Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ho Malimabe Serapa sa Morara se sa Tšepahaleng!
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho I
    • 2 Papiso ea Esaia e qala ka ho re: “Ka kōpo, a nke ke binele moratuoa oa ka pina ea moratuoa oa ka mabapi le serapa sa hae sa morara. Moratuoa oa ka o ne a e-na le serapa sa morara letsoapong le behang. A se lema ’me a tlosa majoe ho sona a hloma sefate se setle ka ho fetisisa sa morara o mofubelu ho sona, a haha tora har’a sona. A cheka sehatelo sa veine ho sona. A ’na a lebella hore se tla hlahisa morara, empa qetellong sa hlahisa morara oa naha.”—Esaia 5:1, 2; bapisa le Mareka 12:1.

  • Ho Malimabe Serapa sa Morara se sa Tšepahaleng!
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho I
    • 4 Ho hlokahala hore motho a sebetse ka thata ho etsa hore serapa sa morara se hlahise litholoana. Esaia o hlalosa hore mong’a sona ‘o lema naha le ho tlosa majoe ho eona’—e leng mosebetsi o tepeletsang, o khathatsang! Mohlomong o sebelisa majoe a maholoanyane ho “haha tora.” Mehleng ea boholo-holo litora tse joalo e ne e le libaka tsa balebeli ba neng ba lebela lijalo khahlanong le liphoofolo le masholu.a Hape, o haha lerako la majoe ho etsa makorota a serapa sa morara. (Esaia 5:5) Hangata sena se ne se etsoa ho thibela khoholeho ea mobu oa bohlokoa o ka holimo.

      5. Ka tšoanelo, ke’ng seo mong’a serapa sa morara a se lebeletseng serapeng sa hae, empa o fumana eng?

      5 Ha a sebelitse ka thata hakaalo ho sireletsa serapa sa hae sa morara, ka ho utloahalang mong’a sona o ne a tla lebella hore se behe litholoana. A lebeletse hore ho tla etsahala joalo, o cheka sehatelo sa veine. Empa na chai e lebeletsoeng e hlile e ba teng? Che, serapa seo sa morara se hlahisa morara oa naha.

  • Ho Malimabe Serapa sa Morara se sa Tšepahaleng!
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho I
    • a Litsebi tse ling li lumela hore mehaho ea nakoana ea theko e tlaase, e kang maphephe, kapa metlotloane, e ne e atile haholo ho feta litora tse hahiloeng ka majoe. (Esaia 1:8) Boteng ba tora e ne e tla ba pontšo ea hore mong’a “serapa sa morara” o ne a entse boiteko bo sa tloaelehang molemong oa sona.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela