Khaolo ea Leshome le Metso e ’Meli
Matšeliso ho Batho ba Molimo
1. Ke tebello efe e lerootho e larileng ka pele ho Jerusalema le baahi ba eona, empa ho na le tšepo efe?
LILEMO tse 70—nako e tloaelehileng ea bophelo ba motho—ke lilemo tseo sechaba sa Juda se tlang ho li qeta se le botlamuoeng Babylona. (Pesaleme ea 90:10; Jeremia 25:11; 29:10) Ba bangata ba Baiseraele ba isitsoeng botlamuoeng ba tla tsofalla Babylona le ho shoela teng. Nahana kamoo linyefolo le litšomo tsa lira tsa bona li tlang ho ba tlotlolla kateng. Nahana hape ka thohako e tla phaelloa ho Molimo oa bona, Jehova, ha motse oo a neng a behile lebitso la hae ho oona o fetoha lesupi ka nako e telele joalo. (Nehemia 1:9; Pesaleme ea 132:13; 137:1-3) Tempele e ratoang, e neng e tletse khanya ea Molimo ha Solomone a nehelana ka eona, e tla be e se e le sieo. (2 Likronike 7:1-3) Ke tebello e lerootho hakaakang! Empa Jehova o profeta tsosoloso, ka Esaia. (Esaia 43:14; 44:26-28) Khaolong ea 51 ea buka ea Esaia, re fumana boprofeta bo eketsehileng bo tšohlang taba ena ea matšeliso le khothatso.
2. (a) A sebelisa Esaia, Jehova o lebisa molaetsa oa hae oa matšeliso ho bo-mang? (b) Bajuda ba tšepahalang ba ‘lelekisa ho loka’ joang?
2 Ho ba leng Juda ba behileng lipelo tsa bona ho eena, Jehova o re: “’Mameleng, lōna ba lelekisang ho loka, lōna ba batlang Jehova.” (Esaia 51:1a) ‘Ho lelekisa ho loka’ ho fana ka maikutlo a ketso. “Ba lelekisang ho loka” ha ba na ho ipolela feela hore ke batho ba Molimo. Ka cheseho ba tla ikitlaelletsa ho ba batho ba lokileng le ba phelang tumellanong le thato ea Molimo. (Pesaleme ea 34:15; Liproverbia 21:21) Ba tla tšepela ho Jehova e le eena feela Mohloli oa ho loka, ’me ba tla ‘batla Jehova.’ (Pesaleme ea 11:7; 145:17) Hase hore ba tla be ba sa tsebe hore na Jehova ke mang kapa hore na ba lokela ho mo atamela joang ka thapelo. Ho e-na le hoo, ba tla ikitlaelletsa ho atamela haufi le eena, ho mo sebeletsa, ho mo rapela le ho batla tataiso ea hae ho sohle seo ba se etsang.
3, 4. (a) “Lefika” leo Bajuda ba fatiloeng ho lona ke mang, ’me “sekoti” seo ba ntšitsoeng ho sona ke mang? (b) Ke hobane’ng ha ho hopola moo ba tsoang teng ho tla tšelisa Bajuda?
3 Leha ho le joalo, ba lelekisang ho loka e le kannete ba batla ba fokola ka palo Juda, ’me sena se ka ’na sa ba bakela tšabo le ho nyahama. Kahoo a sebelisa papiso ea koari, Jehova oa ba khothatsa: “Talimang lefika leo le fatiloeng ho lona, le sekoti seo le ntšitsoeng ho sona. Talimang ntat’a lōna Abrahama le Sara eo qetellong a ileng a le tsoala ka bohloko ba pelehi. Etsoe o ne a le mong ha ke mo bitsa, eaba kea mo hlohonolofatsa ’me kea mo ngatafatsa.” (Esaia 51:1b, 2) “Lefika” leo Bajuda ba fatiloeng ho lona ke Abrahama, motho e moholo historing eo sechaba sa Iseraele se ikotlang sefuba ka eena. (Matheu 3:9; Johanne 8:33, 39) Ke eena moholo-holo oa sechaba seo, motho eo se tsoileng ho eena. “Sekoti” ke Sara, e leng eena eo moholo-holo oa Iseraele, Isaka, a tsoileng pōpelong ea hae.
4 Abrahama le Sara ba ne ba se ba fetile lilemo tsa bona tsa ho ba le bana ’me ba se na ngoana. Leha ho le joalo, Jehova o ile a tšepisa ho hlohonolofatsa Abrahama le ho “mo ngatafatsa.” (Genese 17:1-6, 15-17) Ka hore Molimo a tsosolose matla a bona a ho ba le bana, Abrahama le Sara ba ile ba tsoala ngoana botsofaling ba bona, ’me ka eena ha hlaha sechaba sa Molimo sa selekane. Kahoo Jehova o ile a etsa hore motho eo a tsoale sechaba se seholo seo palo ea sona e ke keng ea baleha joaloka ea linaleli tse maholimong. (Genese 15:5; Liketso 7:5) Haeba Jehova a ne a ka nka Abrahama ho tsoa naheng e hōle ’me a mo etsa sechaba se matla, ka sebele a ka phethahatsa tšepiso ea hae ea ho lokolla masala a tšepahalang bokhobeng Babylona, a a khutlisetsa naheng ea habo ’ona, ’me a boela a a etsa sechaba se seholo. Tšepiso ea Molimo ho Abrahama e ile ea phethahala; tšepiso ea hae ho Bajuda ba botlamuoeng le eona e tla phethahala.
5. (a) Abrahama le Sara ba tšoantšetsa bo-mang? Hlalosa. (b) Phethahatsong ea ho qetela, ke bo-mang ba tsoang ho “lefika”?
5 Ho ka etsahala hore ebe koari ea tšoantšetso e ho Esaia 51:1, 2 e na le phethahatso e ’ngoe. Deuteronoma 32:18 e bitsa Jehova “Lefika” le tsoetseng Iseraele le ‘Ea tsoetseng [Iseraele] ka bohloko ba pelehi.’ Mantsoeng ana a qetellang, ho sebelisitsoe leetsi la Seheberu le tšoanang le le hlahang ho Esaia 51:2 mabapi le ha Sara a tsoala Iseraele. Kahoo, ka tsela ea boprofeta Abrahama o emela Jehova, e leng Abrahama e Moholo. Mosali oa Abrahama, Sara, o tšoantšetsa mokhatlo oohle oa Jehova oa leholimo oa libōpuoa tsa moea, o hlalosoang ka Mangolong a Halalelang e le mosali oa Molimo, kapa mosali. (Genese 3:15; Tšenolo 12:1, 5) Phethahatsong ea ho qetela ea mantsoe ana a boprofeta ba Esaia, sechaba se tsoang ho “lefika” ke “Iseraele ea Molimo,” e leng phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea, e tsoetsoeng ka Pentekonta ea 33 C.E. Joalokaha ho tšohliloe likhaolong tse fetileng tsa buka ena, sechaba seo se ile sa e-ba botlamuoeng ba Babylona ka 1918 empa sa khutlisetsoa naleng ea moea ka 1919.—Bagalata 3:26-29; 4:28; 6:16.
6. (a) Ke eng e larileng ka pele ho naha ea Juda, hona ho tla hlokahala tsosoloso efe? (b) Esaia 51:3 e re hopotsa ka tsosoloso efe ea mehleng ea kajeno?
6 Matšeliso a Jehova ho Sione, kapa Jerusalema, ha a akareletse feela tšepiso ea ho hlahisa sechaba se sengata. Rea bala: “Ka sebele Jehova o tla tšelisa Sione. Ka sebele o tla tšelisa libaka tsohle tsa eona tse ripitliloeng, ’me o tla etsa hore lefeella la eona le be joaloka Edene le thota ea eona ea lehoatata e be joaloka serapa sa Jehova. Thabo e khaphatsehang le nyakallo li tla fumanoa ho eona, liteboho le lentsoe la pina ea thoriso.” (Esaia 51:3) Nakong ea lilemo tse 70 tsa ho etsoa lesupi, naha ea Juda e tla fetoha lefeella, e apareloe ke meutloa, hlaba-hlabane le lihlahla tse ling tsa naha. (Esaia 64:10; Jeremia 4:26; 9:10-12) Kahoo, ho phaella ho haheng Juda hape, tsosoloso e tla akarelletsa ho tsosolosa naha, e tla fetoha serapa sa Edene se nang le masimo a noselitsoeng hantle a behang litholoana le lirapa tsa lifate tsa litholoana. Naha e tla bonahala e nyakaletse. Ha e bapisoa le boemo ba eona ba ho ba lesupi nakong ea botlamuoa, naha e tla tšoana le paradeise. Masala a tlotsitsoeng a Iseraele ea Molimo a ile a kena paradeiseng e joalo ka kutloisiso ea moea ka 1919.—Esaia 11:6-9; 35:1-7.
Mabaka a ho Tšepa Jehova
7, 8. (a) Memo ea Jehova ea ho mo mamela e bolela eng? (b) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore Juda e ele Jehova hloko?
7 Ha a boela a ba mema hore ba mamele, Jehova o re: “’Mameleng, Lōna sechaba sa ka; le lōna sehlopha sa sechaba sa ka, le ’mamele. Etsoe molao o tla tsoa ho ’na, ’me ke tla etsa hore qeto ea ka ea boahloli e lule joaloka leseli ho lichaba. Ho loka ha ka ho haufi. Ka sebele poloko ea ka e tla tsoa, ’me matsoho a ka a tla ahlola lichaba. Lihlekehleke li tla ntšepa, ’me li tla letela letsoho la ka.”—Esaia 51:4, 5.
8 Memo ea Jehova ea ho mo mamela ha e bolele ho utloa molaetsa oa hae feela. E bolela ho o ela hloko ka sepheo sa ho sebelisa se utloiloeng. (Pesaleme ea 49:1; 78:1) Sechaba se lokela ho ananela hore Jehova ke eena Mohloli oa taeo, toka le poloko. Ke eena feela Mohloli oa leseli la moea. (2 Bakorinthe 4:6) Ke eena Moahloli oa ho qetela oa batho. Melao le liqeto tsa boahloli tse tsoang ho Jehova ke leseli ho ba itumellang ho tataisoa ke tsona.—Pesaleme ea 43:3; 119:105; Liproverbia 6:23.
9. Ntle ho batho ba Molimo ba selekane, ke bo-mang ba tla rua molemo liketsong tse pholosang tsa Jehova?
9 Ha hoa lokela ho ba joalo ho batho ba Molimo ba selekane feela empa le ho batho ba sekametseng ho lokeng ba libakeng tsohle, esita le lihlekehlekeng tse nyenyane tsa leoatle tse hōle ka ho fetisisa. Ha ba na ho soetseha ha ba tšepile Molimo le bokhoni ba hae ba ho nka khato molemong oa bahlanka ba hae ba tšepahalang le ho ba pholosa. Ha ho pelaelo ea letho ka bonatla ba hae, kapa matla a hae, a emeloang ke letsoho la hae; a ke ke a emisoa ke motho leha e le ofe. (Esaia 40:10; Luka 1:51, 52) Ka ho tšoanang le kajeno, mosebetsi oa boboleli o etsoang ka cheseho ke masala a litho tsa Iseraele ea Molimo o entse hore ba limilione, bao bongata ba bona ba tsoang lihlekehlekeng tse hōle tsa leoatle, ba retelehele ho Jehova ’me ba behe tumelo ho eena.
10. (a) Morena Nebukadnezare o tla qobelloa ho ithuta ’nete efe? (b) Ke ‘maholimo’ afe le ‘lefatše’ lefe tse tlang ho felisoa?
10 Joale Jehova o bua ka ’nete eo Morena Nebukadnezare oa Babylona a tla tlameha ho ithuta eona. Ha ho letho leholimong kapa lefatšeng le ka thibelang Jehova ho phethahatsa thato ea hae. (Daniele 4:34, 35) Rea bala: “Phahamisetsang mahlo maholimong, ’me le talime tlaase lefatšeng. Etsoe maholimo a tla arohanngoa likoto joaloka mosi, ’me lefatše le tla tsofala joaloka seaparo, le baahi ba lona ba shoe joaloka monoang. Empa ha e le poloko ea ka, e tla ba teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang, ’me ho loka ha ka ho ke ke ha senngoa.” (Esaia 51:6) Le hoja ho le khahlanong le leano la babusi ba Babylona ho lumella batlamuoa ho khutlela hae, Jehova a ke ke a sitisoa ho pholosa batho ba hae. (Esaia 14:16, 17) ‘Maholimo’ a Babylona, kapa babusi, a tla senngoa ke ho hlōloa. ‘Lefatše’ la Babylona, bafo ba babusi bao, le tla fela butle-butle. E, esita le ’muso o matla ka ho fetisisa oa nakong eo o ke ke oa ema khahlanong le matla a Jehova kapa oa thibela liketso tsa hae tsa poloko.
11. Ke hobane’ng ha phethahatso e feletseng ea boprofeta bo reng ‘maholimo’ le ‘lefatše’ tsa Babylona li tla felisoa e le e khothatsang ho Bakreste kajeno?
11 Ke ho khothatsang Bakreste hakaakang kajeno ho tseba hore mantsoe aa a boprofeta a ile a phethahala ka ho feletseng! Hobane’ng? Hobane moapostola Petrose o ile a sebelisa mantsoe a tšoanang le ao ha a ne a bua ka ketsahalo e ’ngoe e tlang. O ile a bua ka letsatsi la Jehova le atamelang ka potlako, “leo ka lona maholimo ha a cha a tlang ho qhibiliha le thepa ea motheo ha e chesa ka matla haholo e tlang ho qhibiliha!” A ntan’o re: “Ho na le maholimo a macha le lefatše le lecha tseo re li letetseng ho ea ka tšepiso ea hae, ’me ho loka ho tla aha ho tsona.” (2 Petrose 3:12, 13; Esaia 34:4; Tšenolo 6:12-14) Le hoja lichaba tse matla le babusi ba tsona ba phahameng joaloka linaleli li ka ’na tsa tsoela pele ho phephetsa Jehova, ka nako ea hae e loketseng li tla etsoa lefeela—li phetšeloe feela joaloka monoang. (Pesaleme ea 2:1-9) Ke puso e lokileng ea Molimo feela e tla busa ka ho sa feleng, e busa batho ba lokileng.—Daniele 2:44; Tšenolo 21:1-4.
12. Ke hobane’ng ha bahlanka ba Molimo ba sa lokela ho tšoha ha ba nyefoloa ke batho ba hanyetsang?
12 Ha a bua le batho “ba lelekisang ho loka,” joale Jehova o re: “’Mameleng, lōna ba tsebang ho loka, sechaba seo molao oa ka o leng ka lipelong tsa sona. Le se ke la tšaba nyeliso ea batho ba shoang, ’me le se ke la tšosoa ke mantsoe a bona a nyefolang. Etsoe ba tla jeoa ke tšoèlè joalokaha eka ke seaparo, ’me tšoèlè ea liaparo e ba je joalokaha eka ke boea. Empa ha e le ho loka ha ka, ho tla ba teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang, le poloko ea ka ho isa melokong e se nang palo.” (Esaia 51:7, 8) Ba tšepileng Jehova ba tla nyefoloa ’me ba songoe ka lebaka la boemo ba bona bo sebete, empa sena ha sea lokela ho ba tšosa. Basomi ke batho ba shoang ba tlang ho “jeoa,” feela joalokaha seaparo sa boea se jeoa ke tšoèlè.a Ho tšoana le Bajuda ba tšepahalang ba boholo-holo, Bakreste ba ’nete kajeno ha ba na lebaka la ho tšaba leha e le mang ea ba hanyetsang. Jehova, Molimo ea sa feleng, ke poloko ea bona. (Pesaleme ea 37:1, 2) Ho songoa ke lira tsa Molimo ke bopaki ba hore batho ba Jehova ba na le moea oa hae.—Matheu 5:11, 12; 10:24-31.
13, 14. Mantsoe “Rahaba” le “phoofolo ea tonanahali ea leoatle” a tšoantšetsa eng, hona e ‘robakanngoa’ le ho ‘hlajoa’ joang?
13 Joalokaha eka o ipiletsa ho Jehova hore a nke khato molemong oa batho ba Hae ba botlamuoeng, Esaia o re: “Tsoha, tsoha, u ikapese matla, Uena letsoho la Jehova! Tsoha joaloka matsatsing a khale, joaloka melokong ea linakong tsa khale-khale. Na hase uena ea robakantseng Rahaba, ea hlabileng phoofolo ea tonanahali ea leoatle? Na hase uena ea pshesitseng leoatle, metsi a boliba bo boholo? Ea entseng boliba ba leoatle tsela bakeng sa hore ba rekolotsoeng ba tšele?”—Esaia 51:9, 10.
14 Mehlala ea histori eo Esaia a buang ka eona e khethiloe ka hloko. Moiseraele e mong le e mong o tseba ka ho lopolloa ha sechaba Egepeta le ka ho tšela ha sona Leoatle le Lefubelu. (Exoda 12:24-27; 14:26-31) Mantsoe “Rahaba” le “phoofolo ea tonanahali ea leoatle” a bolela Egepeta tlas’a Faro oa eona ea neng a hanyetsa Ho Falla ha Iseraele, Egepeta. (Pesaleme ea 74:13; 87:4; Esaia 30:7) Hlooho ea eona e le Molomong oa Nōka ea Nile ’me ’mele oa eona o molelele o iphaphathile le Phula e nonneng ea Nile lik’hilomithara tse makholo, Egepeta ea boholo-holo e ne e tšoana le noha ea tonanahali. (Ezekiele 29:3) Empa phoofolo ena ea tonanahali e ile ea khaoloa likoto ha Jehova a e tšollela Likotlo tse Leshome. E ile ea hlajoa, ea lematsoa habohloko le ho tšeremisoa mangole ha lebotho la eona le timetsoa metsing a Leoatle le Lefubelu. E, Jehova o ile a bonahatsa matla a letsoho la hae litšebelisanong tsa hae le Egepeta. Na ha a na ho ikemisetsa ho loanela batho ba hae ba botlamuoeng Babylona ka tsela e tšoanang?
15. (a) Mesarelo le mefehelo ea Sione e tla baleha neng hona joang? (b) Mesarelo le mefehelo e ile ea baleha neng ho Iseraele ea Molimo mehleng ea kajeno?
15 Joale ha bo talima pele ho lopolloeng ha Iseraele Babylona, boprofeta bo tsoela pele: “Joale ba lopolotsoeng ba Jehova ba tla khutla ’me ba tle Sione ka mohoo oa thabo, ’me nyakallo e tla ba lihloohong tsa bona ho isa nakong e sa lekanyetsoang. Ba tla fihlela thabo e khaphatsehang le nyakallo. Ka sebele mesarelo le ho feheloa li tla baleha.” (Esaia 51:11) Ho sa tsotellehe hore na boemo ba bona Babylona e ka ’na ea e-ba bo utloisang bohloko hakae, ba batlang ho loka ha Jehova ba na le tebello e khanyang. Nako ea tla eo ka eona mesarelo le mefehelo e ke keng ea hlola e e-ba teng. Mohoo oa thabo, nyakallo le thabo e khaphatsehang li tla utloahala melomong ea batho ba lopolotsoeng, ba rekolotsoeng. Phethahatsong ea kajeno ea mantsoe ao a boprofeta, Iseraele ea Molimo e ile ea lokolloa botlamuoeng ba Babylona ka 1919. E ile ea khutlela naheng ea eona ea moea ka thabo e khōlō—thabo e tsoetseng pele ho tla fihlela mehleng ena ea kajeno.
16. Ho lefuoa moputso ofe bakeng sa ho lopolla Bajuda?
16 Moputso oa ho lopolla Bajuda e tla ba ofe? Boprofeta ba Esaia bo se bo ile ba senola hore Jehova o fana “ka Egepeta e le thekollo bakeng sa hao, Ethiopia le Seba sebakeng sa hao.” (Esaia 43:1-4) Sena se tla etsahala hamorao. Ka mor’a ho hlōla Babylona le ho lokolla batlamuoa ba Bajuda, ’Muso oa Persia o tla hlōla Egepeta, Ethiopia le Seba. Ke tsona tseo ho tla fanoa ka tsona bakeng sa meea ea Baiseraele. Sena se tumellanong le molao-motheo o boletsoeng ho Liproverbia 21:18: “Ea khopo ke thekollo bakeng sa ea lokileng; ’me ea sebetsang ka bolotsana o nka sebaka sa ba lokileng.”
Tiisetso e Tsoelang Pele
17. Ke hobane’ng ha ho sa hlokahale hore Bajuda ba tšohe khalefo ea Babylona?
17 Jehova o tsoela pele ho tiisetsa batho ba hae ka ho re: “’Na—ke ’na Ea le tšelisang. U mang hore u tšabe motho ea shoang ea tla shoa, le mora oa moloko oa batho ea tla etsoa hore a be joaloka joang bo botala? Le hore u lebale Jehova Moetsi oa hao, Ea otlollang maholimo le ea ralang motheo oa lefatše, hoo u ileng ua tšoha letsatsi lohle ka lebaka la khalefo ea ea u pota-potang, joalokaha eka o ne a itokiselitse ho u felisa? E hokae khalefo ea ea u pota-potang?” (Esaia 51:12, 13) Ka pele ho larile lilemo tsa botlamuoa. Leha ho le joalo, ha ho na lebaka la ho tšoha khalefo ea Babylona. Le hoja sechaba seo, seo e leng ’muso oa boraro oa lefatše ho ea ka tlaleho ea Bibele, se tla hlōla batho ba Molimo ’me se batle ho ‘ba pota-pota,’ kapa ho ba koalla tsela ea ho pholoha, Bajuda ba tšepahalang baa tseba hore Jehova o boletse esale pele ka ho oa ha Babylona matsohong a Cyruse. (Esaia 44:8, 24-28) Ho fapana le ’Mōpi—Molimo oa bosafeleng, Jehova—baahi ba Babylona ba tla shoa joalokaha joang bo pona ha bo utloa lebatama le chesang la letsatsi nakong ea komello. Joale ho tla etsahala’ng ka litšokelo tsa bona le khalefo ea bona? Ke booatla bo bokaakang ho tšaba motho le ho lebala Jehova, ea entseng leholimo le lefatše!
18. Le hoja batho ba hae e tla ba batšoaruoa ka nakoana, Jehova o ba tiisetsa eng?
18 Le hoja batho ba Jehova ba tla ba botlamuoeng ka nakoana, ka tsela ea tšoantšetso ba tla ‘inama ba tlamiloe ka liketane,’ ba tla lokolloa ka tšohanyetso. Ha ba na ho bolaeloa Babylona kaofela kapa ho bolaoa ke tlala e le batšoaruoa—e be ba sa pheleng Sheole, sekoting. (Pesaleme ea 30:3; 88:3-5) Jehova oa ba tiisetsa: “Ka sebele ea inamang a tlamiloe ka liketane o tla lokolloa ka potlako, e le hore a se ke a ea ka sekoting a shoele le hore bohobe ba hae bo se ke ba haella.”—Esaia 51:14.
19. Ke hobane’ng ha Bajuda ba tšepahalang ba ka tšepa mantsoe a Jehova ka ho feletseng?
19 Ha a ntse a tšelisa Sione, Jehova o tsoela pele: “Empa ’na, Jehova, ke Molimo oa hao, Ea fuluhang leoatle hore maqhubu a lona a loebehlane. Lebitso la hae ke Jehova oa mabotho. Ke tla kenya mantsoe a ka molomong oa hao, ’me ka sebele ke tla u koahela ka moriti oa letsoho la ka, e le hore ke leme maholimo le ho rala motheo oa lefatše le ho re ho Sione, ‘Ke lōna sechaba sa ka.’” (Esaia 51:15, 16) Khafetsa Bibele e bua ka bokhoni ba Molimo ba ho sebelisa matla a hae holim’a leoatle le ho le laola. (Jobo 26:12; Pesaleme ea 89:9; Jeremia 31:35) O laola matla a tlhaho ka ho feletseng, joalokaha a ile a bontša ha a ne a lopolla batho ba hae Egepeta. Ke mang ea ka bapisoang le “Jehova oa mabotho,” esita leha e le ka tsela e nyenyane ka ho fetisisa?—Pesaleme ea 24:10.
20. Ke “maholimo” afe le “lefatše” lefe tse tla ba teng ha Jehova a tsosolosa Sione, hona ke mantsoe afe a tšelisang ao a tlang ho a bua?
20 Bajuda e ntse e le batho ba Molimo ba selekane, ’me Jehova o ba tiisetsa hore ba tla khutlela naheng ea habo bona, ho ea phela moo hape tlas’a Molao oa hae. Ba tla tsosolosa Jerusalema le tempele hona teng ’me ba boele ba jare boikarabelo ba bona tlas’a selekane seo a se entseng le bona ka Moshe. Ha naha e qala ho ahoa bocha ke Baiseraele ba khutlileng le liphoofolo tsa bona tse ruuoang, ho tla ba le “lefatše le lecha.” Le tla be le busoa ke “maholimo a macha,” tsamaiso e ncha ea puso. (Esaia 65:17-19; Hagai 1:1, 14) Jehova o tla boela a re ho Sione: “Ke lōna sechaba sa ka.”
Memo ea ho Nka Khato
21. Jehova o etsa memo efe ea ho nka khato?
21 Hoba a tiisetse Sione joalo, Jehova o e mema hore e nke khato. A bua joalokaha eka e se e fihlile qetellong ea mahlomola a eona, o re: “Tsoha, tsoha, phahama, Uena Jerusalema, uena ea noeleng letsohong la Jehova senoelo sa hae sa khalefo. Mopotjoana, senoelo se bakang ho thekesela, le se noele, le se minyelelitse.” (Esaia 51:17) E, Jerusalema e tlameha ho tsoha boemong ba eona ba tlokotsi ’me e khutlele boemong ba eona ba pele le khanyeng ea eona. Ho tla fihla nako eo ka eona e tla beng e minyelelitse senoelo sa tšoantšetso sa tefetso ea bomolimo. Bohale ba Molimo ho eona bo tla be bo felile.
22, 23. Jerusalema e tla latsoa eng ha e noela senoelong sa khalefo ea Jehova?
22 Leha ho le joalo, nakong ea ha Jerusalema e ntse e fuoa kotlo, ha ho le ea mong oa baahi ba eona, “bara” ba eona, ea tla khona ho thibela se etsahalang. (Esaia 43:5-7; Jeremia 3:14) Boprofeta bo re: “Ha ho le ea mong oa bara bao a ba tsoetseng ea mo felehelitseng, ’me ha ho le ea mong oa bara bohle bao a ba hōlisitseng ea tšoereng letsoho la hae.” (Esaia 51:18) E tla utloa bohloko hakaakang matsohong a Bababylona! “Lintho tseo tse peli li ile tsa u hlahela. Ke mang ea tla u utloela bohloko? Tlatlapo le thipitlo, le tlala le sabole! Ke mang ea tla u tšelisa? Bara ba hao ba akhehile. Ba robetse mateanong a literata tsohle joaloka linku tse hlaha ka har’a letlooa, joaloka ba tletseng khalefo ea Jehova, khalemelo e matla ea Molimo oa hao.”—Esaia 51:19, 20.
23 Jerusalema e haula hakaakang! E tla mamella “tlatlapo le thipitlo” hammoho le “tlala le sabole.” Ba sitoa ho e tataisa le ho e boloka e phela ebile e le matla, “bara” ba eona ba tla ema ba tsielehile, ba tšerema mangole, ba se na matla a lekaneng a ho loantša Bababylona ba hlaselang. Ba tla tjapalla ba akhehile pepeneneng, qalong kapa likoung tsa literata, ba se na matla ba bile ba khathetse. (Lillo Tsa Jeremia 2:19; 4:1, 2) Ba tla be ba noele senoelo sa khalefo ea Molimo ’me ba tla be ba feletsoe ke matla joaloka liphoofolo tse tšoasitsoeng ke letlooa.
24, 25. (a) Ke’ng e ke keng ea etsahalla Jerusalema hape? (b) Ke mang ea latelang ea tla noela senoelong sa khalefo ea Jehova, ka morao ho Jerusalema?
24 Empa boemo bona bo utloisang bohloko bo tla fela. Ka ho tšelisang Esaia o re: “Ka hona, ka kōpo, mamela sena Uena mosali ea hlorileng le ea tahiloeng, empa eseng ke veine. Sena ke seo Morena oa hao, Jehova, Molimo oa hao, ea loanelang batho ba hae, a se boletseng: ‘Bona! Ke tla tlosa senoelo se bakang ho thekesela letsohong la hao. Mopotjoana, senoelo sa ka sa khalefo—ha u sa tla hlola u noela ho sona. Ke tla se beha matsohong a ba u halefisang, ba itseng ho moea oa hao, “Inama e le hore re tšele,” hoo u ileng ua sebelisa mokokotlo oa hao joaloka mobu, le joaloka seterata bakeng sa ba tšelang.’” (Esaia 51:21-23) Ka mor’a ho laea Jerusalema, Jehova o loketse ho nka khato e bontšang kutloelo-bohloko ho eona le moea oa ho e tšoarela.
25 Joale Jehova o tla tlosa khalefo ea hae ho Jerusalema ’me a e lebise ho Babylona. Babylona e tla be e sentse Jerusalema le ho e tlotlolla. (Pesaleme ea 137:7-9) Empa ho ke ke ha hlokahala hore Jerusalema e noele senoelong seo hape matsohong a Babylona kapa balekane ba eona. Ho fapana le hoo, senoelo seo se tla tlosoa letsohong la Jerusalema ’me se fuoe ba ileng ba thaba ha e hlabisoa lihlong. (Lillo Tsa Jeremia 4:21, 22) Babylona e tla oa, e tahiloe e re fu! (Jeremia 51:6-8) Ka nako eo, Sione e tla tsoha! Eo e tla ba phetoho e kaakang! Ka sebele, Sione e ka tšelisoa ke tebello e joalo. ’Me bahlanka ba Jehova ba ka kholiseha hore lebitso la hae le tla halaletsoa ke liketso tsa hae tse pholosang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho totobetse hore tšoèlè eo ho buuoang ka eona mona ke tšoèlè e jang liaparo, haholo-holo boemong bo kotsi ba ha e sa le pōpane.
[Setšoantšo se leqepheng la 167]
Jehova, Abrahama e Moholo, ke eena “lefika” leo batho ba hae ba “fatiloeng ho lona”
[Setšoantšo se leqepheng la 170]
Bahanyetsi ba batho ba Molimo ba tla fela, joaloka seaparo se jeloeng ke tšoèlè
[Setšoantšo se leqepheng la 176, 177]
Jehova o bontšitse hore o na le matla a ho laola lintho tsa tlhaho
[Setšoantšo se leqepheng la 178]
Senoelo seo Jerusalema e tla be e noetse ho sona se lokela ho fetisetsoa Babylona le ho balekane ba eona