-
Ke Mang ea Entseng Melao e Laolang Bokahohle?Molula-Qhooa—2011 | July 1
-
-
1. Na Bokahohle ha bo Fetohe?
Aristotle o ne a re lilikalikoe tsa bokahohle ha li fetohe. Se tšoereng linaleli, joaloka tse ling, se ne se ke ke sa saroloha kapa sa honyela.
Na Bibele e fana ka maikutlo a tšoanang le ao? Che, ha e fane ka tlhaloso e tobileng hantle tabeng ena. Leha ho le joalo, hlokomela ntlha e thahasellisang eo e fanang ka eona: “Ho na le Ea lulang ka holim’a selika-likoe sa lefatše, seo ba lulang ho sona ba leng joaloka marutle, Ea otlollang maholimo feela joaloka lesela le lesesaane la boleng bo botle, ea a alang joaloka tente eo ho luloang ho eona.”—Esaia 40:22.a
Mehleng ee ke hofe ho bonahalang ho nepahetse—na ke tlhaloso ea Aristotle kapa ke ea Bibele? Litsebi tsa mehleng ee tsa bokahohle li re bo joang? Lekholong la bo20 la lilemo, litsebi tsa linaleli li ile tsa hlolloa ha li hlokomela hore ha e le hantle bokahohle ke ntho e fetohang. Ho bile ho bonahala lihlopha tsa linaleli li lula li ntse li qaqolohana. Ke bo-rasaense ba fokolang feela, haeba ba teng, ba neng ba ka nahana hore bokahohle bo ka atoloha ka tsela e joalo. Mehleng ena, litsebi tsa bokahohle li lumela hore bokahohle bo qalile bo kopane eaba bo ntse bo atoloha. Ha e le hantle, bo-rasaense ba se ba nka tlhaloso ea Aristotle e sa utloahale.
Tlhaloso ea Bibele eona? Ha ho thata ho nahana ka motho ea kang moprofeta Esaia a leletse a shebile leholimo le tletseng linaleli ’me a bona le mo hopotsa tente e otlolotsoeng ka makhethe.b E ka ’na eaba o ile a ba a hlokomela ho tšoana ho teng pakeng tsa sehlopha sa linaleli sa Milky Way le “lesela le lesesaane la boleng bo botle.”
Ho feta moo, mantsoe a Esaia a etsa hore re be le setšoantšo se itseng ka kelellong. Re ka ’na ra nahana ka tente ea mehleng ea Bibele; mohlomong re bona seshobana sa seile e phutholloang ebe e otlolloa hantle pele e faselletsoa lipalong ’me e e-ba tente eo ho ka luloang ho eona. Kapa mohlomong re nahana ka mohoebi ea nkang lesela le lesesaane la boleng bo botle le mennoeng ebe o le phutholla hantle e le hore moreki a le hlahlobe. Linthong tseo ka bobeli, ho nkoa ntho e kopaneng, ea phutholloa ebe re e bona e se e le ntho e khōlō.
Ke ’nete hore ha re bolele hore papiso ea thothokiso ea Bibele ea tente le lesela le lesesaane le boleng bo botle e ne e hlile e ngoletsoe ho bontša hore bokahohle boa atoloha. Empa na hase ntho e hlollang hore ebe Bibele e fana ka tlhaloso e lumellanang hantle le ea saense ea morao-rao tjee? Esaia o phetse lilemong tse fetang tse makholo a mararo pele ho Aristotle le lilemong tse likete pele saense e fana ka bopaki bo utloahalang tabeng ena. Leha ho le joalo, tlhaloso ena e ileng ea ngoloa ke moprofeta enoa oa Moheberu ea sa rutehang, ha e hloke ho ntlafatsoa joaloka ea Aristotle.
-
-
Ke Mang ea Entseng Melao e Laolang Bokahohle?Molula-Qhooa—2011 | July 1
-
-
a Ke ntho e hlollang hore ebe Bibele e re lefatše ke selikalikoe, kapa qitikoe, joalokaha lentsoe le sebelisitsoeng la Seheberu le ka fetoleloa. Aristotle le Bagerike ba bang ba mehleng ea boholo-holo, ba ne ba lumela hore lefatše ke selikalikoe, empa ho ne ho ntse ho phehisanoa khang ka taba ena le lilemong tse likete ka mor’a bona.
-