-
Boprofeta ba Esaia Boa PhethahatsoaJesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
-
-
Ke boprofeta bo reng: “Bonang! Mohlanka oa ka eo ke mo khethileng, moratuoa oa ka, eo moea oa ka o mo amohetseng! Ke tla beha moea oa ka holim’a hae, ’me o tla hlakisetsa lichaba toka. A ke ke a pheha khang ka lerata, kapa a hoeletsa haholo, leha e le hore mang kapa mang o tla utloa lentsoe la hae litseleng tse sephara. Ha ho lehlaka le tletleraneng leo a tla le silakanya, ’me ha ho khoele ea lebone ea folakse e kunkelang eo a tla e tima, ho fihlela a tlisa toka ka katleho. Ka sebele, lichaba li tla tšepela lebitsong la hae.”—Matheu 12:18-21; Esaia 42:1-4.
-
-
Boprofeta ba Esaia Boa PhethahatsoaJesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
-
-
Ho boleloa’ng ha ho thoe: “A ke ke a pheha khang ka lerata, kapa a hoeletsa haholo, leha e le hore mang kapa mang o tla utloa lentsoe la hae litseleng tse sephara”? Ha a phekola batho, ha a batle hore batho bao ba etse hore a tsebahale ’me o laela le bademona hore ‘ba se ke mo tsebahatsa.’ (Mareka 3:12) Ha a batle hore batho ba phetelane ka eena ba tlatsitse marata literateng kapa hore ba mo tsebe ka lipale tse feteletsoang ha li phetoa.
-