Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lff thuto 3
  • Na U ka Tšepa Bibele?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U ka Tšepa Bibele?
  • U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ITHUTE LINTLHA TSE LING
  • KAKARETSO
  • BATLA
  • Na U ka Tšepa Bibele?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Selelekela sa Thuto ea Bibele
  • Bibele ke Buka e Tsoang ho Molimo
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Bibele ke Buka e Tsoang ho Molimo
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Bibele e ka Ntlafatsa Bophelo ba Hao Joang?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
Bala Tse Ling
U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
lff thuto 3
Khaolo ea 3. Meqolo ea boholoholo ea Bibele e behiloe holim’a tafole.

KHAOLO EA 3

Na U ka Tšepa Bibele?

E Hatisitsoeng
E Hatisitsoeng
E Hatisitsoeng

Bibele e fana ka litšepiso le likeletso tse ngata. Mohlomong u batla ho utloa hore na e ruta’ng, empa ka tsela e tšoanang u utloa ho le thata hore u e tšepe. Na u ka tšepa litšepiso le likeletso tse tsoang bukeng ea khale hakaale? Na u ka tšepa seo Bibele e se buang mabapi le hore na ke joang re ka thabelang bophelo hona joale le nakong e tlang? Batho ba limilione kajeno ba tšepa Bibele. Ha re bone hore na le uena u ka khona ho e tšepa.

1. Na lintho tse hlahang ka Bibeleng ke ’nete?

Bibele e re e na le “mantsoe a nepahetseng a ’nete.” (Moeklesia 12:​10) E bua ka liketsahalo tsa ’nete tse etsahalletseng batho ba sebele. (Bala Luka 1:3; 3:​1, 2.) Bo-rahistori le baepolli ba bangata, ba netefalitse hore matsatsi a bohlokoa, batho, libaka le liketsahalo tse hlahang ka Bibeleng li nepahetse.

2. Ke hobane’ng ha re ka re Bibele ha ea felloa ke nako?

Ka makhetlo a mangata Bibele e ile ea bolela lintho tse neng li e-s’o tsebahale nakong eo e neng e ngoloa. Ka mohlala, e bua ka litaba tse itseng tse amanang le saense. Lintho tseo e buang ka tsona e ne e le lintho tseo batho ba neng ba sa li kholoe nakong eo e neng e ngoloa. Empa bo-rasaense ba kajeno ba netefatsa hore seo Bibele e neng e se bua e ne e le ’nete. Lintho tse ka Bibeleng “li tšehelitsoe hantle ka ho sa feleng, ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”​—Pesaleme ea 111:8.

3. Ke hobane’ng ha re lokela ho tšepa seo Bibele e se buang ka bokamoso?

Bibele e na le boprofetaa bo bolelang “lintho tse e-s’o etsoe.” (Esaia 46:​10) E ile ea profeta ka lintho tse ngata nako e telele pele li ka etsahala ’me li ile tsa fela tsa etsahala ka tsela eo e neng e boletse hore li tla etsahala ka eona. E boetse e hlalositse maemo a lefatše a matsatsing ana ka litsela tse ngata. Khaolong ena, re tl’o hlahloba boprofeta bo bong ba Bibele. Tsela eo boprofeta bona bo nepahetseng ka eona ea hlolla.

ITHUTE LINTLHA TSE LING

Hlahloba hore na ke joang saense ea kajeno e lumellanang le Bibele ’me u batlisise ka boprofeta bo bong bo hlollang ba Bibele.

4. Saense e lumellana le Bibele

Mehleng ea khale, batho ba bangata ba ne ba lumela hore lefatše le lutse holim’a ntho e ’ngoe. Bapala VIDEO.

VIDEO: Lefatše le Leketlile Holim’a Lefeela (1:13)

Hlokomela se ileng sa ngoloa bukeng ea Jobo lilemong tse ka bang 3 500 tse fetileng. Bala Jobo 26:​7 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ke hobane’ng ha ho ne ho makatsa hore ebe ho thoe lefatše le leketlile holim’a lefeela?

Hoo e ka bang lilemo tse 200 tse fetileng batho ba ile ba qala ho utloisisa potoloho ea metsi. Empa hlokomela seo Bibele e ileng ea se tlaleha lilemo tse ka bang 3 500 tse fetileng. Bala Jobo 36:​27, 28 ebe le buisana ka lipotso tsena:

  • Ke’ng e u khahlang ka tlhaloso ee e bonolo ea potoloho ea metsi?

  • Na mangolo ana ao u qetang ho a bala a matlafatsa tšepo eo u nang le eona ka Bibele?

Bibele e hlalosa potoloho ea metsi. Matšoao a bontša kamoo potoloho ea metsi e tsamaeang kateng ho tloha lefatšeng ho ea marung le ho khutla.

5. Bibele e ile ea bolela esale pele ka liketsahalo tsa Bohlokoa

Bala Esaia 44:​27–​45:​2 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ke lintlha life tseo Bibele e ileng ea profeta ka tsona lilemo tse 200 pele Babylona e ka felisoa?

Bapala VIDEO.

VIDEO: Bibele e ile ea Bolela Esale Pele ka ho oa ha Babylona (0:58)

Histori ea netefatsa hore Morena oa Persia e leng Cyruse, le masole a hae ba ile ba hapa motse oa Babylona ka 539 pele ho mehla ea Kreste. Ba ile ba bulela metsi a noka e neng e sirelelitse motse hore a ee sebakeng se seng. Ba ile ba kena ka hare ho motse ba sebelisa liheke tse neng li siiloe li sa koaloa ’me ba ile ba hapa motse ntle le hore ba loane. Kajeno, lilemo tse ka bang 2 500 hamorao, Babylona e ntse e le sebaka se se nang baahi. Hlokomela seo Bibele e ileng ea se bolela esale pele.

Bala Esaia 13:​19, 20 ebe le buisana ka potso ena:

  • Boprofeta boo bo ile ba phethahala joang?

Marako a motse oa Babylona naheng ea Iraq kajeno

Linepe: Maemo ao Bibele e ileng ea profeta ka ’ona mabapi le ‘matsatsi a ho qetela.’ 1. Meaho ea cha. 2. Lesole lea thunya. 3. Batho ba loana le mapolesa a apereng liphahlo tse itšireletsang. 4. Banna ba babeli ba utsoetsa monna shopong. 5. Koloi ea masole e kena ka har’a toropo. 6. Batho ba lapileng ba roetse li mask ’me ba eme moleng oa lijo. 7. Lefatše lea arohana. 8. Ntlo e senyehile ka mor’a tšisinyeho ea lefatše.

6. Bibele e ile ea profeta esale pele ka lintho tseo re bonang li etsahala kajeno

Bibele ea re bolella hore re phela “matsatsing a ho qetela.” (2 Timothea 3:1) Hlokomela hore na Bibele e ile ea re’ng mabapi le nako ena eo re phelang ho eona.

Bala Matheu 24:​6, 7 ebe le buisana ka potso ena:

  • Bibele e ile ea hlalosa matsatsi a ho qetela joang?

Bala 2 Timothea 3:​1-5 ebe le buisana ka lipotso tsena:

  • Bibele e ile ea hlalosa boitšoaro ba batho ba matsatsing a ho qetela joang?

  • Ke boitšoaro bofe boo u boneng batho ba na le bona?

BATHO BA BANG BA RE: “Bibele ke buka ea lipale le litšomo.”

  • Ho ea ka uena, ke’ng e u fang bopaki ba hore Bibele ke buka eo re ka e tšepang?

KAKARETSO

Histori, saense le boprofeta lia bontša hore re ka tšepa Bibele.

Re Ithutile’ng?

  • Na Bibele ke buka e buang ’nete?

  • Ke likarolong life moo saense e lumellanang le Bibele?

  • Na u nahana hore Bibele e bolela esale pele ka bokamoso? Ke hobane’ng ha u cho joalo?

Seo U ka se Etsang

BATLA

Na ho na le moo Bibele e fositseng ha e bua ka saense?

“Na Saense e Lumellana le Bibele?” (Sehlooho se websaeteng)

Ke lintlha life tse buang ka “matsatsi a ho qetela”?

“Likarolo Tse 6 Tsa Boprofeta ba Bibele Boo U Bonang ha bo Phethahala” (Molula-Qhooa, May 1, 2011)

Ithute kamoo boprofeta ba Bibele bo mabapi le ’muso oa Bagerike bo ileng ba phethahala kateng.

Ho Matlafatsoa ke “Lentsoe la Boprofeta” (5:​22)

Hlokomela hore na boprofeta ba Bibele bo ile ba thusa ntate e mong joang hore a fetole maikutlo a hae ka Bibele.

“Ke ne ke sa Lumele Hore Molimo o Teng” (Molula-Qhooa, No. 5 2017)

a Boprofeta ke molaetsa o tsoang ho Molimo, molaetsa ona o bua ka liketsahalo tse tl’o etsahala nakong e tlang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela