Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ho Thaba Hona Joale le ka ho sa Feleng
    Molula-Qhooa—1996 | February 15
    • 17, 18. Ke ka kutloisiso efe paradeise e leng teng hona joale, hona e na le phello efe ho rōna?

      17 Kahoo re ka bala Esaia khaolo ea 35, re nahanne ka ho phethahala ha morao-rao ha temana ea 1 ho ea ho 8. Na ha hoa hlaka hore re fumane seo ka nepo se bitsoang paradeise ea moea? Che, ha ea phethahala—e seng hona joale. Empa ka sebele ke paradeise, hobane, joalokaha temana ea 2 e bolela, mona re se re ntse re ka “bona khanya ea Jehova le boholo ba Molimo oa rōna.” Phello ke efe? Temana ea 10 e re: “Ba lopolotsoeng ke Jehova ba tla khutla, ba boele Sione ka lifela tsa hlōlo, ba roetse thabo e sa feleng hloohong; lehlohonolo le thabo li tla tla ho ba khahlanyetsa, bohloko le masisa-pelo li balehe.” Ka ’nete, taba ea hore re tsoile bolumeling ba bohata le ho phehella ha rōna borapeli ba ’nete tlas’a mohau oa Molimo ke ntho e thabisang.

  • Ho Thaba Hona Joale le ka ho sa Feleng
    Molula-Qhooa—1996 | February 15
    • 24. Ke hobane’ng ha u ka lumellana le polelo e ho Esaia 35:10?

      24 Esaia oa re tiisetsa: “Ba lopolotsoeng ke Jehova ba tla khutla, ba boele Sione ka lifela tsa hlōlo, ba roetse thabo e sa feleng hloohong.” Ka hona re ka lumela hore re na le lebaka la ho hooa ka thabo. Ho thabela seo Jehova a seng a ntse a se etsetsa batho ba hae paradeiseng ea rōna ea moea, le ho thabela seo re ka se lebellang Paradeiseng ea sebele e seng e le haufi haholo. Ka ba thabileng—ka rōna—Esaia oa ngola: “Lehlohonolo le thabo li tla tla ho ba khahlanyetsa, bohloko le masisa-pelo li balehe.”—Esaia 35:10.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela