Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w93 9/15 leq. 32
  • Joaloka Mehloanyane Feela

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Joaloka Mehloanyane Feela
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
w93 9/15 leq. 32

Joaloka Mehloanyane Feela

NA LE ka mohla u kile ua otlolla maoto ’me ua feta sebakeng se nang le joang bo bongata e le lehlabula ’me ua bona mehloanyane e se nang palo e ntse e qhoma e tloha tseleng ea hao? Ho ne ho bonahala eka e hohle, le hoja mohlomong u sa ka ua e tsotella hakaalo. Ho feta moo, e bonahala e se na kotsi ’me e se ea bohlokoa.

Leha ho le joalo, ho bonahala ha mehloanyane e se ea bohlokoa ho e etsa hore e be tšoantšetso e loketseng ea batho. Le hoja banna ba bang ba tummeng ba ka ’na ba italima ba le bohlokoa haholo, ’Mōpi oa rōna o nahana ka ho fapaneng. Moprofeta oa hae Esaia o itse: “Molimo o lutse teroneng kaholim’a lefatše, baahi ba lona ba tšoana le mehloanyane.”—Esaia 40:22, BPN.

Boholo, matla, le bohlale ba Jehova Molimo li mo phahamisetsa holimo ka ’nģane ho puso ea batho feela tjee, feela joalokaha motho a phahametse mehloanyane hōle ka bohlale le matla. Leha ho le joalo, tšoaneleho ea Molimo e ka sehloohong ke lerato. ’Me lerato la hae le ke keng la bapisoa le mo susumeletsa hore a re hlokomele, a re thuse, ’me a re boloke—haeba re mo rata le ho mo utloa. Jehova o sebetsana le rōna ka lerato, le hoja re le joaloka mehloanyane eo eseng ea bohlokoa. Mopesaleme o itse: “Ke mang ea tšoanang le Jehova, Molimo oa rōna? O ahile nģalong tse holimo-limo; o inamela ho nyarela maholimong le lefatšeng. O tsosa ea malimabe leroleng.”—Pesaleme ea 113:5-7.

Joalokaha pesaleme ena e hlalosa, ka lerato Jehova o atolosetsa thuso ho ea tlaasana. E, O thusa bao ka boikokobetso ‘ba batlang Molimo e le hore mohlomong ba ka mo fumana.’ (Liketso 17:27) Ba fumanang Molimo—le ho mo sebeletsa—ba fetoha ba bohlokoa haholo mahlong a hae. (Bapisa le Esaia 43:4, 10.) Ka hona mohloanyane o ikokobelitseng o sebeletsa ho re hopotsa hore ha re ba bohlokoa le ka lerato la ’Mōpi oa rōna ea matla ’ohle, ea fang batho ba utloang botsoalle ba hae le mosa o sa tšoanelang. Na u bontša kananelo bakeng sa lerato la Molimo?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela