Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • “Le se ke la Tšepa Bahlomphehi”
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho II
    • 2 Juda e ke ke ea jarisa leha e le mang molato haese eona ka boeona. E ke ke ea bolela ka nepo hore ho timetsoa ha eona ho tlisoa ke hobane Jehova a sebetsane le eona ka bolotsana kapa hobane a hlokomolohile selekane seo a se entseng le sechaba. ’Mōpi ha a robe lilekane. (Jeremia 31:32; Daniele 9:27; Tšenolo 15:4) E le ho hatisa ntlha ena, Jehova o botsa Bajuda: “Joale, le hokae lengolo la tlhalo la ’m’a lōna, eo ke itseng a tsamaee?” (Esaia 50:1a) Tlas’a Molao oa Moshe, monna ea hlalang mosali o tlameha ho mo neha lengolo la tlhalo. Joale eba mosali o lokolohile hore a ka nkoa ke monna e mong. (Deuteronoma 24:1, 2) Ka kutloisiso ea tšoantšetso, Jehova o fane ka lengolo le joalo ho ’muso oo e leng morali’abo Juda, e leng Iseraele, empa ha aa ka a fana ka lona ho Juda.a E ntse e le eena “monghali eo e leng monna” oa eona. (Jeremia 3:8, 14) Ka sebele Juda ha e na bolokolohi ba ho etsa bolekane le lichaba tsa bohetene. Kamano ea eona le Jehova e tla tsoela pele “ho fihlela Shilo [Mesia] a tla.”—Genese 49:10.

      3. Jehova o ‘rekisa’ batho ba hae ka lebaka lefe?

      3 Jehova o boetse o botsa Juda: “Ke ofe ho batho bao ke ba kolotang eo ke le rekisitseng ho eena?” (Esaia 50:1b) Bajuda ha ba na ho isoa botlamuoeng Babylona ho ea lefella sekoloto se itseng seo ho nkoang hore Jehova o na le sona. Jehova ha a tšoane le Moiseraele ea futsanehileng ea tlamehang ho rekisetsa motho eo a mo kolotang bana ba hae e le hore a lefe sekoloto. (Exoda 21:7) Ho e-na le hoo, Jehova o supa lebaka la sebele leo ka lona batho ba hae ba tlang ho etsoa makhoba: “Bonang! Le rekisitsoe ka lebaka la liphoso tsa lōna, ’me ’m’a lōna ho itsoe a tsamaee ka lebaka la litlōlo tsa lōna.” (Esaia 50:1c) Ke Bajuda ba lahlileng Jehova; eena ha aa ka a ba lahla.

  • “Le se ke la Tšepa Bahlomphehi”
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho II
    • a Litemaneng tse tharo tse qalang tsa Esaia khaolo ea 50, Jehova o hlalosa sechaba sa Juda ka kakaretso e le mosali oa hae ’me baahi ba eona e le bana ba eona.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela