Lekhotla le Phahameng le Tšehetsa Borapeli ba ’Nete “Naheng ea Ararate”
Ntate e mong oa Armenia oa bana ba bararo ea moriri o moputsoa o eme ka pel’a lekhotla le phahameng ka ho fetisisa la naha ea habo. Bolokolohi ba hae le ba balumeli-’moho le eena ba bangata bo kotsing. Lekhotla le mametse ha a ntse a qotsa Bibele ho hlalosa tumelo ea hae. E le hore re utloisise hore na nyeoe ena e ile ea fella ka tlhōlo e khōlō joang bakeng sa borapeli ba ’nete naheng eo, a re hlahlobeng liketsahalo tse ileng tsa tsoala nyeoe ena.
ARMENIA e ka bochabela ho Turkey ’me e ho elella ka boroa ho mokoloko oa lithaba tse khōlō tsa Caucasus. Baahi ba teng ba ka ba ka holimo ho limilione tse tharo. Motse-moholo oa naha ena, e leng Yerevan, o shebile litlhorong tse ntle tse peli tsa Thaba ea Ararate, moo, ho ea ka neano, areka ea Noe e ileng ea lula teng ka mor’a Moroallo oa lefatše lohle.—Genese 8:4.a
Lipaki Tsa Jehova li ’nile tsa tsoela pele le mosebetsi oa tsona oa Bokreste Armenia ho tloha ka 1975. Ka mor’a hore Armenia e fumane boipuso ka 1991 ho seo e neng e le Soviet Union, ho ile ha thehoa Lekhotla la Naha la Litaba Tsa Bolumeli hore ho ngolisoe mekhatlo ea bolumeli. Leha ho le joalo, ka makhetlo lekhotla lena le ’nile la hana ho ngolisa Lipaki Tsa Jehova, lebaka le ka sehloohong e le khang ea ho se jele paate ha Bakreste. Ka lebaka leo, ho tloha ka 1991 bacha ba Lipaki ba fetang 100 ba Armenia, ba ’nile ba ahloloa ’me mabakeng a mangata ba koalloa chankaneng ka lebaka la hore Bibele ha e ba lumelle ho kenela sesole.
Lekhotla lena le ile la boela la laela ofisi ea mochochisi oa ’muso hore e batlisise metsamao ea bolumeli ea Lyova Margaryan, eo e leng moholo oa Mokreste le leqoetha le sebetsang ka thata le hiriloeng ke k’hamphani ea motlakase ea moo. Qetellong, Mor’abo rōna Margaryan o ile a qosoa ka Temana ea 244, e leng molao o ntseng o saletse oa Soviet Union o ileng oa fetisoa mehleng ea Khrushchev, o neng o reretsoe ho thibela Lipaki Tsa Jehova le lihlopha tse ling tsa bolumeli le hore qetellong o li felise.
Molao oo o etsa hore e be tlōlo ea molao ho hlophisa kapa ho etella pele sehlopha sa bolumeli se ikhakantseng ka ho bolela molaetsa oa bolumeli ’me se ‘hohela bacha hore ba ee libokeng tsa bolumeli bo sa ngolisoang ka molao’ le se ‘susumelletsang litho tsa sona ho hana mesebetsi ea sechaba.’ Mochochisi o ile a tšehetsa liqoso tsa hae ka ho hatisa ntlha ea hore bana ba ba teng libokeng tse tsamaisoang ke Mor’abo rōna Margaryan motseng oa Metsamor. Mochochisi o ile a boela a tiisa ntle ho bopaki hore Mor’abo rōna Margaryan o ekile bacha ba phutheho hore ba hane ho kenela sesole.
Nyeoe ea Lula
Nyeoe e ile ea lula ka Labohlano la la 20 July, 2001, lekhotleng la setereke la Armavir, ’me e ne e okametsoe ke Moahloli Manvel Simonyan. E ile ea tsoela pele ho fihlela ka August. Ha ho ntse ho fanoa ka bopaki, lipaki tsa mochochisi li ile tsa qetella li lumetse hore lintho tse ling tseo li li buileng khahlanong le Mor’abo rōna Margaryan, li ne li li boleletsoe ke baemeli ba Lekala la Tšireletso ea Naha (leo pele e neng e le KGB) le hore ke bona ba ileng ba li qobella ho saenela lipolelo tseo. Lekhetlong le leng, mosali e mong o ile a lumela hore mosebeletsi e mong oa Lekala la Tšireletso o ile a mo laela hore a bolele ka tieo hore “Lipaki Tsa Jehova li loantša ’muso le bolumeli ba rōna.” Mosali enoa o ile a bolela hore eena ha a tsebe Lipaki Tsa Jehova empa a re o ’nile a utloa li qosoa thelevisheneng ea Naha.
Ha ho fihla nako ea hore Mor’abo rōna Margaryan a bue, o ile a paka hore bana ba tlang libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova ba ba teng ka tumello ea batsoali. Hape o ile a hlalosa hore ho kenela sesole ke ntho eo motho a ikhethelang eona. Lipotso tsa mochochisi li ile tsa tsoela pele ka matsatsi a mangata. Mor’abo rōna Margaryan o ne a sebelisa Bibele ’me a sa tšoha ha a araba lipotso tse mabapi le bolumeli ba hae, ’me mochochisi o ne a phetla litemana Bibeleng ea hae.
Ka la 18 September, 2001, moahloli o ile a phatlalatsa hore Margaryan “ha a molato,” a bolela hore mosebetsi oa hae “ha ho bonahale moo o tlōlang molao teng.” Tlaleho e pepesang ’nete ka nyeoe ena e ile ea hlaha ho Associated Press. E ne e re: “Moeta-pele oa Lipaki Tsa Jehova oa Armenia o fumanoe a se molato kajeno liqosong tsa ho sokolla le ho qobella bacha ho hana sesole. Ka mor’a nyeoe e nkileng likhoeli tse peli, Lekhotla le boletse hore ha ho na bopaki bo lekaneng khahlanong le moeta-pele enoa, e leng Levon Markarian [Lyova Margaryan]. O ne a ka ’na a kenngoa chankaneng ka lilemo tse hlano. . . . Le hoja Molao oa Motheo oa Armenia o lumella tokoloho ea bolumeli, ho thata hore lihlopha tse ncha tsa bolumeli li ngolisoe ka molao ’me melao e emela Kereke ea Apostolic ea Armenia e nang le litho tse ngata.” Ha Mokhatlo oa Tšireletso le Tšebelisano Europe (OSCE) o buisana le mecha ea litaba ka la 18 September, 2001, o ile oa re: “Le hoja Ofisi ea OSCE e amohela qeto ea lekhotla, e ntse e le masoabi hore ebe ho ile ha hlahleloa nyeoe.”
Nyeoe e Tsoela Pele
Ho sa tsotellehe seo, mochochisi o ile a nka boipiletso, ’me nyeoe ea boipiletso e ile ea nka likhoeli tse ling tse ’nè. Qalong ea nyeoe, ha e le nako ea hore Mor’abo rōna Margaryan a itlhalose, potso ea pele o ile a e botsoa ke moahloli ea neng a le sehlopheng sa baahloli. Ha Mor’abo rōna Margaryan a qala ho araba, molula-setulo o ile a mo kena hanong ’me a mo hanyetsa. Ka mor’a moo, ha aa ka a lumella Mor’abo rōna Margaryan hore a arabe potso leha e le ’ngoe feela. A sa fane ka mabaka, tlalehong ea hae o ile a boela a siea lipotso tse ngata tseo moqosuoa a neng a li botsoa ke babuelli ba hae. Ha nyeoe e ntse e tsoela pele, batho ba chesehelang bolumeli, ba sa rateng Lipaki, ba ne ba tletse ka lekhotleng ’me ba sa phetse ho hlapaola Mor’abo rōna Margaryan. Ka mor’a hore lekhotla le phomole ka lekhetlo la pele, thelevisheneng ho ile ha phatlalatsoa litlaleho tse ngata tse fosahetseng le tse sothehileng tsa nyeoe ena, tseo ka mohlala li bolelang hore ha e le hantle Mor’abo rōna Margaryan o lumetse hore o molato.
Hoo e ka bang bohareng ba nyeoe, molula-setulo oa sehlopha sa baahloli ba bararo o ile a makatsa batho ha a bala lengolo le tsoang Lekhotleng la Naha la Litaba Tsa Bolumeli le laelang ofisi ea mochochisi hore e hlahlele nyeoe khahlanong le Mor’abo rōna Margaryan. Taba ena e ile ea nyarosa baromuoa ba machaba ba neng ba le nyeoeng ena, kaha ha Armenia e ne e kōpa ho ba setho sa Lekhotla la Europe, e ile ea lumela hore e tla phetha tšoanelo ea eona ea “ho tiisa hore Likereke tsohle kapa lihlopha tsa bolumeli, haholo-holo tseo ho thoeng ‘hase tsa molao,’ li ka sebelisa bolumeli ba tsona li sa khetholloe.”
Ha nyeoe e ntse e tsoela pele ka libeke tse latelang, boemo bo ile ba tsitsipana ka ho eketsehileng. Bahanyetsi ba ile ba tsoela pele ho tloka-tloka le ho hlasela Lipaki ka hare le kantle ho lekhotla. Basali ba Lipaki ba ne ba rahoa meomo. Ha Paki e ’ngoe e hlaseloa empa e sa iphetetse, e ile ea otloa mokokotlong ’me ea tlameha ho kena sepetlele.
Khabareng, ho ile ha khethoa moahloli e mocha hore a okamele nyeoe ena. Ho sa tsotellehe boiteko ba batho ba seng bakae ba ho tšosa ’muelli oa moqosuoa, molula-setulo enoa e mocha o ile a boloka taolo, a ba a laela hore mapolesa a ntše ka lekhotleng mosali e mong ea neng a sokela ’muelli oa moqosuoa.
Nyeoe e Fetela Lekhotleng le Phahameng la Armenia
Qetellong ka la 7 March, 2002, lekhotla la boipiletso le ile la tšehetsa qeto ea lekhotla le tlaase. Ho makatsang ke hore letsatsi pele ho phatlalatsoa qeto ena ea lekhotla, Lekhotla la Naha la Litaba Tsa Bolumeli le ile la qhaloa. Mochochisi o ile a boela a nka boipiletso ka qeto ena, ka lekhetlo lena a ipiletsa lekhotleng le phahameng la Armenia—e leng Lekhotla la Cassation. Ka lekhetlo lena bachochisi ba ile ba kōpa Lekhotla hore nyeoe e lule hape e le hore “moqosuoa a behoe molato.”
Sehlopha sa baahloli ba tšeletseng, seo molula-setulo oa sona e neng e le Moahloli Mher Khachatryan, se ile sa kopana ka 11:00 hoseng ka la 19 April, 2002. Ha e mong oa bachochisi a qala ho bua, o ile a re o halefisitsoe ke hore ebe makhotla a mabeli a pele a sitiloe ho fumana Mor’abo rōna Margaryan a le molato. Leha ho le joalo, lekhetlong lena mochochisi ke eena ea ileng a kenoa hanong ’me a hlongoa lipotso ke baahloli ba bane. Moahloli e mong o ile a nyatsa mochochisi ka ho leka ho kenya Lekhotla moea ka hore ha a teka taba ea hae khahlanong le Mor’abo rōna Margaryan a akarelletse mosebetsi oa boboleli le ho se ngolisoe ka molao ha Lipaki Tsa Jehova—e leng lintho tseo ka bobeli e seng tlōlo ea molao ho latela Temana ea 244. Ka mor’a moo moahloli o ile a hlalosa hore ketso ea mochochisi ke “ho hlorisa motho ka ho mo qosa ka tlōlo ea molao.” Moahloli e mong o ile a bua ka linyeoe tse sa tšoaneng tsa Lekhotla la Europe tseo ho tsona ho ileng ha boleloa hore Lipaki Tsa Jehova ke “bolumeli bo tsejoang” bo nang le litokelo tsa ho sireletsoa ke Tumellano ea Europe ka Litokelo Tsa Botho. Nakong ena, moprista o ile a hooa ka lekhotleng a re Lipaki Tsa Jehova li arola sechaba. Lekhotla le ile la mo laela hore a khutse.
Ka mor’a moo baahloli ba ile ba bitsa Lyova Margaryan har’a batho ba ka lekhotleng—e leng ntho e neng e qala ho etsahala ka lekhotleng lena le phahameng. Mor’abo rōna Margaryan o ile a fana ka bopaki bo botle ka boemo ba Bokreste ba Lipaki Tsa Jehova litabeng tse sa tšoaneng. (Mareka 13:9) Ka mor’a hore Lekhotla le phomole ka nakoana, le ile ka kena hape ’me la e-ba ntsoe-leng ha le etsa qeto ea hore “ha a molato.” Mor’abo rōna Margaryan o ile a bonahala a imolohile. Qetong e ngotsoeng ea Lekhotla, le ile la re: “Molao o teng hona joale ha o nke mosebetsi ona [oa Lyova Margaryan] e le tlōlo ea molao, ’me qoso ea mofuta ona e khahlanong le Temana ea 23 ea Molao oa Motheo oa Armenia le Temana ea 9 ea Tumellano ea Europe.”
Liphello Tsa Qeto
Hoja bachochisi ba atleha, ba ka be ba ile ba bula monyetla oa hore ho qosoe baholo ba bang ba Lipaki liphuthehong tsohle tsa Armenia. Re tšepa hore qeto e hlakileng e entsoeng ke Lekhotla e tla thibela ho tloka-tlokoa hoo. Qeto e khahlanong le Lipaki le eona e ka be e bile lebaka la boikaketsi la hore ’muso o ’ne o tsoele pele ho hana ho ngolisa Lipaki Tsa Jehova. Re thabela hore ebe hona joale Lekhotla le tlositse lebaka lena la boikaketsi.
Ho tla hlaka nakong e tlang hore na ebe Lipaki Tsa Jehova tse fetang 7 000 tse naheng ena li tla ngolisoa ka molao. Khabareng, borapeli ba ’nete bo sa ntsane bo le teng “naheng ea Ararate.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lena ke lebaka le leng leo ka lona Maarmenia a amahanyang naha ea ’ona le Thaba ea Ararate. Mehleng ea boholo-holo, Armenia e ne e le ’muso o moholo o neng o akarelletsa lithaba tseo. Kahoo, ho Esaia 37:38, phetolelo ea Bibele ea Segerike ea Septuagint e fetolela polelo e reng ‘naha ea Ararate’ ka hore ke “Armenia.” Hona joale Thaba ea Ararate e Turkey, haufi le moeli oa eona o ka bochabela.
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Lyova Margaryan ha a le nyeoeng
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Mor’abo rōna Margaryan le lelapa la hae