-
U ka ba Motsoalle oa JehovaU ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
-
-
6. Litsela tseo Jehova a thusang metsoalle ea hae ka tsona
Jehova o thusa metsoalle ea hae ho mamella mathata. Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.
Jehova o ile a thusa ’mè ea videong ee joang hore a sebetsane le bothata ba hae ba ho ikutloa a se na thuso?
Bala Esaia 41:10, 13 ebe le buisana ka lipotso tsena:
Jehova o tšepisa hore o tla etsetsa metsoalle eohle ea hae eng?
Na u ne u ka rata hore Jehova e be motsoalle oa hao? Ke hobane’ng ha u cho joalo?
Metsoalle ea sebele ea u thusa ha u hloka thuso. Jehova o tla u thusa le uena
-
-
U ka Bolella Batho ba Bang Litaba Tse Tsoang ka Bibeleng Joang?U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
-
-
3. Jehova o tla ba le uena
Batho ba bang ba ka tšosoa ke hore na batho ba tla re’ng ka bona ha ba bua le bona ka molaetsa oa Bibele.
Na oa tšoha ha u lokela ho bolella batho ba bang hore na u ithutile’ng? Ke eng e etsang hore u tšohe kapa u se ke oa tšoha?
Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.
Bacha ba bang ba Lipaki Tsa Jehova ba ile ba etsa’ng hore ba se ke ba tšaba ho bua ka Bibele?
Bala Esaia 41:10 ebe le buisana ka potso e latelang:
Thapelo e ka u thusa joang haeba u utloa u tšaba ho bua le batho ba bang ka Bibele?
Na u ne u tseba?
Lipaki Tsa Jehova tse ngata li kile tsa utloa eka li ke ke tsa khona ho ba le sebete sa ho bua le batho ka Bibele. Ka mohlala, Sergey o ne a utloa ho le thata hore a bue le batho ba bang ebile a ikutloa a se na thuso, eaba o ithuta Bibele. O re: “Le hoja ke ne ke tšoha, ke ile ka qala ho bua le batho ba bang ka seo ke ithutileng sona. Ho makatsang ke hore ho bua le batho ba bang ka Bibele ho ile ha etsa hore ke be sebete. Ho ile ha boela ha matlafatsa tumelo ea ka.”
-
-
Na U se U Itokiselitse ho Kolobetsoa?U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
-
-
6. Tšepa hore Jehova o tla u thusa
Jehova o tla u thusa hore u etse lintho tse mo thabisang. Bapala VIDEO ebe le buisana ka lipotso tse latelang.
Ntate ea videong ee o ne a sitisoa ke’ng ho kolobetsoa?
Ke’ng eo a ileng a ithuta eona e mo thusitseng hore a tšepe Jehova le ho feta?
Bala Esaia 41:10, 13 ebe le buisana ka potso ena:
Ke’ng e u kholisang hore u ka khona ho phetha tšepiso eo u e entseng ha u inehela?
-