Zambia
Afrika e tšoana le seaparo se seholo se khabisitsoeng. Moahi a le mong ho ba leshome ba lefatše o k’honthinenteng ea Afrika e qalang Lebōpong la Leoatle la Mediterranean le nang le lehlabathe le lesoeu ’me e theosa le Sahara e ’mala oa khauta ho pholletsa le meru e metala ho ea fihla lebōpong la Cape of Good Hope leo maqhubu a leoatle a khahlellanang ho lona. E na le linōka tse ngata, tse kang Nōka ea Nile, ea Niger, ea Congo le ea Zambezi. Ha motho a kenella hare ho eona o fumana mehloli ea khauta, koporo le majoe a mang a bohlokoa.
Zambia e sehlabeng sa Afrika e bohareng, ke lesabasaba le matsutla-tsutla le okametseng meru e lulang e le metala ea naha ea Congo. Ba bang ba ’nile ba re naha ena e tšoana le serurubele se seholo se ipharileng ’mapeng se lutse ka lekeke. E na le moeli o sa tloaelehang o sehiloeng nakong ea puso ea bokolone, o tšoaeang sebaka sa lisekoere-k’hilomithara tse fetang 750 000.
Ho na le Phula e Khōlō ka leboea-bochabela ho sebaka seo hona joale se bitsoang Zambia. Ka bophirimela le ka boroa ho moo ke Nōka e khōlō ea Zambezi. Ho fihlela lilemong tsa pejana ho 1900, naha ena e ne e ntse e ipatetse batho ba tsoang linaheng tse ling ba fihlileng ba tlatlapa khauta, manaka a litlou le makhoba Afrika. Ka 1855, David Livingstone eo e neng e le mofuputsi ebile e le mora oa monna ea neng a sebetsa leloaleng Scotland, o ile a thusa ho senolela lefatše sebaka se ka nģ’ane ho “Mosi oa Thunya”—se botle bo tsotehang seo hamorao Livingstone a ileng a se bitsa Phororo ea Victoria, e le ha a tlotla Mofumahali Victoria oa Engelane.
Ka mor’a moo, ho ile ha fihla baromuoa ba Bokreste-’mōtoana ba neng ba chesehela ho ntšetsa pele “Bokreste, khoebo le mesebetsi ea tsoelo-pele,” e le hore ba leke ho kenella hare k’honthinenteng. Litsela tseo ba neng ba li sebelisa li ne li sa buelle tšebeletso ea bona hantle. Empa nakoana ka mor’a moo ho ile ha fihla ba bang, bao ka thuso ea Molimo ba neng ba tla ipuella hore ke basebeletsi ba hae ba sebele.—2 Bakor. 6:3-10.
Mehleng ea Pele
Ka 1890, mekhatlo e mehlano ea baromuoa e ne e se e qalile ho sebetsa sebakeng seo hona joale se bitsoang Zambia. Mathoasong a lilemo tsa bo-1900, Maafrika a ’maloa a neng a tšoentsoe ke mesebetsi e etsoang ke bo-ralikolone le bo-rakhoebo a ne a batla tataiso. K’honthinenteng ena ho ne ho ntse ho runya mekhatlo e sa tloaelehang ea bolumeli le e makatsang. Empa ho ne ho e-na le thuso ea sebele ea moea. Ka 1911, batho ba lipelo li tšepahalang ba Zambia ba ile ba fumana libuka tsa Studies in the Scriptures. Ka potlako linnete tsa Bibele tse neng li le ka libukeng tseo li ile tsa namela leboea, le hoja ka linako tse ling li ne li fetisoa ke batho ba sa thahaselleng ho sebeletsa Molimo ka tieo.
Ka 1910, Charles Taze Russell, ea neng a hlokometse mosebetsi oa boboleli ba ’Muso mehleng eo, o ile a romela mor’abo rōna ea ka tšeptjoang le ea nkang lintho ka ho teba ea bitsoang William W. Johnston, ea neng a tsoa Glasgow, Scotland, hore a e’o thusa barab’abo rōna Nyasaland (eo e seng e le Malawi). Ka masoabi, ba seng bakae ba tlileng pele ho eena moo—bao e neng e le baahi ba moo le ba bang ba tsoang linaheng tse ling—ba ne ba sothile linnete tsa Mangolo kaha ba ne ba ichebile bobona. Ha e le hantle, lilemong tse ileng tsa latela, batho ba ipitsang baboleli le baruti ba ile ba fihla Rhodesia Leboea (eo e seng e le Zambia) ba buella bolumeli bo kopa-kopaneng bo hohelang batho, bo tšepisang tokoloho bo bileng bo sebelisang mekhoa e litšila. Ha Mor’abo rōna Johnston a ntse a thusa batho ba Nyasaland, bao a ileng a ba hlalosa e le “ba lakatsang ho ithuta le ho tseba Lentsoe la Molimo ka tieo,” ho ne ho se ho hokaalo ho etsoang ho hlokomela mosebetsi Zambia, e ka bophirimela ho Nyasaland. Lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng li ile tsa tla Rhodesia Leboea ka poso le ka basebetsi ba sebetsang hōle le mahae, empa lilemong tseo boholo ba mosebetsi oa boboleli ba ’Muso bo ne bo iketsetsoa feela ho se na tsamaiso.
Nako ea ho se Kholisehe
Lilemong tse qalang tsa bo-1920 ho ne ho e-na le ho se kholisehe ho itseng. “Mekhatlo ea Watch Tower” ea sebakeng seo e ile ea etsa lintho tse ngata tse ileng tsa thunthetsa tšebeletso ea Bokreste ba ’nete e etsoang ke bahlanka ba Molimo. Ho ne ho e-na le litlaleho tsa hore ba bang ba neng ba sa utloisise ’nete ea Bibele ka ho hlaka le ba neng ba itlameletsa ka hore ba kopanela le Liithuti Tsa Bibele, e leng kamoo Lipaki Tsa Jehova li neng li tsejoa kateng nakong eo, ba ne ba alimisana basali ba bile ba etsa liketso tse ling tse fosahetseng. Empa ho bonahala eka ho ne ho e-na le lihlopha tse ngata tse neng li latela melao-motheo ea Bibele ka tieo li bile li chesehela boboleli, e leng ho neng ho paka hore li phelela ’nete.
Bothata e ne e le ho khetholla ba thahasellang ho sebeletsa Molimo e le kannete. Ka 1924 Thomas Walder le George Phillips, ba neng ba tsoa Brithani, ba ile ba fihla ofising ea Liithuti Tsa Bibele e neng e le Cape Town, Afrika Boroa. Mor’abo rōna Walder ea neng a sa tsoa feta lilemo tse 30, o ile a ea linaheng tse peli tsa Rhodesia ho ea batla batho ba sebelisang lebitso la Watch Tower. Selemong se hlahlamang seo, William Dawson, ea neng a tsoa Europe, o ile a abeloa ho etela lihlopha tse hōlang. O ile a hlokomela hore batho ba ipitsang baruti ba ne ba chesehela ho kolobetsa batho ba bangata, bao boholo ba bona ba neng ba sa utloisise ’nete ea Bibele ebile ba sa e ananele. Hamorao Llewelyn Phillips (ea sa amaneng le George Phillips) o ile a re ha a ngola: “Ho hlakile hore batho ba bangata ba tšoana le batho ba Ninive bao ho hang ba neng ‘ba sa tsebe phapang pakeng tsa letsoho la bona le letona le letsoho la bona le letšehali.’” (Jon. 4:11) Batho ba bangata ba ne ba batla ’nete ka tieo empa ba thatafalloa ho e utloisisa kaha ho ne ho se na lingoliloeng tsa lipuo tse buuoang moo. Ho ne ho kōpuoe ’muso ka makhetlo hore o amohele botsamaisi bo tsitsitseng ba mosebetsi moo empa boiteko boo bo hlōlehile, kahoo ofisi e Cape Town ea etsa qeto ea ho emisa boboleli ba phatlalatsa le ho kolobetsa batho. Le hoja Mor’abo rōna Walder a ne a sa thibele lihlopha tsa batho ba thabelang hore li ithute Bibele le hore li bokane hammoho bakeng sa borapeli, o ile a li ngolla a li khothalletsa hore li latele tokisetso eo ea nakoana ho fihlela ho khethiloe moemeli oa Liithuti Tsa Bibele ea tla sebetsa nako eohle.
Ho Bolela Libakeng Tse Haufi le Seporo
Ka makholo a lilemo, batho ba moo ba ’nile ba etsa lithulusi le ho khabisa ka koporo e lutseng mobung o ka holimo. Empa lilemong tsa bo-1925, K’hamphani ea Brithani e Afrika Boroa e neng e laola sebaka seo ebile e laola litokelo tsa ho rafa moo, e ile ea qala ho epa mekoti e meholo ka tlas’a lefatše. Ho ne ho hlokahala basebetsi, ’me batho ba likete ba tsoang libakeng tsa mahae ba ile ba tla metseng le litoropong tsena tse ncha tse neng li iphaphathile ka seporo seo ho neng ho reriloe hore se tla tloha Cape Town se e’o fihla Cairo.
James Luka Mwango o re: “Lihlopha, kamoo liphutheho li neng li bitsoa kateng nakong eo, li ne li thehoa ka tsela e fapaneng hōle le kamoo lintho li hlophisoang kateng kajeno. Pele ho 1930, liboka tsa thuto ea Bibele li ne li tšoareloa lihlopha tsa batho ba seng bakae feela. Batho ba bang ba thabelang ba ne ba ngolla ofisi e Cape Town, ha ba bang bona ba ne ba ikōpela lingoliloeng ka ho toba Brooklyn. Kaha lingoliloeng li ne li ngotsoe ka Senyesemane, ba bangata ba ne ba thatafalloa ho utloisisa ’nete hantle.” Le hoja ka kakaretso lihlopha li ne li e-na le batho ba seng bakae feela, li ne li hatela pele, li chesehela mosebetsi o hlophisitsoeng oa boboleli li bile li bolela ka boikemisetso bo boholoanyane. Baruti ba Bokreste-’mōtoana ba ile ba hlokomela seo.
Letšolo la ho Thibela Mosebetsi
Ka May 1935, malumeli a nang le tšusumetso a ne a entse hore ho fetoloe melao e laolang litlōlo tsa molao Rhodesia Leboea, e leng ho ileng ha etsa hore ho kena ha lingoliloeng tseo ho thoeng li hlohlelletsa bofetoheli le ho ajoa ha tsona naheng eo e be tlōlo e tebileng ea molao. Ho hlakile hore ba neng ba etsa qeto ea hore na ke’ng e hlohlelletsang bofetoheli kapa ho ketola ’muso ba ne ba susumetsoa ke maikutlo a bona a lipolotiki kapa a bolumeli. Joalokaha liketsahalo tse ileng tsa latela li ile tsa bontša, ha ho pelaelo hore bahanyetsi ba ne ba batla lebaka la hore Lipaki Tsa Jehova li thibeloe.
Ha phatlalatso ea tefiso e ncha ea lekhetho e tsosa morusu har’a basebetsi ba limmaene, bahanyetsi ba ile ba bona oo e le monyetla oa hore ba qose Lipaki ka hore li khahlanong le ’muso. Lipaki li ne li bile le kopano, Lusaka, mathoasong a khoeli eo. Kamoo ho bonahalang kateng, bahanyetsi ba ile ba amahanya kopano eo ea batho ba seng bakae le merusu e etsahetseng lik’hilomithara tse fetang 300 ka leboea ho moo. Thomson Kangale, eo e neng e le mohlankana ka nako eo, o re: “Re ne re tseba hore re tl’o thulana le mathata. Ho e-na le ho ea boboleling, re ile ra etsa qeto ea ho lula malapeng le ho ithuta lipina tsa ’Muso. Re ne re tseba hore ha rea lokela ho kenella seteraekeng kapa liketsong tse mabifi.” Leha ho le joalo, barab’abo rōna ba ile ba tšoaroa, ’me metseng e mengata ba lelekoa malapeng a bona le lingoliloeng tsa bona tsa Bibele tsa nkoa ka mahahapa ’me tse ling tsa senngoa. ’Musisi o ile a ntša phatlalatso e thibelang lingoliloeng tsa rōna tse 20.
Ho ile ha thehoa komisi ea lipatlisiso ho batlisisa ka meferefere ena. Mokomishinara oa setereke sebakeng se neng se bile le merusu e mengata o ile a lumela a re: “Lipaki Tsa Jehova le mokhatlo oa Watch Tower li ne li le sieo seteraekeng seo.” Ha ho Paki le e ’ngoe ea Jehova e neng e nkha lefotha morusung oo. Leha ho le joalo, buka ea Christians of the Copperbelt e ile ea tlaleha ea re: “Komisi ea Lipatlisiso . . . e amohetse liqoso tse ngata tse tebileng e itšetlehile ka bopaki bo fokolang, [’me] ka lebaka la tlaleho ea eona lingoliloeng tsa Lipaki Tsa Jehova li thibetsoe. Literekeng tse seng kae, marena a tsoile letšolo ka sekhahla ho hatella Ma-Watchtower le ho chesa libaka tseo a kopanelang ho tsona.”
Ka nako e tšoanang, ofisi e Cape Town e ile ea ipiletsa ka makhetlo ho mongoli oa ’muso oa Brithani pusong ea likolone hore Lipaki li “lumelloe hore li sebelise tokelo eo Molimo a li fileng eona ea ho rapela Jehova Molimo ho latela matsoalo a tsona, li sa sitisoe.” Ea boela ea kōpa hore ho be le ofisi e lulang e e-na le moemeli. Jehova o ile a hlohonolofatsa boiteko bona. Ka March 1936, mongoli oa ’muso o ile a lumela hore ho thehoe depo Lusaka le hore Llewelyn Phillips e be moemeli oa ofisi moo.
Lintho Tse ’Nè Tse Hlokahalang
Ho thehoa ha depo Lusaka e bile tlhōlo ea bohlokoa. Empa ’musisi ha aa ka a fana ka tumello ea molao ea hore Lipaki Tsa Jehova e be mokhatlo oa bolumeli, ho fihlela ho ka hlahisoa bopaki bo amohelehang bo bontšang hore liphutheho li tsamaisoa ka tsela e hlophisitsoeng haholoanyane. Lilemong tse ileng tsa latela, Mor’abo rōna Phillips o ile a sebetsa ka thata le barab’abo rōna ba bang ba tšepahalang ho thusa batho ba tšepahalang le ho ba matlafatsa le ho qhelela ka thōko ba khothalletsang mekhoa eo e seng ea Mangolo. Bo-pula-maliboho ba ile ba koetlisoa ka lithuto tsa motheo litabeng tsa boitšoaro le tsa tlhophiso, ba ntan’o thusa lihlopha le liphutheho ha ba tloha moo.
Mor’abo rōna e mong ha a bua ka nako eo o ile a re: “Selemo sa 1940 e bile se setle ka ho fetisisa ho bahoeletsi ba Zambia. Ke selemo seo ka sona batho ba ileng ba boela ba lumelloa ho kolobetsoa. Kolobetso e ne e emisitsoe ka 1925.”
James Mwango o re: “Pele seithuti sa Bibele se lumelloa ho kolobetsoa, se ne se se se lokela ho ithuta seo re neng re re ke lintho tse ’nè tse hlokahalang. Ka mor’a moo motho ea kolobetsang kapa mor’abo rōna e mong ea khethiloeng ke mohlanka oa phutheho o ne a se botsa hore na lintho tseo li bolela’ng. Ntho ea pele e neng e hlokahala e ne e le ho utloa ’nete; ea bobeli e le pako; ea boraro e le ho ithuta Lentsoe la Molimo; ’me ea bone e le ho inehela. Seithuti se ne se kolobetsoa haeba se utloisisitse lintho tseo tse ’nè tse hlokahalang hantle. Khato ena e ile ea nkoa ho netefatsa hore ba kolobetsoang ba tseba hantle seo ba se etsang.”
Lingoliloeng Lia Thibeloa
Haholo-holo nakong ea ntoa ea bobeli ea lefatše, ba boholong pusong ba ne ba nka hore boemo ba Lipaki ba ho se nke lehlakore ke tsela eo ka eona li hanyetsang leano la ’muso la ho thaotha batho. Ka December 1940, lethathamo la lingoliloeng tse thibetsoeng le ile la eketseha la kenyelletsa lingoliloeng tsohle tsa Lipaki Tsa Jehova. Lingoliloeng tsa rōna li ile tsa thibeloa ho kena naheng eo. Nakong ea selemo ka 1941, ’muso o ile oa phatlalatsa tsebiso e reng ba nang le lingoliloeng tsa Watch Tower ba nehelane ka tsona ho seng joalo ba tla qosoa ebile ba ka ’na ba koalloa teronkong.
Solomon Lyambela, eo e neng e le molebeli ea tsamaeang, eo hamorao a ileng a ea Sekolong sa Gileade, o re: “Re ne re pata lingoliloeng ka liketsoaneng Nōkeng ea Zambezi. Re ne re faselletsa libuka ka tlas’a libethe, tse ling re bile re li pata ka har’a poone le nyalothe.”
Mor’abo rōna e mong o ile a re: “Re ne re tlameha ho epela libuka tsa rōna. Empa re ne re sa tlameha ho pata Bibele ea Berea, eo re neng re e ananela haholo ebile e sa thibeloa. Re ile ra lahleheloa ke libuka tse ngata—tse ling li ile tsa jeoa ke bohloa, tse ling masholu a li utsoa. Kaha re ne re etela khafetsa libakeng tsena tseo re patileng libuka ho tsona, masholu a ne a nahana hore re patile matlotlo a itseng moo. Ke hopola ka le leng ha ke il’o ithutela hlatheng hore ke ile ka fumana libuka tsa rōna li hasane moo. Re ile ra li bokella ra ntan’o li pata hape sebakeng se seng.”
Llewelyn Phillips o ile a iteta sebete a ngolla ’musisi a tletleba ka lingoliloeng tse thibetsoeng. Mor’abo rōna Phillips ea neng a se a ntse a ile a tšoaroa pejana selemong seo ka lebaka la ho hana ho ea bosoleng, o ile a ahloloa likhoeli tse ling tse tšeletseng. Moithaopi e mong ea neng a thusa ka nakoana depong e Lusaka o ile a re: “Re ne re atisa ho eteloa ke ba Lefapha la Patlisiso ea Tlōlo ea Molao, ’me Mor’abo rōna Phillips a atisa ho bitsetsoa sepoleseng.” Leha ho le joalo, Mor’abo rōna Phillips o ile a tsoela pele ho thusa liphutheho hore li hlophise lintho ka nepo le hore li chesehe. Ha ho ntse ho hlaha barab’abo rōna ba nang le litšoaneleho tse hlokahalang, ba ile ba koetlisoa ba ntan’o sebelisoa e le balebeli ba tsamaeang. Ba ile ba thusa hore ho finyelloe tlhōrō ea bahoeletsi ba 3 409 ka 1943.
Tsoelo-Pele e Lebisang Tokolohong e Khōloanyane
Ha ntoa e lala, ofisi ea Lipaki Tsa Jehova e Brithani le e Afrika Boroa li ile tsa ipiletsa ka makhetlo Ofising ea Bokolone e London hore e lumelle lingoliloeng tsa rōna ka molao. Ka mor’a hore ’muso o amohele kōpo e neng e saenetsoe ke batho ba fetang 40 000 ba bontšang hore ba tšehetsa mosebetsi oa ho ruta o etsoang ke Lipaki Tsa Jehova, ’muso o ile oa tlosa lingoliloeng tse ling lethathamong la oona la lingoliloeng tse thibetsoeng. Empa Molula-Qhooa oona o ile oa ’na oa tsoela pele o thibetsoe.
Ka January 1948, Nathan Knorr le Milton Henschel ba tsoang ntlo-khōlō ea Lipaki Tsa Jehova e Brooklyn ba ile ba etela naheng eo ka lekhetlo la pele. Ha ba tsoa kopanong ea matsatsi a mane e neng e tšoaretsoe Lusaka, ba ile ba kopana le mongoli oa litaba tsa lehae le moeletsi oa ’muso litabeng tsa molao, ba ileng ba ba bolella hore haufinyane lithibelo tse ling li tla tlosoa. E ile ea e-ba ho thabisang hakaakang ha mosebetsi oa batho ba Jehova o qetella o ngolisitsoe ka molao! Ka la 1 September, 1948, ho ile ha thehoa ofisi e ncha ea lekala e neng e ngolisitsoe ka Lipaki Tsa Jehova, eseng ka Mokhatlo oa Watch Tower. Ba boholong le batho ka kakaretso, esita le barab’abo rōna ka bobona, ba ne ba nka hore joale ho tla bonahala phapang hantle pakeng tsa Lipaki Tsa Jehova le batšehetsi ba maquloana a moo a ipitsang “Watch Tower.”
Ka lilemo tse 40 pele ho moo, bahanyetsi ba bolumeli, ba neng ba hlile ba sa thahaselle ho etsa barutuoa ba Kreste, ba ile ba leka ho senya tumelo ea ba mamelang litaba tse molemo. Lipaki Tsa Jehova, tse ’nileng tsa senngoa lebitso ka hore ke “bathetsi,” li ile tsa tsoela pele li itsebahatsa hore ke basebeletsi ba ’nete ba Molimo. (2 Bakor. 6:8) Kaha li ne li lebeletse hore li tla ba le bolokolohi ka mor’a ntoa, li ile tsa etsa litokisetso tse tsotehang tsa ho hlokomela keketseho e neng e tla latela.
Tšebeletso ea Boromuoa
Ian (John) Fergusson, ea sebelelitseng Zambia ka lilemo tse ngata o re: “Ntho e ’ngoe e putsang tšebeletsong ea boromuoa ke ho bona kamoo Jehova a sebelisang banna le basali ba mefuta eohle kateng ho phethahatsa morero oa hae. Hoa thabisa ho bona tsela eo ba thusoang moeeng ba ananelang thuso eo ka eona.” Baromuoa ba malumeli a mang ba atisa ho tšoareha litabeng tsa sechaba le tsa moruo, ha baromuoa ba Lipaki Tsa Jehova bona ba amehile haholo ka mosebetsi oa ho etsa barutuoa ba Bakreste. Ha baromuoa bana ba phethahatsa thōmo ena eo ba e filoeng ke Molimo, ba bonahatsa “lerato le se nang boikaketsi.”—2 Bakor. 6:6.
Batho ba kang William Johnston, ea tlileng Afrika e ka boroa lilemo tse seng kae pele Ntoa ea I ea Lefatše e qhoma a ba a etela libakeng tse ngata tikolohong eo, ba ile ba bonahatsa moea oa boromuoa. Ka 1921, Piet de Jager, Parry Williams le ba bang ba ile ba fihla Salisbury (eo e seng e le Harare), motse-moholo oa Rhodesia Boroa (eo e seng e le Zimbabwe) e haufi le Zambia. George Phillips, Thomas Walder le William Dawson ba ile ba tšoareha ka Rhodesia Leboea lilemong tsa bo-1925. Batho ba bang, bao e leng matsoalloa a Rhodesia Leboea ba ileng ba kopana le Liithuti Tsa Bibele ha ba ntse ba sebetsa libakeng tse ling, ba ile ba khutlela hae ho ea bolela “litaba tse molemo tsa lintho tse molemo.” (Bar. 10:15) Manasse Nkhoma le Oliver Kabungo ba ile ba phetha karolo e khōlō ho haseng litaba tse molemo lilemong tseo tse qalang. Joseph Mulemwa, eo e leng letsoalloa la Zambia, o ile a pakeloa ha a le ’maeneng oa Wankie (eo e seng e le Hwange), karolong e ka leboea ea Zimbabwe, ’me hamorao a sebeletsa ka botšepehi karolong e ka bophirimela ea Zambia. Fred Kabombo e bile eena molebeli oa pele ea tsamaeang sebakeng seo. Bara bana babo rōna ke bona ba butseng khoro, ba ea libakeng tseo ho tsona litaba tse molemo li neng li e-s’o boleloe hakaalo kapa li e-s’o boleloe ho hang ’me ba rala moralo o tiileng oa keketseho e neng e tla latela.
Ho elella qetellong ea ntoa ea bobeli ea lefatše, Charles Holliday ea tsoang Afrika Boroa o ile a amohela kōpo ea George Phillips ea neng a le ofising e Cape Town, ea hore a etele lihlopha tsa batho ba thabelang Profinseng e ka Bophirimela. Mor’abo rōna Holliday hammoho le mor’abo rōna e mong oa moo ea neng a mo tolokela, ba ile ba tsamaea ka terene e tsamaisang mapolanka, ka seketsoana sa masokoana le ka lekareche le lenyenyane le tsamaeang ka motlakase. Ha ba fihla motsaneng oa Senanga, o lik’hilomithara tse ka bang 250 ka leboea ho Phororo ea Victoria, ba ile ba amoheloa ke letšoele le leholo moo. Ba bang letšoeleng leo ba ne ba tsamaile matsatsi a mangata ho ea moo, ba thabetse ho tla mamela moeti eo ha a hlalosa linnete tsa Bibele.
Ho Fihla ha Baromuoa ba Tsoang Gileade
Harry Arnott le Ian Fergusson bao ka bobeli e neng e le baromuoa, ba ile ba fihla Zambia ka 1948. Ba ile ba pakela batho ba likete ba Europe ba neng ba falletse moo ba il’o sebetsa limmaeneng tsa koporo. Ba bang ba batho bao ba ile ba amohela molaetsa. Selemong sona seo, Lipaki tse mafolofolo tšebeletsong ea tšimo li ile tsa eketseha ka tse 61 ho tse ling le tse ling tse lekholo.
Libakeng tse ngata baromuoa ba ne ba atisa ho ba le lethathamo la batho ba emetseng ho khanneloa thuto ea Bibele. Ofisi ea lekala e ile ea reka teraka ea khale e koetsoeng ea moetso oa Dodge e neng e se e e-na le lilemo tse leshome, e neng e sebelisoa ke baromuoa ba babeli bao e neng e le balebeli ba tsamaeang ha ba ea libakeng tse ka ntle ho toropo. Tlaleho e ’ngoe ea lekala e ile ea re: “E ne e thusa haholo, le hoja ka linako tse ling e ne e khutla e se e tsamaea ka mabili a mararo kapa e hohobisa chesi.”
Ka 1951 ho ne ho e-na le baromuoa ba tšeletseng naheng eo. Ka December 1953 ho ile ha fihla baromuoa ba bang ba tšeletseng ba neng ba tlil’o thusa. Ba bang ba bona e ne e le Valora le John Miles, ba ileng ba sebeletsa Zambia ka lilemo tse tšeletseng ba ntan’o isoa Zimbabwe ’me hamorao ba isoa Lesotho. Lilemong tse latelang, ho ile ha fihla baromuoa ba bang ba eketsehileng: Joseph Hawryluk, John le Ian Renton, Eugene Kinaschuk, Paul Ondejko, Peter le Vera Palliser, Avis Morgan le ba bang bohle ba ileng ba tlatsetsa ka boiteko ba bona bo lerato. Ha e le hantle, e le hore ba atlehe tšebeletsong ea bona e khethehileng ho ne ho hlokahala hore ba itele ba be ba etse liphetoho tse itseng.
“E sa le Ngoana!”
Wayne Johnson o hopola kamoo a ileng a ikutloa kateng ha a ne a abeloa ho ea Zambia, o ile a re: “Kea kholoa ba entse phoso.” Wayne ea neng a le sehlopheng sa bo36 sa Gileade, o ile a fihla moo a e-na le Earl Archibald mathoasong a 1962. Wayne eo hona joale e leng mosebeletsi ea tsamaeang Canada, hammoho le mosali oa hae, Grace, o re: “Ke ne ke le lilemo li 24 feela ka nako eo ’me ke shebahala ke le monyenyane ho feta moo. Ha ke ntse ke ithuta Sechinyanja [seo hape se bitsoang Sechichewa], ke ne ke ee ke utloe baralib’abo rōna ba bang ba hoeshetsa ha ba qala ho mpona ba re: ‘akali mwana’—ke hore ‘E sa le ngoana!’”
Wayne o re: “Ke ile ka hlokomela hore ke tla lokela ho itšetleha haholo ka Jehova le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng. Ke ne ke batla hore bohle ba tsebe hore motheong oa Liketso 16:4, ke mpa ke fetisa tataiso le boitsebiso boo Jehova a bo lokiselitseng hammoho le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng. Ke ne ke boetse ke leka ho etsa lintho ka tsela eo ba bang ba tla e amohela. Ha ke hetla morao, ke ntse ke tsota hore ebe ke ile ka fuoa tokelo e khōlō joalo.”
Ba Lelekoa Naheng eo!
Lintho li ile tsa fetoha lilemong tsa bo-1960 le bo-1970. Nako le nako ho ne ho qhoma mahloriso ho pholletsa le naha. Ka mor’a hore Zambia e fumane boipuso ka 1964, barab’abo rōna ba ile ba tobana le mathata a eketsehileng a ho lumelisa folakha le ho bina pina ea sechaba. Ho elella lilemong tsa bo-1970, bo-ralipolotiki ba bang ba ne ba nka hore baromuoa ba na le tšusumetso e mpe e khahlanong le merero ea ’muso. Tlaleho e tsoang lekaleng e hlalosa se ileng sa etsahala: “Mesong ea la 20 January, 1968, hoo e batlang e le balebeli ba liphutheho tsohle tsa Senyesemane ba ile ba qala ba founa ba tsebisa ofisi ea lekala hore balebeli ba laetsoe hore ba tsoe naheng eo. Ho thahasellisang ke hore e ne e se Lipaki Tsa Jehova tse tsoang linaheng tse ling feela tse laetsoeng hore li tsoe naheng eo, empa baahi ba bang ba Zambia le bona ba ne ba laetsoe hore ba tsoe, e mong oa bona e ne e le George Morton, e mong e le Isaac Chipungu.”
Lintho li ile tsa etsahala ka ho panya ha leihlo. Ka hora ea leshome hoseng hona hoo, basebetsi ba lefapha la tsa bojaki ba ile ba tla ofising ea lekala ba fana ka mangolo a lelekang banyalani ba leshome ba baromuoa. Moromuoa e mong ea bitsoang Frank Lewis o re: “Le pele re ka etsa eng kapa eng, ba ne ba se ba fihlile. Ho ne ho se ho ntse ho entsoe qeto ea hore barab’abo rōna ba baromuoa ba tle ba tsoe ka monyako o ka morao ba ee ha mor’abo rōna e mong ho ea qalisa litokisetso tse neng li se li ntse li entsoe haeba mosebetsi o ne o ka thibeloa. Empa re ne re le leqe ho tsamaea hobane morali’abo rōna e mong oa moromuoa o ne a robetse a kula haholo a tšoeroe ke malaria. Empa barab’abo rōna ba moo ba ile ba re phehella hore re tsamaee, ba re tšepisa hore ba tla hlokomela morali eo oabo rōna. Re ne re tseba hore ba tla mo hlokomela.
“Re ile ra makala ha re bala koranteng ea Times of Zambia hore Ma-Watchtower, e leng kamoo ba neng ba re bitsa kateng, a thibetsoe le hore ‘baeta-pele’ ba ’ona ba iphile limenyane. Mabitso a rōna a ne a ngotsoe leqepheng le ka pele la koranta eo, ho bile ho ngotsoe hore ba boholong ba ntse ba re batla ka ntlo le ntlo moo motseng! Barab’abo rōna ba neng ba setse ofising ba ile ba etsa mosebetsi o tsoileng matsoho. Ba ile ba isa lifaele le lingoliloeng libakeng tse sa tšoaneng. Ha mosebetsi oo o se o qetiloe, re ile ra khutlela lekaleng ka le hlahlamang ra ikisa ho ba boholong.”
Ho ne ho e-na le lepolesa le lebetseng ofisi ea lekala, ’me ka mor’a nakoana baromuoa ba itseng le ba bang ba tsoang linaheng tse ling ba fuoa mangolo a ba laelang hore ba tsoe ka hare ho naha. Mor’abo rōna Lewis o re: “Re bile har’a batho ba ho qetela ba ho tsamaea. Le kajeno, re sa seka meokho ha re hopola baralib’abo rōna ba ileng ba tsamaea le bana ba bona sebaka sa lik’hilomithara tse 25 ho tla re lakaletsa tsela tšoeu le ho re tšoara ka matsoho le hoja re ne re sa tsebane ka ho toba le bona!”
Mokhahlelo oa Bobeli oa ba Ileng ba Lelekoa Naheng eo
Ho ile ha feta nako e itseng. Albert Musonda, eo hona joale e leng setho sa Komiti ea Lekala Zambia, o ne a le lilemo li 22 ’me a sebetsa Lefapheng la Liak’haonte Bethele ha mapolesa a fihla ka tšohanyetso ka le leng ka 1975. O re: “A ile a fa baromuoa nako e ka tlaase ho lihora tse peli hore ba be ba tsoile naheng eo.”
John Jason eena o re: “Ka December 1975, lengolo le tsoang ofising ea tsa bojaki la mela e seng mekae feela le ile la re laela hore re tsoe naheng eo pele ho feta lihora tse 36.” Ho ile ha kōpuoa ’muelli e mong oa molao oa moo hore a etse boipiletso, ’me ha fanoa ka nako ea hore baromuoa ba phuthe thepa ea bona. Mor’abo rōna Jason o re: “Ka mor’a moo, re ile ra tlameha ho siea batho bao re neng re se re ba rata haholo.”
Dailes, e leng mohats’a Albert, o re: “Re ile ra felehetsa barab’abo rōna ra ba isa Boema-fofane ba Southdown ho ba lakaletsa tsela tšoeu. John Jason o ile a kena sefofaneng a ea Kenya, Ian Fergusson eena a ea Spain.” Ke’ng se neng se bakile mokhahlelo oo oa bobeli oa ba lelekoang naheng eo?
Ba bangata ba nahana hore kopano e ileng ea tšoaroa ka 1975 e ile ea khoatha linotši tsa semana. John Jason o re: “E bile e ’ngoe ea likopano tse khōlō ka ho fetisisa tse ileng tsa tšoaroa nakong eo ea merusu, ’me batho ba fetang 40 000 ba ne ba le teng ho eona.” Athe ebile hona nakong eo ho ne ho tšoeroe pitso ea lipolotiki haufi le moo. Ba bang ba neng ba le teng moo ba ne ba re Lipaki Tsa Jehova li nkeloe bohato bo matla kaha ha li nke lehlakore lipolotiking. Mor’abo rōna Jason o re ho ne ho thoe kopano eo ea Lipaki Tsa Jehova ke eona e entseng hore batho ba se ke ba tla ka bongata pitsong eo ea lipolotiki.
Baromuoa Baa Khutla
Ho ile ha feta lilemo tse leshome pele baromuoa ba ka khutlela Zambia. Lilemong tsa bo-1980 maemo a lipolotiki a ile a batla a tsitsa le lithibelo tsa fokotseha. Edward Finch le mohats’ae, Linda, ba ile ba fihla ka 1986, ba tsoa Gambia. Ho ile ha tla ba bang ba eketsehileng, ba akarelletsang Alfred le Helen Kyhe hammoho le Dietmar le Sabine Schmidt.
Dayrell le Susanne Sharp ba ile ba fihla ka September 1987, ba potile Afrika Boroa ha ba tsoa Zaire, eo hona joale e leng Democratic Republic of the Congo. Ba ne ba ile Sekolong sa Gileade ka 1969 ’me ba ea libakeng tse ngata tsa Congo ha ba ntse ba etsa mosebetsi oa ho tsamaea. Ba ne ba se ba ntse ba tloaelane le bophelo ba Afrika e bohareng. Dayrell, ea shahlileng, o bile tšebeletsong e khethehileng ea nako e tletseng ka lilemo tse fetang 40. O re: “Re qetile lilemo tse ngata lehaeng la rōna la baromuoa le neng le le haufi le leliboho la Lubumbashi, ’me re ne re atisa ho tšelela ka Zambia.”
Susanne o sa hopola hantle se neng se etsahala nakong eo. O re: “Ho haella ha lijo Congo mathoasong a lilemo tsa bo-1970 ho ne ho re tlama hore re ee Zambia ka mor’a likhoeli tse ling le tse ling tse peli re e’o reka teng. Joale mathoasong a 1987, Sehlopha se Busang se ile sa re kōpa hore re tlohe Congo re ee kabelong e ncha—hokae? Zambia!” Kaha ba ha Sharp ba ne ba hlokomela hore ho ntse ho e-ba thata le ho feta ho sebeletsa Congo, ba ile ba thabela ho ea naheng eo ho eona barab’abo rōna ba nang le bolokolohi bo boholoanyane ba bolumeli.
Leha ho le joalo, ho ne ho hlokahala hore ho etsoe liphetoho tse itseng tšimong le lekaleng. Kaha likarolo tse ling tsa tšebeletso ea phatlalatsa li ne li thibetsoe, barab’abo rōna ba bangata ba ne ba khanna lithuto tsa Bibele feela. Bahoeletsi ba bangata ba ne ba sa tloaela ho bolela ka ntlo le ntlo phatlalatsa—ba bile ba tšaba, le hoja oo e le mokhoa o ka sehloohong oa tšebeletso ea phatlalatsa e etsoang ke Lipaki Tsa Jehova. Ka hona, barab’abo rōna ba ile ba khothalletsoa hore ba be sebete haholoanyane mosebetsing oa ho bolela ka ntlo le ntlo, haholo-holo hobane boemo bo ne bo se bo se bobe hakaalo naheng eo ebile mapolesa a ne a se a se na taba hakaalo le seo re se etsang.
Ba Hatela Pele, ha ba Cheche
Komiti ea Lekala e ne e tšoenyehile ha e bona ho se na keketseho lilemong tsa bo-1970. Moetlo o ne o thatafalletsa barab’abo rōna ho ithuta le bana ba bona, ’me kaha ho paka ka ntlo le ntlo ho ne ho thibetsoe, ho ne ho tloaelehile hore bo-ntate ba re batho ba bang ba ithute le bana ba bona. Bo-ntate bao le bona ba ne ba ithuta le bana ba batho ba bang. Joale e ne e le nako ea hore ba etse liqeto tse bontšang sebete. Lilemong tse ileng tsa latela, bahoeletsi ba ile ba khothalletsoa hore ba lahle meetlo le mekhoa e sa lumellaneng le Mangolo. Liphutheho li ile tsa etsa seo, kahoo tsa hlohonolofala, ’me barab’abo rōna ba ikitlaelletsa ho phela tumellanong le melao-motheo ea Bibele le mokhatlo oa bara ba motho oa lefatšeng ka bophara.
Lilemo tse hlano ka mor’a hore baromuoa ba lelekoe naheng eo ka 1975, lenane la bahoeletsi le ile la fokotseha ka ba ka bang 11 ho ba bang le ba bang ba lekholo. Ka lehlakoreng le leng, lilemo tse hlano ka mor’a hore baromuoa ba khutle ka 1986, lenane la bahoeletsi le ile la fihla tlhōrōng ha ba eketseha ka ba 50 ho ba bang le ba bang ba lekholo. Ho tloha selemong seo, lenane la bahoeletsi ba mafolofolo le imenne ka makhetlo a fetang a mabeli.
Lengolong leo Silas Chivweka, eo e kileng ea e-ba molebeli ea tsamaeang, a ileng a le ngolla lekala, o ile a re: “Ho tloha lilemong tsa bo-1950 ho ea pele, baromuoa ba koetlisitsoeng Gileade ba thusitse ba bang hore ba hatele pele e be ba hōlileng moeeng. Baromuoa bana ba ne ba e-na le mamello le kutloisiso ebile ba le mosa. Ba ile ba hlokomela lintho tse lokelang ho lokisoa hobane ba ile ba ikatametsa ho bahoeletsi.” Le kajeno thuso eo ea baromuoa e bontšang lerato le se nang boikaketsi e ntse e thusa hore ho be le keketseho.
Lingoliloeng
Joaloka Pauluse le metsoalle ea hae, Lipaki Tsa Jehova tsa kajeno li bonahatsa hore li sebeletsa Molimo ka ho sebelisa “lihlomo tsa ho loka ka letsohong le letona le ka ho le letšehali.” (2 Bakor. 6:7) Ntoeng ea tsona ea moea, li tsoela pele ho sebelisa “lihlomo” tsa ho loka kapa mekhoa e lokileng ho ntšetsa pele borapeli ba ’nete.
Mehleng ea pele, lingoliloeng tsa rōna li ne li fumaneha ka Senyesemane feela. Le hoja batho ba bang ba Afrika e ka boroa ba ne ba e-na le lipeeletso tsa Molula-Qhooa (ka Senyesemane) ho tloha khale koana ka 1909, ’nete ea Bibele e ne e boleloa haholo-holo ka molomo. Mor’abo rōna e mong ea phetseng nakong eo o ile a re: “Motse o mong le o mong o na le [lepatlelo] e leng moo ho mameloang litaba tse amang sechaba teng. Mor’abo rōna ea etelang libaka o fetolela lirapa tsa Senyesemane ka tsela e ka utloisisoang habonolo ka puo ea batho ba sebakeng seo. Ho arajoa lipotso.” Ho hlakile hore ho nepahala ha linnete tse fetisoang ho ne ho itšetlehile haholo-holo ka bokhoni ba mofetoleli le sepheo sa hae. Kahoo, e le hore batho ba thabelang ba be le bonngoe le tsebo e nepahetseng, ho ne ho hlokahala hore ba fumane lingoliloeng tse tsoang kamehla tse thehiloeng Bibeleng tse ngotsoeng ka puo ea bona tse bileng li ka tšeptjoang.
Ho Hlahisoa Lingoliloeng
Mathoasong a lilemo tsa bo-1930 ho ile ha fetoleloa buka ea The Harp of God le libukana tse ling ka Sechinyanja tsa ba tsa hatisoa. Ka 1934, bahoeletsi ba seng bakae ba mafolofolo ba ne ba se ba abile lingoliloeng tse fetang 11 000. Mosebetsi ona o ile oa khopisa bahanyetsi, bao hamorao ba ileng ba rera “khathatso ka molao-taelo.” (Pes. 94:20) Empa ho elella qetellong ea 1949 makasine ea Molula-Qhooa e ne e se e sa thibeloa, ’me e ne e hatisoa ka bongata hang ka khoeli ka Secibemba ebile e romeloa ho batho ba entseng peeletso.
Jonas Manjoni o hopola seo a neng a se etsa ka limakasine tseo mathoasong a lilemo tsa bo-1950. O re: “Ke ne ke fetolela Secibemba ke le mong. Ke ne ke fumana taba e ngotsoeng ka Senyesemane, ke e fetolela ke be ke e lokise liphoso. Ha ke qeta ke ne ke e thaepa mochineng o etsang likopi ka stensele ho hlahisa tse ling tse eketsehileng. Mosebetsi oo o ne o nka nako; ’me ka linako tse ling ho ne ho hlokahala likopi tse 7 000 tsa tokollo ka ’ngoe. Ke ne ke hlahisa makasine e ’ngoe le e ’ngoe ka letsoho ke ntan’o e kopanya ka stapler. Ka mor’a moo ke ne ke romela limakasine tseo liphuthehong. Ho ne ho nka nako ho beha litempe meqolong ea limakasine ebile e le mosebetsi oa motonanahali ho isa mabokose a tsona posong.”
Le hoja theknoloji e ne e e-s’o hatele pele hakaalo mehleng eo, bafetoleli ba ne ba bonahatsa boinehelo, ba hlokomela melemo ea mosebetsi oo ba o etsang. Le hoja James Mwango a ne a phathahane mosebetsing oa ho tsamaea, o ne a ngola ka letsoho ha a fetolela, hangata a sebetsa a khantšitse kerese. O ile a re: “Ho ne ho se mohla ke ikutloang ke khathetse hoo ke neng nke ke ka etsa mosebetsi oo. Ke ne ke thabela ho tseba hore boiteko boo ke bo etsang bo thusa barab’abo rōna ho fumana lijo tsa moea, bo ba thusa ho hōla moeeng.”
‘Ho Fapanyetsana Matsoho’
E le hore mofetoleli a fetolele ’nete ka tsela e nepahetseng ho hlokahala hore a tsebe puo ea hae hantle a be a utloisise hantle taba e ngotsoeng ka Senyesemane. Aaron Mapulanga o ile a re: “Mosebetsing oa ho fetolela, ho na le lipolelo tse ling tse bolelang ntho e fapaneng le seo mantsoe a ngotsoeng a se bolelang. Ke sa hopola ka le leng re buisana ka poleloana ea Senyesemane e reng ‘ho fapanyetsana matsoho’ khatisong e neng e bua ka hore Elisha o ile a fuoa boikarabelo ba Elia. Mor’abo rōna e mong o ile a fetolela poleloana eo ka ho toba. Ke ne ke ipotsa hore na ebe taba eo ho buuoang ka eona moo e hlile e bolela ‘ho fapanyetsana matsoho.’ Ka mor’a ho buisana le barab’abo rōna ba bang, re ile ra hlakeloa ke seo e se bolelang. Ke sa hopola hore re ile ra eletsoa hore re se ke ra fetolela lentsoe ka lentsoe hobane phetolelo ea rōna e tla utloahala ekare ke Senyesemane. Re ile ra leka ho qoba ho fetolela lentsoe ka lentsoe ’me ra leka ho latela tsela eo puo ea rōna e behang taba ka eona.”
Theknoloji ea Thusa
Ho tloha ka 1986, liofisi tsa makala li ile tsa qala ho sebelisa MEPS (e emelang multilanguage electronic phototypesetting system). E thusitse haholo tabeng ea ho potlakisa mosebetsi oa ho fetolela, oa ho hlahloba phetolelo le oa ho hlophisa boitsebiso pele bo ea khatisong. Morao tjena, libakeng tse ngata ho sebelisoa mananeo a k’homphieutha a thusang mosebetsing oa phetolelo a Watchtower le mananeo a mang a thusang bafetoleli. Hona joale, lithimi tse fetolelang ka lipuo tse ’maloa tse khōlō tse buuoang Zambia li hlahisa lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng tse utloisisoang ke batho ba bangata ba moo. Phetolelo ea Lefatše le Lecha le ‘lihlomo tse ling tsa ho loka’ li tla tsoela pele ho thusa batho ba lipelo li tšepahalang hore ba tsebe Jehova.—2 Bakor. 6:7.
Ho Thusa Baphaphathehi
Batho ba bangata ba Afrika ba iphelela ka thabo le ka khotso. Empa ka masoabi, batho ba ntseng ba eketseha ba angoa ke ntoa. Ka ho panya ha leihlo feela, baahelani e ba lira, batho ba se nang molato ba tlameha ho baleha mahaeng a bona, ’me metse e fetoha lesupi. Baphaphathehi ba inkela lintho tse seng kae feela ha ba ea moo ba ka fumanang botšabeli teng. Bona ke boemo boo ba limilione kajeno ba fetang ho bona.
Ka March 1999, batho ba likete ba ile ba balehela Zambia, e le ha ba baleha ntoa Democratic Republic of the Congo. Joaloka lintoeng tse ling tse ngata, mabotho a hlaselang a ile a ikhapela thepa, a qobella banna ho kakasa meroalo e boima ’me a hlekefetsa basali le bana. Kaha Lipaki Tsa Jehova ha li nke lihlomo, tse ngata li ile tsa hobosoa le ho khakhathoa ka sehlōhō. Pula-maliboho e mong ea ka bang lilemo li 55 ea bitsoang Katatu Songa, o re: “A ile a mpaqamisa fatše ka pel’a bana le basali a nchapa ho fihlela ke ea le mailiili.”
Malapa a mangata a ile a baleha ho qoba tlhekefetso e joalo. Mapengo Kitambo o ile a arohana le bara ba hae ha ba ntse ba baleha hlatheng. O re: “Re ne re se na nako ea ho batla hore na e mong o hokae. Re ne re lokela ho leba pele feela, le hoja re ne re tšoenyehile haholo ka baratuoa ba rōna.” Ba bangata ba ile ba tsamaea lik’hilomithara tse ngata ka maoto kapa ka baesekele ha ba balehela sebakeng se sireletsehileng.
Motsana oa Kaputa o ile oa tlala baphaphathehi. Har’a baphaphathehi bao ho ne ho e-na le barab’abo rōna ba ka bang 5 000 le ba malapa a bona, ba neng ba khathalitsoe ke leeto leo le lelelele le boima. Le hoja bahoeletsi ba ’Muso ba 200 ba lulang motseng oo ba ne ba sa lebella baphaphathehi bao, ba ile ba thabela ho amohela bara le barali bao babo rōna ka liatla tse mofuthu tsa Bokreste. Manda Ntompa, eo e leng mophaphathehi, o re: “Re ile ra angoa ka ho teba ke lerato le kamohelo e mofuthu eo re ileng ra e bontšoa. Barab’abo rōna ba ile ba re bulela matlo a bona ha ba utloa hore re Lipaki Tsa Jehova. Ho tšoana le mohlolohali oa Sarepta, ba ile ba ithaopela ho arolelana le rōna lijo tse seng kae tseo ba neng ba e-na le tsona.”
Lipaki tse seng kae tse haufi le lebōpo la Letša la Mweru le ka leboea li ile tsa hlokomela baphaphathehi ba makholo. Li ile tsa ba phallela ka lijo le bolulo ka tsela e hlophisehileng. Liphutheho tse haufi li ile tsa ba phallela ka cassava le tlhapi. Qetellong, ka mor’a likhoeli tse tharo, Lipaki tse tsoang Congo li ile tsa ngolisoa ’me tsa isoa kampong ea baphaphathehi.
Hase hangata batho ba balehang ntoa e mahlo-mafubelu ba tlang ba nkile libuka kapa limakasine. Hangata batho ba tlameha ho siea thepa eo ba tšabanang le eona ka ho fetisisa ha ba se ba le lephehlophehlong la ho balehela moo ho sireletsehileng. Empa boemo bo ne bo fapane har’a batho ba Molimo. Le hoja ba ne ba balehile ka lehlaphahlapha joalo, ba seng bakae ba ile ba khona ho nka lingoliloeng tsa bona. Leha ho le joalo, ba ne ba e-na le Libibele le lingoliloeng tse seng kae tse thehiloeng Bibeleng. Ho ne ho tloaelehile hore sebokeng seo ho sona ho nang le batho ba 150, ho be le libuka tse hlano feela. Ba bang ba ne ba nka karolo joang? Mor’abo rōna e mong o re: “Ba nang le Libibele ba ne ba phetla mangolo, ’me ba se nang tsona ba mamela ka hloko. Kahoo bohle ba ne ba kopanela ho roriseng Jehova le ho khothatsaneng ka litlhaloso tseo ba fanang ka tsona.”
Ba Tlisetsoa Liphallelo
Baphaphathehi ba bangata ke basali le bana. Ba atisa ho fihla ba kula ba bile ba se na seo ba ka se jang. Lipaki Tsa Jehova li ile tsa etsa’ng ho ba thusa? Times of Zambia e ile ea re: “Ke ho thabisang hore ebe Mokhatlo oa Lipaki Tsa Jehova oa Zambia o rometse baithaopi le basebetsi ba liphallelo moo pele e neng e le Zaire ka sepheo sa ho ea thusa baphaphathehi ba sebakeng sa Great Lakes.” Sehlooho seo se ile sa hlalosa hore Lipaki tsa Belgium, Fora le Switzerland “li file baphaphathehi lik’hilograma tse 500 tsa meriana, lithane tse 10 tsa livithamine, lithane tse 20 tsa lijo le lithane tse fetang 90 tsa liaparo, lipara tse 18 500 tsa lieta le likobo tse 1 000, tseo ha li kopana kaofela li bitsitseng chelete e ka bang $1m[ilione].”
Mor’abo rōna Ntompa o re: “Letsatsi leo thepa eo e fihlileng ka lona e bile le thabisang haholo ho rōna kaofela le le matlafatsang tumelo. Ruri re litho tsa mokhatlo o hlophisitsoeng o tsotellang! Ponahatso ena e hlollang ea lerato e ile ea etsa hore ba bangata ba sa lumelang malapeng a barab’abo rōna ba fetole maikutlo. Ho tloha nakong eo, ba bang ba se ba kopanela le rōna ’me ba hatela pele hantle e le barapeli ba Molimo.” Baphaphathehi bohle ba ile ba abeloa liphallelo, ho se ba khetholloang.
Ho elella qetellong ea 1999, lenane la baphaphathehi naheng eo le ne le se le nyolohetse ho ba ka holimo ho 200 000. Koranta e ’ngoe ea moo e ile ea re: “Zambia e se e le e ’ngoe ea linaha tse nang le lenane le holimo ka ho fetisisa la baphaphathehi ba Afrika ba balehileng lintoeng.” Le hoja ba boholong ba leka ho thusa baphaphathehi ka lintho tseo ba li hlokang, ho tsieleha le ho se khotsofale ho etsa hore baphaphathehi bao ba ipelaetse ka litsela tse mabifi. Ka mor’a morusu o mong, ba boholong moo kampong ba ile ba ea ho molebeli e mong oa potoloho, ba mo qosa ka hore ha aa ka a ba thusa hore ho be le taolo moo, le hoja Lipaki Tsa Jehova li ne li sa kenella morusung oo. Molebeli eo oa potoloho o ile a araba ka tsela e mosa empa a lomahantse meno, a re: “Ke le thusitse! Na lea tseba hore na lintho li ka be li mpefetse hakae haeba batho ba bang ba 5 000 ba ne ba keneletse mokhoping oo? Le mpe le lebohe hore ebe bonyane baphaphathehi ba bang ba 5 000 ha baa ka ba kenella morusung oo kaha ke Lipaki, ke barab’eso!”
Lipaki Tsa Jehova li nkoa e le batho ba tlisang botsitso kampong eo ea baphaphathehi. Ofisiri e ’ngoe ea ’muso e ile ea re: “Re utloile hore Lipaki Tsa Jehova ke batho ba ratang bolumeli haholo, ’me re behile tse ngata hore li hlokomele likarolo tse itseng tsa kampo ea baphaphathehi. Ho tloha nakong eo, ho bile le khutso kampong moo kaha lia thusa, ’me motho e mong le e mong o shebane le ho bala Bibele. Ke leboha Molimo hore ebe re sa ntse re e-na le batho ba joalo le hore ebe ho rena khotso kampong.”
Ho Mamela Molao oa Molimo o Thibelang ho Tšeloa Mali
Le hoja e le khale ho totobetse hore taelo ea Mangolo e reng re ‘ile . . . mali’ ke e bohlale e bileng e sebetsang, Afrika e ka boroa ho Sahara ho ne ho e-na le khethollo le ho se utloisise ho itseng tabeng ea phekolo ea meriana e sa sebeliseng mali. (Lik. 15:28, 29) Ka masoabi, Lipaki Tsa Jehova li ’nile tsa khahlapetsoa le ho hobosoa. Ho ne ho tloaelehile hore ngoana ea keneng sepetlele a nkoe bosiu, batsoali ba hae ba sa tsebe, ebe o tšeloa mali.
Michael ea lilemo li tšeletseng, eo e leng setloholo sa Jenala Mukusao se lulang le eena, o ile a kena sepetlele a kula a e-na le bothata bo tebileng ba khaello ea mali. Lingaka li ile tsa re o lokela ho tšeloa mali. Kaha Morali’abo rōna Mukusao o ile a hana hore a tšeloe mali, o ile a tlokoa le ho hlekefetsoa ka matsatsi a mane. O ile a re: “Ke ile ka ba kōpa ka tieo ke bile ke ba bontša karete ea ka ea Medical Directive, empa ba ne ba sa batle ho mamela. Baoki ba ne ba nqosa ka hore ke moloi ea batlang ho bolaea setloholo sa ka.”
Ka lebaka la lehloeo leo, ba bang ba ne ba le leqe ho ea sepetlele. Lingaka tse ngata li ne li sa hlomphe tokelo ea mokuli ea hore a tsebisoe sohle se amehang e le hore a etse qeto a e-na le tsebo. Lingaka tse seng kae tse neng li ikemiselitse ho thusa li ne li ipeha kotsing ea ho nyatsoa ka matla ke lingaka tse ling esita le ea ho khesoa ka hore ha li latele phekolo eo tse ngata li nkang hore ke eona e amohelehang. Mathata a mang a ne a bakoa ke ho hlokeha ha lisebelisoa tse tsoetseng pele le ho hloka mekhoa e meng ea phekolo e sa sebeliseng mali. Leha ho le joalo, ka 1989, ofisiri e khōlō ea tsa bongaka ’maeneng oa koporo e ile ea re, “Batho ha baa lokela ho tšeloa mali haeba ba sa batle.” Ho ile ha totobala hore basebetsi ba seng bakae ba tsa bongaka ba ntse ba thapa.
Likomiti Tse Nang le Tšusumetso e Khōlō
Ka 1995, ho ile ha thehoa Lefapha la Boitsebiso ba Litšebeletso Tsa Lipetlele hammoho le Likomiti Tsa Bohokahanyi le Lipetlele (Hospital Liaison Committees [HLC]) Zambia. Ba bangata ba ne ba sa hlokomele tsela eo likomiti tsena li neng li tla thusa ho fetola boikutlo ba basebetsi ba tsa bongaka ka eona tabeng ea phekolo e sa sebeliseng mali le litokelo tsa bakuli. Mosebetsi o mong oa likomiti tsa HLC ke ho etela lipetlele, ho buisana le lingaka le ho fana ka litlhahiso ho basebetsi ba tsa bophelo, ’me sepheo sa seo sohle e le ho hlaolela tšebelisano-’moho le ho qoba likhohlano. Basebetsi ba tsa bongaka ba ile ba khahloa ke tsela eo litlhahiso tsena li fanoang ka botsebi ka eona. Sepetleleng se seng se karolong e ka boroa ea naha, mosebetsi e mong oa tleliniki o ile a susumelletseha hore a re ho barab’abo rōna, “Le lingaka—le mpa feela le sa batle ho lumela.”
Ngaka e ’ngoe ea Ledache e sebetsang sepetlele se seterekeng se ka bophirimela sa Zambia, e ile ea re: “Libekeng tse peli tse fetileng, re ne re buisana ka litsela tsa ho fokotsa tšebeliso ea mali ka lebaka la likotsi tse amehang. Kajeno re na le litsebi tse buisanang le rōna ka eona taba eo.” Ka mor’a nakoana, basebetsi ba tsa bongaka ba bileng teng libokeng tsa likomiti tsa HLC ba ile ba qala ho khothalletsa basebetsi-’moho le bona hore ba ee. Basebeletsi ba tsa bongaka ba ile ba qala ho ela hloko lenaneo leo, ’me ho e-na le hore ho be le likhohlano ho ile ha e-ba le tšebelisano-’moho.
Litho tse ling tsa komiti li ile tsa tlameha ho tlosa boikutlo ba ho ikhalala ha li il’o buisana le lingaka, tseo ka lilemo li neng li nkoa eka ke melimo. Mor’abo rōna Smart Phiri, eo e neng e le molula-setulo oa komiti ea Lusaka, o re: “Ke ne ke sa tsebe letho ka tsa bongaka ke bile ke sa itšepe.”
Leha ho le joalo, ha nako e ntse e ea ho phehella le ho tšepa Jehova ho ile ha tsoala katleho. Setho se seng sa komiti ha se bua ka matsatsi a qalong se re: “Re ile ra tsamaea re le bararo ho ea kopana le ngaka e ’ngoe e nang le tšusumetso e khōlō, eo e neng e kile ea e-ba letona la tsa bophelo. Re ne re tšohile haholo. Ha re le phasejeng, ka pel’a ofisi ea ngaka eo, re ile ra rapela Jehova, ra mo kōpa hore A re thuse hore re bue ka sebete. Ha re kena ka ofising ea ngaka eo, re ile ra qoqa hamonate ’me e ne e hlile e ikemiselitse ho sebelisana le rōna. Ke ile ka hlokomela hore Jehova o re tšehelitse ’me ha re na lebaka la ho tšoha.”
Bopaki ba hore likomiti tsa HLC li sebelisana hantle le basebetsi ba tsa bongaka ke hore lingaka li ikemiselitse ho phekola bakuli ba tšoeroeng ke mafu a phekolehang ka thata bao lilemong tse fetileng li neng li tla hana ho ba phekola haeba ba sa batle mali. Ka October 2000, lingaka tse peli li ile tsa iteta sebete ho buoa lesea le nang le likhoeli tse tšeletseng le bitsoang Beatrice, le neng le tsoa Democratic Republic of the Congo. Le hoja opereishene eo ea methapo ea nyooko e ile ea etsoa ka katleho ho sa sebelisoe mali, litlaleho tse ngata li ile tsa beha taba eo ka mosing.
Leha ho le joalo, seo Moprofesa Lupando Munkonge, ea neng a eteletse pele thimi e neng e etsa opereishene eo, a ileng a se bua koranteng e ’ngoe, se ile sa fetola boemo ka ho feletseng. O ile a hlakisa hore o hlompha qeto ea batsoali ba Beatrice. Sena se ile sa thusa ho kokobetsa maikutlo a ba neng ba nyatsa qeto eo ba e entseng. Likhoeli tse peli hamorao, lenaneo le leng la thelevishene le ile la bua ka taba eo, la beha boemo ba rōna tabeng ea phekolo le ho buoa ntle ho mali ka botleng.
“Le Etse Kapele”
Lingaka tse seng kae li ntse li le lekhonono mabapi le boemo ba Lipaki ba ho se amohele mali ka lebaka la letsoalo. Hona joale lingaka tse ngata lia lumela hore litsela tse ling tsa phekolo li sireletsehile, li sebetsa ka tsela e bonolo ’me lia atleha—esita le libakeng tsa mahae tsa Afrika. Bakuli ba bangata ba ithutile ho emela litokelo tsa bona ka sebete. Sena se ile sa hloka hore ba ithute lintlha tsa bohlokoa le hore ba ithute ho hlalosa seo ba se lumelang ho latela matsoalo a bona.
Esita le bana ba ’nile ba fuoa “leleme la ba rutiloeng.” (Esa. 50:4) Moshemane e mong ea lilemo li robeli ea bitsoang Nathan o ne a tšoeroe ke lefu la masapo la osteomyelitis lesapong la serope se setšehali, ’me pele a buuoa o ile a re ho thimi ea lingaka: “Ke kōpa hore ha le etsa opereishene, le etse kapele e le hore ke se ke ka lahleheloa ke mali a mangata. Le se ke la ntšela mali, ho seng joalo Jehova le batsoali ba ka ha ba na ho le tšoarela.” Ka mor’a opereishene, ngaka e ’ngoe e neng e buoa Nathan e ile ea babatsa batsoali ba hae ka hore ba koetlisitse mora oa bona hantle. Ka boikokobetso ngaka eo e ile ea re: “Ke ne ke qala ho hopotsoa ke mokuli e monyenyane joalo hore ke habohlokoa ho hlompha Molimo.”
Moapostola Pauluse o ile a re: ‘Re ipuella hore re basebeletsi ba Molimo, . . . ka ho se robale bosiu.’ Bahlanka ba Molimo ba atisa ho hlobaela hobane ba amehile ka balumeli-’moho le bona le ka ho ntšetsa borapeli ba ’nete pele. (2 Bakor. 6:3-5) Sena se atisa ho etsahalla barab’abo rōna ba sebeletsang likomiting tsa HLC. Boitelo boo ba bo etsang boa hlokomeloa. Morali’abo rōna e mong o ile a re: “Ke haelloa ke mantsoe a teboho. Ke ho matlafatsang le ho tšelisang ho hlokomela boitelo boo barab’abo rōna ba HLC ba ileng ba bo bontša ha ba mphallela ha ke ne ke hloka thuso le kamoo ba ileng ba lula e le malala-a-laotsoe kateng hore ba nthuse ka linako tsohle. Ha kea ka ka tšoha ha ke ne ke lokela ho etsoa opereishene ea bobeli ho e-s’o fete lihora tse 24. Ke ne ke matlafalitsoe haholo ke mantsoe a khothatsang a bara bao babo rōna.” Ha e le hantle, Lipaki Tsa Jehova li tsoetse pele ho ipuella e le basebeletsi ba Molimo ka hore li ikemisetse ho sebelisana le basebeletsi ba tsa bongaka, ho sa tsotellehe ‘litlaleho tse mpe.’ (2 Bakor. 6:8) Li matlafalitsoe ke ‘litlaleho tse ntle,’ kahoo li ikemiselitse ho lula li mamela taelo eo Molimo a faneng ka eona ea ‘hore li ile . . . mali.’
Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi
Cyrus Nyangu, eo e leng setho sa Komiti ea Lekala, Zambia, o re: “Linaheng tse ngata batho ba ka ’na ba belaella sehlopha sa bahlankana ba ka bang 25 hore se ka ’na sa baka khathatso. Empa litlelase tse 31 tsa Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi (Ministerial Training School [MTS]) li koetlisitse lihlopha tsa bahlankana ba Bakreste ba mahlahahlaha le ba inehetseng ba ipakileng e le tlhohonolofatso libakeng tseo ba sebeletsang ho tsona.” Barab’abo rōna ba fetang 600 ba bileng sekolong sena sa machaba ba sebeletsa likarolong tse sa tšoaneng tsa tšebeletso ea nako e tletseng linaheng tse tšeletseng tsa Afrika e ka boroa. Boholo ba balebeli ba tsamaeang Zambia, ba bile sekolong sena. Ke hobane’ng ha sekolo see se hlokahala, hona se finyella eng?
Ho tloha ha liithuti tsa sehlopha sa pele li fumana mangolo ka 1993, lenane la bahoeletsi ba mafolofolo le eketsehile ka ba ka bang 60 ho ba bang le ba bang ba lekholo, Zambia. Empa ho ntse ho hlokahala banna ba tšoanelehang ba tla hlokomela liphutheho, haholo-holo kaha ho na le khatello e matla sechabeng ea hore batho ba phethe meetlo e hananang le melao-motheo ea Bibele. Ha mor’abo rōna e mong ea tsoang sekolong seo a hatisa taba ena ea hore ho hlokahala banna ba tšoanelehang hore e be balisa le mesuoe, o ile a re: “Bothata tšimong ea rōna ke hore batho ba tloaetse ho mamella lintho tse fosahetseng. Ke ithutile hore re lokela ho tiea ha ho tluoa tabeng ea se lokileng le hore re se ke ra fetela ka nģane ho se ngotsoeng.”
Qalong, liithuti ha lia tloaelana le boitsebiso bo bongata bo tšohloang ka ho teba. Leha ho le joalo, barupeli ba labalabela ho thusa. E mong oa barupeli, e leng Sarel Hart, o ile a re: “Ho ’na ho ruta tlelase ka ’ngoe ho ne ho tšoana le ho tsamaisa batho thabeng. Qalong, bohle ha ba tsebe sebaka, ’me ba leka ho itloaetsa tikoloho e hlollang eo ba sa e tsebeng. Ka linako tse ling mafika a thibile tsela. Ha liithuti li ntse li tsoelipana pakeng tsa ’ona li ea holimo, li hetla morao li sheba litšitiso tseo ho neng ho bonahala eka li ke ke tsa li qobjoa ’me li bona e se e se letho.”
Ba bangata ba hlalosa ho hatela pele ha bona moeeng ka lebaka la sekolo seo e le phetoho e khōlō. Elad, eo hona joale e leng pula-maliboho ea khethehileng, o ile a re: “Ke ne ke inka ke sa tšoanelehe ho ruta ke bile ke sa le monyenyane haholo hore nka fuoa boikarabelo bo eketsehileng ka phuthehong. Sekolo seo se ile sa nthusa ho hlokomela hore nka sebelisoa. Qalong, phutheho eo ke neng ke abetsoe ho sebeletsa ho eona, e nang le bahoeletsi ba 16, e ne e e-na le bothata ba ho khanna lithuto tsa Bibele tse tsoelang pele. Kamehla re ne re hlahloba litlhahiso tsa linehelano re bile re itloaetsa tsona pele re ea tšebeletsong. Ka 2001 phutheho eo e ne e se e hōlile e e-na le bahoeletsi ba 60 le sehlopha se ka thōko sa batho ba 20.”
Ho Lekanya Katleho ea Sekolo
Ke litšobotsi life tse ling tse atlehisang Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi? Morupeli e mong ea bitsoang Richard Frudd, o re: “Re hatella haholo bohlokoa ba hore motho a lule a ikokobelitse le taba ea hore a se ke a inahana ho feta kamoo ho hlokahalang hore a inahane kateng. Re batla batho ba hōlileng moeeng, ba nang le kutloelo-bohloko le ba khonang ho sebetsana le maemo a thata ba ntse ba bososela. Haeba barab’abo rōna ba ka tšoara ba bang ka tsela e mosa, e bontšang hore ba batla ho sebeletsa eseng ho sebeletsoa, joale re nka hore sekolo se finyeletse morero oa sona.”
Liithuti li lumellana le mantsoe ao. Emmanuel, ea bileng sehlopheng sa bo14 sekolong seo, o ile a re: “Ha re abeloa ho ea phuthehong e itseng, seo ha se bolele hore re lokela ho potlakela ho lokisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e nyenyane. Ho e-na le hoo, re lokela ho ameha ka ho kopanela le phutheho mosebetsing oa bohlokoa ka ho fetisisa, oa ho bolela litaba tse molemo.”
Pula-maliboho e mong ea bitsoang Moses, o ile a re: “Ke ithutile hore Jehova a ka sebelisa leha e le mang ea ikokobelitseng le hore ka linako tse ling ha ho tsotellehe hore na motho o na le tsebo kapa phihlelo hakae. Seo A se batlang ke hore motho a rate batho ba ka phuthehong le ba tšimong le hore a sebelisane le ba bang.”
Lipokano Tse Khōlō
Mekete ea sechaba sa Iseraele ea pele ho Bokreste le ‘likopano tsa sona tse halalelang’ e ne e le liketsahalo tse thabisang, li thusa ba teng ho tsona ho tsepamisa mehopolo litabeng tsa moea. (Lev. 23:21; Deut. 16:13-15) Ho sa le joalo le ka lipokano tsa batho ba Molimo mehleng ea kajeno. Likopano tsa Zambia ha li tšoareloe mabaleng a lipapali a tsoetseng pele a bileng a hlokometsoeng hantle. Barab’abo rōna ba haha seo ba se bitsang motse oa kopano, o nang le maphephe a menyenyane ao ba robalang ho ’ona.
Ha lilemo li ntse li feta, ba ile ba haha mehaho e tiileng libakeng tseo. Empa lilemong tse qalang, ho ne ho e-na le mathata a mangata a hlokang ho rarolloa ka tsela e bohlale. Molebeli e mong oa setereke o re: “Sebakeng se seng sa kopano ea potoloho, barab’abo rōna ba ne ba nkahela mokhoro oa joang. Ba ntan’o hloma lekhoakhoa ho potoloha sebaka seo ho luloang ho sona. Ho ne ho sebelisoa litutulu tsa mobu e le litulo, ebe li aletsoa ka joang. Ka linako tse ling barab’abo rōna ba ne ba etsa sethala ka ho batalatsa seolo se seng se se na bohloa. Ebe holim’a sona ba hloma lephephe leo lenaneo le fanoang ho lona.”
Moromuoa e mong ea bitsoang Peter Palliser, o re: “Kopanong e ’ngoe, barab’abo rōna ba ile ba etsa qeto ea ho phahamisa sethala. Mor’abo rōna e mong o ne a tseba ho sebelisa liqhomane. O ile a lokisa sebaka seo, a ntan’o phatlola karolo e ka holimo ea seolo sa limithara tse tšeletseng ho ea holimo se neng se se se se na bohloa. Seo se ile sa re siea le totoma eo re ileng ra haha sethala ho eona.”
Boiteko Boo ba bo Etsang Hore ba be Teng
Likopano tse ngata li ne li tšoareloa libakeng tse hōle le litsela tse khōlō moo ho leng thata ho fihla teng. Robinson Shamuluma o re o sa hopola kopano e ’ngoe eo a ileng a ea ho eona ka 1959. O re: “Re ne re tsamaea ka libaesekele re le batho ba ka bang 15 re ea Kabwe e Profinseng e Bohareng. Re ne re nkile phofo ea papa le tlhapi e omisitsoeng. Bosiu bo bong le bo bong re ne re robala hlatheng. Ha re fihla Kabwe re ile ra palama terene, ’me qetellong ra fihla lebaleng la kopano ka mor’a leeto la matsatsi a ka bang mane.”
Lamp Chisenga o re o hopola mor’abo rōna e mong ea ileng a tsamaea lik’hilomithara tse ka bang 50 le bana ba hae ba tšeletseng ho ea kopanong, ba tsamaea ka maoto le ka baesekele. O ile a re: “Ba ile ba etsa mofaho oa tsela—ba halika cassava, makotomane, ba etsa le peanut butter. Khafetsa ba ne ba tlameha ho robala har’a hlathe feela.”
Ha Wayne Johnson e ntse e le molebeli oa setereke, o ile a hlokomela boiteko boo ba bangata ba neng ba bo etsa hore ba be teng kopanong. O ile a ngola a re: “Pula-maliboho e mong ea khethehileng o tsamaile hoo e ka bang beke ka baesekele ho ea kopanong. Ba bang ba tlile ba palame ka morao terakeng. Ba bangata ba fihlile pele ho nako, ha kopano e qala kapa qalong ea beke eo kopano e tšoaroang ka eona. Ba ne ba bina bosiu ha ba orile mollo. Ka linako tse ling re ne re e-ea tšebeletsong ea tšimo re le bangata hoo re neng re pheta sebaka seo ka makhetlo a mararo ka beke.”
Lipaki li Ile Tsa ’na Tsa Bokana le ha li Hanyetsoa
Lipokano tse khōlō li ntse li matlafatsa barab’abo rōna le ho ba khothatsa. Kajeno batho ba bangata ba bua hantle ka likopano. Empa nakong ea liphetoho tsa lipolotiki, ka ho khetheha lilemong tsa bo-1960 le bo-1970, lipokano tseo li ne li nkoa li belaetsa. Batho ba bang ba pusong ba ne ba etsa sohle se matleng a bona ho sitisa borapeli ba rōna. Kaha barab’abo rōna ba ne ba hana ho bina pina ea sechaba, mapolesa a ne a hana ho ba fa tumello e hlokahalang hore ba tšoare likopano tsa phatlalatsa. Hamorao, ka lebaka la lithibelo ho ne ho behoa lenane le itseng feela la ba ka bang teng. Darlington Sefuka o re: “Lipaki Tsa Jehova li ile tsa qetela ho kopana phatlalatsa ka selemo sa 1974. Letona la litaba tsa lehae le ile la phatlalatsa hore ha ho na seboka sa phatlalatsa se ka tšoaroang ho sa binoa pina ea sechaba ebile ho sa phahamisoa folakha.” Leha ho le joalo, barab’abo rōna ba ne ba lumeletsoe ho bokana Liholong Tsa ’Muso tse kampetsoeng ka lekhoakhoa. Lekala le ile la iphaphatha le boemo bona ka hore le lokisetse hore ho tšoaroe lenaneo la kopano ea potoloho Liholong Tsa ’Muso, hangata ho e-ba le phutheho e le ’ngoe feela kapa tse peli.
Le likopanong tsa setereke ho ne ho e-ba le batho ba seng bakae feela. Mor’abo rōna e mong ea neng a thusa ho hlophisa kopano, o re: “Ho e-na le hore re tšoare kopano e le ’ngoe e khōlō, re ne re tšoara tse 20 tse nyenyane. Ho ne ho koetlisitsoe barab’abo rōna ba bangata ’me ba sebelisoa lenaneong le mafapheng a itseng, hoo ha thibelo e tlosoa, re neng re e-na le banna ba bangata ba nang le phihlelo ba ka sebelisoang ho hlophisa likopano tse khōlō le tse nyenyane.”
Kolobetso
Ho tloha mathoasong a lilemo tsa bo-1940, ho ile ha etsoa boiteko ba ho netefatsa hore batho ba il’o kolobetsoa ba utloisisa ka ho feletseng se boleloang ke mohato oo. Ba bang ba ne ba thatafalloa ho khaohana ka ho feletseng le “Babylona e Moholo” le litloaelo tse itseng tsa bolumeli ba bohata. (Tšen. 18:2, 4) Ho neng ho mpefatsa boemo le ho feta ke hore e ne e le batho ba seng bakae feela ba khonang ho bala hantle ’me liphutheho tse ngata li ne li sa fumane lingoliloeng tse lekaneng tse thusang batho ho ithuta Bibele. Ka lebaka leo, balebeli ba potoloho le ba setereke ba ne ba hlahloba motho e mong le e mong ea eang kolobetsong ho bona hore na oa tšoaneleha. Geoffrey Wheeler, ea bileng sehlopheng sa bo33 sa Sekolo sa Gileade, o re: “Re ne re shebisisa masea a anyang a sikuoeng ke bo-’mè ba batlang ho ea kolobetsong, ho bona haeba a roesitsoe lifaha le likhoeetsa ka lebaka la tumela-khoela e itseng. Re ne re atisa ho lula ho fihlela ka khitla beke eohle ea kopano; ho ne ho e-na le batho ba bangata haholo ba batlang ho kolobetsoa.” Balebeli ba tsamaeang ba ile ba thusa baholo ba phutheho ka mosa; hamorao ba thusoa ke lingoliloeng tse kang “Lentsoe la Hao ke Lebone la Maoto a Ka”; ’me lintlafatso tse ling tse ileng tsa etsoa ka mokhatlong o hlophisitsoeng li ile tsa thusa haholo ho fokotsa lipuisano tse joalo.
O Sehoa ke Letsoalo ha a le Sethaleng!
Litšoantšiso tsa Bibele tsa moaparo oa boholo-holo e ntse e le e ’ngoe ea litšobotsi tse ratoang ka ho fetisisa likopanong tse khōlō. Motšoantšisi e mong le e mong o nka ka ho teba boikarabelo ba hae ba ho bonahatsa maikutlo a motho eo a mo tšoantšetsang, ’me batho ba bangata ba Zambia ba tumme ka hore ba khona ho bonahatsa maikutlo a bona le ho itlhalosa. Frank Lewis, eo e neng e le moromuoa eo hona joale e leng setho sa lelapa la Bethele, United States, o re: “Mehleng ea pele re ne re se na litheipi tse rekotiloeng tsa tšoantšiso. Barab’abo rōna ba neng ba bapala likarolo tse sa tšoaneng ba ne ba tlameha ho tšoara mantsoe ao ba a buang ka hlooho. Ke sa hopola re ea kopanong e ’ngoe Profinseng e ka Leboea ’me re qala ho ba le tšoantšiso moo, e neng e bua ka Josefa. Kaha poso e ne e liehile ho fihla, barab’abo rōna ba ne ba sa fumana taba e ngotsoeng, kahoo ra tlameha ho sebetsa ho fihlela bosiu re leka ho ba thusa hore ba tšoare mantsoe ao ba lokelang ho a bua ka hlooho. Ha tšoantšiso e ntse e tsoela pele, re ile ra fihla karolong eo mosali oa Potifaro a bolellang monna oa hae a tlatsitse lerata hore Josefa o lekile ho mo beta. Ha ba fihla karolong eo, mor’abo rōna ea neng a bapala karolo ea Potifaro o ile a sehoa ke letsoalo a ba a tloha sethaleng. Ke ne ke le ka mor’a sethala ke ntse ke hopotsa barab’abo rōna mantsoe ao ba lokelang ho a bua ha ke mo bona a theoha sethaleng. Kapele-pele ka mo hopotsa mantsoe a seng makae a qalang ao a lokelang ho a bua ka ba ka mo sutumelletsa sethaleng. Eaba o kharumela monna eo ea qosoang ka hore o lekile ho beta mosali oa hae! Le hoja ketsahalo eo e ne e batle e re phehisa hlama kopanong eo, nako le nako ha ke bala tlaleho eo ea Bibele, ke ee ke re: ‘Mohlomong sena ke sona se hlileng sa etsahala. E ka ’na eaba Potifaro o ile a tsoa ka kamoreng ka moo a halefile, a fihla a theola moea, a ntan’o khutla a qosa Josefa!’”
Ka 1978 ha ’muso o nyehlisa thibelo ea oona e nkileng lilemo tse ’nè e neng e behile lenane le itseng feela la ba ka bang teng likopanong tse khōlō le tse nyenyane, Kopano ea “Tumelo e Hlōlang” e ile ea hulisa barab’abo rōna ka thata. Mor’abo rōna e mong eo e neng e le molebeli ea tsamaeang o re: “Kopanong eo re ile ra bapala litšoantšiso tsohle tseo re neng re sitiloe ho li bapala lilemong tse fetileng ha re ne re tlameha ho kopanela Liholong Tsa ’Muso. Kopano eo e ile ea nka matsatsi a mahlano, ’me ra ba le litšoantšiso tse hlano, e le ’ngoe ka letsatsi. Re ile ra bapala litšoantšiso tsohle tseo re neng re sitiloe ho li bapala! Ruri ho ne ho thabisa empa ho imetsa baemeli ba Bethele ba neng ba lokela ho hlahloba litšoantšiso tseo kaofela. E ne e le mosebetsi oa popota!”
Setho se seng sa Komiti ea Lekala se ile sa re: “Ka sebele tseo e ne e le likopano tse thabisang ka ho fetisisa tseo nkileng ka ea ho tsona. Hoseng ba tsamaeang ka malapa ba ne ba tsoa ka maphepheng a bona, ba shebahala ba le makhethe ba bile ba hloekile. Ba ne ba tla ba jele koto ha ba tl’o rapela Jehova. Ba ne ba atisa ho lula letsatsing, eseng moriting. Empa ba ne ba qeta letsatsi lohle ba lutse moo ba mametse ka hloko. E ne e le ho thabisang ho bona seo.” Ho bokana hammoho ke karolo ea bohlokoa ea borapeli ba Lipaki Tsa Jehova. (Baheb. 10:24, 25) Batho ba Jehova baa tseba hore ebang ba ‘saretsoe’ ka lebaka la mathata a botho kapa baa hanyetsoa bolumeling, ho ba teng likopanong tse khōlō ke ho ‘thabisang kamehla.’—2 Bakor. 6:10.
Ho Hahoa Liholo Tsa ’Muso
“Ke ngola lengolo lena ho fana ka tumello ea hore phutheho e boletsoeng ka holimo e be le setša sa eona. Setša sena e tla lula e le sa eona, ’me ke e lumeletse hore e se sebelise ka lilemo tse 150. Ho se be motho ea e tšoenyang ho fihlela Paradeiseng.”—Morena Kalilele.
Lilemong tse qalang tsa bo-1900, batho ba batlang ’nete ba Afrika e ka boroa ba ile ba bona bohlokoa ba ho bokana hammoho bakeng sa borapeli. Hoo e ka bang ka 1910, William Johnston o ile a tlaleha hore lihlopha tse hōlang ka potlako li ikahetse libaka tseo li kopanelang ho tsona ka thepa e sebelisoang ka tloaelo sebakeng seo, ’me mehaho e meng e meholo hoo e ka lulisang batho ba 600. Le hoja ba bangata ba ne ba labalabela ho ba le libaka tsa borapeli, ba bang ba ne ba nka hore ha li hlokahale. Holland Mushimba, ea qalileng ho ithuta ’nete mathoasong a lilemo tsa bo-1930, o re: “Le hoja re ne re khothalletsoa hore re bokane hammoho borapeling, ho ne ho sa hatelloe hakaalo taba ea hore re be le sebaka seo re kopanelang ho sona kamehla. Re ne re atisa ho kopanela sebakeng leha e le sefe feela se loketseng, tlas’a moriti oa sefate se seholo kapa ka jareteng ea mor’abo rōna. Ba itšetlehile ka Luka 9:58, ba bang ba ne ba re: Esita le Jesu o ne a se na holo eo a e sebelisang kamehla, joale ke hobane’ng ha rōna re ka ikhathatsa ka ho haha holo?”
Pele ho 1950, libaka tse ngata tseo ho neng ho kopaneloa ho tsona e ne e le mehaho feela tjee e sa tieang e hahuoeng ka mobu le lithupa. Ian Fergusson ea neng a le sebakeng se phetheselang sa Copperbelt, o ile a kholisa mookameli e mong oa ’maene hore a fane ka setša sa Holo ea ’Muso. Ka 1950 ho ile ha hahoa Holo ea pele ea ’Muso motseng oa Wusikili. Lilemo tse leshome hamorao, barab’abo rōna ba ile ba etsa meralo ea ho haha ka tsela e tšoanang. Holo ea pele ea ’Muso e ileng ea hahoa ho latetsoe meralo eo e bile mohaho o motle o marulelo a bataletseng o ileng oa bitsa li-kwacha tse ka bang 12 000 tsa Zambia. Le hoja eo e ne e le chelete e ngata ka nako eo, ho latela maemo a hlobaetsang a moruo kajeno, chelete eo e ka tlaase ho liranta tse 20 feela!
Lipaki li ile tsa ’na tsa hlaseloa ka mabifi ke batho ba ratang naha ho tlōla hobane li hana ho reka likarete tsa mokha oa lipolotiki. Ho ile ha chesoa libaka tsa borapeli. Kaha barab’abo rōna ba bang ba ne ba tšositsoe ke hore ho ka ’na ha e-ba le litlhaselo tse ling, ba ile ba nahana hore ho molemo hore ba kopanele ka ntle pooaneng feela, ho e-na le hore ba hahe libaka tseo ba kopanelang ho tsona. Ka mor’a hore ho behoe lithibelo tse eketsehileng lilemong tse qalang tsa bo-1970, ho ile ha e-ba thata le ho feta ho fumana litša. Le hoja ho ne ho tsebahala hore Lipaki Tsa Jehova ha li tšehetse mokha leha e le ofe oa lipolotiki, libakeng tse ling ba boholong ba ne ba tsitlella hore lengolo le leng le le leng la kōpo le tle le e-na le karete ea mokha.
Wiston Sinkala o re: “Re ne re thatafalloa ho fumana setša, re se re sa re letho ka tumello ea ho haha. Ha re bolella ba lekhotla la motse hore rea ba qosa, ba ile ba nahana hore rea bapala. Leha ho le joalo, re ile ra fumana ’muelli ea hloahloa oa molao, ’me ka mor’a lilemo tse peli, ra hlōla nyeoe eo ’me lekhotla la laela lekhotla la motse hore le re fe litša. Sena se ile sa bula tsela ea hore ho be le bolokolohi bo itseng nakong e tlang.”
Pere e Ntšo
Hase hangata liphutheho li neng li fuoa mangolo a molao a tiisang hore li fuoe litša. Barab’abo rōna ba ne ba atisa ho fuoa litša tseo e neng e le thite feela, empa ba sitoa ho haha mohaho o tiileng hobane ba se na mangolo a loketseng. Thepa ea mohaho e ne e bitsa chelete e ngata, ’me ba bangata ba ne ba itšebelisetsa masenke kapa meqomo ea mafura e sa tšelang eo ba neng ba e seha ka lehare, ebe baa e batalatsa, ba ntan’o e kokotella foreiming ea mapolanka. Moholo e mong ha a bua ka mohaho o mong o joalo o re: “Re ne re takile masenke ka sekontiri, ’me ha motho a sheba holo eo a le hojana e ne e tšoana le pere e ntšo, e khōlō. Ka hare e chesa mocheso ona o ntšang koena bolibeng.”
Mor’abo rōna e mong eo e neng e le molebeli oa potoloho o ile a re: “Ha ke hopola nako eo e fetileng, ke ikutloa ke sa phutholohe hore nka bitsa mehaho eo Liholo Tsa ’Muso. Ha e le hantle, e ne e se boemong ba ho emela Jehova, Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa.”
Liphutheho tse ling li ile tsa rera ho hira liholo. Le hoja ho ne ho bonahala eka seo se rarolla mathata ka tsela e sa hlokeng chelete e ngata, se ne se hlahisa mathata a mang. Edrice Mundi, ea neng a kopanela le phutheho e le ’ngoe feela ea Senyesemane ka nako eo Lusaka lilemong tsa bo-1970, o re: “Re ne re hirile holo e neng e boetse e sebelisoa e le disco. Moqebelo o mong le o mong batho ba ne ba noela moo ba bile ba tantša ho fihlela ka meso, ebe re tsohella hoseng ho hong le ho hong ha Sontaha ho ea hloekisa. Holo eo e ne e nkha joala le koae; e se sebaka seo batho ba ka rapelang Jehova ho sona.”
Monna oa Edrice, e leng Jackson, o re: “Ka Sontaha se seng ha lenaneo le ntse le tsoela pele, mohlankana e mong o ile a fihla a ikenela feela a fetela pele, a inkela lebokose la hae la libiri leo a neng a le siile bosiung ba la maobane, a ntan’o itsoela ekare ha a bone le hore batho ba teng ka moo.” Ha ho makatse hore ebe barab’abo rōna ba ne ba labalabela ho ba le Liholo tsa bona Tsa ’Muso!
Lenaneo le Ileng la Ipabola
Ha batho ba eketsehileng ba ntse ba amohela molaetsa oa ’Muso ho ile ha hlokahala liholo tse eketsehileng le ho feta tsa boemo bo hlomphehang. Le hoja barab’abo rōna ba bang ba ne ba le mafolofolo ba bile ba cheseha, ba ne ba thatafalloa ho fumana lijo tseo ba fepang ba malapa a bona ka tsona, re se re sa re letho ka ho lefella Holo ea ’Muso. Jehova, eo ho seng mohla letsoho la hae le leng lekhutšoanyane, o ne a tla ba etsetsa ntho e thabisang eo ba neng ba sa e lebella.
Ha phuputso e entsoeng e bontša hore ho hlokahala Liholo Tsa ’Muso tse fetang 8 000 linaheng tse 40 tse tsoelang pele moruong lefatšeng ho pota, Sehlopha se Busang se ile sa etsa qeto ea ho potlakisa mosebetsi oa ho li haha. Ho ile ha hlokomeleha hore libakeng tse ling ho na le batho ba seng bakae ba nang le tsebo ba ka ithaopelang ho sebetsa mererong eo ea kaho. Lithulusi le tsona li ne li haella. Ho feta moo, liphutheho tse ngata tse linaheng tse tsoelang pele moruong li ne li ke ke tsa khona ho lefa chelete e holimo ea kalimo. Ho phaella moo, makala a mang a ne a thatafalloa ho hlophisa lenaneo le raliloeng hantle ka lebaka la keketseho e sekhahla ea bahoeletsi. Sehlopha se Busang se ile sa nahana ka lintlha tsena tsohle, ’me sa theha komiti ea meralo le kaho United States hore e hlophise mananeo a kaho ea Liholo Tsa ’Muso lefatšeng ka bophara. Ho ile ha fanoa ka lintlha tse tataisang ho hahoa ha Liholo Tsa ’Muso linaheng tse futsanehileng, ’me ha romeloa baithaopi ba nang le tsebo ho ea hlokomela merero eo ea kaho linaheng tse mose ho maoatle.
Ka linako tse ling ho hlokahala hore ho fetoloe litsela tse tloaelehileng tsa ho haha. Ka mohlala, Zambia, basali ba ne ba thusa mesebetsing ea kaho ka ho ithaopela ho kha metsi, ho lata lehlabathe le ho pheha. Empa lithimi tsa kaho li ne li lakatsa hore baralib’abo rōna ba kenye letsoho ka ho toba mosebetsing oa ho haha le hore ho sebelisoe basebetsi bohle ba teng.
Morena e mong Profinseng e ka Bochabela ha aa ka a kholoa mahlo a hae ha a bona morali’abo rōna e mong a haha lebota la Holo ea ’Muso. O ile a khotsa a re: “Esale e le ’na, ke qala ho bona mosali a beha setene a bile a se beha ka bokhabane bo tjena! Ke ikutloa ke le lehlohonolo e le kannete ho bona mohlolo ona.”
“Sepetlele sa Rōna sa Moea”
Lenaneo la kaho le khahlile batho ba lulang metseng e sa tšoaneng. Ba bangata bao ka nako e ’ngoe ba neng ba iphapanyetsa Lipaki Tsa Jehova kapa ba li hanyetsa ha ba sa li loantša hakaalo. Ka mohlala, morena e mong Profinseng e ka Bochabela eo qalong a neng a sa batle ha Liholo Tsa ’Muso li hahuoa sebakeng sa hae o ile a re: “E ne e se maikutlo a ka a entseng hore ke hane kōpo ea lōna ea ho haha, empa ke ne ke susumelitsoe ke baruti ba likereke tse ling. Joale kea bona hore le tlile mona ka morero o motle. Mohaho ona o motle ke sepetlele sa rōna sa moea.”
‘Mosebetsi’ o ka sehloohong oa Bakreste ke ho bolela ‘litaba tse molemo tsa ’Muso.’ (2 Bakor. 6:5; Mat. 24:14) Feela joalokaha moea o halalelang o susumelletsa batho ba Molimo ho bolela, o boetse o ba susumelletsa ho sebetsa ka thata ho ntšetsa pele mesebetsi ea ’Muso ka hore ba hahe libaka tse hlomphehang tseo ba kopanelang ho tsona. Liphutheho li ba le sepheo se hlakileng le ho feta. Mor’abo rōna e mong o ile a re: “Hona joale re hatela holimo ha re ea tšebeletsong ebile re mema batho ka kholiseho hore ba tle libokeng hobane rea tseba hore ha ba tle mok’huk’hung empa ba tla Holong ea ’Muso e tlotlisang Jehova.”
Mor’abo rōna e mong o ile a re: “E ka ’na eaba Holo ena e ntle ea ’Muso ha e re tšoanele mona mahaeng, empa e tšoanela Jehova. Kea thaba hore ebe Jehova o tlotlisoa ka libaka tse ntlafalitsoeng tsa borapeli.”
Mosebetsi oa ho Tsamaea
Ho hlokahala hore basebeletsi ba Molimo ba be le mamello. (Bakol. 1:24, 25) Balebeli ba tsamaeang ba beha mohlala ka ho itella ho ntšetsa pele mesebetsi ea ’Muso. Ho sebeletsa ha bona ka lerato e le balisa ba matlafatsang liphutheho ho bontšitse hore ke “limpho tseo e leng banna.”—Baef. 4:8; 1 Bathes. 1:3.
Ho elella lilemong tsa bo-1940, banna ba tšoanelehang ba ile ba koetlisetsoa ho ba bahlanka ba libaka le ba mabatooa, bao kajeno ba bitsoang balebeli ba potoloho le ba setereke. James Mwango o re: “Ho ne ho se bonolo ho etela liphutheho. Re ne re filoe libaesekele, empa barab’abo rōna ba ne ba lokela ho re felehetsa ka maoto ho re nkisa meroalo ea rōna. Re ne re nka matsatsi a ’maloa ho ea fihla moo re eang teng. Re ne re atisa ho qeta libeke tse peli re etetse phutheho ka ’ngoe.”
“A ba a Akheha Hona Hoo”
Ho tšoana le kajeno, mehleng eo ho ne ho le thata ho tsamaea libakeng tsa mahae. Robinson Shamuluma ea seng a fetile lilemo tse 80 hona joale, o ne a le mosebetsing oa ho tsamaea le mohats’ae, Juliana. Robinson o re o hopola ka le leng ba khaoletsoa ke pula e nang ka sefefo se matla nakong ea lipula. Ha sefefo seo se kokobela, ba ile ba khona ho bona moo ba eang haese feela hore ba ile ba lokela ho qhefetsa ka har’a seretse se neng se fihla litulong tsa libaesekele tsa bona! Ha ba fihla phuthehong e latelang, Juliana o ne a khathetse hoo a neng a bile a sitoa le ho noa metsi feela.
Enock Chirwa, ea neng a etsa mosebetsi oa potoloho le oa setereke lilemong tsa bo-1960 le bo-1970, o re: “Letsatsi la Mantaha e ne e le le boima ka ho fetisisa; e ne e le letsatsi la ho tsamaea. Empa ha re fihla liphuthehong tseo re eang ho tsona, re ne re lebala ka tsa leeto. Re ne re thabela ho ba le barab’abo rōna.”
Mathata e ne e se feela a libaka tse hōle le a ho thulana le litsietsi. Lamp Chisenga o ne a tsamaea le barab’abo rōna ba bang ba babeli ba ea phuthehong e ’ngoe e karolong e ka leboea ea naha. Ha ba ntse ba tsamaea tseleng e lepoqo, ba bonela phoofolo e ’ngoe hōjana. Mor’abo rōna Chisenga o re: “Barab’abo rōna ba ne ba sa e bone hantle. E ne e lutse ka tseleng joaloka ntja. Ka ba botsa, ka re, ‘Na lea bona hore na ke’ng ntho ela? Lea e bona tjee?’ Ka nako eo mor’abo rōna e mong a bona hore ekare ke tau. A hoeletsa ke ho tšoha a ba a akheha hona hoo. Ra etsa qeto ea ho phomola ho se hokae moo ho fihlela tau eo e itsamaela e kena ka morung.”
John Jason le mohats’ae, Kay, ba qetileng karolo e ’ngoe ea lilemo tse 26 tseo ba bileng Zambia ka tsona ba etsa mosebetsi oa setereke, ba ile ba ithuta bohlokoa ba ho ba le mamello ha ba robeheloa ke sepalangoang. John o ile a re: “Ke hopola ka le leng re tsamaea sebaka sa lik’hilomithara tse fetang 150 ka koloi e khaohileng liseporing, ka lebaka la hore re ne re se na tse ling tseo re ka li kenyang ebile ho se na moo re ka letsang teng ho kōpa thuso. Ka lekhetlo le leng re ile ra robeheloa ke koloi. Re ne re le nahathothe feela ’me enjene ea koloi e chesa haholo, sohle seo re neng re ka se etsa e ne e le: Ho sebelisa metsi ’ohle ao re nang le ’ona ho folisa enjene le ho etsa kopi ea ho qetela ea tee ka a setseng. Re ile ra itulela ka koloing ka moo, ho chesa re bile re khathetse ’me ra rapela Jehova hore a re thuse. Ka hora ea boraro thapama, ho ile ha tla koloi e ’ngoe ea batho ba sebetsang tseleng, e le eona koloi feela e qalang ho feta moo letsatsing leo. Basebetsi bao ba ile ba ithaopela ho re hula ha ba bona hore re maqakabetsing. Re ile ra fihla ho barab’abo rōna pele shoalane e tšoara.”
Ho Ithuta ho Tšepa
Balebeli ba tsamaeang ha ba le maemong a joalo ka potlako ba ithuta hore ba se tšepe matla a bona kapa lintho tse bonahalang, ho e-na le hoo ba tšepe mehloli ea thuso e tšepahalang ka ho fetisisa—e leng Jehova Molimo le mokhatlo oa Bakreste oa bara ba motho. (Baheb. 13:5, 6) Geoffrey Wheeler o re: “Re ile ra hlaheloa ke bothata bo bong ka mor’a libeke tse tharo feela re qalile mosebetsi oa setereke. Re ne re le sebakeng seo kopano e tl’o tšoareloa ho sona, re se re loketse lenaneo la kopano mafelong a beke. Ke ne ke fuoe Praema-setofo e sa sebetseng hantle. Ho ne ho chesa letsatsing leo ebile ho e-na le moea, ’me e ile eare ha ke hotetsa Praema-setofo eo, mollo oa qhomela holimo. Ka mor’a metsotso e seng mekae feela mollo oo ea e-ba khanare. Lebili le ka pele la koloi ea rōna ea Land Rover la tšoara mollo, ’me ka ho panya ha leihlo feela koloi eo ea be e se e aparetsoe ke malakabe.”
Ha baa ka ba senyeheloa ke koloi feela empa ba ile ba tobana le mathata a mang a eketsehileng. Geoffrey o re: “Liaparo tsa rōna li ne li le ka terankeng e ntšo ka morao koloing eo ea Land Rover. Li ne li sa cha; li ne li shoabane! Barab’abo rōna ba ile ba pota koloi ka lehlakoreng le neng le e-s’o tšoare mollo ’me ba ntša bethe ea rōna, hempe le mochine oa ho thaepa. Ruri re ile ra ananela hore ebe ba ile ba nahana ka potlako joalo!” Kaha ba ne ba senyehetsoe ke thepa ea bona ha koloi e cha, ’me ba saletsoe ke likhoeli tse peli pele ba khutlela hae, ba ne ba tla nka eng ba e tšoantše le eng? Geoffrey o re: “Mor’abo rōna e mong o ile a nkalima thae, ’me ka fana ka puo ea phatlalatsa ke roetse lieta tsa rabara tse roaloang ka holim’a lieta tse ling. Re ile ra ’na ra tsoella, ’me barab’abo rōna ba etsa sohle se matleng a bona ho khothatsa molebeli oa bona oa setereke ea se nang phihlelo.”
Bethe eo Linoha li sa e Fihleleng
Tsela eo liphutheho tse “latelang mokhoa oa ho amohela baeti” li bontšang lerato le ho ameha ka eona e matlafatsa balebeli ba tsamaeang le basali ba bona hore ba tsoele pele ka mosebetsi oa bona oa boitelo. Le hoja batho ba liphutheho tseo ka bobona ba hloka lintho tse bonahalang, ho na le litlaleho tse ngata tse bontšang kamoo ba tšehetsang balebeli ba tsamaeang le basali ba bona ka lerato kateng, e leng se ananeloang haholo.—Bar. 12:13; Liprov. 15:17.
Libaka tseo balebeli ba tsamaeang ba atisang ho fihlela ho tsona hase tse majabajaba empa kamehla ke tse lokisitsoeng ka lerato. Fred Kashimoto, eo e neng e le molebeli oa potoloho lilemong tse qalang tsa bo-1980, o re ka le leng o ile a fihla e se e le bosiu motseng o mong Profinseng e ka Leboea ea Zambia. Barab’abo rōna ba ile ba mo amohela ka liatla tse mofuthu. Ha ba qeta ho kena ka tlung e ’ngoe e nyenyane, barab’abo rōna ba beha thoto ea hae holim’a tafole e ’ngoe e khōlō e entsoeng ka lithupa e bophahamo ba mithara le halofo. Ha e se e le nako ea ho robala, Mor’abo rōna Kashimoto a botsa, “Ke tl’o robala hokae?”
Barab’abo rōna ba mo supisa tafole eo, ba re, “Bethe ke eo.” Kamoo ho bonahalang kateng barab’abo rōna ba ne ba entse bethe e batlang e sireletsehile kaha sebaka seo se na le linoha. Mor’abo rōna Kashimoto o ile a robala moo bosiung boo, ho aliloe joang ho etsa materase.
Libakeng tsa mahae, batho ba atisa ho fuoa liphoofolo tse ruuoeng. Geoffrey Wheeler oa bososela ha a hopola ketsahalo e ’ngoe, o re: “Ka le leng, barab’abo rōna ba ile ba re fa khōhō. Re ile ra e beha kalaneng ka ntloaneng ea mokoti pele shoalane e tšoara. Empa khōhō eo ea theoha kalaneng moo ea tlōlela ka mokoting oa ntloana. Re ile ra khona ho e ntša ka mohoma. Mohats’a ka o ile a e hlatsoa ka metsi a chesang a nang le sesepa le motsoako o mongata oa sebolaea-likokoana-hloko. Eaba rea e pheha mafelo-beke, ’me e ne e latsoeha!”
Ba ha Jason le bona ba ile ba thabela limpho tseo tse fanoang ka seatla se bulehileng. John o ile a re: “Nako le nako barab’abo rōna ba ne ba re fa khōhō e phelang. Re ne re e-na le seroto se senyenyane seo re neng re kenya khōhō ea sethole ka har’a sona ha re ntse re tsamaea mosebetsing oa rōna oa setereke. Khōhō eo e ne e behela hoseng ho hong le ho hong, kahoo re ne re sa batle ho e hlaba. Ha re ne re paka thoto re itokisetsa ho ea sebakeng se seng, e ne e re bontša ka ho hlaka hore le eona e batla ho tsamaea.”
Lifilimi
Ho qala ka 1954, ho ile ha bontšoa filimi ea The New World Society in Action le lifilimi tse ling tse ’maloa phutuhong e susumetsang ea thuto. Tlaleho eo ofisi ea lekala e ileng ea fana ka eona ka nako eo e ile ea re: “E susumelelitse ba bangata ho ikitlaetsa tšebeletsong le ka phuthehong.” Ba bang ba ne ba bile ba e-na le lepetjo leo ba le sebelisang ha ba qhaqha sebaka seo ho neng ho bontšoa filimi ho sona, ba re: “A re etseng ka tsela eo ‘Mokhatlo oa Lefatše le Lecha’ o Etsang ka eona”—ba bolela hore ba etse ka “mahlahahlaha!” Filimi eo e ile ea bonoa ke batho ba fetang 42- 000 selemong sa pele ha e qeta ho lokolloa, ba akarelletsang liofisiri tsa ’muso le tsa thuto, tse ileng tsa e thabela. Qetellong batho ba Zambia ba fetang milione ba ile ba tseba ka Lipaki Tsa Jehova le mokhatlo oa tsona o hlophisitsoeng oa Bokreste.
Wayne Johnson o hopola kamoo li ileng tsa susumetsa batho kateng. O re: “Lifilimi tseo li ile tsa hohela batho ba tsoang libakeng tse hōle ’me tsa ba ruta ho hongata ka mokhatlo oa Jehova o hlophisitsoeng. Ha lenaneo le ntse le tsoela pele, batho ba ne ba atisa ho opa mahofi le hona ka nako e telele.”
Ho ile ha feta nako e itseng ho ntse ho bontšoa e ’ngoe ea lifilimi tsena lenaneong la Moqebelo thapama kopanong ea potoloho. Ho bontša filimi libakeng tsa mahae e ne e e-ba ketsahalo e thabisang. Phutuho ena e ile ea e-ba le tšusumetso e matla, le hoja batho ba sa tloaelanang le tsela eo batho ba phelang ka eona libakeng tse ling ba ne ba sa utloisise liketsahalo tse itseng hantle. Filimi e ’ngoe e ne e bontša batho ba tsoa ba salane morao seteisheneng sa terene e tsamaeang ka tlas’a lefatše New York City. Ba bangata ba ile ba nahana hore karolo eo e tšoantšetsa tsoho! Leha ho le joalo, lifilimi tseo li ile tsa thusa batho ba bang hore ba utloisise Lipaki Tsa Jehova haholoanyane. Empa mehla e ne e fetoha, ’me moea o hōlang oa boipuso o ne o tla etsa hore batho ba bangata ba Zambia ba fetohele barab’abo rōna. Barab’abo rōna liphuthehong le balebeli ba tsamaeang ba ne ba tla tobana le maemo a hlokang hore ba be le mamello e khōloanyane.
Bo-ralipolotiki ba Kena-kenana le Mosebetsi
Rhodesia Leboea e ile ea fumana boipuso ba eona ho Brithani ka la 24 October, 1964, ’me ea fetoha Rephabliki ea Zambia. Nakong eo maemo a lipolotiki a ile a baka tsitsipano e khōlō. Ho se nke lehlakore ha Lipaki Tsa Jehova ho ile ha hlalosoa hampe ka hore ke leqheka leo li le sebelisang ho tšehetsa puso ea bokolone hore e tsoele pele.
Lamp Chisenga o hopola ha a ne a ea sebakeng se haufi le Letša la Bangweulu nakong eo. O ne a rerile ho ea sehlekehlekeng se seng ka seketsoana a etela Lipaki tse neng li tšoasa litlhapi moo. Qalong o ile a tsamaea ka bese ho ea letšeng leo. Ha a theoha, ho ile ha thoe a hlahise karete ea mokha oa lipolotiki. Ho hlakile hore o ne a se na eona. Batšehetsi bao ba mokha ba koatola mokotla oa hae oa libuka. Eaba e mong oa bona o bona lebokose le ngotsoeng “Watchtower.” A hlaba mokhosi a re: “Watchtower! Watchtower!”
Ofisiri e ’ngoe e neng e sa batle hore ho tsohe morusu moo ea sutumelletsa Lamp ka beseng le mekotla ea hae. Batho ba ne ba se ba phuthehile ka bongata ebile ba se ba qalile ho fereletsa bese ka majoe, ba e betsa lemating, mabiling le lifensetereng. Mokhanni o ile a tloha moo ka lebelo, a ba a ea fihla Samfya a sa emise bese, e leng sebaka sa lik’hilomithara tse ka bang 90 ho tloha moo. Bosiu ho ile ha re khoe! Hosasane hoseng Lamp o ile a kena seketsoaneng joalokaha eka ha hoa etsahala letho a ea liphuthehong tse nyenyane tse letšeng leo.
Balebeli ba tsamaeang ba tsoela pele ho ipuella hore ke basebeletsi ba Molimo “ka ho mamella lintho tse ngata.” (2 Bakor. 6:4) Fanwell Chisenga, ea neng a potoloha sebakeng se haufi le Nōka ea Zambezi, o re, “Ho ba molebeli oa potoloho ho hloka hore motho a inehele ka moea oohle a be a itele.” Ho tloha phuthehong e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe sebakeng sena ho ne ho hloka hore motho a tsamaee sebaka se selelele ka liketsoana tsa khale, tse kenelang metsi tse bileng li tsamaeang nōkeng e nang le likubu tse bohale tse ka ’nang tsa roba seketsoana seo likoto habonolo feela. Ke’ng se ileng sa thusa Fanwell ho mamella mosebetsing oo oa potoloho? Oa bososela ha a sheba foto ea litho tsa phutheho tse neng li mo felehelitse ha a ea nōkeng, ’me o re mohloli o mong oa tšusumetso ke bara le barali babo. O botsa a tebisitse maikutlo, “Ke kae hape moo u ka fumanang lifahleho tse thabileng tjee lefatšeng lee le hlokofetseng?”
Ho se Nke Lehlakore
“Ha ho monna ea sebeletsang e le lesole ea ikenyang likhoebong tsa bophelo, e le hore a ka fumana kamohelo ea ea mo ngolisitseng e le lesole.” Ao ke mantsoe a ngotsoeng ke moapostola Pauluse. (2 Tim. 2:4) E le hore Bakreste ba lule ba sebelisoa ka botlalo ke Moeta-pele oa bona, Jesu Kreste, ba lokela ho qoba ho kenella lipolotiking tsa lefatše le mekhatlong ea bolumeli. Boemo bona bo baketse Bakreste ba ’nete ba lakatsang ho lula ba sa nke lehlakore litabeng tsa lefatše lena mathata le “matšoenyeho.”—Joh. 15:19.
Ba bangata ba ile ba hlokofatsoa ka sehlōhō Ntoeng ea II ea Lefatše hobane ba se na “lerato la naha.” Benson Judge, eo hamorao e ileng ea e-ba molebeli ea tsamaeang ea chesehang, o re: “Re ne re bona banna-baholo ba akheloa ka terakeng joalokaha eka ke mekotla ea poone hobane ba hana ho ea bosoleng. Re ne re utloa banna bao ba re, ‘Tidzafera za Mulungu’ (Re tla shoela Molimo).”
Le hoja Mukosiku Sinaali a ne a e-s’o kolobetsoe ka nako eo o ntse a hopola hore nakong ea ntoa taba ea ho se nke lehlakore e ne e atisa ho hlahella. “Ho ne ho lebeletsoe hore motho e mong le e mong a cheke metso ea sefate sa mambongo, e hlahisang latex e nkoang e le ea bohlokoa, a be a bokelle metso eo. Metso eo e ne e eboloa ebe ea tuloa ho etsoa marapo a neng a lohelloa hammoho a ntan’o sebelisoa e le rabara ho etsa lirifi tsa masole. Lipaki li ne li hana ho cheka metso eo kaha mosebetsi oo o ne o amana le ntoa. Ka lebaka leo, barab’abo rōna ba ile ba fuoa kotlo ka lebaka la hore ba ne ba sa kenye letsoho mosebetsing oo. Ba ile ‘ba hlouoa.’”
Joseph Mulemwa e bile e mong oa batho bao ‘ba hlouoeng.’ E ne e le letsoalloa la Rhodesia Boroa le neng le tlile Profinseng e ka Bophirimela ea Rhodesia Leboea ka 1932. Ba bang ba ne ba re o khothalletsa batho hore ba se ke ba lema masimo a bona kaha ‘’Muso o atametse.’ Moruti e mong oa ’mishone oa Mavumbo ea neng a hloile Joseph o ile a jala qoso eo ea bohata. Joseph o ile a tšoaroa a tlamelloa ka lihanaboi ho motho ea kulang kelellong. Ba bang ba ne ba tšepile hore monna eo o tla otla Joseph. Empa Joseph o ile a kokobetsa monna eo ea ferekaneng. Joseph o ile a tsoela pele ho bolela le ho etela liphutheho ha a qeta ho lokolloa. O shoele a tšepahala ka bo-1985.
Ba Matlafalletsoa ho Tobana le Liteko
Moea oa bochaba le maemo a tsitsipano metseng a ile a etsa hore batho bao matsoalo a bona a sa ba lumelleng ho kena litabeng tsa lipolotiki ba phelisoe ka tšabo joaloka linonyana. Le hoja ho ne ho rena tsitsipano ka har’a naha, Kopano e Akaretsang ea Naha e neng e tšoaretsoe Kitwe ka 1963, ea “Basebeletsi ba Sebete,” e ile ea fana ka bopaki ba hore Lipaki Tsa Jehova li na le khotso le bonngoe. Baeti ba ka bang 25 000, bao ba bang ba bona ba neng ba tlile le litente le lik’haravene ketsahalong eo ea matsatsi a mahlano, ba ile ba thabela ho mamela lenaneo ka e ’ngoe ea lipuo tse ’nè tseo ba neng ba ka khetha ho tsona. Milton Henschel o ile a fana ka puo ea bohlokoa e neng e bua ka kamano ea Bakreste le Naha. Frank Lewis o re: “Re hopola a re bolella hore re thuse barab’abo rōna ho utloisisa taba ea ho se nke lehlakore. Ruri re ile ra thabela keletso eo e nakong hobane barab’abo rōna ba bangata ba Zambia ba ile ba tobana le liteko tse matla ka katleho ’me ba lula ba tšepahala ho Jehova!”
Lilemong tsa bo-1960, Lipaki Tsa Jehova li ne li hlorisoa ka mabifi libakeng tse ngata li bile li senyetsoa thepa. Ho ile ha senngoa mahae le Liholo Tsa ’Muso. Ho babatsehang ke hore ’muso o ile oa nka khato ka ho koalla batho ba bangata teronkong ba neng ba phelisa Lipaki ka tšabo joaloka linonyana. Ha Rhodesia Leboea e e-ba Rephabliki ea Zambia, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa thahasella ka ho khetheha tokisetso ea litokelo tsa mantlha tsa botho tseo molao-motheo o mocha o neng o fana ka tsona. Empa moea o matla oa ho rata naha o ile oa li tsometsa.
Matšoao a Sechaba
Mehleng ea bokolone, bana ba Lipaki Tsa Jehova ba ne ba fuoa kotlo kahobane ka mabaka a bolumeli ba ne ba hana ho lumelisa folakha, eo ka nako eo e neng e le folakha ea Brithani. Ba ne ba boetse ba fuoa kotlo ha ba hana ho bina pina ea sechaba. Ka mor’a hore ho buisanoe le ba boholong, lekala la thuto le ile la nolofala, la re lengolong la lona: “Maikutlo a [sehlopha sa] lōna tabeng ea ho lumelisa folakha a tsebahala hohle ebile aa hlomphuoa, ’me ha ho ngoana ea lokelang ho fuoa kotlo ka tsela leha e le efe hobane a hana ho lumelisa folakha.” Molao-motheo o mocha oa naha o ile oa fana ka tšepo ea hore ho tla matlafatsoa tokelo ea motheo ea ho ba le bolokolohi, ho akarelletsa bolokolohi ba letsoalo, monahano le bolumeli. Leha ho le joalo, folakha e ncha le pina ea sechaba li ile tsa hlohlelletsa moea o matla oa ho rata naha. Ho ile ha qalisoa litšebeletso tsa ho lumelisa folakha le ho bina pina ea sechaba likolong letsatsi le leng le le leng, le hona ka matla. Le hoja bana ba bang ba Lipaki ba ne ba lumeletsoe hore ba se ke ba kopanela litšebeletsong tseo, ba bangata ba ile ba shapuoa esita le ho lelekoa sekolong.
Molao o mocha oa thuto, o ntšitsoeng ka 1966, o ile oa fana ka tšepo e itseng. O ne o e-na le karolo e lumellang motsoali kapa mohlokomeli ho kōpela ngoana hore a se ke a kopanela litšebeletsong kapa meketeng ea bolumeli. Kahoo, bana ba bangata ba neng ba lelekiloe likolong ba ile ba khutlisetsoa sekolong. Leha ho le joalo, nakoana ka mor’a moo ho ile ha etsoa melaoana e meng ka sekhukhu, e neng e hlalosa hore lifolakha le lipina tsa sechaba ke matšoao a naha a khothalletsang batho ho tseba bochaba ba bona. Le hoja barab’abo rōna ba ile ba buisana le ba boholong pusong, qetellong ea 1966 bana ba fetang 3 000 ba ne ba lelekiloe likolong hobane ba sa nke lehlakore.
Feliya o Lelekoa Sekolong
Ho ne ho fihlile nako ea ho nonya khato eo ho bona hore na e molaong kapa che. Ho ile ha khethoa ngoana e mong. Feliya Kachasu o ne a kena Sekolo sa Buyantanshi se Copperbelt. Le hoja ho ne ho tsebahala hore ke seithuti se hloahloa, o ile a lelekoa. Frank Lewis o pheta kamoo nyeoe eo e ileng ea tekoa kateng ka lekhotleng: “Monghali Richmond Smith o ile a hlahlela nyeoe ea rōna, e neng e le thata kaha e ne e qosa ’muso. O ile a etsa qeto ea ho buella nyeoe eo hobane a ne a utloile tsela eo Feliya a hlalosang lebaka leo a sa lumeliseng folakha ka lona.”
Dailes Musonda, eo le eena a neng a kena sekolo Lusaka ka nako eo, o re: “Ha lekhotla le ntse le mametse nyeoe ea Feliya, re ne re tšepile haholo hore le tla etsa qeto e re tšehetsang. Barab’abo rōna ba tsoang Mufulira ba ne ba tlile nyeoeng eo ba tl’o mamela. ’Na le ausi oa ka re ne re kōpuoe hore re be teng. Ke sa hopola Feliya a le ka khotla, a roetse katiba e tšoeu a apere mose o khanyang. Nyeoe eo e ile ea nka matsatsi a mararo. Baromuoa ba bang ba ne ba sa le teng; Mor’abo rōna Phillips le Mor’abo rōna Fergusson ba ne ba le teng ba tl’o mamela. Re ne re nahana hore boteng ba bona bo tla thusa.”
Moahloli e moholo o ile a etsa qeto e reng: “Ha ho letho nyeoeng ena le bontšang hore Lipaki Tsa Jehova li ikemiselitse ka tsela leha e le efe ho hlompholla pina ea sechaba le folakha ea naha ka seo li se etsang.” Leha ho le joalo, o ile a etsa qeto ea hore litšebeletso tsa naha hase tsa bolumeli le hore le hoja Feliya a lumela ka tieo seo a se lumelang, a ke ke a sebelisa molao oo oa thuto ho kōpa hore a behelloe ka thōko litšebeletsong tseo. O ne a lumela hore litšebeletso tseo lia hlokahala molemong oa tšireletseho ea sechaba. Empa ha hoa ka ha hlalosoa hore na ho qobella ngoana ea tlaase lilemong joalo ho mamela molao oo ho ne ho tla tsoela sechaba molemo joang. Feliya ha aa ka a lumelloa ho ea sekolong ha a ntse a tšoareletse lithutong tsa Bokreste tseo a li lumelang!
Dailes o re: “Re ile ra soetseha habohloko. Empa ra tlohella tsohle matsohong a Jehova.” Ha mathata a ntse a eketseha, Dailes le ausi oa hae le bona ba ile ba tlohela sekolo ka 1967. Ha selemo sa 1968 se fela, bana ba Lipaki Tsa Jehova ba ka bang 6 000 ba ne ba lelekiloe likolong.
Ho Thibeloa Liboka Tsa Phatlalatsa
Molao oa 1966 oa Ho Boloka Botsitso Sechabeng o ile oa phatlalatsa hore liboka tsohle tsa phatlalatsa li lokela ho qaloa ka pina ea sechaba. Sena se ile sa re sitisa ho tšoara likopano tseo ho neng ho ka memeloa batho ho tsona. Barab’abo rōna ba ile ba iphaphatha le seo ’muso o se hlokang ka hore ba tšoare lipokano tse khōlō libakeng tseo e seng tsa sechaba, ’me ba ne ba atisa ho li tšoarela Liholong Tsa ’Muso tse kampetsoeng ka lekhoakhoa. Seo se ile sa hohela batho ba bangata ba neng ba thabela ho tseba se etsahalang, kahoo, lenane la ba bang teng le ile la eketseha hoo ka 1967, ho ileng ha e-ba teng batho ba ka bang 120 025 Sehopotsong sa Lefu la Kreste.
Lamp Chisenga o re: “Nakong ena ho ne ho tsohile khanyetso e mabifi. Motseng oa Samfya, mahoohoo a ile a hlasela Mor’abo rōna Mabo ea neng a kopanela Phuthehong ea Katansha a ba a mo bolaea. Ka linako tse ling barab’abo rōna ba ne ba hlaseloa ha ba le libokeng ’me Liholo tse ngata tsa ’Muso li ile tsa chesoa. Leha ho le joalo, ba boholong ba ile ba ’na ba tsoela pele ba hlompha Lipaki, ’me bahanyetsi ba bang ba ile ba tšoaroa ba ba ba fuoa kotlo.”
Li na le Lebotho la Tsona la Moeeng!
Bahanyetsi ba ile ba tsoela pele ho qosa Lipaki Tsa Jehova ka liqoso tsa bohata, ba re ke barui ba makatsang ebile li tl’o theha ’muso o latelang. Ka letsatsi le leng mongoli oa mokha o busang o ile a fihla ofising ea lekala e Kitwe ho sa tsejoe hore oa tla. Barab’abo rōna ba ile ba bona feela ha ho se ho fihla moteoloha oa mapolesa keiting ea be e le hona ba tsebang hore oa tla. Ha a ntse a tšoere seboka le baemeli ba lekala, o ile a khoboheloa. A phahamisa lentsoe a re: “Re le file tumello ea hore le hahe mehaho ena. Joale le etsa’ng ka eona? Ke tsona liofisi tsa ’muso oa lōna?”
Ba bang ba boholong ba ile ba ’na ba kholoa menyenyetsi e meng e sothehileng. Profinseng e ’ngoe ea Zambia e ka Leboea-Bophirimela, mapolesa a ile a sebelisa mosi o fahlang e le ha a leka ho qhala kopano. Barab’abo rōna ba ile ba khona ho romela thelekramo ka potlako ofising ea lekala. Sehoai se seng sa mojaki se ne se e-na le sefofane se senyenyane, seo se ileng sa isa baemeli ba bang ba tsoang lekaleng ka sona Kabompo, ho ea leka ho kokobetsa boemo le ho rarolla ho se utloisisane leha e le hofe ho teng. Ka bomalimabe, sena ha sea ka sa thusa ho tlosa lipelaelo tsa ba bang bao joale ba neng ba re Lipaki li na le lebotho la tsona la moeeng!
Barab’abo rōna ba ile ba bokella ka hloko makotikoti a mosi o fahlang a setseng lebaleng la kopano. Hamorao baemeli ba lekala ba ile ba sebelisa makotikoti ao ho fana ka bopaki ba tšebeliso e sa hlokahaleng ea likhoka ha ba il’o hlalosetsa ba boholong pusong ngongoreho ea bona. Ketsahalo eo e ile ea phatlalatsoa hohle, ’me batho ba tseba kamoo Lipaki li ileng tsa itšoara ka tsela e nang le khotso kateng.
Ho Hlalosa Boemo ba Rōna
Boiteko ba ho thibela mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova ka molao bo ile ba ’na ba ipha matla. Lekala le ne le batla ho hlalosetsa ba pusong boemo ba rōna ba ho se nke lehlakore. Ho ile ha khethoa Smart Phiri le Jonas Manjoni ho ea hlalosetsa matona a mangata a ’muso boemo ba rōna. Ha ba ntse ba hlalosa, letona le leng le ile la kharumela barab’abo rōna. La re: “Ekare nka le ntšetsa ka ntle ka le tlhaliela ka phafa! Na lea bona hore na le entse’ng? Le re nketse batho ba itšoereng hantle, eaba le re siela eng? Le re sietse babolai, bafebi le masholu!”
Barab’abo rōna ba araba ba re: “Empa ke seo ba bang ba bona ba neng ba le sona! E ne e le masholu, bafebi, babolai, empa ka lebaka la matla a Bibele, batho bao ba fetotse bophelo ba bona ’me e se e le baahi ba molemo ba Zambia. Ke kahoo re ipiletsang ho lōna hore le re lumelle re bolele ka bolokolohi.”—1 Bakor. 6:9-11.
Ho Lelekoa Naheng le ho Thibeloa ho Etsa Lintho Tse Itseng
Joalokaha re utloile pejana, baromuoa ba ile ba laeloa hore ba tsoe naheng eo. Frank Lewis o ile a re: “Ha re sa tla lebala January 1968. Mor’abo rōna e mong o ile a founa a re tsebisa hore ofisiri ea tsa bojaki e sa tsoa tloha ha hae. Ofisiri eo e ne e mo file lipampiri tse mo lelekang naheng eo ’me a fuoe matsatsi a supileng feela hore a phuthe mehasoana ea hae a be a tsoe moo Zambia. Ka mor’a moo ha kena fono e ’ngoe ha ntan’o kena e ’ngoe. Qetellong, mor’abo rōna e mong a founa a re o utloile ho thoe mohaho o moholo o Kitwe le oona o tl’o ameha.” Kamoo ho bonahalang kateng, mehato eo e feteletseng e ne e reretsoe ho hlokisa Lipaki botsitso le ho li nyahamisa mosebetsing oo li o etsang ka cheseho.
Selemong se latelang, mopresidente o ile a fetisa Molao oa Ho Boloka Tšireletseho Sechabeng, o neng o hanela mosebetsi oa ho bolela ka ntlo le ntlo. Ka lebaka la thibelo ena, barab’abo rōna ba ile ba lokela ho hlophisa tšebeletso ea bona bocha, ’me bopaki bo sa reroang e ile ea e-ba ba bohlokoa le ho feta. Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso e ile ea fetoha Lengolo la Rōna la Khoeli le Khoeli, ’me karolo ea “Ho Nehelana ka Litaba Tse Molemo” ea e-ba le sehlooho se reng “Tšebeletso ea Rōna ka Phuthehong.” Sena se ile sa re thusa ho etsa hore liofisiri tsa ’muso tse hlahlobang lingoliloeng li se ke tsa hlokomela seo re se etsang. Ka April 1971, ho ile ha tlalehoa tlhōrō ea lithuto tsa lehae tsa Bibele tse ka bang 48 000, e leng ho neng ho bontša ka ho hlaka hore barab’abo rōna ha baa nyahamisoa ke boiteko boo ba ho thibela mosebetsi.
Clive Mountford, ea seng a lula Engelane, o ne a tloaelane le baromuoa ba bangata. O re: “Tsela e ’ngoe eo re neng re paka ka eona e ne e le ka ho palamisa batho tseleng ha re tsamaea ka koloi ebe re buisana le bona ka ’nete. Re ne re beha limakasine ka koloing, moo motho eo re mo palamisang a ka li bonang habonolo.”
Le hoja batho ba ne ba sa haneloa ho buisana ka Bibele, molao o ne o laela hore motho a fuoe tumello pele a ka etela motho ea thabelang. Ka linako tse ling sohle seo barab’abo rōna ba neng ba se etsa e ne e le ho etela malapeng a beng ka bona, batho bao ba neng ba kena sekolo le bona, basebetsi-’moho le bona kapa batho ba bang feela. Ha ba ntse ba iqoqela feela, ka masene ba ne ba fetola moqoqo hore ba buisane ka litaba tsa Mangolo. Kaha malapa a lulang le ba bang ba leloko a ne a le maholo, motho o ne a ka buisana le beng ka eena ba bangata ba sa lumelang le batho ba bang ba motse.
Ka 1975, lekala le ile la re: “Bahoeletsi ba likete tse ’maloa tšimong ea rōna ha ba e-s’o ka ba kopanela boboleling ba ntlo le ntlo. Leha ho le joalo, ho entsoe barutuoa ba bacha ha ba ha fanoa ka bopaki ka ho pharaletseng.” Ka lebaka la ho thibeloa ha mosebetsi oa bona oa ntlo le ntlo, barab’abo rōna ba ile ba paka ka litsela tse ling. Mohlala o mong ke oa mor’abo rōna ea neng a boloka litlaleho lefapheng le leng la ’muso. Mosebetsi oa hae o ne o kopanyelletsa hore a ngole mabitso a batho le boitsebiso bo itseng ka bona. O ne a thahasella ka ho khetheha batho ba nang le mabitso a hlahang ka Bibeleng ’me a ba botsa hore na ba tseba eng ka lebitso leo le hlahang ka Bibeleng. Sena se ne se mo fa menyetla e mengata ea ho paka. Ha ’mè e mong a ile moo le morali oa hae, mora eo oabo rōna o ile a hlokomela hore lebitso la ngoanana eo ke Edene. Ha ’mè eo a botsoa hore na oa tseba hore na “Edene” e bolela’ng, o ile a re ha a tsebe. Mor’abo rōna o ile a mo hlalosetsa ho se hokae, a ba a bontša hore haufinyane lefatše le tla fetoha Paradeise e tšoanang le Edene ea qalong. Mosali eo o ile a thabela seo, a ba a fa mor’abo rōna aterese ea hae ea lapeng. Monna oa hae le eena o ile a thabela, ’me ba lelapa leo ba qala ho ba teng libokeng, qetellong ba bang ba bona ba kolobetsoa.
Bahoeletsi ba bang le bona ba ne ba paka mesebetsing ea bona ea boipheliso. Royd, ea neng a sebetsa ’maeneng, o ne a botsa basebetsi-’moho le eena nakong ea lijo tsa motšehare hore na ba nahana joang ka litemana tse itseng. “Le nahana hore ‘lefika’ leo ho buuoang ka lona ho Matheu 16:18 ke mang?” Kapa “‘Lejoe le khopang’ leo ho buuoang ka lona ho Baroma 9:32 ke mang?” Basebetsi ba bangata ba ’maene ba ne ba atisa ho phutheha ho tla mamela tlhaloso eo a fanang ka eona ea Mangolo. Ka lebaka la lipuisano tsena tse sa reroang, batho ba ’maloa ba neng ba sebetsa le Royd ba ile ba hatela pele ’me ba inehela ba ba ba kolobetsoa.
Ho ikemisetsa ha bacha ba rōna ka tieo sekolong le hona ho ile ha fa ba bang monyetla oa hore ba ithute ’nete. Ha bana ba bang ba hana ho bina lipina tsa bochaba, tichere ea bona e ile ea halefa ’me ea re tlelase e tsoele ka ntle. E mong oa bana bao o re: “E tlameha ebe tichere eo e ne e nahana hore ha re tsebe ho bina leha e le ’ngoe feela ea lipina tsa rōna tsa bolumeli. Ho bonahala eka e ne e nahanne hore oo e tla ba monyetla oa ho re soma. E ile ea re liithuti li eme ka malumeli a tsona. Ea re sehlopha ka seng se bine pina e le ’ngoe kapa tse peli tsa kereke ea sona. Ha lihlopha tse peli li sitoa ho hopola pina eo li ka e binang, tichere eo ea retelehela ka ho rōna. Ra qala ho bina pina ea ‘Lena ke Letsatsi la Jehova!’ Ho bonahala eka re ile ra e tsanyaola hamonate hoo batho ba motse ba iphetelang ka tsela ba ileng ba ema ba re mamela. Ra ntan’o bina e reng ‘Jehova oa Busa!’ Batho bohle ba opa mahofi ho kopanyelletsa le eona tichere eo. Ra ntan’o khutlela ka tlelaseng. Bana ba bangata bao re kenang le bona ka tlelaseng ba ile ba botsa hore na re ithutile lipina tseo tse monate kae, ba bang ba ea le rōna libokeng, ’me hamorao ea e-ba Lipaki tse mafolofolo.”
“Ba Sieang Libuka”
Nakong ena eohle barab’abo rōna ba ne ba le ‘seli joaloka linoha ’me leha ho le joalo ba hloka molato joaloka maeba.’ (Mat. 10:16) Lipaki Tsa Jehova li ne li rehiloe Abaponya Ifitabo ke hore “Ba Sieang (kapa, ba Tsamaisang) Libuka,” ka lebaka la lingoliloeng tsa tsona tse ikhethang le hore li ne li li sebelisa ka cheseho ho thusa batho ho ithuta Bibele. Le hoja bahanyetsi ba ne ba leka ka matla ho khutsisa barab’abo rōna, mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso o ile oa ’na oa hatela pele ka matla. Le hoja khanyetso e mabifi e ile ea ’na ea tsoha ho theosa le lilemo, e ile ea kokobela lilemong tse qalang tsa bo-1980.
Lilemong tse 25 ka mor’a hore naha e fumane boipuso, ho ile ha kolobetsoa batho ba ka bang 90 000. Empa lenane la bahoeletsi ba mafolofolo lona le ile la eketseha ka ba ka bang 42 000 feela. See se ne se etsoa ke eng? Ke ’nete hore ba bang ba ile ba shoa, ’me e ka ’na eaba ba bang ba ile ba falla. Neldie, ea neng a sebeletsa ofising ea lekala ka nako eo o re: “Empa ho tšaba batho le hona ho ne ho le teng.” Ba bangata ba ne ba sa kopanele tšebeletsong kamehla kapa ba se ba khaolitse ho kopanela tšebeletsong. Ho feta moo, boipuso bo ne bo fetotse lintho. Ho ne ho hlahile likheo tsa mesebetsi ea bookameli le ea tsamaiso ea khoebo, eo pele e neng e etsoa ke melata. Malapa a mangata a ile a khaotsa ho ameha ka lintho tsa moea a qala ho lelekisa lintho tse bonahalang ha a bona menyetla e mecha ea ho iphumanela matlo, mosebetsi le ho ntšetsa thuto pele.
Leha ho le joalo, mosebetsi o ile oa ’na oa tsoela pele. Morena Solomone ea bohlale o ile a ngola, a re: “Jala peō ea hao hoseng ’me u se ke ua lumella letsoho la hao hore le phomole ho fihlela ka shoalane; etsoe ha u tsebe moo sena se tlang ho ba le katleho, ebang ke mona kapa mane, kapa hore na ka bobeli li tla ba molemo ka ho tšoanang.” (Moek. 11:6) Barab’abo rōna ba ile ba ikitlaelletsa ho jala peō ea ’nete e neng e tla atleha ha maemo a lumela. Ka lebaka la keketseho e ileng ea e-ba teng, ka 1976 ho ile ha hlokahala hore ho rekoe teraka e ncha e neng e tla tsamaisa lingoliloeng tse eketsehileng. Ka 1982 ho ile ha qalisoa mosebetsi oa kaho sebakeng se secha sa khatiso se lik’hilomithara tse ’maloa ho tloha Bethele. Seo se ile sa rala motheo oa keketseho e neng e tla latela.
Ke linaha tse seng kae feela Afrika e bohareng tse bileng le khotso tsa ba tsa hloka liqhoebeshano tsa lehae joaloka Zambia. Le hoja hona joale maemo a litaba a lumela hore ho ‘boleloe litaba tse molemo tsa lintho tse molemo,’ “matšoenyeho” a nakong e fetileng a ntse a hopotsa ba tšepahalang hore ba lokela ho lula ba phathahane ba “bokella litholoana bakeng sa bophelo bo sa feleng.”—Bar. 10:15; 2 Bakor. 6:4; Joh. 4:36.
Katoloso ea Lekala
Lilemong tsa bo-1930, Llewelyn Phillips le ba neng ba sebetsa le eena ba ne ba sebeletsa mohahong o hiriloeng o nang le likamore tse peli, Lusaka. Ba bangata ba ne ba sa nahane hore ho tla ba le mohaho o teng hona joale oa Bethele o setšeng se boholo ba lihekthere tse 110, moo ho lulang baithaopi ba fetang 250. Bara le barali bana babo rōna ba hlokomela litlhoko tsa moea tsa bahoeletsi ba fetang 125 000 ha ba kopana le bo-pula-maliboho. A re hlahlobeng ho se hokae hore na khōlo ena e bile teng joang.
Joalokaha re se re hlokometse, ka 1936 ba boholong ba ile ba nolofala hoo ba ileng ba lumela hore ho buloe depo ea libuka Lusaka. Ka mor’a nakoana ho ile ha e-ba le keketseho eo ka lebaka la eona ba ileng ba lokela ho fallela mohahong o moholoanyane. Ho ile ha fumanoa mohaho oa bolulo haufi le seteishene se seholo sa mapolesa. Jonas Manjoni o re: “O ne o e-na le likamore tse peli tsa ho robala. Ntlo ea ho jela e ne e sebelisoa ke Lefapha la Tšebeletso, ’me foranta e sebelisoa ke Lefapha la Thomello.” Ka 1951, Jonas o ile a nka libeke tse peli tsa phomolo mosebetsing oa boipheliso a ea thusa Bethele, ’me hamorao a lula teng. O re: “Lintho li ne li hlophisitsoe hantle ’me batho bohle ba ne ba thabile. Ke ne ke sebetsa Lefapheng la Thomello le Mor’abo rōna Phillips, re etsa lipeeletso re bile re tempa liphutheloana tsa limakasine. Re ne re thabisoa ke hore re sebeletsa barab’abo rōna.” Ha nako e ntse e ea, Harry Arnott o ile a tla thusa Llewelyn Phillips, ba sebetsa le barab’abo rōna ba bang ba moo, ba kang Job Sichela, Andrew John Mulabaka, John Mutale, Potipher Kachepa le Morton Chisulo.
Kaha Zambia e ne e atleha indastering ea limmaene ebile e hatela pele ka sekhahla ntlafatsong ea litšebeletso tsa ho tsamaea le mekhoeng ea puisano ’me limmaene li hohela batho ba hlahang likarolong tsohle tsa naha, ba bangata ba ne ba se ba thahasella Copperbelt ho feta Lusaka. Ian Fergusson o ile a etsa tlhahiso ea hore ho rekoe setša motseng o mong oa limmaene, ’me ka 1954 ofisi ea lekala e ile ea fallela King George Avenue, motseng oa Luanshya. Empa nakoana ka mor’a moo, sebaka seo se ile sa haella bakeng sa ho hlokomela keketseho e sekhahla tšimong e neng e akarelletsa karolo e khōlō ea Afrika Bochabela. Ha Nathan Knorr, ea neng a tsoa ntlo-khōlō ea lefatše, a tlile Kopanong ea Setereke ea “Basebeletsi ba Falimehileng” ka 1959, o ile a hlahloba litša tseo ho ka hahoang lekala le lecha ho tsona ’me a fana ka tumello ea hore le hahoe. Geoffrey Wheeler o re, “’Na le Frank Lewis le Eugene Kinaschuk, re ile ra ea setšeng se secha Kitwe le setsebi se seng sa meralo ea ho haha ho ea hloma lipalo setšeng sa lehae le lecha la Bethele.” Ofisi e ncha ea lekala e nang le sebaka sa bolulo, sebaka sa khatiso le Holo ea ’Muso, e ile ea neheloa ho Jehova ka la 3 February, 1962. Harry Arnott, eo e neng e le mohlanka oa lekala ka nako eo, o ile a phetha lenaneo la nehelo ka ho bua ka mohaho oa bohlokoa le ho feta oa moea oo e mong le e mong a lokelang ho sebetsa ka thata ho o haha ka tumelo, tšepo le lerato.
Ka mor’a nakoana sebaka seo le sona se ile sa haella kaha lilemong tse leshome tse latelang lenane la bahoeletsi ba ’Muso le ile la eketseha ho tloha ho ba 30 129 ho ea ho ba ka bang 57 000. Ian Fergusson o re: “Mor’abo rōna Knorr o ile a re khothalletsa hore re hatise lingoliloeng tse eketsehileng. Ke ile ka etela lekaleng la Afrika Boroa le Elandsfontein, ho ea buisana le barab’abo rōna moo. Nakoana ka mor’a moo, ho ile ha tlosoa mochine oa khatiso moo oa isoa Kitwe ka sefofane.”
Lekala la Kitwe le ne le sa hatise libuka le limakasine feela, empa le ne le hatisetsa Kenya le libaka tse ling tsa Afrika Bochabela Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Ka mor’a nakoana, sebaka seo se senyenyane sa khatiso se ile sa haella, ’me ho ile ha hlokahala hore ho falleloe sebakeng se seng sa khatiso. Ha lekhotla la motse le hana ha re sebelisa setša seo re se fumaneng, mor’abo rōna e mong o ile a ithaopela ho fana ka setša. Mohaho o ileng oa hahoa setšeng seo o ile oa phethoa ka 1984. Ho ile ha feta lilemo tse mashome a mararo Kitwe e le setsi sa tataiso ea moea mosebetsing oa boboleli o etsoang Zambia.
Nakong e thata ka mor’a hore baromuoa ba lelekoe naheng eo, lenane la ba sebetsang ofising ea lekala le ile la eketseha hoo litho tse 14 tsa lelapa la Bethele li neng li lula ka ntle le malapa a tsona. Ho ne ho hlokahala hore ho etsoe liphetoho e le hore mosebetsi o larileng ka pele o tle o hlokomeloe hantle. Ha nako e ntse e ea, ho ile ha rekoa matlo a mabeli ha ba ha hiroa ntlo e ’ngoe, ’me seo sa etsa hore re khone ho eketsa litho tsa lelapa. Leha ho le joalo, ho ile ha hlaka hore ho hlokahala mehaho e mecha. Ka lehlohonolo, boemo bo ne bo le haufi le ho fetoha. Ka 1986, barab’abo rōna ba libakeng tse itseng ba ile ba kōpuoa hore ba batle setša seo ho tla hahoa lekala le lecha ho sona. Ho ile ha fumaneha polasi ea lihekthere tse 110, lik’hilomithara tse ka bang 15 ka bophirimela ho motse-moholo. Eo e bile khetho e bohlale kaha sebaka seo se na le metsi a mangata a runyang fatše. Dayrell Sharp o re, “Ke nahana hore ke Jehova ea re tataisitseng ho re tlisa sebakeng sena se botleng.”
Nehelo le Keketseho
Ka Moqebelo oa la 24 April, 1993, bahlanka ba Jehova ba makholo-kholo ba mo sebelelitseng ka nako e telele ba ile ba bokana ho tla nehela mehaho eo e mecha. Har’a bara le barali babo rōna ba 4 000 ba moo Zambia ho ne ho e-na le baeti ba fetang 160 ba tsoang linaheng tse ling, ba akarelletsang baromuoa ba neng ba tlohile moo lilemong tse 20 tse fetileng. Theodore Jaracz, e leng se seng sa litho tse peli tsa Sehlopha se Busang tse neng li le teng moo, o ile a bua ka sehlooho se reng “Ho Ipuella re le Basebeletsi ba Molimo.” O ile a hopotsa ba sebelelitseng ka botšepehi ka lilemo tse ngata hore ha e ne e se ka mamello ea bona, ho ka be ho sa ka ha hlokahala hore mehaho eo e hahoe. Ha a bua ka mantsoe a Pauluse a neng a lebisitsoe ho Bakorinthe, o ile a hatella taba ea hore mosebeletsi oa ’nete o hlaolela litholoana tsa moea, tse mo nolofalletsang ho mamella mathata, liteko le matšoenyeho. O ile a re: “Le ipueletse le le basebeletsi ba Molimo. Re ile ra tlameha ho haha lekala lena le lecha ka lebaka la keketseho ea mosebetsi.”
Ka 2004, ho ile ha qetoa mohaho o mocha oa bolulo oa mekato e mene o nang le likamore tse 32. Sebaka sa khatiso se ka bang boholo ba lisekoere-mithara tse 1 000 se ile sa ntlafatsoa hore se be le liofisi tse 47 tsa bafetoleli le sebaka se eketsehileng seo ho bolokoang lifaele ho sona, libaka tseo ho tšoareloang liboka ho tsona le laebrari.
Ho sa tsotellehe mathata a moruo le a mang, Lipaki Tsa Jehova tsa Zambia li ruile tšebeletsong ea tsona ho Molimo, ’me li ho nka e le tlotla ho abela ba bang maruo a tsona a moea.—2 Bakor. 6:10.
Ho Buella ’Nete ho Bohle
Ho theosa le lilemo tloaelo ea Zambia ea hore ’metla-khola o e lebisa ho oa habo e thusitse ba bangata hore ba be le monyetla oa ho hōlisetsoa ’neteng. Maele a tloaelehileng Profinseng e ka Bophirimela ea Zambia a re, Khomo ha e imeloe ke manaka a eona. Ka mantsoe a mang, tlou ha e hlōloe ke moroalo. Batsoali ba Bakreste baa hlokomela hore Molimo o ba nka ba ikarabella ’me ba susumetsa bana ba bona ka tsela e ntle, ba ba khothalletsa tšebeletso ea Bokreste ka lipuo le ka liketso. Kajeno, Lipaki tse ngata tse chesehang ke litloholo tsa bao ba tšepahalang.—Pes. 128:1-4.
Lipaki Tsa Jehova tsa Zambia li thabela seo li se finyeletseng ka lebaka la mamello ea Jehova le tšehetso ea hae. (2 Pet. 3:14, 15) Lilemong tse qalang, lithuto tsa tumelo ea “’nete” e thehiloeng Bibeleng li ile tsa li thusa hore li mamelle nakong eo ea ho se kholisehe hore na boemo ba litaba ke bofe. Ho ba le “lerato le se nang boikaketsi” ho tsoela pele ho tlamahanya batho ba merabe e sa tšoaneng le ho tlisa khōlo e tsitsitseng ea moea ho se na mathata a sa hlokahaleng. Ka ho sebelisa “lihlomo tsa ho loka” ho sireletsa le ho tsebisa ba bang “ka mosa,” ba butse ba bangata likelello, ho akarelletsa ba boholong, ’me seo se atisa ho fana ka “tlaleho e ntle.” Hona joale liphutheho tse fetang 2 100 li thehiloe ka tieo “ka tsebo” kaha barab’abo rōna ba tšoanelehang ba tsoang Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi ba hlokomela lintho ka tsela e hlokahalang. Le hoja ho ka ’na ha e-ba le “matšoenyeho” a mang a eketsehileng, Lipaki Tsa Jehova li ka kholiseha hore li tla ’ne li ‘thabe kamehla’ ha li bokana hammoho.—2 Bakor. 6:4-10.
Selemong sa tšebeletso sa 1940, batho ba ka bang 5 000 ba ile ba mamela taelo ea Jesu ea hore ba ikhopotse lefu la hae. E ne e le motho a le mong ho baahi ba bang le ba bang ba ka bang 200. Lilemong tsa morao tjena, batho ba fetang halofo ea milione—ha e le hantle batho ba 569 891 ba bile teng ho tla hlompha Jehova bosiung boo bo khethehileng ka 2005—ke hore hoo e ka bang motho a le mong ho baahi ba bang le ba bang ba ka bang 20. (Luka 22:19) Ke’ng se entseng hore batho ba Jehova ba atlehe ho bokana ka tsela ee? Tlotla eohle e isoa ho Jehova Molimo, ea entseng hore ho be le keketseho eo ea moea.—1 Bakor. 3:7.
Empa Lipaki Tsa Jehova tsa Zambia le tsona li phethile karolo ea tsona. Setho se seng sa Komiti ea Lekala se re: “Ha re lihlong ho bolela litaba tse molemo; re ho nka e le tlotla.” Baeti ba bona ka ho hlaka hore Lipaki Tsa Jehova li etsa tšebeletso ea tsona ka boikemisetso le ka tlhompho. Ke kahoo ho baahi ba bang le ba bang ba 90 a le mong e leng mohoeletsi! Empa ho sa na le mosebetsi o eketsehileng o larileng ka pele.
“Lebitso la Jehova ke tora e matla. Ea lokileng o balehela ho lona ’me o fuoa tšireletso.” (Liprov. 18:10) Ka hona, ba nang le tšekamelo e nepahetseng ba lokela ho balehela ka lehlakoreng la Jehova ka potlako. Lithuto tsa Bibele tse ka bang 200 000 tseo hona joale li khannoang khoeli le khoeli Zambia li tla thusa ba bang ba bangata hore ba inehele ho Jehova le hore e be basebeletsi ba hae ba chesehang. Lipaki tse fetang 125 000 tse mafolofolo Zambia li na le mabaka ’ohle a ho buella tsela eo.
[Lebokose le leqepheng la 168]
Tlhaloso e Khutšoanyane ea Zambia
Naha: Zambia ke naha e bataletseng, e pota-potiloeng ke linaha tse ling e bileng e nang le lifate tse ngata, e lutseng holim’a sehlaba se bophahamo ba limithara tse ka bang 1 200 holim’a leoatle. Nōka ea Zambezi e tšoaea karolo e khōlō ea moeli o ka boroa.
Batho: Batho ba bangata ba Zambia ba tseba ho bala le ho ngola ’me ba ipitsa Bakreste. Libakeng tsa mahae, batho ba lula matlong a ruletsoeng ka joang ’me baa lema.
Puo: Linthong tsa molao ho sebelisoa Senyesemane le hoja ho e-na le lipuo tse ling tse fetang 70 tse buuoang naheng eo.
Mokhoa oa boipheliso: Liindasteri tse khōlō ke tse rafang koporo le ho e lokisa. Lihlahisoa tse ling tsa temo ke poone, mabele, raese le makotomane.
Lijo: Poone ke sejo se seholo. Sejo se seng se ratoang haholo ke papa ea poone e bitsoang nshima.
Boemo ba mohatsela le mocheso: Kaha naha eo e sebakeng se phahameng, boemo ba mohatsela le mocheso ha bo bobe hakaalo joalokaha motho a ne a ka lebella naheng e Afrika boroa-bohareng. Nako le nako ho ba le komello.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 173-175]
Ke Ile ka Ahloleloa Likhoeli Tse 17 ’me ka Shapuoa ka Phafa ka Makhetlo a 24
Kosamu Mwanza
O Hlahile ka: 1886
O Kolobelitsoe ka: 1918
Pale ea Bophelo ba Hae: O ile a hlorisoa a ba a feta liatleng tsa barab’abo rōna ba bohata. E bile pula-maliboho a ba a sebeletsa e le moholo ka botšepehi ho fihlela a qeta bophelo ba hae ba lefatšeng ka 1989.
Lilemong tse qalang tsa ntoa ea pele ea lefatše, ke ne ke le sesoleng ke bile ke thusa ho hlokomela bakuli Lebothong la Rhodesia Leboea. Ka December 1917 ha ke le phomolong, ke ile ka kopana le banna ba babeli ba tsoang Rhodesia Boroa ba neng ba kopanela le Liithuti Tsa Bibele. Ba ile ba mpha li-volume tse tšeletseng tsa Studies in the Scriptures. Ke ile ka nka matsatsi a mararo feela ho bala boitsebiso bohle bo fuperoeng ke libuka tseo. Ka mor’a moo eaba ha ke sa khutlela ntoeng.
Ho ne ho le thata ho ngollana le ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova, ’me ’na le barab’abo rōna re ne re iketsetsa lintho ka hlooho e ntšo feela. Re ne re ea metseng e fapaneng, re bokella batho, re ba pakela re bile re araba lipotso tsa bamameli. Ha nako e ntse e ea, re ile ra khetha sebaka se bohareng seo re kopanelang ho sona se neng se bitsoa Galilea, karolong e ka leboea ea naha. Ha re le moo re ne re memela batho ba thabelang ho tla mamela ha ho hlalosoa Bibele. Ke ile ka khetheloa ho tsamaisa puisano. Ka masoabi, ho ile ha hlaha barab’abo rōna ba bangata ba bohata ’me ba jala pherekano.
Re ne re chesehela ho paka, empa boiteko ba rōna bo ne bo senya makhulo a baromuoa ba K’hatholike le ba Prostanta sebakeng seo. Re ile ra ’na ra tšoara liboka tse khōlō ’me ke sa hopola hore sebokeng se seng se neng se tšoaretsoe maralleng a haufi le Isoka ka January 1919, ho ile ha e-ba teng batho ba ka bang 600. Mapolesa le masole a ile a fihla a senya Libibele le libuka tsa rōna, ’me a tšoara ba bangata ba rōna hobane a sa tsebe hore na re moo ka sepheo sefe. Ba bang ba ile ba isoa teronkong e haufi le Kasama, ba bang ba isoa Mbala, athe ba bang bona ba ile ba isoa motseng o ka boroa oa Livingstone. Ba bang ba ile ba ahloleloa lilemo tse tharo. Ke ile ka ahloleloa ho hoehla likhoeli tse 17 teronkong ’me ka shapuoa ka makhetlo a 24 ka phafa maraong.
Ke ile ka khutlela motseng oa haeso ha ke qeta ho lokolloa, ’me ka itsoella pele ka mosebetsi oa boboleli. Ka mor’a nako e itseng ke ile ka boela ka tšoaroa ’me ka koalloa teronkong ka mor’a ho shapuoa ka phafa hape. Khanyetso e ile ea ’na ea tsoela pele. Morena oa moo o ile a etsa qeto ea ho leleka barab’abo rōna motseng oo. Kaofela ha rōna re ile ra fallela motseng o mong, moo morena oa teng a ileng a re amohela. Re ile ra lula moo, ’me a re lumella hore re ikahele motse oa rōna oo re ileng ra o reha Nazaretha. Re ne re lumeletsoe ho lula moo hafeela mosebetsi oa rōna o sa luke khotso. Boitšoaro ba rōna bo ile ba khahla morena eo.
Ho elella mafelong a 1924, ke ile ka khutlela ka leboea ho Isoka moo mokomishinara ea mosa oa setereke a ileng a nthusa ho utloisisa Senyesemane hamolemo. Nakong eo ho ile ha hlahella batho ba itseng ba neng ba ipitsa baeta-pele, ’me ba ruta lithuto tse sothehileng ba bile ba khelosa ba bangata. Leha ho le joalo, re ile ra ’na ra kopanela malapeng a batho re etsa seo ka masene. Ka mor’a lilemo tse seng kae, ke ile ka kōpuoa hore ke e’o kopana le Llewelyn Phillips, Lusaka, ea ileng a nkabela ho etela liphutheho tse moeling oa Zambia le Tanzania. Ke ile ka ba ka e’o fihla Mbeya, Tanzania, ke matlafatsa barab’abo rōna. Nako le nako ha ke qeta ho etela liphutheho tse potolohong eo, ke ne ke khutlela phuthehong ea heso. Ke ile ka potoloha ho fihlela lilemong tsa bo-1940 ha ho khethoa balebeli ba potoloho.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 184-186]
Ho Thusa Linaha Tse ka Leboea ho Zambia
Ka 1948 lekala le sa tsoa thehoa la Rhodesia Leboea le ile la hlokomela mosebetsi oa boboleli ba ’Muso o neng o etsoa karolong e khōlō ea se neng se bitsoa British East Africa. Nakong eo ho ne ho e-na le bahoeletsi ba seng bakae lihlabeng tsa linaha tse ka leboea ho Zambia. Kaha ba boholong mehleng eo ba ne ba hanela baromuoa ba tsoang linaheng tse ling ho kena linaheng tseo, ke mang ea neng a tla thusa batho ba ikokobelitseng hore ba ithute ’nete?
Ha Happy Chisenga a ithaopela ho ba pula-maliboho oa kamehla Profinseng ea Zambia e Bohareng, o ile a makala ha a kōpuoa hore a e’o sebeletsa tšimong e ka thōko haufi le Njombe, Tanzania. “Ha ’na le mohats’a ka re bona mantsoe a reng ‘e ka thōko’ re ile ra nahana hore re il’o sebetsa le bahoeletsi ba bang sebakeng se ka thōko. Ka mor’a nakoana re ile ra fumana hore ke rōna ba qalang ho paka sebakeng seo. Batho ba ile ba makala ha re ba bontša lebitso la Jehova le mantsoe a kang Armagedone ka Libibeleng tsa bona. Ka mor’a nakoana ba ile ba reha mohats’a ka Armagedone athe ’na ba re ke Jehova. Qetellong ha re fallela Arusha, re ile ra tloha moo ho e-na le sehlopha sa bahoeletsi ba tsitsitseng.”
Ka 1957, William Lamp Chisenga o ile a abeloa ho ea ba pula-maliboho ea khethehileng lithabeng tse haufi le Mbeya, Tanzania. O re: “Mohats’a ka Mary le bana ba rōna ba babeli ba ile ba fihla ka November, ’me ra sesa bosiu seemelong sa libese kaha lihotele tsa moo li ne li tletse. Le hoja ho ne ho bata ebile pula e na bosiung boo, re ne re letetse ho bona kamoo Jehova a tla tsamaisa litaba kateng. Ka le hlahlamang hoseng, ke ile ka siea ba lelapa la ka moo seemelong sa libese ka ea batla bolulo. Ke ne ke sa tsebe hantle hore na ke ea kae, empa ka tsamaea ke nkile limakasine tsa Molula-Qhooa. Ha ke fihla posong, ke ne ke se ke tsamaisitse limakasine tse ’maloa ha ke kopana le monna e mong ea bitsoang Johnson. O ile a botsa a re: ‘U tsoa kae, hona u ea kae?’ Ka mo bolella hore ke tlile moo ho tla bolela litaba tse molemo. Ha a utloa hore ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova, o ile a re ha e le hantle eena o tsoa Lundazi e Profinseng ea Zambia e ka Bochabela ebile ke Paki e kolobelitsoeng e seng e mpa e sa kopanele tšebeletsong. Re ile ra lokisetsa ho isa ba lelapa la ka le thepa ea rōna ha hae. Ha nako e ntse e ea, Johnson le mosali oa hae ba ile ba tsosolosa moeeng ’me ba re thusa ho ithuta Seswahili. Qetellong, o ile a khutlela Zambia ’me ea e-ba ’moleli ea mafolofolo oa litaba tse molemo. Phihlelo eo e ile ea nthuta hore le ka mohla ke se ke ka halala matla a Jehova a ho re thusa le hore ke se ke ka khella fatše menyetla ea ho thusa ba bang.”
Tšebeletso ea nako e tletseng e ile ea isa Bernard Musinga le mosali oa hae, Pauline, hammoho le bana ba bona ba banyenyane libakeng tse kang Uganda, Kenya le Ethiopia. Ha Bernard a bua ka leeto la ho ea Seychelles o re: “Ka 1976, ke ile ka abeloa ho etela sehlopha se Sehlekehlekeng se setle sa Praslin. Batho ba moo e ne e le Mak’hatholike a popota, ’me ho ne ho e-na le ho se utloisisane ho itseng. Ka mohlala, moshemane oa mohoeletsi e mong e mocha o ne a hana ho sebelisa letšoao la ho kopanya lipalo nakong ea thuto ea lipalo a re: ‘Ke sefapano, ’me ’na ha ke lumele taba ea sefapano.’ Ha baruti ba utloa seo, ba ritela nyeoe e ’ngoe e makatsang, ba re: ‘Lipaki Tsa Jehova ha li lumelle bana ba tsona ho ithuta thuto ea lipalo.’ Sebokeng seo re ileng ra ba le sona le letona la thuto, re ile ra hlalosa ka tlhompho seo re se lumelang ’me ra rarolla ho se utloisisane hoo. Maqhama ao re ileng ra a theha le letona leo a ile a nolofalletsa baromuoa ho kena naheng eo.”
[Setšoantšo]
Happy Mwaba Chisenga
[Setšoantšo]
William Lamp Chisenga
[Setšoantšo]
Bernard le Pauline Musinga
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 191, 192]
“U Bapala ka Bokamoso ba Hao!”
Mukosiku Sinaali
O Hlahile ka: 1928
O Kolobelitsoe ka: 1951
Pale ea Bophelo ba Hae: O tsoa sekolong sa Gileade ebile e kile ea e-ba mofetoleli, ’me hona joale ke moholo ka phuthehong.
Moromuoa e mong ea bitsoang Harry Arnott o ile a bua le ’na letsatsing leo ke neng ke kolobetsoa ka lona. Ho ne ho hlokahala bafetoleli ba Selozi. O ile a re: “Na u ka thusa?” Ka mor’a nakoana ke ile ka fumana lengolo la kabelo le makasine ea Molula-Qhooa. Ke ile ka qala ho o fetolela ka mafolofolo hona mantsiboeeng ao. Mosebetsi oa ho fetolela o ne o le thata, o hloka hore motho a qete lihora tse ngata a ngola ka pene ea khale. Ho ne ho se na libuka tsa Selozi tse hlalosang mantsoe. Motšehare ke ne ke sebetsa posong ’me bosiu ke fetolela. Ka linako tse ling ofisi ea lekala e ne e nthomella khopotso e reng: “Re kōpa u romele mosebetsi o fetoletsoeng hang-hang.” Ke ne ke atisa ho re ka pelong, ‘Ke hobane’ng ha ke sa kenele tšebeletso ea nako e tletseng?’ Qetellong ke ile ka tlohela mosebetsi oa posong. Le hoja baokameli ba ne ba ntšepa, ho itokolla ha ka mosebetsing ho ile ha tsosa lipelaelo tse itseng. Na ebe ke utsoitse chelete? Ba ofisi ea poso ba ile ba romela bahlahlobi ba babeli ba Europe ho tla batlisisa taba ena. Ba ile ba hlahlobisisa ka ho feletseng empa ba se ke ba fumana mathata a letho. Ba ne ba sa utloisise hore na ke hobane’ng ha ke itokolla mosebetsing. Bahiri ba ka ba ile ba ithaopela ho ’nyolla mosebetsing e le hore ke lule, ’me eare ha ke hana, ba ntemosa ba re: “U bapala ka bokamoso ba hao!”
Ha hoa ka ha e-ba joalo. Ke ile ka bitsetsoa Bethele ka 1960. Nakoana ka mor’a moo ka memeloa ho ea Sekolong sa Gileade. Ke ne ke ikutloa ke tšohile. Kaha ke ne ke qala ho tsamaea ka sefofane—se ileng sa ea Paris, sa ntan’o fetela Amsterdam, ’me qetellong sa leba New York—ke hopola ke re ka pelong, ‘Ebe batlotsuoa ba ikutloa ka tsela ee ha ba ea leholimong?’ Ke ile ka hlolloa ke tsela e lerato eo ke ileng ka amoheloa ka eona ntlo-khōlō ea lefatše—barab’abo rōna ba ile ba bonahatsa boikokobetso le ho hloka leeme ka ho feletseng. Ke ile ka abeloa hore ke khutlele Zambia, moo ke ileng ka tsoela pele ke thusa ka mosebetsi oa ho fetolela.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 194]
O Lebelo ho Feta Lintsu
Katuku Nkobongo o holofetse; ha a khone ho tsamaea. Ka Sontaha se seng ba ne ba etetsoe ke molebeli oa potoloho ha ho hlaha mohoo o reng mabotho a marabele a tla a lebile motseng oo a lulang ho oona. Batho bohle ba ile ba baleha. E mong oa batho ba ileng ba tloha qetellong ke molebeli oa potoloho ea bitsoang Mianga Mabosho. Eitse moo a reng o palama baesekele ea hae oa baleha, a utloa motho a hoeletsa ka mokhorong o haufi le moo, a re, “Ua ntšiea mor’eso?” E ne e le Katuku. Molebeli eo oa potoloho o ile a mo palamisa kapele baesekeleng ba ntan’o tsoa motseng moo.
Ba ile ba leba boroa nģa Zambia ’me ba tlameha ho tsamaea tseleng e mpe. Mor’abo rōna Nkobongo o ile a tlameha ho hloa maralla a khasa. Molebeli oa potoloho o re: “Le hoja ke ne ke tsamaea ka maoto a mabeli, o ile a mphihlela ka holimo pele! Ke ile ka re, ‘Motho enoa o holofetse, empa ekare o na le mapheo!’ Qetellong ha re fihla sebakeng se batlang se sireletsehile ’me re ngoatheloa lijo, ke ile ka kōpa mor’abo rōna hore a rapele. Thapelo ea hae e tlohang botebong ba pelo e ile ea etsa hore ke seke meokho. Thapelong ea hae o ile a bua ka Esaia, khaolo ea 40, ’me a re: ‘Jehova, litšepiso tsa hao ke ’nete. Bashanyana ba tla khathala ’me ba tepelle, ’me ruri bahlankana ba tla khoptjoa, empa ba u tšepileng ba tla boela ba fumane matla. Ba tla nyoloha ka mapheo a kang a ntsu. Ba tla matha ’me ba ke ke ba tepella; ba tla tsamaea ’me ba ke ke ba khathala.’ A phaella ka ho re: ‘Kea u leboha Jehova, ha u entse hore ke be lebelo ho feta lintsu tsa maholimo.’”
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 204, 205]
Borikhoe bo Bokhutšoaane ba Khaki le Liteki Tse Sootho
Philemon Kasipoh
O Hlahile ka: 1948
O Kolobelitsoe ka: 1966
Pale ea Bophelo ba Hae: Ke molebeli ea tsamaeang ebile ke morupeli le mohokahanyi oa MTS, Zambia.
Ntate-moholo o ile a nkoetlisa tšebeletsong. O ne a atisa ho nkisa ho bana bao ke kenang sekolo le bona hore ke ba pakele. Ntate-moholo o ne a tšoara thuto ea lelapa kamehla ’me a sa lumelle motho ho otsela! Ke ne ke lula ke labalabela hore ho tšoaroe thuto ea lelapa.
Ke ile ka kolobeletsoa nōkeng e haufi le lapeng. Khoeli hamorao ke ile ka fana ka puo ea ka ea pele ka phuthehong. Ke sa hopola hore ke ne ke tenne borikhoe bo bocha bo bokhutšoaane ba khaki ke bile ke roetse liteki tse sootho letsatsing leo. Ka bomalimabe ke ne ke tiisitse marapo a lieta hoo li neng li nkutloisa bohloko. Mohlanka oa phutheho o ile a hlokomela sena. Ka mosa a ea sethaleng a fihla a khoehlisa marapo ao, ha ke ntse ke eme ke thōtse. Puo e ile ea itsoella pele hantle, ’me ka ithuta ho hong ketsong eo e mosa. Kea hlokomela hore Jehova o nkoetlisitse ka litsela tse ngata.
Ke iponetse ka mahlo ha Esaia 60:22 e phethahala. Ka lebaka la ho eketseha ha lenane la liphutheho, ho hlokahala baholo le bahlanka ba sebeletsang ba eketsehileng ba hlomeletsoeng hantle ho jara boikarabelo. Sekolo sa MTS se etsa sona seo. Ruri hoa thabisa ho ruta bahlankana bana. Ke ithutile hore ha Jehova a fa motho mosebetsi o itseng, o boetse o mo fa le moea oa hae o halalelang.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 207-209]
“Sena Hase Letho”
Edward le Linda Finch
Ba Hlahile ka: 1951
Ba Kolobelitsoe ka: 1969 le ka 1966 ka ho latellana
Pale ea Bophelo ba Bona: Ba ne ba le sehlopheng sa bo69 sa Gileade. Edward ke mohokahanyi oa Komiti ea Lekala Zambia.
Nakong ea kopano e ’ngoe, re ne re tsamaea ka koloi karolong e ka leboea ea naha. Ha ho na litsela tse ngata hakaalo tsa koloi, ho na le litselana tsa maoto feela. Lik’hilomithara tse seng kae ka ntle ho motse, re ile ra bona batho ba tla ba re lebile. E mong oa bona e ne e le monna-moholo ea kotlobaneng ea ikokotlelang ka molamu. O ne a faselelitse lirifi tsa hae mokotleng o tšetseng liphahlo oo a neng a o jere. Ha re atamela re ile ra hlokomela hore o qhoaetse beche ea kopano le hore batho ba bang bao a tsamaeang le bona ba qhoaetse tsa bona. Re ile ra ema ra ba botsa hore na ba tsoa hokae. Mor’abo rōna ea seng a hōlile o ile a otloloha ho se hokae a ntan’o re: “Le se le lebetse. Re ne re e-na le lōna kopanong e neng e le Chansa. Joale re se re le haufi le hae.”
Ra ba botsa, ra re: “Joale le tlohile neng kopanong?”
“Ha lenaneo le fela ka Sontaha.”
“Empa hona joale ke Laboraro thapama. Le qetile matsatsi a mararo le tsamaea?”
“Ho joalo, ebile bosiung bo fetileng re utloile litau li puruma.”
“Ka sebele rea le babatsa ka moea o motle oo le o bontšang le boitelo boo le bo etsang hore le be teng likopanong tsena.”
Mor’abo rōna ea seng a hōlile a koatola thōtō ea hae ’me a kena tseleng. A re: “Sena hase letho. Tsamaeang le re lebohele ofising ea lekala ka sebaka sena se secha seo kopano e tšoaretsoeng ho sona. Selemong se fetileng re ile ra tlameha ho tsamaea matsatsi a mahlano, empa selemong sena—re tsamaile matsatsi a mararo feela.”
Ba bangata ba tla hopola hore 1992 e bile selemo sa komello Zambia. Re ne re tšoaretse kopano lebōpong la Nōka ea Zambezi, lik’hilomithara tse ka bang 200 ho tloha Phororong ea Victoria. Mantsiboea re ne re etela malapa, ao a mangata re neng re a fumana a orile mollo ka pel’a maphephe a ’ona a manyenyane. Sehlopha se seng sa batho ba ka bang 20 se ne se bina lipina tsa ’Muso. Re ile ra utloa hore batho bao ba tsamaile matsatsi a robeli ho ea kopanong moo. Ba ne ba sa nke hore ba entse letho le ikhethang. Ba ne ba tsamaea ba palamisitse bana ba banyenyane, lijo, lipitsa le lintho tse ling tse hlokahalang liphoofolong tsa bona ’me ba robala moo ba phirimelloang teng.
Ka le hlahlamang ho ile ha phatlalatsoa hore ba bangata ba anngoe ke komello le hore ho ntse ho phalleloa ba hlokang thuso. Mantsiboeeng ao barab’abo rōna ba bararo ba ile ba tla motlotloaneng oa rōna. Ba ne ba sa roala lieta ba bile ba apere liaparo tsa khale. Re ne re lebeletse hore ba re bolelle ka mokhoa oo komello e ba ammeng ka oona. Ho e-na le hoo, ba re bolella kamoo ba utloileng bohloko kateng ha ba utloa hore barab’abo rōna ba bang ba hula ka thata. E mong oa bona a ntša enfelopo e tšetseng chelete pokothong ea baki ea hae eaba o re: “Re kōpa le mpe le ba fumanele seo ba ka se jang. Tšoarang mona, le ba rekele lijo.” Re ile ra ameha maikutlo hoo re ileng ra sitoa le ho ba leboha, ba ba ba re siea re ntse re sa tsebe taba tsa rōna. Ba ne ba tlile kopanong moo ba sa tsebe ka taba ena, kahoo ba ne ba hlile ba itetse ha ba ntša monehelo oo. Liphihlelo tse kang tsena li re atametsa haufi le bara bana babo rōna le ho feta.
[Litšoantšo]
Le hoja maemo a le thata, ba bangata ba tsamaea sebaka se selelele ho ea likopanong
Ka holimo: Ba apeha lijo tsa mantsiboea lebaleng la kopano
Ka ho le letšehali: Ba etsa liphaphatha liontong tsa ka ntle
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 211-213]
Re ne re Ikemiselitse ho Bokana
Aaron Mapulanga
O Hlahile ka: 1938
O Kolobelitsoe ka: 1955
Pale ea Bophelo ba Hae: E ne e le mosebeletsi oa Bethele, mofetoleli le setho sa Komiti ea Lekala. Hona joale o na le lelapa ’me ke moholo ka phuthehong.
E ne e le ka 1974, ’me re tšoere kopano sebaka sa lik’hilomithara tse leshome ka bochabela ho Kasama. Le hoja morena oa moo a ne a re lumeletse ho bokana, mapolesa a ile a tsitlella hore re qhalane. Ka mor’a nakoana ho ile ha fihla mookameli oa lebotho, e le sefonthoane sa motho tjee a tsamaea le mapolesa a ka bang lekholo a hlophisitsoeng joaloka masole, a ileng a fihla a pota-pota kampo ea rōna. Re ile ra tsoela pele ka lenaneo ha ka ofising e entsoeng ka joang ho ne ho phehiloe khang ka taba ea mangolo a tumello le hore na ho tla binoa pina ea sechaba.
Ha ho fihla nako ea hore ke e’o fana ka puo lenaneong, mookameli eo oa lebotho o ile a ntšala morao ha ke ea sethaleng a leka ho nthibela ho fana ka puo ea sehlooho. Bamameli ba ne ba ipotsa hore na ekaba se tla etsahala ke sefe. Mookameli eo o ile a ema nakoana a shebile bamameli ba ka bang 12 000 a ntan’o betseha. Ha ke qeta ho fana ka puo, ka mo fumana a eme ka morao sethaleng, a loloma ke bohale. A laela mapolesa a hae hore a qhale kopano eo, empa liofisiri tsa qoaketsana ka taba eo, eaba li kena likoloing lia ikela. Tsa ntan’o khutla ka mor’a nakoana, li se li nkile buka e ’ngoe e khōlō. Mookameli oa lebotho a e beha ka pel’a ka tafoleng eaba o re ke bale karolo e tšoauoeng. Ka bala serapa seo ke khutsitse.
Ka ntan’o re, “Buka ena e nepile. E re: ‘Ofisiri e na le matla a ho qhala seboka leha e le sefe haeba ho bonahala eka se tla luka khotso.’” Eaba ke sheba lebanta la hae le lithunya tseo a li nkileng, ka ntan’o re: “Ntho feela e bonahalang eka e tla luka khotso mona ke boteng ba hao le banna ba hao ba hlometseng. Ha e le rōna re inketse Libibele feela.”
Eaba o sheba ofisiri ea litšebeletso tsa bohloela ’me o re: “Na ha kea u bolella? A re eeng!” Ka tsamaea le bona ho ea sepoleseng.
Eitse ha a fihla ofising ea hae, a fihla a founela ofisiri e ’ngoe. Ka nako ena eohle re ne re ntse re buisana ka Senyesemane. Joale a qala ho bua ka Selozi. O ne a sa tsebe hore le ’na ke bua Selozi! Ba bua ka ’na. Ka itulela ke khutsitse ke sa batle ho mo bontša hore ke ntse ke utloa seo ba se buang. Ha a qeta ho bua fonong, a re, “Mamela mona!”
Ka mo araba ka Selozi ka re, “Eni sha na teeleza!” ke hore “Ke mametse, monghali!” A ncheba nako e telele a eme le monna oa mateneng. A ntan’o ema, a ea sehatsetsing se seholo se ka ofising ea hae, a ntša seno-mapholi a mpha sona. Boemo ba qala ho ntlafala.
Ka mor’a nakoana mor’abo rōna e mong eo e neng e le rakhoebo ea hlomphehang sebakeng seo le eena a fihla. Re ile ra etsa litlhahiso tsa hore na ho ka etsoa’ng e le hore ofisiri eo e khobe matšoafo eaba bothata boo boa rarolleha. Ka thuso ea Jehova, litokisetso tsa kopano li ile tsa tsamaea hantle.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 221]
Ke ne ke le Mosesaane Joaloka Thutsoana ea Mollo
Michael Mukanu
O Hlahile ka: 1928
O Kolobelitsoe ka: 1954
Pale ea Bophelo ba Hae: E ne e le molebeli ea tsamaeang ’me hona joale o sebeletsa Bethele ea Zambia.
Potoloho eo ke neng ke e abetsoe e ne e theosa ho ea fihla phuleng e okametsoeng ke selomo. Ke ne ke atisa ho khathatsoa ke li-tsetse fly. E le hore ke se ke ka longoa ke likokoanyana tseo le hore ke qobe mocheso o bataolang oa motšehare, ke ne ke tsoha e sa le ka matjeke ka hora ea pele, ebe ke kena tseleng ke hloa maralla le lithaba ho ea phuthehong e latelang. Kaha ke ne ke tsamaea sebaka se selelele, ke ne ke nka lintho tse seng kae feela. Ke ne ke fumana lijo tse fokolang feela, kahoo ke le mosesaane joaloka thutsoana ea mollo. Barab’abo rōna ba bang ba ile ba nahana ho ngolla ofisi ea lekala ba kōpe hore ke fuoe kabelo e ’ngoe kaha ba ne ba nahana hore ke tloha ke shoa. Ha ba mpolella seo, ke ile ka re: “Eo ke tlhahiso e mosa, empa le lokela ho hopola hore kabelo ena ke e filoe ke Jehova, ’me o na le matla a ho e fetola. Haeba ke shoa, na e tla be e le ’na motho oa pele oa ho patoa moo? Ntlohelleng ke tsoele pele. Haeba ke shoa, lōna le mpe le tsebise ofisi ea lekala feela.”
Libeke tse tharo hamorao, ke ile ka fuoa kabelo e ’ngoe. Ke ’nete hore ho sebeletsa Jehova ho ka ’na ha e-ba boima, empa u lokela ho tsoela pele. Jehova ke Molimo ea thabileng; ha bahlanka ba hae ba sa thaba, o na le matla a ho etsa ho hong e le hore ba tsoele pele ho mo sebeletsa ba thabile.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 223, 224]
Ha re Lumele Litumela-khoela
Harkins Mukinga
O Hlahile ka: 1954
O Kolobelitsoe ka: 1970
Pale ea Bophelo ba Hae: E ne e le molebeli ea tsamaeang hammoho le mohats’ae ’me hona joale o Bethele ea Zambia.
’Na le mohats’a ka, Idah, re ne re tsamaea le mora oa rōna ea mong feela ea lilemo li peli. Ha re fihla phuthehong e ’ngoe, barab’abo rōna ba ile ba re amohela ka liatla tse mofuthu. Ka Labone hoseng, moshemanyana oa rōna o ile a qala ho lla mocha-o-chele. Ka hora ea borobeli hoseng ke ile ka mo siea le Idah ea neng a mo hlokometse ka lerato ka ea sebokeng sa tšebeletso ea tšimo. Ka mor’a hora, ha ke ntse ke khanna thuto ea Bibele, ke ile ka fumana molaetsa o reng mora oa rōna o hlokahetse. Ntho e ileng ea re utloisa bohloko le ho feta ke ha re utloa hore barab’abo rōna ba ’maloa ba re ho na le motho ea mo loileng. Re ile ra leka ho ba thusa hore ba se ke ba kholoa taba ena eo batho ba bangata ba e tšabang, empa taba ena ea tlala hohle sebakeng seo joaloka khanare ea mollo. Ke ile ka hlalosa hore Satane o matla empa ha a fete Jehova ka matla le bahlanka ba Hae ba tšepahalang. Bohle re hlaheloa “ke nako le ketsahalo e sa lebelloang,” empa ha rea lokela ho potlakela ho etsa liqeto tse thehiloeng tšabong.—Moek. 9:11.
Mora oa rōna o ile a patoa ka le hlahlamang, ’me ra tšoara seboka ka mor’a lepato. Barab’abo rōna ba ile ba ithuta ho hong ketsahalong ena: Ha re tšabe meea e khopo ebile ha re lumele litumela-khoela. Le hoja re ne re utloile bohloko ka ho tebileng ke tahlehelo eo, re ile ra tsoela pele ka beke ea rōna e khethehileng ’me ra tloha ra ea phuthehong e ’ngoe. Ho e-na le hore liphutheho li re tšelise ka se re etsahaletseng, ke rōna ba neng ba li tšelisa le ho li khothatsa ka hore haufinyane lefu le tla fela.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 228, 229]
Re Ile ra Iteta Sebete
Lennard Musonda
O Hlahile ka: 1955
O Kolobelitsoe ka: 1974
Pale ea Bophelo ba Hae: O bile tšebeletsong ea nako e tletseng ho tloha ka 1976. O qetile lilemo tse tšeletseng a etsa mosebetsi oa ho tsamaea ’me hona joale o sebeletsa Bethele ea Zambia.
Ke hopola ke etela liphutheho ka bo-1985 karolong e ka leboea ea naha. Lilemong tsa ho feta, khanyetso ea lipolotiki e ne e le matla moo. Ke ne ke sa tsoa khethoa hore ke be molebeli oa potoloho, ’me ha fihla nako ea hore ke bonahatse tumelo le sebete. Ka letsatsi le leng ha re qeta ho tšoara seboka sa rōna sa tšebeletso ea tšimo, re ile ra itokisetsa ho ea motseng o mong o haufi. Eaba mor’abo rōna e mong o re o utloiloe ho thoe ha Lipaki Tsa Jehova li ka ba tsa leka ho paka motseng oo, batho bohle ba motse ba tla li khakhatha. Le hoja lilemong tsa bo-1970 ho ne ho bile le batho ba hlaseloang ke mahoohoo, ke ne ke sa nahane hore batho bohle ba motse ba ka re hlasela ka nako eo.
Leha ho le joalo, eitse ha bahoeletsi ba bang ba utloa seo, ba tšoha eaba ba sala hae. Bongata ba rōna re ile ra iteta sebete eaba re ea motseng oo. Seo re ileng ra se fumana moo se ile sa re makatsa. Re ile ra tsamaisa limakasine tse ngata ra ba ra buisana hamonate le batho bao re kopanang le bona. Empa ba bang ba ileng ba re bona ha re kena motseng ba ile ba baleha. Re ile ra fumana lipitsa li siiloe li ntse li pjatla le matlo a sa notleloa. Kahoo ho e-na le hore batho ba re loantše re ile ra bona ba tšola tlhako morong.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 232, 233]
Ke Ile ka Matha la Ntšoekhe ho Pholosa Bophelo ba Ka
Darlington Sefuka
O Hlahile ka: 1945
O Kolobelitsoe ka: 1963
Pale ea Bophelo ba Hae: E kile ea e-ba pula-maliboho ea khethehileng, molebeli ea tsamaeang le moithaopi ea sebeletsang Bethele ea Zambia.
E ne e le ka 1963, ’me e le nako ea merusu. Ha re ea tšebeletsong ea tšimo, likenke tsa bacha ba nkehileng ke litaba tsa lipolotiki li ne li atisa ho re etella pele, li lemosa batho hore ba se ke ba re mamela li bile li ba sokela ka hore haeba ba re mamela, ho na le motho ea tla pshatla lifensetere le menyako ea bona.
Mantsiboeeng a mang, ka mor’a matsatsi a mabeli feela ke kolobelitsoe, ke ile ka khakhathoa ke bacha ba ka bang 15. Ke ile ka tsoa mokola ka hanong le ka linkong. Mantsiboeeng a mang, ’na le mor’abo rōna e mong re ile ra hlaseloa ke batho ba ka bang 40 ba neng ba re setse morao ho ea moo ke lulang teng. Ke ile ka matlafatsoa ke ho hopola maemo ao Morena Jesu a fetileng ho ’ona. Puo eo John Jason a ileng a e fana ha ke kolobetsoa e ne e hlakisitse hore Bakreste ba tla tobana le mathata bophelong. Ha lintho tsena li etsahala ha lia ka tsa ’makatsa, ho e-na le hoo li ile tsa nkhothatsa.
Ka nako eo, bo-ralipolotiki ba ne ba batla batšehetsi ntoeng ea bona ea ho loanela boipuso, ’me boemo ba rōna ba ho se nke lehlakore bo ne bo nkoa e le pontšo ea hore re ka lehlakoreng la batho ba Europe le Amerika. Baeta-pele ba bolumeli ba neng ba tšehetsa mekha ea lipolotiki ba ile ba etsa bonnete ba hore ba re senya lebitso le ho feta. Ho ne ho le boima pele ho boipuso, ’me le ka mor’a bona ho ile ha ’na ha e-ba boima. Likhoebo tsa barab’abo rōna ba bangata li ile tsa oa hobane ba sa batle likarete tsa mokha. Ba bang ba ile ba tloha libakeng tsa toropo ba khutlela mahahabo bona ’me ba sebetsa mesebetsi e lefang moputso o tlaase e le hore ba se ke ba kōpuoa hore ba tšehetse mekha ea lipolotiki ka lichelete.
Ha ke sa le ka tlaase ho lilemo tse 20, ke ne ke lula le mora oa ausi oa ’Mè, eo e neng e se Paki. Ho se nke lehlakore ha ka ho ile ha etsa hore ba lelapa la hae ba sokeloe ba be ba tšosoe. Ba ile ba tšoha. Ka le leng, eitse ha mora oa ausi oa ’Mè a ea mosebetsing a re, “Ha ke khutla mona mantsiboea, ke se ke be ka u bona mona.” Qalong ke ile ka nahana hore o mpa a bapala feela, kaha motseng moo ho ne ho se na motho e mong eo ke amanang le eena. Ho ne ho se na moo nka eang teng. Empa ka mor’a nakoana ka bona hore o lomahantse meno. Ha a khutla mosebetsing ’me a mphumana ke ntse ke le teng, o ile a loloma ke bohale. A thonaka majoe eaba o qala ho ntelekisa. A hoeletsa a re: “Tsamaea u ee lintjeng tsa heno koana!” Ke ile ka matha la Ntšoekhe ho pholosa bophelo ba ka.
Ntate o ile a utloa seo ’me a romela molaetsa o reng: “Haeba u tsoela pele u re ha u nke lehlakore, u se ke be ua hlola u le beha ha ka mona.” Taba eo e ne e le boima. Ke ne ke le lilemo li 18. Ke ne ke tla ea ho mang? Phutheho e ile ea nkamohela. Ke atisa ho nahana ka mantsoe a Morena Davida a reng: “Haeba Ntate le ’Mè ba ne ba ka ntlohela, Jehova o ne a tla nthola.” (Pes. 27:10) Ka sebele, nka tiisa hore Jehova o phetha seo a se tšepisitseng.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 236, 237]
Boitšoaro ba Ka bo Ile ba Khahla Matichere a Mangata
Jackson Kapobe
O Hlahile ka: 1957
O Kolobelitsoe ka: 1971
Pale ea Bophelo ba Hae: O sebeletsa e le moholo ka phuthehong.
Ka 1964, bana ba ile ba qala ho lelekoa likolong. Ofisi ea lekala e ile ea thusa batsoali hore ba elelloe hore ba lokela ho koetlisa bana ba bona. Ke sa hopola Ntate a lutse fatše le ’na ka mor’a sekolo re buisana ka Exoda 20:4, 5.
Ke ne ke emella ka morao moleng ha re le sekolong ho qoba mathata. Ba neng ba fumanoa ba sa bine pina ea sechaba ba ne ba emisoa ka pele moleng. Ha mosuoe-hlooho a mpotsa hore na ke hobane’ng ha ke sa bine, ke ile ka mo araba ka Bibele. Tichere e ’ngoe e ile ea re: “Ua bala, empa ha u bine!” E ne e re ke lokela ho tšepahala ho ’muso kaha ke oona o fanang ka chelete e tšehetsang sekolo se nthutileng ho bala.
Ke ile ka qetella ke lelekiloe sekolong ka February 1967. Ke ile ka sareloa kaha ke ne ke rata ho ithuta ke bile ke le bohlale sekolong. Le hoja basebetsi-’moho le eena le beng ka rōna ba sa lumelang ba ne ba mo loantša, Ntate o ile a ntiisetsa hore ke etsa se nepahetseng. ’Mè le eena o ne a tobana le mathata. Ha ke ile le eena masimong, basali ba bang ba ne ba re soma ba re, “Eo eena ha aa ea sekolong ke’ng?”
Empa ha kea ka ka fella moo ka lithuto tsa ka. Ka 1972 ho ile ha hatelloa ka matla taba ea hore ho be le litlelase tse rutang batho ho bala le ho ngola ka phuthehong. Ha nako e ntse e ea, boemo bo ile ba ntlafala likolong. Ntlo ea lapeng e ne e shebane le sekolo. Mosuoe-hlooho o ne a atisa ho tla kōpa metsi a batang a nooang kapa ho tla alima mafielo ho ea fiela litlelase. Ka le leng o ile a ba a alima chelete! E tlameha ebe liketso tse mosa tseo ba lelapa leso ba neng ba li etsa li ile tsa mo ama, kaha ka letsatsi le leng o ile a botsa, a re: “Na mor’a lōna o ntse a batla ho tsoela pele ka sekolo?” Ntate o ile a mo hopotsa hore ke ntse ke le e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Mosuoe-hlooho eo a re, “Seo hase bothata.” Eaba o re ho ’na: “U rata ho qala sehlopheng sefe?” Ke ile ka khetha sehlopha sa botšelela. Kahoo ke ile ka khutlela sekolong sona sela, mosuoe-hlooho e ntse e le eena eloa le bana bao ke kenang le bona ka tlelaseng e ntse e le bona bale—ho teng feela e le hore ke se ke tseba ho bala hantle ho feta ba bangata ka tlelaseng moo ka lebaka la litlelase tsa ho ithuta ho bala le ho ngola tse neng li tšoareloa Holong ea ’Muso.
Ho sebetsa ha ka ka thata le boitšoaro ba ka bo botle ho ile ha khahla matichere a mangata, e leng se ileng sa ’nolofalletsa lintho sekolong. Ke ile ka ithuta ka thata ’me ka ngola litlhahlobo tse itseng, tse ileng tsa nthusa hore ke khone ho fumana mosebetsi oa ho ba ea ikarabellang limmaeneng ’me hamorao ke phelise lelapa. Ke thabela hore ebe ha kea ka ka sekisetsa ka ho bina.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 241, 242]
“Ke Joang re ka Khaotsang ho Bolela?”
Jonas Manjoni
O Hlahile ka: 1922
O Kolobelitsoe ka: 1950
Pale ea Bophelo ba Hae: O sebelelitse Bethele ea Zambia ka lilemo tse fetang 20. Hona joale ke moholo ebile ke pula-maliboho oa kamehla.
Moholoane o ile a tla hae le Bibele le libuka tse ling tse ’maloa, har’a tsona ho na le e bitsoang Government le e bitsoang Reconciliation, ha a khutla Tanzania bohareng ba ntoa ea bobeli ea lefatše. Kaha lingoliloeng tsa Lipaki Tsa Jehova li ne li ntse li thibetsoe, ke ile ka khalla ho tseba hore na ke’ng ena e kana-kana ka tsona. Ke ile ka bala Reconciliation empa ka thatafalloa ho e utloisisa. Lilemo tse seng kae hamorao, ke ile ka etela moholoane ’me ka ea le eena sebokeng sa phutheho. Ho ne ho se na Holo ea ’Muso; ho ne ho kopaneloa sebakeng seo ho renngoeng lifate ho sona, eaba se kampeloa ka bamboo. Ho ne ho sa sebelisoe kemiso e hatisitsoeng ea puo, empa ruri ho ne ho khotsofatsa ho mamela puo eo e nkiloeng Mangolong ka ho toba! Bibele e ne e hlalosoa ka tsela e fapaneng hōle le eo e neng e hlalosoa ka eona kerekeng eo ke neng ke e kena, eo ba e kenang ba neng ba thabela ho lumelisa folakha le ho letsa likupu. Kerekeng moo ho ne ho phehisanoa khang ka litaba tsa merabe le ka hore na ho binoa ka puo efe! Empa sebokeng seo ho ne ho binoa lipina tse monate tse rorisang Jehova, ’me litho tsohle tsa malapa li lutse hammoho, li ja lijo tsa moea.
Ha ke qeta ho kolobetsoa ke ile ka tsoela pele ho etsa mosebetsi oa ka oa ho thusa sepetlele, o neng o nkisa metseng e sa tšoaneng moo ho nang le limmaene. Ka 1951, ke ile ka nka libeke tse peli tsa phomolo mosebetsing tseo ke ileng ka li qeta ke thusa ofising ea lekala e Lusaka. Nakoana ka mor’a moo, ke ile ka memeloa ho ea sebeletsa Bethele. Qalong ke ne ke sebetsa lefapheng la thomello, ’me hamorao ha ofisi e fallisetsoa Luanshya, ka ea thusa lefapheng la ngollano le la phetolelo. Le hoja lilemong tse qalang tsa bo-1960 maemo a lipolotiki a ile a qala ho fetoha, barab’abo rōna ba ile ba ’na ba beha litholoana tse molemo ’me ba lula ba sa nke lehlakore merusung ea lipolotiki.
Ka March 1963, ke ile ka kopana le Dr. Kenneth Kaunda, ea neng a le mothating oa ho ba mopresidente oa Zambia, ’me ke ile ka boela ka kopana le eena ka makhetlo a ’maloa ka mor’a moo. Ke ile ka mo hlalosetsa hore na ke hobane’ng ha re sa kene mekheng ea lipolotiki re bile re sa reke likarete tsa mokha. Re ile ra mo kōpa hore a re thuse ho thiba bahanyetsi ba lipolotiki hore ba se ke ba re phelisa tšabong joaloka linonyana, eaba o kōpa hore re mo fe boitsebiso bo eketsehileng. Lilemo tse seng kae hamorao, Dr. Kaunda o ile a re memela Ntlong ea ’Muso ea lekhotla le etsang molao, moo re ileng ra ba le monyetla oa ho buisana le mopresidente le matona a hae a ka sehloohong. Re ile ra lula sebokeng seo ho fihlela bosiu. Le hoja mopresidente a ne a sa hane hore Lipaki Tsa Jehova ke mokhatlo oa bolumeli, o ile a re kōpa hore re tšoare liboka joaloka malumeli a mang feela, re se ke ra bolela. Re ile ra mo araba ka ho re: “Ke joang re ka khaotsang ho bolela? Jesu o ne a bolela. Ha aa ka a ikahela tempele feela tjee har’a Bafarisi.”
Le hoja re ile ra ipiletsa, likarolo tse ling tsa mosebetsi oa rōna li ile tsa thibeloa. Empa joaloka kamehla re ile ra fumana litsela tse ling tsa ho isa tlotla le thoriso ho Jehova, ea sebelisang bahlanka ba hae ho finyella morero oa hae.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 245, 246]
Ke ne ke E-na le Takatso e Matla ea ho Ithuta
Daniel Sakala
O Hlahile ka: 1964
O Kolobelitsoe ka: 1996
Pale ea Bophelo ba Hae: O sebeletsa e le moholo ka phuthehong.
Ke ne ke kena Kereke ea Moea ea Sione ha ke fumana bukana ea Ithute ho Bala le ho Ngola. Le hoja ke ne ke sa tsebe ho bala le ho ngola, ke ne ke e-na le takatso e matla ea ho ithuta. Kahoo ke ile ka qeta nako e ngata ke phetla bukana eo ha ke qeta ho e fumana. Ke ne ke ee ke kōpe batho hore ba nthuse ho utloisisa mantsoe a macha. Le hoja ho ne ho se na motho ea nthutang, ke ile ka ’na ka ithuta ka tsela eo ’me ka mor’a nakoana ke ne ke se ke tseba ho bala le ho ngola mantsoe a motheo.
Joale ke ne ke se ke khona ho ipalla Bibele. Empa ke ile ka hlokomela lintho tse ’maloa tse khahlanong le se etsoang kerekeng ea ka. Soare, eo e leng e mong oa Lipaki Tsa Jehova, o ile a nthomella bukana ea Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntša Kotsi? Na e Hlile e Teng? Seo ke ileng ka se bala moo se ile sa ntšusumelletsa hore ke botse moruti lipotso tse itseng. Ka le leng ha ke le kerekeng, ke ile ka bala Deuteronoma 18:10, 11 ka ntan’o botsa ka re, “Ke hobane’ng ha re etsa lintho tseo Bibele e li nyatsang?”
Moruti a re: “Re lokela ho khatha tema ea rōna.” Ha kea ka ka utloisisa karabo eo ea hae.
Ka ntan’o bala Moeklesia 9:5 ’me ka re, “Ke hobane’ng ha re khothalletsa batho ho hlompha bafu empa Bibele eona e re bafu ‘ha ba tsebe letho’?” Moruti le phutheho ba ile ba thōla ba se ke ba nkaraba.
Ka mor’a moo, litho tse ling tsa kereke li ile tsa tla ho ’na, tsa re, “Rōna ha re Lipaki Tsa Jehova, joale ke hobane’ng ha re ka tlohela ho hlompha balimo le ho latela meetlo ea rōna?” Seo se ile sa ’makatsa. Le hoja ke ne ke sebelisitse Bibele feela puisanong eo, phutheho e ile ea etsa qeto ea hore ke tsamaea le Lipaki Tsa Jehova! Ho tloha moo, ke ile ka qala ho ea Holong ea ’Muso le batho ba bang ba babeli bao ke neng ke kena kereke le bona. Likhoeling tse tharo tse qalang, ke ile ka atleha ho khothalletsa beng ka ’na ba ’maloa hore ba ee libokeng tsa Bokreste. Hona joale ba bararo ba bona ba se ba kolobelitsoe, ho akarelletsa mohats’a ka.
[Chate/Krafo e leqepheng la 176, 177]
ZAMBIA—LIKETSAHALO TSA BOHLOKOA
1910
1911: Buka ea Studies in the Scriptures e fihla Zambia.
1919: Kosamu Mwanza le ba bang ba ka bang 150 baa shapuoa ba bile ba koalloa teronkong.
1925: Ofisi ea Liithuti Tsa Bibele e Cape Town e emisa mosebetsi oa boboleli le ho kolobetsa batho.
1935: ’Muso o thibela lingoliloeng tse ling ho kena ka har’a naha. Ho thibeloa lingoliloeng tse 20.
1936: Ho buloa depo Lusaka ’me e hlokomeloa ke Llewelyn Phillips.
1940
1940: ’Muso o thibela lingoliloeng tsa rōna ho kena ka har’a naha le ho ajoa. Batho ba boetse ba qala ho kolobetsoa.
1948: Ho fihla baromuoa ba pele ba tsoang Gileade.
1949: ’Muso o tlosa thibelo ea Molula-Qhooa.
1954: Ofisi ea lekala e fallela Luanshya.
1962: Ofisi ea lekala e fallela Kitwe.
1969: ’Muso o thibela boboleli ba rōna ba phatlalatsa.
1970
1975: Baromuoa baa lelekoa naheng eo.
1986: Baromuoa ba boetse ba lumelloa ho kena ka har’a naha.
1993: Ho neheloa mehaho e teng hona joale ea lekala, Lusaka.
2000
2004: Ho neheloa mehaho e atolositsoeng ea lekala, Lusaka.
2005: Bahoeletsi ba 127 151 ba sebetsa ka mafolofolo Zambia.
[Krafo]
(Sheba sengoliloeng)
Bahoeletsi ka Kakaretso
Bo-pula-maliboho ka Kakaretso
65 000
130 000
1910 1940 1970 2000
[Limmapa tse leqepheng la 169]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
DEMOCRATIC REPUBLIC OF THE CONGO
ZAMBIA
Kaputa
Mbala
Isoka
Kasama
Samfya
Lundazi
Mufulira
Kalulushi
Kitwe
Luanshya
Kabwe
LUSAKA
Senanga
Nōka ea Zambezi
Livingstone
BOTSWANA
ZIMBABWE
MOZAMBIQUE
MALAWI
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 162]
[Setšoantšo se leqepheng la 167]
Thomson Kangale
[Setšoantšo se leqepheng la 170]
Llewelyn Phillips
[Setšoantšo se leqepheng la 178]
Harry Arnott, Nathan Knorr, Kay le John Jason hammoho le Ian Fergusson, ka 1952
[Setšoantšo se leqepheng la 193]
Ka ho le letona: Manda Ntompa le ba lelapa la hae kampong ea baphaphathehi ea Mwange, ka 2001
[Setšoantšo se leqepheng la 193]
Ka tlaase: Kampo ea baphaphathehi
[Setšoantšo se leqepheng la 201]
Sehlopha sa pele sa Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi Zambia, ka 1993
[Setšoantšo se leqepheng la 202]
Barupeli ba MTS, e leng Richard Frudd le Philemon Kasipoh ba na le seithuti
[Setšoantšo se leqepheng la 206]
Mehaho ea kopano e ne e hahoa ka mobu, joang le thepa e ’ngoe e fumanehang moo
[Setšoantšo se leqepheng la 215]
Ka ho le letšehali: Tšoantšiso ea Bibele e aparetsoeng moaparo oa boholo-holo, ka 1991
[Setšoantšo se leqepheng la 215]
Ka tlaase: Ba eang kolobetsong Kopanong ea Setereke ea “Manģosa a Khotso ea Bomolimo,” ka 1996
[Setšoantšo se leqepheng la 235]
Monghali Richmond Smith o na le Feliya Kachasu le ntate oa hae, Paul
[Litšoantšo tse leqepheng la 251]
Basebetsi ba thabileng ba thusa kahong ea lekala le teng hona joale, Lusaka
[Litšoantšo tse leqepheng la 252, 253]
(1, 2) Liholo Tsa ’Muso tse sa tsoa hahoa
(3, 4) Lekala la Zambia, le Lusaka
(5) Stephen Lett ha ho neheloa mehaho e atolositsoeng ea lekala ka December 2004
[Setšoantšo se leqepheng la 254]
Komiti ea Lekala, ho tloha ka ho le letšehali ho ea ka ho le letona: Albert Musonda, Alfred Kyhe, Edward Finch, Cyrus Nyangu le Dayrell Sharp