-
Jehova Molimo o Hauhela MasalaBoprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho I
-
-
‘Se Melisoang ke Jehova’
5, 6. (a) Esaia o hlalosa nako ea khotso e latelang sefefo se matla se tlang joang? (b) Lentsoe “lehlōmela” le bolela’ng, hona see se bontša’ng ka naha ea Juda?
5 Esaia o bua ka tsela e mofuthu haholoanyane ha a talima ka nģ’ane ho sefefo se tlang, nakong eo ho eona ho renang khotso haholoanyane. Oa ngola: “Letsatsing leo seo Jehova a se melisang [“(lehlōmela) semela sa Jehova,” NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe] se tla sebelisetsoa mokhabiso le khanya, ’me litholoana tsa naha e tla ba seo ho ithorisoang ka sona le se setle bakeng sa ba phonyohileng ba Iseraele.”—Esaia 4:2.
6 Mona Esaia o bua ka tsosoloso. Lereho la Seheberu le fetoletsoeng e le “lehlōmela” le bolela ‘ntho e melang, letlōbō, lekala.’ Le amana le nala, keketseho le litlhohonolofatso tse tsoang ho Jehova. Ka hona Esaia o fana ka tlhaloso e hlakileng ea tšepo—lesupi le atamelang le ke ke la e-ba teng ka ho sa feleng. Ka tlhohonolofatso ea Jehova, naha ea Juda eo pele e neng e atlehile e tla boela e beha litholoana haholo.a—Levitike 26:3-5.
7. Ke ka tsela efe lehlōmela la Jehova le tlang ho “sebelisetsoa mokhabiso le khanya”?
7 Esaia o sebelisa mantsoe a hlakileng ho hlalosa phetoho e khanyang e larileng ka pele. Lehlōmela la Jehova le tla “sebelisetsoa mokhabiso le khanya.” Lentsoe “mokhabiso” le hopotsa motho botle ba Naha e Tšepisitsoeng nakong eo Jehova a neng a e neha Iseraele lilemo tse makholo pejana. E ne e le ntle hoo e neng e talingoa e le “mokhabiso [“lebenyane,” New American Bible] oa linaha tsohle.” (Ezekiele 20:6) Ka hona mantsoe a Esaia a tiisetsa batho hore naha ea Juda e tla tsosolosetsoa khanyeng le botleng ba eona ba pele. Ka sebele, e tla tšoana le lebenyane leo e leng moqhaka oa lefatše.
8. Ke bo-mang ba tla beng ba itokiselitse ho thabela botle bo tsosolositsoeng ba naha, hona Esaia o hlalosa maikutlo a bona joang?
8 Leha ho le joalo, ke bo-mang ba tla beng ba le teng bakeng sa ho thabela botle bo tsosolositsoeng ba naha? Esaia o ngola hore ke “ba phonyohileng ba Iseraele.” E, ba bang ba tla pholoha timetso e hlabisang lihlong e boletsoeng esale pele. (Esaia 3:25, 26) Masala a phonyohileng a tla khutlela Juda ’me a kopanele tsosolosong ea eona. Ho bana ba khutlileng—“ba phonyohileng”—lintho tse ngata tse hlahisitsoeng ke naha ea bona e tsosolositsoeng e tla ba “seo ho ithorisoang ka sona le se setle.” (Esaia 4:2, NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe) Mahlabisa-lihlong a ho etsoa lesupi a tla nkeloa sebaka ke boikutlo bo bocha ba thabo e khōlō.
9. (a) Phethahatsong ea mantsoe a Esaia, ho ile ha etsahala’ng ka 537 B.C.E.? (b) Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore “ba phonyohileng” ba akarelletsa ba bang ba tsoaletsoeng botlamuoeng? (Bona mongolo o botlaaseng ba leqephe.)
9 Tumellanong le mantsoe a Esaia, sefefo sa kahlolo se ile sa fihla ka 607 B.C.E. ha Bababylona ba ne ba timetsa Jerusalema ’me Baiseraele ba bangata ba timetsoa. Ba bang ba ile ba pholoha ’me ba isoa botlamuoeng Babylona, empa hoja e ne e se ka mohau oa Molimo, ho ka be ho sa ka ha e-ba le baphonyohi ho hang. (Nehemia 9:31) Qetellong, Juda e ile ea sala e le lesupi ka ho feletseng. (2 Likronike 36:17-21) Joale, ka 537 B.C.E., Molimo ea mohau o ile a lumella “ba phonyohileng” hore ba khutlele Juda e le hore ba tsosolose borapeli ba ’nete.b (Esdrase 1:1-4; 2:1) Pako e tsoang botebong ba pelo ea batlamuoa bana ba khutlang e hlalositsoe ka bokhabane ho Pesaleme ea 137, eo mohlomong e ngotsoeng nakong ea botlamuoa kapa kapele ka mor’a moo. Koana Juda, ba ne ba lema ’me ba jala peō naheng. Ak’u nahane hore na e tlameha ebe ba ile ba ikutloa joang ha ba bona hore Molimo o ne a hlohonolofatsa boiteko ba bona, a etsa hore naha e atlehe joaloka “serapa sa Edene” se behang litholoana!—Ezekiele 36:34-36.
10, 11. (a) Ke ka tsela efe Liithuti tsa Bibele li neng li le botlamuoeng ba “Babylona e Moholo” mathoasong a lekholo la bo20 la lilemo? (b) Jehova o ile a hlohonolofatsa masala a Baiseraele ba moea joang?
10 Mehleng ea rōna ho bile le tsosoloso e tšoanang. Mathoasong a lekholo la bo20 la lilemo, Liithuti tsa Bibele, joalokaha Lipaki tsa Jehova li ne li tsejoa joalo nakong eo, li ile tsa e-ba botlamuoeng ba moea ba “Babylona e Moholo,” ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata. (Tšenolo 17:5) Le hoja Liithuti tsa Bibele li ne li lahlile lithuto tse ngata tsa bohata, li ne li ntse li qaphalelitsoe ke likhopolo le mekhoa e itseng ea Bobabylona. Ka lebaka la khanyetso e hlohlellelitsoeng ke baruti, tse ling tsa tsona li ile tsa hla tsa kenngoa teronkong. Naha ea tsona ea moea—letlotlo la tsona la bolumeli, kapa la moea—e ile ea sala e le lesupi.
11 Empa nakong ea selemo ka 1919, Jehova o ile a hauhela masala ana a Baiseraele ba moea. (Bagalata 6:16) O ile a bona pako ea ’ona le takatso ea ’ona ea ho mo rapela ka ’nete, kahoo a a lokolla teronkong ea sebele ’me habohlokoa le ho feta, a a lokolla botlamuoeng ba moea. Bana “ba phonyohileng” ba ile ba khutlisetsoa letlotlong la bona la moea leo ba le filoeng ke Molimo, leo a ileng a le atlehisa haholo. Letlotlo lena la moea le bile le ponahalo e ipiletsang, e hohelang, e hutseng batho ba bang ba limilione ba tšabang Molimo hore ba ikopanye le masala borapeling ba ’nete.
12. Mantsoe a Esaia a phahamisa mohau oo Jehova a nang le oona ho batho ba hae joang?
12 Mantsoe a Esaia mona a phahamisa mohau oo Molimo a nang le oona ho batho ba hae. Le hoja Baiseraele e le sechaba ba ile ba fetohela Jehova, o ile a hauhela masala a bakileng. Re ka fumana matšeliso ka ho tseba hore esita le ba etsang liphoso tse tebileng ba ka khutlela ho Jehova ba e-na le tšepo. Ha ho hlokahale hore batho ba bakileng ba ikutloe hore ba ke ke ba fumana mohau oa Jehova, kaha ha a lahle pelo e hlomohileng. (Pesaleme ea 51:17) Bibele ea re tiisetsa: “Jehova o mohau ’me o mosa, o lieha ho halefa ’me o tletse mosa o lerato. Joalokaha ntate a bontša mohau ho bara ba hae, Jehova o bontšitse mohau ho ba mo tšabang.” (Pesaleme ea 103:8, 13) Ka sebele, Molimo ea mohau joalo o lokeloa ke thoriso eohle ea rōna!
-
-
Jehova Molimo o Hauhela MasalaBoprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho I
-
-
a Litsebi tse ling li bolela hore poleloana e reng ‘lehlōmela la Jehova’ e bua ka Mesia, ea neng a ke ke a hlaha ho fihlela ka mor’a hore Jerusalema e tsosolosoe. Ho li-Targum tsa Searame, tlhaloso ea poleloana ena e baleha tjena: “Mesia [Kreste] oa Jehova.” Ho thahasellisang ke hore lona lereho leo la Seheberu (tseʹmach), hamorao le sebelisoa ke Jeremia ha a bua ka Mesia e le “lehlōmela le lokileng” le hlahisetsoang Davida.—Jeremia 23:5; 33:15.
b “Ba phonyohileng” ba ne ba akarelletsa ba bang ba neng ba tsoaletsoe botlamuoeng. Bana ba ne ba ka talingoa e le “ba phonyohileng,” kaha ba ka be ba sa tsoaloa ho hang hoja baholo-holo ba bona ba ne ba sa pholoha timetso.—Esdrase 9:13-15; bapisa le Baheberu 7:9, 10.
-