Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • “Le Lipaki Tsa ka”!
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho II
    • 11. Jehova o fa mohlanka oa hae thōmo efe, hona Jehova o senola eng ka Bomolimo ba hae?

      11 Kaha ha e na matla, melimo ea bohata e sitoa ho hlahisa lipaki. Kahoo, sebaka seo lipaki li emang ho sona se sala se ntse se re na u ne u ’nehile’ng. Empa joale ho fihla nako ea hore Jehova a netefatse Bomolimo ba hae. Ha a talima ka ho batho ba hae, o re: “Le lipaki tsa ka, . . . eena mohlanka oa ka eo ke mo khethileng, e le hore le tle le tsebe ’me le be le tumelo ho ’na, le hore le utloisise hore ke ’na Ea tšoanang. Pele ho ’na ha ho na Molimo ea ileng a etsoa, ’me le ka mor’a ka ho ile ha tsoela pele ho se e mong. ’Na—ke ’na Jehova, ’me ha ho na mopholosi ntle ho ’na. Ke boletse ’me ke pholositse ’me ke entse hore ho utluoe, ha ho ne ho se na molimo osele har’a lōna. Kahoo le lipaki tsa ka, . . . ’me ke ’na Molimo. Hape, ka linako tsohle ke ’na Ea tšoanang; ’me ha ho na ea lopollang letsohong la ka. Ke tla sebetsa, ’me ke mang ea ka . . . tlosang [letsoho la ka]?”—Esaia 43:10-13.

      12, 13. (a) Ke bopaki bofe bo bongata boo batho ba Jehova ba nang le bona boo ba ka bo hlahisang? (b) Ho tlile joang hore lebitso la Jehova le tsebahale mehleng ea kajeno?

      12 Tumellanong le mantsoe a Jehova, ka potlako sebaka seo lipaki li emang ho sona se tlala tsoete! ka lipaki tse thabileng. Bopaki ba tsona bo hlakile ebile bo ke ke ba hanyetsoa. Joaloka Joshua, li paka hore ‘sohle seo Jehova a se boletseng se phethahetse. Ha ho lentsoe leha le le leng le hlōlehileng ho phethahala.’ (Joshua 23:14) Litsebeng tsa batho ba Jehova ho sa ntse ho luma mantsoe a Esaia, Jeremia, Ezekiele le baprofeta ba bang bao, joalokaha eka ke ka ntsoe-leng, ba ileng ba bolela esale pele hore Juda e tla ba botlamuoeng ’me e lopolloe ka mohlolo botlamuoeng. (Jeremia 25:11, 12) Molopolli oa Juda, Cyruse, o ile a boleloa ka lebitso nako e telele le pele a tsoaloa!—Esaia 44:26–45:1.

      13 Ha ho nahanoa ka bopaki bona bo phaellaneng, ke mang ea ka latolang hore Jehova ke eena feela Molimo a le mong oa ’nete? Ho fapana le melimo ea bohetene, Jehova ke eena feela ea sa bōptjoang; ke eena feela Molimo oa ’nete.a Ka lebaka leo, batho ba jereng lebitso la Jehova ba na le tokelo e ikhethang le e thabisang ea ho bolela liketso tsa hae tse hlollang melokong e tlang le ho ba bang ba botsang ka eena. (Pesaleme ea 78:5-7) Ka tsela e tšoanang, Lipaki tsa Jehova tsa kajeno li na le tokelo ea ho phatlalatsa lebitso la Jehova lefatšeng lohle. Lilemong tsa bo-1920 Liithuti tsa Bibele li ile tsa hlokomela ka ho eketsehileng ho teba ha se boleloang ke lebitso la Molimo, Jehova. Kahoo, ka la 26 July, 1931, kopanong ea Columbus, Ohio, mopresidente oa Mokhatlo, Joseph F. Rutherford, o ile a hlahisa qeto e nang le sehlooho se reng “Lebitso le Lecha.” Mantsoe a reng, “Re lakatsa ho tsejoa le ho bitsoa ka lebitso leo, e leng, lipaki tsa Jehova,” a ile a thabisa ba neng ba tlile kopanong, ba ileng ba amohela qeto eo ka “E!” e utloahalang. Ho tloha nakong eo, lebitso la Jehova le ’nile la tsebahala lefatšeng ka bophara.—Pesaleme ea 83:18.

  • “Le Lipaki Tsa ka”!
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho II
    • a Litšōmong tsa lichaba, melimo e mengata ea “tsoaloa” ebile e ba le “bana.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela