa Esaia—o fumanoang khaolong ea 1.
9. Re tseba eng ka nako le maemo tseo Esaia khaolo ea 1 e ngotsoeng tlas’a tsona?
9 Moprofeta ha a bolele ka ho hlaka hore na khaolo ena o e ngotse neng. Esaia 6:1-13 e ngotsoe ho tloha ka selemo seo Morena Oziase a shoeleng ka sona. Ka hona, haeba Esaia o ile a ngola likhaolo tsa hae tsa pele pejana ho moo, mohlomong li ka nyibokolla boemo mehleng ea borena ba Oziase. Ha e le hantle, Oziase (829-777 B.C.E.) “a etsa ho lokileng mahlong a Jehova,” ka hona Molimo oa hlohonolofatsa puso ea hae ka nala. Leha ho le joalo, rea tseba hore lintho li ne li sa tsamaee hantle ka ho feletseng, hobane ‘batho ba ne ba ntse ba etsa mahlabelo le licheso linģalong tse liphahameng’ pele Molimo o otla Oziase (kapa, Azaria) ka lepera ka hore ka boikhohomoso a chese libano ka tempeleng. (2 Likronike 26:1-5, 16-23; 2 Marena 15:1-5) Bobe bo neng bo ipatile mehleng ea Oziase mohlomong bo ile ba isa letlobong la bokhopo boo re balang ka bona bo amang setloholo sa hae Morena Akaze (762-745 B.C.E.), e leng boo e ka ’nang eaba Esaia o ne a hlalosa ka bona. Empa ntho ea bohlokoa haholoanyane ho feta letsatsi le tobileng leo khaolo ea 1 e ngotsoeng ka lona, ke se ileng sa susumeletsa Molimo hore o re: “Re lokise litaba.”
10. Nakong ea puso ea Morena Akaze, ke boemo bofe bo neng bo busa Juda, haholo-holo har’a baeta-pele?
10 Esaia o ile a bua ka ho toba: “Sechaba sa ba-libe, mofuta o ipelesitseng makhopo, lesika le bolotsana, bana ba bolileng! Ba furaletse Jehova, . . . Hloho eohle e bohloko, pelo eohle ea kula. Ho tloha bohatong ba leoto, ho isa har’a hloho, ha ho moo ho pholohileng.” (Esaia 1:4-6) Puso ea lilemo tse 16 ea Morena Akaze e ile ea tšoauoa ka borapeli ba litšoantšo bo phahameng. O ile a chesa “bara ba hae [e le mahlabelo] mollong, ka ho ea ka manyala a lichaba . . . Hape, a ’na a hlaba mahlabelo, a chesa le libano linģalong tse liphahameng, le maralleng, le tlas’a lifate tsohle tse tala.” (2 Likronike 28:1-4; 2 Marena 16:3, 4) Leeme, “tjotjo,” le boitšoaro bo bobe, li ne li atile har’a mahosana, a neng a lekanoe feela ke hore e be a ne a ka busa Sodoma ea boholo-holo. (Esaia 1:10, 21-23; Genese 18:20, 21) Ka sebele, Molimo o ne o sa a amohele. Batho ba ne ba ka tsoella joang ka baeta-pele ba joalo?
11. Re lokela ho utloisisa Esaia 1:29, 30 joang?
11 Moprofeta Esaia o ile a tšoantšetsa maemo a nyonyehang a batho ka ho bua ka lifate tsa lieike le lirapa tseo ba neng ba nyehela mahlabelo a borapeli ba litšoantšo le ho chesetsa melimo ea bohetene libano ho tsona. ‘Lifate tsena tsa lieike’ li ne li tla fetoha sesosa sa lihlong. (Esaia 1:29; 65:3) Esaia o ile a ngola tjena ha a tobisa puo ea tšoantšetso ho barapeli ba litšoantšo: “Le tla ba joale ka sefate sa eike seo mahlaku a sona a hlohlorehileng, le joale ka tšimo e se nang metsi.” (Esaia 1:30) E, batho ba furallang Jehova ba ne ba tla “timela.” Ba ne ba tla tšoana le setoroi, ’me litšoantšo tsa bona li ne li tla fetoha hlase ea mollo—ba felisoe le tsona.—Esaia 1:28, 31.
12, 13. Ke ho tšoana hofe ho ka etsoang pakeng tsa nako ea Esaia le ea rōna?
12 Joale bapisa boemo boo le kajeno. Ka nako ea khoeli feela, likoranta li ile tsa tlaleha United States: Motho e mong ea ka sehloohong ea neng a kenetse ho khetheloa ho ba mopresidente o ile a ikhula ka lebaka la mahlabisa-lihlong a litlaleho tsa ‘ho tekatsa ha hae le basali’; moruti ea tsebisahalang o ile a tlosoa litulong ha beoa e mong kamor’a hore a ipolele hore o entse bohlola le ho qosoa ka bosodoma, ho fapanyetsana basali le monna e mong, le tšebeliso e mpe ea lichelete ho pata taba. (“Ho tlalehoa hore ho tloha ka 1984 o ne a ntšitse chelete e ngata bo tšosang ea liranta tse limillione [tse 9,2] ho qeka ba neng ba ka phatlalatsa taba ea hae.” Time, la 11 Motšeanong, 1987) Austria ngoahola, Mookameli oa baitlami ba banna oa Rein o ile a ‘lokolloa mosebetsing le ho qosoa ka ho senya liranta tse limillione tse 12 ntlong ea baeti sebakeng sa botsomi le ka meketjana eo a neng a e etsetsa litho tsa lelapa le kileng la busa le bakeng sa baroetsana ba boemo bo tlaase.’ Mohlomong u ne u ka ’na ua fana ka mehlala e meng ea baeta-pele ba joalo. U nahana hore Molimo o ba talima joang?
13 Ho batho ka kakaretso, likhanyetsano tsa bolumeli li ntse li eketseha. Ba bang ba furalla bolumeli ka ho teneha kapa ho hloka thahasello. Ka mohlala, ke karolo ea 3 feela lekholong ea baahi ba Engelane e bang teng kerekeng e khōlō. Ka lehlakoreng le leng, re fumana thahasello e kholohali bolumeling. Hona ho totobatsoa ke likereke tse ntseng li eketseha tsa lipholiso, ka ho ipiletsa ha tsona maikutlong ka hore motho o “pholositsoe,” ho bua lipuo lisele, kapa ho bona ba kulang ba “phekoloa.” Matšoele a khobokana libakeng tsa thapelo ka tšepo ea ho bona mehlolo. Ba bang ba etsa mahlabelo e le liketso tsa “tumelo,” tse kang ho khasa ka mangole a lutlang mali ho ea bona Moroetsana oa Guadalupe [Mexico City]. Koranta e ile ea re: “Le hoja ho batho ba ka ntle boteng ba hae le cheseho eo a rapeloang ka eona li ka bonahala e le ho tsoakoa ho feteletseng ha Bokreste le bohetene, ha ho khang hore Moroetsana ke ntho ea bohlokoahali Bok’hatholikeng ba Mexico.”
U Ka Fumana Mohau oa Hae Joang?
14. Ka Esaia, Jehova o ile a hlakisa joang hore ha A amohele bohle ba reng baa Mo rapela?
14 Jehova Molimo ha a siee khoao ka hore na o talima joang ba ipolelang hore ba ka lehlakoreng la hae empa ba sa ‘rapele Ntate ka moea le ka ’nete.’ (Johanne 4:23) Haeba sechaba, sehlopha sa bolumeli, kapa motho a sa itšoare tumellanong le litekanyetso tse hlakileng tsa Molimo, lipontšo leha e le life tsa bolumeli ha li na thuso. Ka mohlala, mekete ea bolumeli le mahlabelo e ne e le karolo e hlokahalang ea borapeli ba ’nete Iseraeleng oa boholo-holo. (Levitike, likhaolo 1-7, 23) Empa Esaia o ile a totobatsa maikutlo a Molimo—ho se khahloe ke Bajode ba sa tšepahaleng ba neng ba boloka mekete eo. Molimo oa re: “Leha le ka otlollela matsoho ho ’na, ke tla lebisa mahlo a ka hosele; leha le ka atisa lithapelo tsa lōna, nke ke ka li mamela.” (Esaia 1:11-15) Hoo e ntse e le ’nete le kajeno. Ho e-na le litšebeletso feela tjee tsa bolumeli kapa lithuto le lithapelo tse tsejoang ka hlooho, Molimo o batla lithapelo le mesebetsi e nepahetseng tse tlohang pelong.
15. Ke hobane’ng ha Esaia 1:18 e re nea lebaka la tšepo, hona mantsoe a reng, ‘Tlong ’me re lokise litaba,’ a bolela eng?
15 Ho tseba ha rōna sena ho fana ka motheo oa tšepo. Batho ba ka hapa mohau oa Molimo. Joang? Esaia o ile a phehella: “Itlhatsoeng, le itlhoekise; tlosang bolotsana ba liketso tsa lōna pel’a mahlo a ka, lesang ho etsa hampe.” Ntlheng ena Esaia o ile a fana ka taelo ea Molimo: “Le tle, re lokise litaba.” Ka hona Jehova o ne a sa meme seboka sa lithaka tse neng li tla lula fatše ho shebisana litaba. Molimo o ne o tseba hore na ho nepahetseng, kapa ho lokileng ke hofe. Kahlolo ea oona e bile hore: Liphetoho leha e le life tse hlokahalang li lokela ho etsoa ke batho, bao ho hlokahalang hore ba lumellane le litekanyetso tsa oona tse lokileng le tsa toka. Ho joalo le kajeno. Phetoho le mohau oo e fellang ka oona, e ka etsahala. Le motho eo ho ke keng ha hanyetsoa hore bophelo ba hae bo ne bo le bobe, a ka fetoha. Esaia o ile a ngola: “Leha libe tsa lōna li ka ba khubelu joale ka krimsone, li tla soeufala joale ka lehloa.”—Esaia 1:16-18.
16. Ba bang ba arabetse joang keletsong e theiloeng Bibeleng e mabapi le ho fosa?
16 Leha ho le joalo, ho tloaelehile ho hlokomela keletso e joalo empa motho a nahane hore e sebetsa ho ba bang. Ho hlakile hore ba bangata mehleng ea Esaia ba ile ba etsa joalo. Ha e le hantle, motho e mong le e mong o lokela ho itlhahloba. Haeba Mokreste a le molato oa sebe se tebileng, e-bang ke ho qala leshano, bolotsana, boitšoaro bo bobe ba botona kapa botšehali, kapa liphoso tse ling tse tebileng, pako le mesebetsi e lokelang pako ke tsa bohlokoa. (Liketso 26:20) Hoa babatseha hore ba bang ba nkile bohato ba ‘ho lokisa litaba pakeng tsa bona le Jehova.’ Ka mohlala, Molula-Qhooa oa la 15 ’Mesa, 1985, o ile oa bua ka taba ea ho lokisa liphoso tseo e ka ’nang eaba ba bang ha ba li bone empa Molimo o ntse o li bona. (Mattheu 6:6; Ba-Filippi 4:13) Ho boletsoe libaka tse tharo tseo ho neng ho hlokahala hore li eloe hloko: ho amohela tšelo ea mali ka lenyele, ho pholla litho tsa botona kapa botšehali ho ikhotsofatsa le tšebeliso e mpe ea tahi. Kamor’a hore ba nahane ka taba eo, babali ba bangatanyana ba ile ba ngola mangolo a kananelo, ba lumela hore ba ile ba etsa liphoso tseo, empa ba ile ba susumeletseha hore ba bake le ho fetoha.
17. Le haeba re sa etse liphoso tse tebileng, Esaia 1:18 e ka sebetsa joang ho rōna le ho re thusa?
17 Ha e le hantle, Bakreste ba bangata ba balang taba ena ha ba molato oa boitšoaro bo feteletseng. Leha ho le joalo, molaetsa oa Esaia o sa ntsane o lokela ho re susumeletsa hore re itlhahlobisise. Na e be ho hlokahala hore re lokise taba e itseng le Molimo? Taba-taba ea molaetsa oa Esaia e ne e le ho ba le sepheo se nepahetseng pelong. Tabeng ea thapelo, motho a ka ’na a botsa: ‘Na lithapelo tsa ka li tloha pelong ea ka, hona na hamolemohali kamoo nka khonang, na liketso tsa ka li lumellana le lithapelo tsa ka?’ Ba bang ba ileng ba itlhahloba ka mokhoa o joalo ba ile ba bona moo ba ka ntlafatsang teng. Ba ne ba ’nile ba rapella tsebo e eketsehileng ea thato ea Molimo, empa ba sebelisa nako e nyenyane haholo ho ithuta Bibele le lingoliloeng tsa Bokreste. Ba bang ba ne ba ’nile ba rapella hore ba be le karolo e kholoanyane tšebeletsong, empa ba phela bophelo bo sa lumelleng hore ba ka fokotsa chelete eo ba e amohelang ka ho fokotsa mosebetsi oa bona oa boipheliso. Kapa na u kile ua rapella hore Molimo o hlohonolofatse ho etsa ha hao barutuoa? Joale u sebetsa haholo hakae hore u be moruti ea beang haholoanyane? Na u bile seli ho eketsa maeto a ho boela ao u a etsang ’me ua ithaopela ho ipha nako ea ho tsamaisa thuto ea kamehla ea Bibele le motho e mong? Ho ikitlaetsa tumellanong le lithapelo tsa hao ho tla bontša hore ka sebele u batla hore Molimo o u mamele.
18. Ke hobane’ng ha re lokela ho ela hloko ho lokisa lintho pakeng tsa rōna le Molimo?
18 Ho loketse ka ho feletseng hore e mong le e mong ho rōna a loanele hore litšobotsi tsohle tsa bophelo ba rōna e be tse ‘otlolohileng’ pel’a Molimo, ’Mōpi oa rōna. Hlokomela hore na Esaia o ile a nahana joang ntlheng ena: “Khomo e tseba ea e ruileng, esele e tseba lesaka la mong a eona: Iseraele eena ha a na tsebo, sechaba sa ka ha se na temoho.” (Esaia 1:3) Ha ho lea mong ho rōna ea ka lakatsang ho tšoantšoa e le ea tsebang kapa ea ananelang ka mokhoa o tlaase ho oa khomo kapa esele. Leha ho le joalo, tlhaloso eo e ne e tla sebetsa haeba re ne re ikutloa hore ha ho hlokahale hore re sebeletse ho ithuta ka Monei-Bophelo oa rōna le ka lintho tseo a li hlokang e be joale ka tieo re leka ho phela ka tšoanelo.
19. Esaia o ile a thathamisa tebello efe bakeng sa ba lokisang litaba le Molimo, ’me hoo ho bolela eng bakeng sa rōna?
19 Esaia o ile a nea sechaba sa habo lebaka la ho ba le tšepo. O boletse hore boemo ba bona ka pel’a Jehova bo ne bo ka fetoloa hore e be bo hloekileng. Bo ne bo ka tšoana le lesela le bofubelu ba krimsone le neng le ka soeufala joaloka boea ba nku kapa joaloka lehloa le apesitseng tlhoro ea Thaba ea Hermone. (Esaia 1:18; Pesaleme ea 51:7; Daniele 7:9; Tšenolo 19:8) Le haeba ba bangata ba ne ba sa arabele, ’me kahoo sechaba se ile sa neeloa sabole le ho kenngoa botlamuoeng, masala a tšepahalang a ne a tla khutla. Ka ho tšoanang, re ka fumana mohau oa Jehova, mohlomong ka thuso ea balebeli ba seli, ba sebeletsang phutheho joaloka ‘baahloli le baeletsi’ ba lerato. (Esaia 1:20, 24-27; 1 Petrose 5:2-4; Ba-Galata 6:1, 2) Kahoo, tšepa ka tieo hore u ka lokisa litaba pakeng tsa Molimo le uena. Kapa, haeba re se re fumane mohau oa Molimo, u ka matlafatsa kamano ea hao le oona. Hoo kannete ke ntho e tšoaneloang ke hore u ka ikitlaelletsa eona.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Dr. E. H. Plumptre oa hlalosa: “[Tsela eo ho ngotsoeng ka eona ho King James Version] e fana ka maikutlo a puisano e pakeng tsa lithaka. Ho e-na le hoo Seheberu se fana ka maikutlo a ea fanang ka qeto ea motho ea nang le matla a ho etsa joalo, joaloka qeto e tsoang ho moahloli e eang ho moqosuoa.”
Lintlha tsa Tlhahlobo
◻ Taelo ea ho ‘tla le ho lokisa litaba’ le Molimo e ne e bolela eng?
◻ Nako ea Esaia e ne e tšoana le ea rōna joang?
◻ Esaia o ile a bontša hore ho ne ho hlokahala eng bakeng sa batho ka bomong hore ba fumane mohau oa Molimo?
◻ Ntle ho sebe se tebileng, ke libakeng life moo ho ka hlokahalang hore re lokise litaba pakeng tsa rōna le Molimo?
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Mathule a lehloa a Thaba ea Hermone, e shebileng boroa bo ka bophirima khohlong e ka holimo ea Jordane maralleng a Galilea
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Lifoto, maqepheng 10, 31: Polokelo ea litšoantšo (Near Eastern History) Est.
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Esaia o itse ‘esele e tseba lesaka la mong’a eona.’ Hoo ho ruta eng?