-
“Oa Halalela, oa Halalela, oa Halalela Jehova”Molula-Qhooa—2011 | December 1
-
-
HAEBA ho ka thoe u hlalose Jehova Molimo, u ne u ka mo hlalosa joang? Lekholong la borobeli la lilemo B.C.E., moprofeta Esaia o ile a fuoa pono moo a ileng a utloa libōpuoa tsa moea li rorisa Jehova, li sebelisa lentsoe le hlalosang tšobotsi ea Hae e hlaheletseng haholo—e leng ho halalela. Seo Esaia a ileng a se bona le ho se utloa se lokela ho etsa hore re hlomphe Jehova ’me re atamele haufi le eena. Ha re ntse re hlahloba mantsoe a ho Esaia 6:1-3, ipone u le moo.
-
-
“Oa Halalela, oa Halalela, oa Halalela Jehova”Molula-Qhooa—2011 | December 1
-
-
Esaia ha a hlolloe feela ke seo a se bonang empa hape o hlolloa le ke seo a se utloang. E le sehlopha sa ’mino sa leholimong, lirafime li bina li phahamisitse mantsoe. Esaia oa ngola: “Li ne li hoeletsana li re: ‘Oa halalela, oa halalela, oa halalela Jehova oa mabotho.’” (Temana ea 3) Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le ho “halalela” le bolela ho hloeka kapa ho hloka sekoli. Lentsoe lena le ka boela la akarelletsa “ho lokoloha ka ho feletseng le ho aroha ho se sebe.” Pineng eo mohlomong lirafime li neng li e bina li e neheletsana, li bina lentsoe “halalela” ka makhetlo a mararo e le ho hatisa hore Jehova o halalela ka tsela e phahameng haholo. (Tšenolo 4:8) Kahoo, khalalelo ke tšobotsi e ikhethang ea hae. Jehova o hloekile, ha a na sekoli ebile o phethahetse ka ho feletseng.
-