Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • re khao. 18 maq. 104-113
  • Litšisinyeho Tsa Lefatše Letsatsing la Morena

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litšisinyeho Tsa Lefatše Letsatsing la Morena
  • Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Tsukutleha Lichabeng ka Kakaretso
  • Jehova oa Sisinya
  • Tšisinyeho e Khōlō ea Lefatše!
  • Nako ea Lefifi
  • “Leholimo” Lea Tloha
  • “Re Oeleng Holimo ’me le re Pate”
  • Timetso e Profetiloeng ea Lefatše e Tla Tla Neng?
    Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U Ka Li Fumana Joang?
  • Bontša Teboho—’Muso oa Jehova oa Bomessia oa Busa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Letsatsi la Morena le Tla Bolela Eng ho Uena?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
re khao. 18 maq. 104-113

Khaolo 18

Litšisinyeho Tsa Lefatše Letsatsing la Morena

1, 2. (a) Ho phonyoha tšisinyehong ea lefatše e tšabehang ho joang? (b) Johanne o hlalosa eng ha ho buloa tiiso ea botšelela?

NA U kile ua pholoha tšisinyehong e tšabehang ea lefatše? Hase ntho e monate. Ho reketla ho hoholo ho ka ’na ha qala ka ho tsukutleha ho kulisang le lerata la ho kirietsa. Ho kapeha ho ka ’na ha mpefatsoa ke ha ho e-ba le ho khahlela ka matla ’me ho khaotse ebe ho boela ho qala hape ha u balehela moo ho sireletsehileng—mohlomong ka tlas’a tafole. Kapa tšisinyeho e ka ’na ea tla ka sekhahla se tšosang, ho latele ho pshatleha ha lijana, thepa ea ntlo, le ho heleha ha mehaho. Tšenyo e ka ’na ea e-ba koluoa, ’me ka mor’a eona ha latela litšisinyeho tse nyenyane tse ngatanyana tse bakang tšenyo e tsoelang pele tse bileng li ekelletsang masoabing a seng a ntse a le teng.

2 U nahanne ka sena, hlokomela seo Johanne a se hlalosang ha ho buloa tiiso ea botšelela: “Ka bona ha e bula tiiso ea botšelela, ’me tšisinyeho e khōlō ea lefatše ea e-ba teng.” (Tšenolo 6:12a) E tlameha ebe sena se etsahala ka nako e tšoanang le ea ha ho buloa litiiso tse ling. Tšisinyeho ee ea lefatše e etsahala neng letsatsing la Morena, hona ke tšisinyeho ea mofuta ofe?—Tšenolo 1:10.

3. (a) Jesu o ile a profeta liketsahalo life boprofeteng bo buang ka pontšo ea ho ba teng ha hae? (b) Litšisinyeho tsa lefatše tsa sebele li amana joang le tšisinyeho e khōlō ea lefatše ea tšoantšetso e boletsoeng ho Tšenolo 6:12?

3 Litšisinyeho tsa lefatše tsa sebele le tsa tšoantšetso li boletsoe ka makhetlo a ’maloa ka Bibeleng. Boprofeteng ba hae bo boholo bo mabapi le pontšo ea ho ba teng ha hae matleng a ’Muso, Jesu o ile a profeta ka “litšisinyeho tsa lefatše sebakeng se seng ka mor’a se seng.” Tsena e ne e tla ba karolo ea “tšimoloho ea bohloko ba mahlomola.” Ho tloha ka 1914, ha palo ea baahi ba lefatše e phahamela ho likete tsa limilione, ho reketla ha sebele ho tlatselitse haholo litlokotsing tsa mehla ea rōna. (Matheu 24:3, 7, 8) Leha ho le joalo, le hoja li phethahatsa boprofeta, litšisinyeho tseo tsa lefatše e bile likoluoa tsa tlhaho. Ke lilelekela tsa tšisinyeho ea lefatše e khōlō ea tšoantšetso e boletsoeng ho Tšenolo 6:12. Ka sebele thipitlo ena e tla ba tlhōrō ea ho qetela letotong la litšisinyeho tse tlang pele tse sisinyang tsamaiso ea lintho ea Satane ea batho ho fihlela metheong ea eona.a

Ho Tsukutleha Lichabeng ka Kakaretso

4. (a) Ke ho tloha neng moo batho ba Jehova ba neng ba lebeletse hore ka 1914 ho ne ho tla qaleha likoluoa? (b) Selemo sa 1914 se ne se tla tšoaea ho fela ha linako life?

4 Ho tloha bohareng ba bo-1870, batho ba Jehova ba ’nile ba lebella hore ka 1914 ho ne ho tla qaleha likoluoa ’me li ne li tla tšoaea ho fela ha Linako Tsa Balichaba. Tsena ke “linako tse supileng” (lilemo tse 2 520) tse qalileng ho tloha ha ho lihuoa ’muso oa Davida Jerusalema ka 607 B.C.E. ho fihlela ha Jesu a behoa teroneng Jerusalema e leholimong ka 1914 C.E.—Daniele 4:24, 25; Luka 21:24, Bibele—Phetolelo e Ncha.b

5. (a) C. T. Russell o ile a etsa tsebiso efe ka la 2 October, 1914? (b) Ke meferefere efe ea lipolotiki e ’nileng ea etsahala ho tloha ka 1914?

5 Ka lebaka lena, ha C. T. Russell a ne a le borapeling ba hoseng le lelapa la Bethele la Brooklyn, New York, hoseng ha la 2 October 1914, o ile a etsa tsebiso ena e matla: “Linako Tsa Balichaba li felile; marena a tsona a feletsoe ke nako.” Ka sebele, ho ferekana ha lefatše lohle ho qalileng ka 1914 ho ile ha pharalla hoo mebuso e mengata ea marena e busitseng ka nako e telele e ileng ea nyamela. Ho ketoloa ha puso ea baemphera ba Russia phetohelong ea Bolshevik ea 1917 ho ile ha baka khohlano ka nako e telele pakeng tsa puso e neng e buelloa ke Marx le puso ea bo-ralichelete. Ho tsukutleha ho bakiloeng ke phetoho ea bopolotiki ho tsoetse pele ho tšoenya batho lefatšeng ka bophara. Kajeno, mebuso e mengata e hlōleha ho busa selemo kapa tse peli. Ho haella ha botsitso lipolotiking ho bonahala tabeng ea Italy, e bileng le mebuso e mecha e 47 ka lilemo tse 42 feela ka mor’a Ntoa ea II ea lefatše. Empa ho tsukutleha ho joalo e mpa feela e le selelekela sa pherekano e khōlō ea bobusi. Phello e tla ba efe? ’Muso oa Molimo e tla ba oona feela o tla busa lefatše lohle.—Esaia 9:6, 7.

6. (a) H. G. Wells o ile a hlalosa nako e ncha ea bohlokoa joang? (b) Rafilosofi le setsebi se seng sa litaba tsa puso ba ile ba re’ng ha ba ngola ka nako ea ho tloha ka 1914?

6 Bo-rahistori, bo-rafilosofi, le baeta-pele ba lipolotiki ba ’nile ba supa selemo sa 1914 e le sa ho qaleha ha nako e ncha ea bohlokoa. Ha ho se ho fetile lilemo tse 17 ka morao ho selemo seo, rahistori H. G. Wells o ile a re: “Ka thabo moprofeta o ne a tla profeta lintho tse thabisang. Empa mosebetsi oa hae ke ho bolela seo a se bonang. O bona lefatše le ntseng le laoloa ka tieo ke masole, batho ba ratang naha ka ho feteletseng, ba alimanang ka chelete ka ho hanyapetsa le ba itekang letsoho ka litsela tse sa tsitsang e le hore ba bokelle lichelete; lefatše le ineheletseng pelaelo le lehloeo, ho lahleheloa ka potlako ke bolokolohi bo setseng, batho ba phosumelang likhohlanong tse tšabehang tse bakoang ke ho ikarola ka maemo le ho itokisetsa lintoa tse ncha.” Ka 1953 rafilosofi Bertrand Russell o ile a re ha a ngola: “Ho tloha ka 1914, motho e mong le e mong ea seli ka liphetoho tse teng lefatšeng o khathalitsoe ka ho teba ke se neng se bonahala se tšoana le ho leba tlokotsing e khōloanyane e boletsoeng esale pele. . . . Ba bona moloko oa motho, joaloka mohale ea boleloang koluoeng ea Greece, a khannoa ke melimo e halefileng ’me a se a sa khannoe ke morena oa qetello e boletsoeng esale pele.” Ka 1980 Harold Macmillan, eo e neng e le setsebi litabeng tsa puso, ha a nahana ka khotso e neng e rena ha lekholo la bo20 la lilemo le qala, o ile a re: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e tla ntlafala. Lena ke lefatše leo ke tsoaletsoeng ho lona. . . . Ka tšohanyetso, ho sa lebelloa, hoseng ho hong ka 1914 eaba ntho eo eohle ea fela.”

7-9. (a) Ke meferefere efe e sisintseng lichaba ka kakaretso ho tloha ka 1914? (b) Meferefere e lichabeng ka kakaretso nakong ea ho ba teng ha Jesu e ne e tla qetella e akarelletsa boemo bofe har’a batho?

7 Ntoa ea II ea lefatše e ile ea baka meferefere e meng. Lintoa tse nyenyane hammoho le bokhukhuni bo etsoang lefatšeng ka bophara li tsoela pele ho sisinya lefatše. Tšokelo e tšosang ea likhukhuni kapa linaha tse sebelisang libetsa tse bolaeang batho larita! e etsa hore batho ba bangata ba tšoenyehe.

8 Leha ho le joalo, lintho tse ling ntle ho lintoa li sisintse lichaba ka kakaretso ho fihlela metheong ea tsona ho tloha ka 1914. O mong oa meferefere e meholo o ile oa bakoa ke ho oa ha ’maraka United States ka la 29 October, 1929. Sena se ile sa baka Ho oa ho Hoholo ha Moruo, ho ileng ha ama linaha tsohle tsa puso ea bo-ralichelete. Ho oa hoo ha moruo ho ile ha fela pakeng tsa 1932 le 1934, empa re ntse re utloa liphello tsa hona. Ho tloha ka 1929 lefatše le sa tsitsang moruong le ’nile la laptjoa ka merero ea nakoana e nkelanang sebaka. Mebuso e ineheletse melato ea lichelete. Ho haella ha oli le ho phahama ha theko ea eona ka 1973 le ho oa ha ’maraka ka 1987 ho ile ha phaella ho sisinyeheng ha ’muso oa lichelete. Ho sa le joalo, batho ba limilione ba reka haholo-holo ka mokitlane. Batho ba se nang palo ba tlatlapuoa ke bahoebi ba etsang lintho tse se nang thuso ho hapa likelello tsa batho, menyollano le lilothari le mekhoa e meng e qhekellang ea papali ea chelete, tseo boholo ba tsona li tšehetsoang ke mebuso e lokelang hore ebe e sireletsa batho. Le baevangeli ba Bokreste-’mōtoana ba thelevisheneng ba ikemiselitse hore le bona ba fumane liranta tsa bona tse limilione!—Bapisa le Jeremia 5:26-31.

9 Pejana, mathata a moruo ke ’ona a neng a ile a etsa hore Mussolini le Hitler ba inkele puso. Babylona e Moholo ha ea ka ea senya nako hore e iketse motsoalle oa bona, ’me Vatican e ile ea etsa litumellano le Italy ka 1929 le Jeremane ka 1933. (Tšenolo 17:5) Ka sebele linako tse bohloko tse ileng tsa latela e ne e le karolo ea phethahatso ea boprofeta ba Jesu bo buang ka ho ba teng ha hae, ho neng ho tla akarelletsa hore “lichaba [li be] matšoenyehong, li sa tsebe tsela ea ho tsoa . . . ha batho ba ilibana ke tšabo le tebello ea lintho tse tlang holim’a lefatše leo ho ahiloeng ho lona.” (Luka 21:7-9, 25-31)c E, litšisinyeho tse qalileng ho sisinya lichaba ka kakaretso ka 1914 li tsoetse pele, li lateloa ke litšisinyeho tse nyenyane empa e le tse matla.

Jehova oa Sisinya

10. (a) Ke hobane’ng ha ho e-na le ho tsukutleha ho hongata hakaale litabeng tsa batho? (b) Jehova o ntse a etsa’ng, a lokisetsa eng?

10 Ho tsukutleha ho joalo litabeng tsa batho ho tsoetsoe ke ho hlōleha ha motho ho tsamaisa mehato ea hae. (Jeremia 10:23) Ho feta moo, noha eane ea khale, Satane, “e khelosang lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona,” e sebelisa bomalimabe ka boiteko ba eona ba ho qetela ba ho furallisa batho bohle borapeli ba Jehova. Theknoloji e kopantse lefatše hore le tšoane le motse o le mong, moo lehloeo la bochaba le la morabe le sisinyang lichaba ka kakaretso ho isa metheong ea tsona, ’me seo ho thoeng ke Machaba a Kopaneng, se sitoa ho fumana pheko ea sebele. Motho o busa motho e mong ho mo ntša kotsi ho feta leha e le neng pele. (Tšenolo 12:9, 12; Moeklesia 8:9) Leha ho le joalo, ’Musi Morena Jehova, Moetsi oa leholimo le lefatše, o ’nile a sisinya ka mokhoa oa hae ka lilemo tse ka bang 90, a lokisetsa ho rarolla mathata a lefatše hang le ka ho sa feleng. Joang?

11. (a) Ke ho sisinyeha hofe ho hlalositsoeng ho Hagai 2:6, 7? (b) Boprofeta ba Hagai bo phethahatsoa joang?

11 Ho Hagai 2:6, 7 rea bala: “Etsoe sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng, ‘Hang hape—ka mor’a nakoana e seng kae—’me ke sisinya maholimo le lefatše le leoatle le mobu o omileng. Ke tla sisinya lichaba tsohle, ’me lintho tse lakatsehang tsa lichaba tsohle li tla kena; ’me ke tla tlatsa ntlo ena ka khanya,’ ho boletse Jehova oa mabotho.” Ho tloha ka selemo sa 1919 ka ho khetheha, Jehova o entse hore lipaki tsa hae li phatlalatse likahlolo tsa hae likarolong tsohle tsa lichaba ka kakaretso lefatšeng. Tsamaiso ea lefatše la Satane e ’nile ea hlokomelisoa ka temoso ena e etsoang lefatšeng lohle.d Ha temoso e ntse e ipha matla, batho ba tšabang Molimo, “tse lakatsehang,” ba ile ba susumelletseha hore ba ikarole lichabeng tsena. Hase hore ba ntšitsoe ke ho sisinyeha ha mokhatlo oa Satane. Empa ha ba lemoha boemo, ba iketsetsa qeto ea ho ikopanya le sehlopha se tlotsitsoeng sa Johanne ha se tlatsa ntlo ea Jehova ea borapeli ka khanya. Hoo ho phethoa joang? Ka mosebetsi o etsoang ka cheseho oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso o hlomiloeng oa Molimo. (Matheu 24:14) ’Muso ona, o entsoeng ka Jesu le balateli ba hae ba tlotsitsoeng, o tla ba teng kamehla ho tlotlisa Jehova e le “’muso o ke keng oa sisinngoa.”—Baheberu 12:26-29.

12. Haeba u se u qalile ho nka khato ka lebaka la boboleli bo profetiloeng ho Matheu 24:14, u lokela ho etsa’ng pele tšisinyeho e khōlō ea lefatše e boletsoeng ho Tšenolo 6:12 e otla?

12 Na u e mong oa ba qalileng ho nka khato ka lebaka la boboleli boo? Na ebe u har’a ba limilione bao lilemong tsa morao tjee ba bileng teng Sehopotsong sa lefu la Jesu? Haeba ho joalo, tsoela pele u ithuta ’nete ea Bibele. (2 Timothea 2:15; 3:16, 17) Lahla ka ho feletseng mokhoa o silafetseng oa bophelo oa mokhatlo o ahlotsoeng oa lefatše la Satane! Kena mokhatlong oa lefatše le lecha oa Bokreste ’me u kopanele ka botlalo mosebetsing ea oona pele ‘tšisinyeho ea lefatše’ ea ho qetela eo e tla ba koluoa e thumakanya lefatše lohle la Satane. Empa tšisinyeho ee e khōlō ea lefatše ke eng? A re boneng.

Tšisinyeho e Khōlō ea Lefatše!

13. Ke ka tsela efe tšisinyeho e khōlō ea lefatše e leng ntho eo ho hang batho ba e-s’o ka ba e bona?

13 E, matsatsi ana a ho qetela a mahlonoko e bile nako ea litšisinyeho tsa lefatše—tsa sebele le tsa tšoantšetso. (2 Timothea 3:1) Empa ha ho le e ’ngoe ea litšisinyeho tsena eo e leng tšisinyeho e khōlō ea ho qetela eo Johanne a e bonang ha ho buloa tiiso ea botšelela. Nako ea litšisinyeho tse nyenyane tseo e leng selelekela e felile. Joale ho tla tšisinyeho e khōlō ea lefatše eo ho hang batho ba e-s’o ka ba e bona. Ke tšisinyeho ea lefatše e khōlō hoo meferefere le likhathatso tseo e li bakang li ke keng tsa lekanngoa ka sekala sa Richter kapa sekala leha e le sefe sa batho. Ena hase ntho e tšosang e etsahalang sebakeng ka seng empa ke tšisinyeho eo e tla ba koluoa e tla ripitla “lefatše” lohle, ke hore, batho ba khopo ka kakaretso.

14. (a) Ke boprofeta bofe bo bolelang esale pele tšisinyeho e khōlō ea lefatše le seo e tla se baka? (b) E tlameha ebe boprofeta ba Joele le ba Tšenolo 6:12, 13 bo bolela eng?

14 Baprofeta ba bang ba Jehova ba ile ba profeta tšisinyeho e joalo ea lefatše le likoluoa tseo e tla li baka. Ka mohlala, hoo e ka bang ka 820 B.C.E., Joele o ile a bua ka ‘ho fihla ha letsatsi le leholo le le tšosang la Jehova,’ a bolela hore ka nako eo “letsatsi le tla fetoha lefifi, le khoeli e fetohe mali.” Hamorao, o ile a phaella ka mantsoe ana: “Bongata, bongata bo khohlong ea qeto, kaha letsatsi la Jehova le haufi khohlong ea qeto. Ka sebele letsatsi le khoeli li tla fifala, ’me linaleli li tla honyetsa khanya ea tsona. Jehova o tla puruma a le Sione, ’me o tla ntša lentsoe la hae a le Jerusalema. Ka sebele leholimo le lefatše li tla reketla; empa Jehova e tla ba setšabelo ho batho ba hae, le qhobosheane ho bara ba Iseraele.” (Joele 2:31; 3:14-16) Ho reketla hona ho ka ba teng feela ha Jehova a phethahatsa kahlolo nakong ea matšoenyeho a maholo. (Matheu 24:21) Kahoo hoa utloahala hore ebe tlaleho e tšoanang le ena e ho Tšenolo 6:12, 13 e tla sebetsa ka tsela e tšoanang.—Bona le Jeremia 10:10; Sofonia 1:14, 15.

15. Moprofeta Habakuke o ile a profeta ka tšisinyeho efe e khōlō?

15 Lilemo tse ka bang 200 ka mor’a Joele, moprofeta Habakuke o ile a bua tjena ha a ne a rapela Molimo oa hae: “Jehova, ke utloile tlaleho e mabapi le uena. Jehova ke tšohile ka lebaka la mosebetsi oa hao. Bohareng ba lilemo u ke u o phelise! Bohareng ba lilemo e se eka u ka o tsebahatsa. Nakong ea pherekano, e se eka u ka hopola ho bontša mohau.” ‘Pherekano’ eo e ne e tla ba eng? Habakuke o tsoela pele ho fana ka tlhaloso e hlakileng ea matšoenyeho a maholo, ha a re ka Jehova: “O ile a ema a sa sisinyehe, e le hore a ka sisinya lefatše. O ile a bona, joale a etsa hore lichaba li tlōle . . . Ua qala ho pholletsa le lefatše ka nyatso. Ua qala ho pola lichaba ka bohale. Empa leha ho le joalo, ha e le ’na, ke tla ithabela ho Jehova; ke tla inyakallela ho Molimo oa poloko ea ka.” (Habakuke 3:1, 2, 6, 12, 18) E tla ba tšisinyeho e khōlō hakaakang eo Jehova a tla e etsa lefatšeng lohle ha a hatakela lichaba!

16. (a) Moprofeta Ezekiele o ile a profeta eng ka nako eo Satane a tla hlasela batho ba Molimo la ho qetela? (b) Ke eng se bakoang ke tšisinyeho e khōlō ea lefatše e boletsoeng ho Tšenolo 6:12?

16 Le Ezekiele o ile a profeta hore ha Gogo oa Magogo (Satane ea theotsoeng boemong) a hlasela batho ba Molimo la ho qetela, Jehova o tla etsa hore “tšisinyeho e khōlō” e be teng “naheng ea Iseraele.” (Ezekiele 38:18, 19) Le hoja ho ka ’na ha e-ba le litšisinyeho tsa lefatše tsa sebele, re lokela ho hopola hore Tšenolo e hlahisitsoe ka lipontšo. Boprofeta bona le boprofeta bo bong bo qotsitsoeng ke ba tšoantšetso. Kahoo, ho buloa ha tiiso ea botšelela ho bonahala ho senola tlhōrō ea litšisinyeho tsohle tsa tsamaiso ena ea lefatše ea lintho—tšisinyeho e khōlō ea lefatše eo ho eona batho bohle ba hanyetsang bobusi ba Jehova Molimo ba timetsoang.

Nako ea Lefifi

17. Tšisinyeho e khōlō ea lefatše e ama letsatsi, khoeli, le linaleli joang?

17 Joalokaha Johanne a tsoela pele ho bontša, tšisinyeho e khōlō ea lefatše e tsamaisana le liketsahalo tse tšosang tse amang le maholimo. O re: “Letsatsi la e-ba letšo joaloka lesela la mokotla la boea, ’me khoeli eohle ea e-ba joaloka mali, ’me linaleli tsa leholimo tsa oela lefatšeng, joalokaha sefate sa feiga se sisinngoang ke moea o matla se lahla lifeiga tsa sona tse sa butsoang.” (Tšenolo 6:12b, 13) Ke ketsahalo e tšosang hakaakang! Na u ka nahana ka lefifi le tšosang le neng le tla ba teng haeba boprofeta boo bo ne bo hlile bo ka phethahala ka tsela ea sebele? Ho ne ho ke ke ha hlola ho e-ba le khanya e mofuthu haesita le e monate ea letsatsi motšehare! Ho ne ho ke ke ha hlola ho e-ba le khanya e ntle ea khoeli bosiu! ’Me linaleli tse likete-kete li ne li ke ke tsa hlola li phatsima leholimong. Ho e-na le hoo, ho ne ho tla ba le mohatsela le lefifi le sa feleng.—Bapisa le Matheu 24:29.

18. Ke ka tsela efe ‘maholimo a ileng a fifala’ ntlheng ea Jerusalema ka 607 B.C.E.?

18 Ka kutloisiso ea moea, lefifi le joalo le ile la profetoa Iseraeleng ea boholo-holo. Jeremia o ile a lemosa ka mantsoe a reng: “Naha eohle e tla fetoha lesupi, ’me na nke ke ka phetha pheliso e feletseng? Ka lebaka lena naha e tla siama, ’me ka sebele maholimo a holimo a tla fifala.” (Jeremia 4:27, 28) Ka 607 B.C.E. ha boprofeta boo bo phethahatsoa, ka sebele batho ba Jehova ba ne ba pulufaletsoe. Motse-moholo oa bona, Jerusalema, o ne o hapiloe ke Bababylona. Tempele ea bona e ne e timelitsoe, ’me naha ea bona e lahliloe kherehloa. Ho bona, ho ne ho se na khanya e tšelisang e tsoang leholimong. Ho e-na le hoo, ho bile joalokaha Jeremia ka lillo a ile a re ho Jehova: “U bolaile; ha ua bontša qenehelo. U thibile ka leru hore u se ke ua atameloa, hore thapelo e se ke ea feta.” (Lillo Tsa Jeremia 3:43, 44) Ntlheng ea Jerusalema, lefifi leo la leholimo le ne le bolela lefu le thipitlo.

19. (a) Moprofeta oa Molimo Esaia o hlalosa lefifi le bang teng maholimong mabapi le Babylona ea boholo-holo joang? (b) Boprofeta ba Esaia bo ile ba phethahala joang hona neng?

19 Hamorao, lefifi le tšoanang maholimong le ile la bolela tlokotsi ho Babylona ea boholo-holo. Ha a bua ka sena, moprofeta oa Molimo o ile a bululeloa hore a ngole mantsoe a reng: “Bonang! Letsatsi la Jehova lea tla, le sehlōhō ka lebaka la khalefo le bohale bo tukang, e le ho etsa hore naha e be ntho e makalloang, le hore le ka felisa baetsalibe ba naha eo. Etsoe linaleli tsa maholimo le lihlopha tsa tsona tsa linaleli tsa Kesile li ke ke tsa khanya; letsatsi le tla fifala ha le hlaha, le khoeli e ke ke ea khantša leseli la eona. Ka sebele ke tla tlisa tefetso naheng bakeng sa bobe ba eona, ’me ke tlise tefetso ho ba khopo bakeng sa bobe ba bona.” (Esaia 13:9-11) Boprofeta bona bo ile ba phethahatsoa ka 539 B.C.E. ha Bamede le Bapersia ba hapa Babylona. Bo hlalosa hantle lefifi, ho hloka tšepo, ho haella ha leseli leha e le lefe le tšelisang mabapi le Babylona ha e oela ruri ho tloha boemong ba eona ba pele ha e ne e le ’muso o moholo oa lefatše.

20. Ke ketsahalo efe e tšosang e letetseng tsamaiso ee ea lintho ha tšisinyeho e khōlō ea lefatše e otla?

20 Ka tsela e tšoanang, ha tšisinyeho e khōlō ea lefatše e otla, tsamaiso ena eohle ea lefatše e tla apareloa ke lefifi le letšo la ho hloka tšepo. Maseli a khanyang le a phatsimang a tsamaiso ea lefatše la Satane a ke ke a khantša mahlaseli a tšepo. Le kajeno baeta-pele ba lefatše ba bopolotiki, haholo-holo linaheng tse ipolelang hore ke tsa Bokreste, ba tumme ka bobolu, leshano le bophelo ba boitšoaro bo bobe. (Esaia 28:14-19) Ba ke ke ba hlola ba tšeptjoa. Khanya ea bona e ntseng e panya-panya e tla fifala ka ho feletseng ha Jehova a phethahatsa kahlolo. Tšusumetso ea bona e kang ea khoeli litabeng tsa lefatše e tla pepesoa e le e khenathetseng mali, e bolaeang. Khanya ea likhalala tsa bona tsa lefatše e tla tima joaloka ea linaleli tse oelang fatše ’me li tla hasana joaloka lifeiga tse sa butsoang sefefong se befileng. Lefatše lohle la rōna le tla sisinyeha nakong ea “matšoenyeho a maholo ao a kang ’ona a e-s’o ka a e-ba teng ho tloha tšimolohong ea lefatše ho fihlela joale, che, leha e le hore a tla ba teng hape.” (Matheu 24:21) Ke tebello e tšabehang hakaakang!

“Leholimo” Lea Tloha

21. Ponong ea hae, Johanne o bona eng mabapi le “leholimo” le “thaba e ’ngoe le e ’ngoe le sehlekehleke se seng le se seng”?

21 Pono ea Johanne e tsoela pele: “Leholimo la tloha joaloka moqolo o ntseng o menoa, ’me thaba e ’ngoe le e ’ngoe le sehlekehleke se seng le se seng tsa tlosoa libakeng tsa tsona.” (Tšenolo 6:14) Ka ho hlakileng, ana hase maholimo a sebele kapa lithaba tsa sebele le lihlekehleke tsa sebele. Empa li tšoantšetsa eng?

22. Ke “maholimo” a mofuta ofe a ileng a “phuthoa, joaloka moqolo oa buka” Edomo?

22 Mabapi le “leholimo,” se re thusang ho utloisisa sena ke boprofeta bo tšoanang bo buang ka khalefo ea Jehova khahlanong le lichaba tsohle bo reng: “Bohle ba lebotho la maholimo ba tla bola. Maholimo a tla phuthoa, joaloka moqolo oa buka.” (Esaia 34:4) Ke Edomo e tlamehang ho utloa bohloko ka ho khetheha. Joang? Bababylona ba ile ba e ketola hang ka mor’a ho timetsoa ha Jerusalema ka 607 B.C.E. Ka nako eo, ho ne ho se na liketsahalo tse khethehileng tseo ho tlalehiloeng hore li ne li etsahala maholimong a sebele. Empa ho ne ho e-na le likoluoa ‘maholimong’ a Edomo.e Babusi ba eona ba batho ba ile ba kokobetsoa boemong ba bona bo phahameng, bo kang ba leholimo. (Esaia 34:5) Ba ile ba “phuthoa” ’me ba behelloa ka thōko, joaloka moqolo oa khale o neng o ke ke oa hlola o sebelisoa ke mang kapa mang.

23. Ke “leholimo” lefe le tla “tloha joaloka moqolo,” hona mantsoe a Petrose a tiisa kutloisiso ee joang?

23 Kahoo, “leholimo” le tla “tloha joaloka moqolo” le bolela mebuso e hanyetsang Molimo e busang lefatše lena. E tla tlosoa ka ho feletseng ke Mopalami ea hlōlang oa pere e tšoeu. (Tšenolo 19:11-16, 19-21) Sena se tiisoa ke se boletsoeng ke moapostola Petrose ha a ne a lebeletse lintho tse tla etsahala tse boleloang ke ho buloa ha tiiso ea botšelela: “Maholimo le lefatše tse teng hona joale li boloketsoe mollo ’me li ntse li bolokiloe ho fihlela letsatsing la kahlolo le la timetso ea batho ba se nang bomolimo.” (2 Petrose 3:7) Empa polelo e reng “thaba e ’ngoe le e ’ngoe le sehlekehleke se seng le se seng [li ile] tsa tlosoa libakeng tsa tsona,” e bolela’ng?

24. (a) Boprofeteng ba Bibele, ke neng ho ka thoeng lithaba le lihlekehleke lia reketla kapa li hloka botsitso? (b) ‘Lithaba li ile tsa reketla’ joang ha Ninive e oa?

24 Boprofeteng ba Bibele, ho thoe lithaba le lihlekehleke lia reketla kapa ho seng joalo li hlokisoa botsitso linakong tsa moferefere o moholo oa lipolotiki. Ka mohlala, ha a profeta likahlolo tsa Jehova khahlanong le Ninive, moprofeta Nahume o ile a ngola mantsoe a reng: “Lithaba li reketlile ka lebaka la hae, le maralla a ile a qhibiliha. Lefatše le tla phahama ka lebaka la sefahleho sa hae.” (Nahume 1:5) Ha ho tlaleho ea hore lithaba tsa sebele li ile tsa heleha ha Ninive e oa ka 632 B.C.E. Empa ’muso oa lefatše oo pejana o neng o bonahala o tšoana le thaba ka matla a oona o ile oa putlama ka tšohanyetso.—Bapisa le Jeremia 4:24.

25. Bofelong bo tlang ba tsamaiso ee ea lintho, “thaba e ’ngoe le e ’ngoe le sehlekehleke se seng le se seng” li tla tlosoa libakeng tsa tsona joang?

25 Kahoo, hoa utloahala hore ebe “thaba e ’ngoe le e ’ngoe le sehlekehleke se seng le se seng” tseo ho buuoang ka tsona ha ho buloa tiiso ea botšelela e ne e tla ba mebuso ea lipolotiki le mekhatlo e itšetlehileng ka eona ea lefatše lena eo ho neng ho bonahala e tsitsitse haholo ho batho ba bangata. E tla reketlisoa ho fihlela e tloha, hoo ba kileng ba e tšepa ba tla makala ba be ba tšohe haholo. Joalokaha boprofeta bo tsoela pele ho bolela, ho ke ke ha e-ba le pelaelo hore letsatsi le leholo la khalefo ea Jehova le Mora oa hae—e leng tšisinyeho ea ho qetela e tla tlosa mokhatlo oohle oa Satane—le tlile ka phetetso!

“Re Oeleng Holimo ’me le re Pate”

26. Batho ba hanyetsang bobusi ba Molimo ba tla etsa joang ha ba tšohile, ’me ba tla bua mantsoe afe a bontšang hore ba tšohile?

26 Mantsoe a Johanne a tsoela pele ho re: “Marena a lefatše le ba boemong bo ka sehloohong le balaoli ba sesole le ba ruileng le ba matla le lekhoba le leng le le leng le motho e mong le e mong ea lokolohileng ba ipata mahaheng le mafikeng a lithaba. Ba ntse ba re ho lithaba le ho mafika: ‘Re oeleng holimo ’me le re pate sefahlehong sa Ea lutseng teroneng le khalefong ea Konyana, hobane letsatsi le leholo la khalefo ea bona le tlile, ’me ke mang ea ka khonang ho ema?’”—Tšenolo 6:15-17.

27. Baiseraele ba sa tšepahaleng ba Samaria ba ile ba bua mantsoe afe ha ba lla, ’me mantsoe ao a ile a phethahala joang?

27 Ha Hosea a ne a phatlalatsa kahlolo ea Jehova holim’a Samaria, e leng motse-moholo oa ’muso oa Iseraele o ka leboea, o ile a re: “Libaka tse phahameng tsa Bethe-avene, sebe sa Iseraele, li tla felisoa. Meutloa le lihlabahlabane li tla hlaha lialetareng tsa bona. Batho ba tla re ho lithaba, ‘Re koaheleng!’ le ho maralla, ‘Re oeleng holimo!’” (Hosea 10:8) Mantsoe aa a ile a phethahala joang? Ha Samaria e oela ho Baassyria ba sehlōhō ka 740 B.C.E., ho ne ho se moo Baiseraele ba ka balehelang teng. Mantsoe a Hosea a bontša boikutlo ba ho hloka thuso, tšabo ea motho ea se nang tšepo, le boikutlo ba ho lahloa kherehloa boo batho ba hlōtsoeng ba neng ba e-na le bona. Ha ho maralla a sebele kapa mekhatlo e kang lithaba ea Samaria e neng e ka ba sireletsa, le hoja nakong e fetileng ho ne ho bonahala eka e tla ba teng ka ho sa feleng.

28. (a) Jesu o ile a lemosa basali ba Jerusalema ka ho re’ng? (b) Temoso ea Jesu e ile ea phethahala joang?

28 Ka ho tšoanang, ha Jesu a ne a eteletsoe pele ke masole a Roma a il’o bolaoa, o ile a bua le basali ba Jerusalema ’me a re: “Matsatsi aa tla ao ka ’ona batho ba tla re, ‘Ho thaba linyopa, le lipōpelo tse sa kang tsa tsoala le matsoele a sa kang a anyesa!’ Joale ba tla qala ho re ho lithaba, ‘Re oeleng holimo!’ le ho maralla, ‘Re koaheleng!’” (Luka 23:29, 30) Ho timetsoa ha Jerusalema ke Baroma ka 70 C.E. ho na le boitsebiso bo tlalehiloeng bo pakiloeng, ’me ho totobetse hore mantsoe a Jesu a ne a bolela ntho e tšoanang le a Hosea. Ka nako eo ho ne ho se na sebaka seo Bajuda ba setseng Judea ba neng ba ka ipata ho sona. Hohle moo ba neng ba leka ho ipata teng Jerusalema, kapa le ha ba ne ba ka balehela qhobosheaneng ea Masada e tlhōrōng ea lithaba, ba ne ba ke ke ba pholoha bohale ba kahlolo ea Jehova.

29. (a) Ha letsatsi la Jehova la khalefo le tla, ba inehetseng ho tšehetsa tsamaiso ee ea lintho ba tla ba maqakabetsing afe? (b) Ke boprofeta bofe ba Jesu bo tla phethahatsoa ha Jehova a bontša khalefo ea Hae?

29 Joale, ho buloa ha tiiso ea botšelela ho bontšitse hore ho tla etsahala ntho e ’ngoe e tšoanang le ena nakong ea letsatsi le tlang la khalefo ea Jehova. Tšisinyehong ea ho qetela ea tsamaiso ena ea lintho ea lefatše, ka tsieleho ba inehetseng ho e tšehetsa ba tla batla sebaka sa ho ipata, empa ho hang ba ke ke ba se fumana. Bolumeli ba bohata, Babylona e Moholo, bo se bo ba soetsitse ka mokhoa o soabisang. Le ’ona mahaha a lithabeng tsa sebele haesita le mekhatlo ea tšoantšetso ea lipolotiki le ea moruo e kang lithaba e ke ke ea fana ka tšireletso ea lichelete kapa ka thuso ea mofuta leha e le ofe. Ha ho letho le tla ba sireletsa khalefong ea Jehova. Tšabo ea bona e hlalositsoe hantle ke Jesu ha a re: “Pontšo ea Mor’a motho e tla bonahala leholimong, joale meloko eohle ea lefatše e tla ikotla ka lebaka la ho lla, ’me e tla bona Mor’a motho a tla ka maru a leholimo ka matla le khanya e khōlō.”—Matheu 24:30.

30. (a) Potso ee e reng: “Ke mang ea ka khonang ho ema?” e fana ka maikutlo afe?”(b) Na ho tla ba le ba khonang ho ema nakong ea kahlolo ea Jehova?

30 E, ba hanneng ho ela hloko bobusi ba Mopalami ea hlōlang oa pere e tšoeu ba tla qobelloa ho lumela phoso ea bona. Batho bao ka boithatelo e ’nileng ea e-ba karolo ea peō ea noha ba tla be ba tobane le timetso ha lefatše la Satane le feta. (Genese 3:15; 1 Johanne 2:17) Boemo ba lefatše ka nako eo bo tla ba ka tsela e tla etsa hore ba bangata, ha e le hantle, ba botse: “Ke mang ea ka khonang ho ema?” Ho bonahala ba tla nka hore ha ho le ea mong ea ka emang e le ea amohelehang ka pel’a Jehova ka letsatsi leo la kahlolo ea hae. Empa ba tla be ba fositse, joalokaha buka ea Tšenolo e tsoela pele ho bontša.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Hangata litšisinyeho tsa lefatše tsa sebele li etelloa pele ke ho reketla ho etsang hore lintja li bohole kapa li itšoare ka tsela e sa tloaelehang le ho susumelletsang liphoofolo tse ling le litlhapi ho etsa lintho tse sa tloaelehang, le hoja batho ba ka ’na ba se lemohe letho ho fihlela ha tšisinyeho ea sebele e otla.—Bona Tsoha! ea July 8, 1982, leqepheng la 14.

b Bakeng sa tlhaloso e qaqileng, bona leqephe la 22 le la 24.

c Ka lilemo tse fetang 35, ho tloha ka 1895 ho fihlela ka 1931, mantsoe a Luka 21:25, 28, 31 a ne a qotsitsoe sekoahelong sa makasine ea Molula-Qhooa ’me ka morao ho ’ona ho ne ho e-na le setšoantšo sa tora e nang le lebone le khantšitseng marung a matšo a okametseng leoatle le befileng.

d Ka mohlala, phutuhong e khethehileng ka 1931, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa nehelana ka libukana tse likete tse ngata tsa The Kingdom, the Hope of the World ho baruti, bo-ralipolotiki, le bo-rakhoebo lefatšeng lohle.

e Ha bo sebelisa lentsoe “maholimo” ka tsela e tšoanang, boprofeta bo buang ka “maholimo a macha” bo ho Esaia 65:17, 18 bo qalile ho phethahala tsamaisong e ncha ea puso e amang ’Musisi Zorobabele le Moprista ea Phahameng Jeshua, e ileng ea hlongoa Naheng e Tšepisitsoeng ka mor’a hore Bajuda ba khutle botlamuoeng Babylona.—2 Likronike 36:23; Esdrase 5:1, 2; Esaia 44:28.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 105]

1914 e Ile ea Bonoa Esale Pele

“E ne e le ka B.C. 606, ha ’muso oa Molimo o fela, moqhaka o tlosoa, ’me lefatše lohle le fuoa Balichaba. Lilemo tse 2520 ho tloha ka B.C. 606, li tla fela ka A.D. 1914.”f—The Three Worlds, e hatisitsoeng ka 1877, leqepheng la 83.

“Bopaki ba Bibele bo hlakile hape bo matla bo bontšang hore ‘Linako Tsa Balichaba’ ke nako ea lilemo tse 2520, ho tloha ka selemo sa B.C. 606 ho akarelletsa le A.D. 1914.”—Studies in the Scriptures, Volume 2, e ngotsoeng ke C. T. Russell ’me ea hatisoa ka 1889, leqepheng la 79.

Charles Taze Russell le liithuti-’moho le eena tsa Bibele ba ile ba hlokomela mashome a lilemo pejana hore 1914 e ne e tla tšoaea ho fela ha Linako Tsa Balichaba, kapa linako tse behiloeng tsa lichaba. (Luka 21:24) Le hoja mehleng eo ea pele ba ne ba sa utloisise ka botlalo hore na hona ho ne ho tla bolela eng, ba ne ba kholisehile hore 1914 e ne e tla ba nako ea bohlokoa paleng ea lefatše, ’me ba ne ba nepile. Hlokomela mantsoe a latelang a qotsitsoeng koranteng:

“Ho qhoma ha ntoa e tšabehang Europe ho phethahalitse boprofeta bo sa tloaelehang. Ka lilemo tse mashome a mabeli a metso e mehlano tse fetileng, ka baboleli le ka lingoliloeng, ‘Liithuti Tsa Bibele Tsa Machaba,’ tse tsebahalang e le ‘Ba Qaleho ea Lilemo Tse Sekete,’ li ’nile tsa phatlalletsa lefatše hore Letsatsi la Khalefo le profetiloeng ka Bibeleng le ne le tla qala ka 1914. ‘Hlokomelang 1914!’ e ’nile ea e-ba mohoo oa baevangeli ba tsamaeang ba makholo-kholo.”—The World, koranta ea New York ea la 30 August, 1914.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

f Ka tataiso ea Molimo, Liithuti tseo Tsa Bibele li ne li e-s’o hlokomele hore ha ho na selemo sa zero pakeng tsa “B.C.” le “A.D.” Hamorao, ha ka lebaka la phuputso ho ne ho hlokahala hore ho lokisoe B.C. 606 hore e be 607 B.C.E., selemo sa zero le sona se ile sa tlosoa, e le hore boprofeta bo ka phethahala hantle ka “A.D. 1914.”—Bona “’Nete E Tla Le Lokolla,” e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova ka 1943 leqepheng la 239.

[Lebokose le leqepheng la 106]

1914—Nako ea Phetoho e Khōlō

Buka ea Politikens Verdenshistorie—Historiens Magt og Mening (Histori ea Lefatše ea Politiken—Matla a Histori le Seo e se Bolelang), e hatisitsoeng Copenhagen ka 1987, e hlalosa ka tsela e latelang leqepheng la 40:

“Tumelo ea lilemong tsa bo-1800 e neng e tsoela pele e ile ea fela ka 1914. Selemo pele ntoa e qhoma, rahistori oa Denmark eo e bileng e leng ralipolotiki Peter Munch o ile a ngola tjena a e-⁠na le tšepo e khōlō: ‘Bopaki bohle bo hanana le hore ho ka ba le ntoa pakeng tsa mebuso e meholo ea Europe. Nakong e tlang “kotsi ea ntoa” e tla nyamela, joalokaha e ’nile ea nyamela ka makhetlo-khetlo ho tloha ka 1871.’

“Ha ho bapisoa, re bala sena litlalehong tseo a ileng a li ngola tsa morao: ‘Ho qhoma ha ntoa ka 1914 ke nako ea phetoho e khōlō historing ea batho. Ho tloha nakong e khanyang ea tsoelo-pele, moo batho ba neng ba ka etsa lintho tseo ba batlang ho li etsa ba batla ba sireletsehile ka tsela e khotsofatsang, re ile ra kena mehleng ea tlokotsi, e tšabehang, le ea lehloeo, e tletseng ho se sireletsehe hohle. Ha ho ea neng a ka bolela, le kajeno ha ho ea ka bolelang, hore na lefifi le ileng la re oela holimo ka nako eo le tla bolela thipitlo e sa feleng ea lintho tsohle tsa botsebi tseo motho a iketselitseng tsona ka lilemo tse likete kapa che.’”

[Setšoantšo se leqepheng la 110]

‘Thaba e ’ngoe le e ’ngoe ea tlosoa sebakeng sa eona’

[Setšoantšo se leqepheng la 111]

Ba ipata mahaheng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela