Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Jehova—“Molimo ea Lokileng le Mopholosi”
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho II
    • 3. Esaia 45:1-3a e hlalosa ho hlōla ha Cyruse ka lipolelo life tse hlakileng?

      3 “Sena ke seo Jehova a se buileng ho motlotsuoa oa hae, ho Cyruse, eo ke tšoereng letsoho la hae le letona, hore ke hlōle lichaba ka pel’a hae, e le hore nka tlamolla linyepa mathekeng a marena; hore ke bule ka pel’a hae menyako e nang le mamati a mabeli, hoo le liheke li ke keng tsa koaloa: ‘Ke tla tsamaea ka pel’a hao, ’me ke tla batalatsa makukuno a naha. Ke tla roba mamati a koporo likoto, ’me ke tla poma mekoallo ea tšepe. Ke tla u fa matlotlo a lefifing le matlotlo a patiloeng libakeng tse patehileng.’”—Esaia 45:1-3a.

      4. (a) Ke hobane’ng ha Jehova a bitsa Cyruse “motlotsuoa” oa hae? (b) Jehova o tla tiisa joang hore Cyruse oa hlōla?

      4 A sebelisa Esaia, Jehova o bua le Cyruse joalokaha eka oa phela, le hoja Cyruse a ne a e-s’o tsoaloe mehleng ea Esaia. (Baroma 4:17) Kaha Jehova o khetha Cyruse esale pele hore a phethe mosebetsi o itseng o khethehileng, Cyruse a ka bitsoa “motlotsuoa” oa Molimo. Ka tataiso ea Molimo, o tla kokobetsa lichaba, a fokolise marena le ho a hlokisa matla a ho mo hanyetsa. Joale, ha Cyruse a hlasela Babylona, Jehova o tla tiisa hore menyako ea motse e siuoa e butsoe, a etse hore e be e se nang thuso joaloka liheke tse soahlamaneng. O tla etella Cyruse pele, a tlose litšitiso tsohle. Qetellong, masole a Cyruse a tla hlōla motse le ho hapa ‘matlotlo a oona a patiloeng,’ leruo la oona le bokeletsoeng likamoreng tse lefifi tse ka tlas’a mohaho oa polokelo. Sena ke seo Esaia a se bolelang esale pele. Na mantsoe a hae aa phethahala?

      5, 6. Boprofeta ba ho oa ha Babylona bo phethahala neng hona joang?

      5 Ka selemo sa 539 B.C.E.—lilemo tse ka bang 200 ka mor’a hore Esaia a tlalehe boprofeta bona—Cyruse o fela a fihla marakong a Babylona ho tla hlasela motse. (Jeremia 51:11, 12) Leha ho le joalo, Bababylona ha baa tšoenyeha. Ba nahana hore motse oa bona o ke ke oa hlōloa. Marako a oona a phahameng a okametse liforo tse tebileng tse tletseng metsi a Nōka ea Eufrate, eo e leng karolo ea tšireletso ea motse. Ka lilemo tse fetang lekholo, ha ho sera se kileng sa atleha ho tsometsa Babylona! Ha e le hantle, ’musi oa Babylona ea litulong, Belshatsare, o ikutloa a sireletsehile hoo a ketekang le litho tsa lekhotla la hae. (Daniele 5:1) Bosiung bona boo—bosiung ba la 5/6 October—Cyruse o phetha leqheka le ikhethang la sesole.

      6 Pele nōka e kena Babylona, masole a Cyruse a phunya lebōpo la Nōka ea Eufrate, a khelosa metsi a eona e le hore a se ke a phallela nģ’a boroa ho kena motseng. E se neng, metsi a nōka ka hare le ka thōko ho Babylona a fokotseha hoo masole a Cyruse a khonang ho tsamaea ka har’a nōka ho leba khubung ea motse. (Esaia 44:27; Jeremia 50:38) Ka ho makatsang, feela joalokaha Esaia a ne a boletse esale pele, liheke tse haufi le nōka li butsoe. Mabotho a Cyruse a itšohlometsa Babylona, a hapa ntlo ea borena, ’me a bolaea Morena Belshatsare. (Daniele 5:30) Ka bosiu bo le bong feela o hlōla ka ho feletseng. Babylona e oele, ’me boprofeta bo phethahala ka ho feletseng.

  • Jehova—“Molimo ea Lokileng le Mopholosi”
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho II
    • Lebaka Leo Jehova a Tlang ho Amohela Cyruse ka Lona

      8. Lebaka le leng le etsang hore Jehova a etse hore Cyruse a hlōle Babylona ke lefe?

      8 Ka mor’a ho bolela hore na ke mang ea tlang ho hlōla Babylona le kamoo a tlang ho e hlōla kateng, Jehova o tsoela pele ho hlalosa lebaka le leng leo Cyruse a tlang ho fuoa tlhōlo ka lona. Ha a bua le Cyruse ka tsela ea boprofeta, Jehova o re lebaka ke “hore u ka tseba hore ke ’na Jehova, Ea u bitsang ka lebitso, Molimo oa Iseraele.” (Esaia 45:3b) Ke ho loketseng hore ebe ’musi oa ’muso oa bone oa lefatše historing ea Bibele oa lemoha hore tlhōlo ea hae e tsoileng matsoho e tlisoa ke tšehetso ea ea mo phahametseng—Jehova, ’Musi oa Bokahohle. Cyruse o lokela ho hlokomela hore ea mo bitsang, kapa ea mo romang, ke Jehova, Molimo oa Iseraele. Tlaleho ea Bibele e bontša hore Cyruse o ile a fela a hlokomela hore tlhōlo ea hae e tsoileng matsoho e tsoa ho Jehova.—Esdrase 1:2, 3.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela