Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Mantsoe a Tšelisang a Boprofeta bo U Amang
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho II
    • 6. Moprofeta o hlalosa mohlōli oa nakong e tlang joang?

      6 A sebelisa Esaia, Jehova o bolela esale pele mohlōli ea tlang ho lopolla batho ba Molimo Babylona le ea tla liha kahlolo ho lira tsa bona. Jehova oa botsa: “Ke mang ea tsositseng e mong bochaba-tsatsi? Ke mang ea mo bitselitseng maotong a Hae ka ho loka, ho mo fa lichaba, le ho etsa hore a kokobetse marena? Ke mang ea nehelaneng ka tsona joaloka lerōle saboleng ea hae, hoo li fefotsoeng ke seqha sa hae joaloka litlhaka feela? Ke mang ea ’nileng a li lelekisa, a ’na a fetela pele ka khotso a tsamaea ka maoto tseleng eo a sa kang a tla ka eona? Ke mang ea ’nileng a sebetsa ’me a etsa see, a bitsa meloko ho tloha qalong? ’Na, Jehova, Oa Pele; le ho ba ho qetela ke ntse ke tšoana.”—Esaia 41:2-4.

  • Mantsoe a Tšelisang a Boprofeta bo U Amang
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho II
    • 8. Ke’ng seo e leng Jehova feela ea ka se etsang?

      8 Kahoo, a sebelisa Esaia, Jehova o bolela esale pele ho hlaha ha Cyruse nako e telele pele morena eo a tsoaloa. Ke Molimo oa ’nete feela ea ka profetang ntho e joalo ka nepo. Ha ho ea lekanang le Jehova har’a melimo ea bohata ea lichaba. Ka ho utloahalang, Jehova o re: “Nke ke ka fa e mong khanya ea ka.” Ke Jehova feela eo ka nepo a ka reng: “Ke ’na oa pele ’me ke ’na oa ho qetela, ’me ha ho na Molimo ntle ho ’na.”—Esaia 42:8; 44:6, 7.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela