Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ho Malimabe Serapa sa Morara se sa Tšepahaleng!
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho I
    • 7 E, Jehova ke eena mong’a serapa seo sa morara, ’me ka tsela ea tšoantšetso o ka lekhotleng, o batla hore ho lihuoe kahlolo pakeng tsa hae le serapa sa hae sa morara se soabisang. Joale, serapa sa morara ke’ng? Mong’a sona oa hlalosa: “Serapa sa morara sa Jehova oa mabotho ke ntlo ea Iseraele, ’me batho ba Juda ke sebaka se lenngoeng seo a neng a se rata.”—Esaia 5:7a.

  • Ho Malimabe Serapa sa Morara se sa Tšepahaleng!
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho I
    • Ho Tsebahatsa Serapa sa Morara sa Molimo Kajeno

      10. Jesu o ile a fana ka papiso efe e amanang le serapa sa morara?

      10 E ka ’na eaba Jesu o ne a hopotse mantsoe a Esaia ha a ne a etsa papiso ea balemi ba tletseng moea oa polao: “Ho ne ho e-na le motho e mong, mong’a ntlo, ea ileng a lema serapa sa morara ’me a etsa motero ho se potoloha eaba o cheka sehatelo sa veine ho sona ’me a emisa tora, eaba o se hirisetsa balemi, ’me o etela hōle.” Ka masoabi, balemi bao ba ile ba hloka botšepehi ho mong’a serapa sa morara, ba ba ba bolaea mor’a hae. Jesu o ile a tsoela pele ho bontša hore papiso ena e ne e sa ame Iseraele ea sebele feela ha a ne a re: “’Muso oa Molimo o tla nkuoa ho lōna [Iseraele ea nama] ’me o fuoe sechaba se hlahisang litholoana tsa oona.”—Matheu 21:33-41, 43.

      11. Ke serapa sefe sa morara sa moea se neng se le teng lekholong la pele la lilemo, empa ho ile ha etsahala’ng ka mor’a lefu la baapostola?

      11 “Sechaba” seo se secha e ile ea e-ba “Iseraele ea Molimo”—sechaba sa moea sa Bakreste ba tlotsitsoeng ba 144 000 ka kakaretso. (Bagalata 6:16; 1 Petrose 2:9, 10; Tšenolo 7:3, 4) Jesu o ile a tšoantša barutuoa bana le “makala” a leng ‘sefateng sa morara sa ’nete,’ e leng eena. Ka ho utloahalang, ho lebeletsoe hore makala ana a behe litholoana. (Johanne 15:1-5) A lokela ho bonahatsa litšoaneleho tse kang tsa Kreste ’me a kopanele mosebetsing oa ho bolela “litaba tsena tse molemo tsa ’muso.” (Matheu 24:14; Bagalata 5:22, 23) Empa haesale ho tloha ka lefu la baapostola ba leshome le metso e ’meli, boholo ba batho ba ipolelang hore ke makala a “sefate sa morara sa ’nete” ba iponahalitse e le makala a bohata—a hlahisang morara oa naha ho fapana le litholoana tse ntle.—Matheu 13:24-30, 38, 39.

      12. Mantsoe a Esaia a nyatsa Bokreste-’mōtoana joang, hona a fupere thuto efe bakeng sa Bakreste ba ’nete?

      12 Ka hona, ho nyatsa ha Esaia Juda ho sebetsa ho Bokreste-’mōtoana kajeno. Ho ithuta histori ea bona—lintoa tsa bona, litlhaselano tsa bona tsa bolumeli, Makhotla a bona a Otlang Bakhelohi—ho senola hantle kamoo litholoana tsa bona li ’nileng tsa e-ba bolila kateng! Leha ho le joalo, serapa sa morara sa ’nete sa Bakreste ba tlotsitsoeng le metsoalle ea bona ea “bongata bo boholo” se lokela ho ela hloko mantsoe a Esaia. (Tšenolo 7:9) Hore ba tle ba khahlise mong’a serapa sa morara, ba lokela hore e le batho ka bomong ebile e le sehlopha, ba hlahise litholoana tse mo khahlisang.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela