Puo e Hloekileng Bakeng sa Lichaba Tsohle
“Nakong eo ke tla neha lichaba hore li fetohele puong e hloekileng, e le hore kaofela ha tsona li ka bitsa lebitso la Jehova, e le hore li tle li mo sebeletse mahetla a bapile.”—SOFONIA 3:9, “NW.”
1, 2. (a) Phethahatsong ea Sofonia 3:9, (NW) Jehova o ntse a etsa’ng mehleng ea rōna? (b) Hore re utloisise kamoo boprofeta ba Sofonia bo re amang ka teng, ho hlokahala hore ho arabeloe lipotso life?
MEHLENG ea rōna Jehova Molimo o finyella mosebetsi oo kannete e leng o babatsehang. O kopanya batho ba tsoang lichabeng tsohle. Joalokaha a boletse esale pele khale ka Lentsoeng la hae le Halalelang, o etsa sena ka ho li ruta puo e ncha.—Sofonia 3:9, NW.
2 Puo eo ke eng? Ke hobane’ng ha e le ea bohlokoa? Ho ithuta eona ho hloka eng ho rōna ka bomong?
Mpho ea Puo
3. (a) Adama o ile a nehoa mpho efe e babatsehang? (b) Puo eo Adama a neng a e bua ke efe?
3 Matla a ho khona ho buisana ka puo ke mpho e tsoang ho Molimo e khethollang batho ho liphoofolo tsohle tse bōpiloeng. Motho oa pele, Adama, o ne a bōpiloe a e-na le kelello e khonang ho nahana ka bohlale. O ile a nehoa ’metso, leleme, le molomo bakeng sa ho li sebelisa ha a bua, hammoho le pokello ea mantsoe le matla a ho qapa mantsoe a macha. Adama o ne a ka utloisisa ha Jehova a bua le eena, ’me Adama le eena o ne a ka fetisa mehopolo ea hae ka mantsoe. (Genese 1:28-30; 2:16, 17, 19-23) Ka ho hlakileng puo eo Adama a ileng a e fuoa ke eo hamorao e ileng ea tsejoa e le Seheberu. Ho hlakile hore bonyane ka lilemo tse 1 757 tse qalang tsa ho ba teng ha batho, batho bohle ba ile ba tsoela pele ho bua puo eo e le ’ngoe.—Genese 11:1.
4. Liketsahalo tsa mehleng ea Nimrode li ile tsa ama puo ea batho joang?
4 Joale, mehleng ea Nimrode, e le hore Jehova a ka nyopisa boiteko ba batho ba khopo, o ile a ferekanya puo ea bohle ba ileng ba itlohella hore ba susutlelloe ho kopanela kahong ea tora ea Babele. (Genese 11:3-9) Ho bonahala hore Jehova o ile a qala ka ho hlakola sohle seo ba neng ba se hopola ka puo ea bona ea pele e tloaelehileng eaba o hlahisa lipuo tse ncha ka likelellong tsa bona. Sena se ne se sa akarelletse lipokello tse ncha tsa mantsoe feela empa hape se ne se akarelletsa le mekhoa e mecha ea ho ngola le ho bua puo le mekhoa e mecha ea ho fetisa mehopolo. Ho tloha lipuong tseo Jehova a ileng a li simolla Babele, tse ling li ’nile tsa hlaha butle-butle ho tla fihlela kajeno, ho latela litsebi tsa puo, lefatšeng ka bophara ho buuoa lipuo tse ka bang 3 000.
5. Re ka hlokomela joang hore na ‘ho fetohela puong e hloekileng’ ho akarelletsa eng?
5 Ho batho ba buang lipuo tsena kaofela, na ho ‘fetohela puong e hloekileng’ ho ne ho tla hloka hore ba lahle puo ea bona ebe ba ithuta puo ea pele eo Molimo o neng o e nehile Adama? Maemo a neng a likolohile ho nehelanoa ha boprofeta boo a re thusa ho arabela potso ena.
Tlhokahalo ea Puo e Hloekileng
6-8. (a) Boemo ba bolumeli bo neng bo hlahile Juda pele ho fanoa ka boprofeta ba Sofonia 3:9, (NW) ke bofe? (b) Ho ne ho atile boikutlo bofe lichabeng tse neng li pota-potile Juda?
6 ’Muso oa Juda o ne o sa tsoa busoa ke Manasse ka lekhetlo la pele eaba o busoa ke Amone, ea neng a ahetse Baale lialetare, a sebelisa bonohe, a bile a ntšetsa pele mekhoa ea ho sebelisana le meea. (2 Marena 21:1-6; 2 Likronike 33:21-23) Ka baka leo, nakong ea puso ea mora oa Amone, Josiase, eo e neng e bile e le mohlahlami oa hae, Jehova o ile a roma moprofeta oa hae Sofonia ho lemosa hore kahlolo ea Molimo e ne e tla phethahatsoa naheng eo.—Sofonia 1:1, 2.
7 Le hoja Bajuda ba ne ba tseba ho tsoa historing ea bona le Mangolong a bululetsoeng hore Jehova ke Molimo oa ’nete, ba ne ba kopanela meketeng ea boitšoaro bo bobe ea borapeli ba Baale. Ba ne ba khumamela letsatsi le khoeli le linaleli, e leng ntho e neng e le ho tlōla molao oa Molimo ka ho tobileng. (Deuteronoma 4:19; 2 Marena 23:5) Ka holim’a sena sohle, ba ne ba nka karolo mofuteng oa borapeli bo kopanetsoeng, ba itšoara joalokaha eka bolumeli bohle boa tšoana, ka ho etsa likano tse hlapanyelitsoeng tse eang ho Jehova le ka lebitso la molimo oa bohata Malkome. Boikutlo ba bona e ne e le hore “Jehova ha a na ho etsa hantle, leha e le ho etsa hampe.” (Sofonia 1:4-6, 12) Mabapi le lichaba tse neng li pota-potile Juda, kaofela ha tsona li ne li e-na le tlaleho ea ho hanyetsa Jehova le batho ba hae, kahoo le tsona li ne li le mocheng oa hore toka ea Molimo e phethahatsoe holim’a tsona.—Sofonia 2:4-15.
8 Ke ka lebaka la boemo bo joalo ba liketsahalo Jehova a ileng a bolela esale pele hore o ne a tla “neha lichaba hore li fetohele puong e hloekileng, e le hore kaofela ha tsona li ka bitsa lebitso la Jehova, e le hore li tle li mo sebeletse mahetla a bapile.” (Sofonia 3:9, NW) Ka hona, puo eo e hloekileng ke eng?
9. (a) Ke hobane’ng ha puo e hloekileng e se Seheberu kapa Lentsoe la Molimo le ngotsoeng feela? (b) Puo eo e hloekileng ke eng, hona e ama bophelo ba batho ba e buang joang?
9 Na ke puo ea Seheberu? Che; batho ba Juda ba ne ba se ba ntse ba e bua, empa lintho tseo ba neng ba li bua le ho li etsa ka ho hlakileng li ne li sa hloeka li bile li sa loka mahlong a Jehova. ’Me puo e hloekileng hase feela Lentsoe la Molimo le ngotsoeng. Ba ne ba boetse ba e-na le lona. Empa seo ba neng ba se hloka e ne e le kutloisiso e nepahetseng ea ’nete ka Molimo le ka merero ea oona, ’me ke Jehova feela o neng o ka fana ka eona ka moea oa oona. Ha ba ne ba ithuta ho bua puo eo e hloekileng, monahano oa bona, puo ea bona, boitšoaro ba bona, kaofela li ne li tla theoa tumelong ea hore Jehova ke eena feela Molimo oa ’nete. (Sofonia 2:3) Ba ne ba tla beha tšepo ea bona ho eena le ho tšehetsa bobusi ba hae ka botlalo. Sena se hapa thahasello ea rōna ka ho khethehileng kajeno. Hobane’ng?
Ba Nehoang Puo e Hloekileng
10. Boprofeta ba Sofonia 3:9, (NW) bo ne bo tšoanela ho phethahatsoa nakong efe?
10 Ha Sofonia 3:9, (NW) e supa phethahatsong ea boprofeta ka nako e itseng e tobileng, e re: “Hobane nakong eo ke tla neha lichaba hore li fetohele puong e hloekileng.” Nako eo e tla ba neng? Temana ea 8 e arabela ka hore ke nakong eo Jehova a tla beng a ‘phutha lichaba,’ pele a ‘tšollela khalefo ea hae e tukang holim’a tsona,’ moo a tla neha baikokobetsi ba lefatše hore ba fetohele puong e hloekileng.
11. (a) Sofonia 3:9, (NW) e ile ea phethahatsoa joang pele ho mehla ea kajeno ka makhetlo a mabeli? (b) Ho phethahatsoa ha eona kajeno ho fapane joang?
11 Mehleng ea Morena Josiase, pele Jehova a lumella mabotho a Babylona ho liha kahlolo, ba bangata ba ile ba lahla borapeli ba bohata ’me ba sebeletsa Jehova. (2 Likronike 34:3-33) Hape, lekholong la pele la lilemo C.E., pele Jerusalema e timetsoa ke Baroma, batho ba likete-kete ba ile ba ithuta ’nete ka Molimo le ka morero oa oona ’me ba kopana tšebeletsong ea oona. Ka nako eo puo ea ’nete e ile ea entšoa haholo ke lintho tseo Jesu Kreste a li entseng bakeng sa ho phethahatsa morero oa Jehova. Empa ke mehleng ea rōna moo boprofeta ba Sofonia bo phethahatsoang ka tekanyo e akaretsang lefatše lohle. Hona joale lichaba tsohle li ntse li bokelloa ho ea ntoeng ea letsatsi le leholo ea Molimo o Matla ’Ohle Harmagedone. (Tšenolo 16:14, 16) Ho bokelloa hoo ha lichaba ho ’nile ha tsoela pele ho tloha haesale ’Muso o tsoaloa ka 1914. ’Me ke nakong eona ena moo Jehova a ’nileng a neha batho lefatšeng ka bophara hore ba fetohele puong e hloekileng phethahatsong ea boprofeta bona. Ho ithuta puo eo ke habohlokoa haholo hobane baphonyohi ba mahlomola a maholo a tlang e tla ba batho bao ka sebele ba entseng hore puo eo e hloekileng e be ea bona.—Joele 2:32.
12. (a) Pono e tlalehiloeng ho Esaia 6 e amana joang le boprofeta bo mabapi le puo e hloekileng? (b) Ke hobane’ng ha ho ne ho hlokahala hore masala a tlotsitsoeng a thusoe e le hore a tle a khone ho tsoela pele a ntse a amoheleha bakeng sa tšebeletso ea Jehova?
12 Tumellanong le sena, ke mathoasong a mehla ea ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše ha Jehova a qala ho bula mahlo a kutloisiso a bahlanka ba hae ba tlotsitsoeng hore ba utloisise pono e babatsehang e tlalehiloeng ho Esaia khaolo 6. (Litemana 1-4) Pono ena e hatisa bohlokoa ba hore re be le melomo e hloekileng e le hore re ka sebeletsa Jehova ka tsela e amohelehang. E bontša hore Jehova o halalela ka kutloisiso e phahameng ka ho fetisisa. Bahlanka ba hae le bona ba tlameha ho bonahatsa tšoaneleho eo. (1 Petrose 1:15, 16) Empa ho ne ho hlokahala hore masala a tlotsitsoeng a thusoe ntlheng ena. Nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše, ho isa bohōleng bo itseng a ne a itlohelletse hore a silafatsoe ke ho itšunya litabeng tsa lefatše. “Tšabo ea Jehova e hloekile,” empa a ne a lumelletse tšabo ea batho le mekhatlo ea batho hore e ame melomo ea ’ona, ho khutsisa ho bolela ha ’ona Lentsoe la Molimo ka tekanyo e khōlō. (Pesaleme ea 19:9, NW) Ka ho kopanela le Bokreste-’mōtoana, masala a ne a sa ntse a silafalitsoe ke meetlo le mekhoa e meng ea bona.
13, 14. (a) Masala a ile a bontša boikutlo bo nepahetseng joang, ’me Jehova o ile a nka khato efe molemong oa ’ona? (b) Jehova o ile a neha masala puo e hloekileng ka tsela efe?
13 Ha masala a hlokomela boemo ba ’ona, a ile a bua joalokaha ho boletse moprofeta Esaia, a re: “Ho malimabe ’na, ke timetse, hobane ke motho ea melomo e litšila, ke ahile har’a sechaba se melomo e litšila, ’me ke bone Morena, Jehova oa makhotla ka mahlo!” (Esaia 6:5) A ile a hlokomela hore boemo ba ’ona ha bo amohelehe. Ha aa ka a phehella ka bofokoli tseleng e fosahetseng kapa ka manganga a hana ho amohela khalemelo ea Jehova. Ha aa ka a ikopanya le baruti ha ba ne ba tšehetsa ’Muso oa Molimo ka molomo feela eaba ba tiisa Selekane sa Lichaba joalokaha eka e ne e hlile e le oona ’Muso oo.
14 Ka lebaka la boikutlo ba pako ba masala ao a ikokobelitseng, Jehova ka mosa oa hae o sa tšoanelang o ile a tsoela pele ho hloekisa melomo ea ’ona. Esaia 6:6, 7 ea re bolella: “Empa serafime se seng sa rurela ho ’na, se tšoere leshala le hlenneng letsohong la sona, leo le se okhileng aletareng ka letlalo. Sa ama molomo oa ka ka lona, sa re: Leshala lena le amile melomo ea hao, joale, bokhopo ba hao bo tlositsoe, sebe sa hao se phekotsoe.” Ke molaetsa oa tlhoekiso o tsoang Lentsoeng la Molimo o ileng oa timetsa lineano le lithuto tsa batho joalokaha eka ke ka mollo. O ile oa tlosa tšabo ea batho lipelong tsa ’ona ’me oa e nkela sebaka ka cheseho e tukang ea ho sebelisa melomo ea ’ona ho hlompha Jehova. Kahoo Jehova o ne a phethahatsa tšepiso ea hae ea ho “neha lichaba hore li fetohele puong e hloekileng [ha e le hantle, molomo o hloekileng], e le hore kaofela ha tsona li ka bitsa lebitso la Jehova.”—Sofonia 3:9, NW.
15. Karabelo ea masala e ile ea lumellana joang le lebaka leo ka lona Jehova a a nehileng puo e hloekileng?
15 Kahoo kajeno ha sehlopha sa Esaia se qala ho utloa lentsoe la Jehova ha a botsa, joalokaha ho tlalehiloe ho Esaia 6:8: “Ke tla roma mang? Ho tla ea mang bakeng sa rōna?” ka thabo se ile sa arabela: “Ke ’na enoa, roma ’na!” Ho ne ho se bonolo ho sona kaofela ho qalisa tšebeletso ea phatlalatsa, empa se ne se batla ho sebelisoa ke Molimo e le batho ba khethetsoeng lebitso la oona. Moea oa oona o ile oa se matlafatsa. Palo ea sona e ile ea eketseha.
16. (a) Boboleli ba masala bo ile ba hlahisa liphello life tse sa lebelloang? (b) Bongata bo boholo ba batho bo ile ba fana ka bopaki ba hore hona joale le bona bo bua puo e hloekileng joang?
16 Ka mor’a nako ho ile ha hlaka hore boboleli ba sona bo ne bo hlahisa liphello tse sa lebelloang. Ka sona, Jehova o ne a thusa sehlopha se seng ho ithuta puo e hloekileng. (Esaia 55:5) Sehlopha sena se ne se se na tšepo ea bophelo ba leholimo, empa se ile sa ho nka e le tokelo ho ba metsoalle ea masala a majalefa a ’Muso le ho sebeletsa le ’ona mahetla a bapile e le baboleli ba ’Muso oa Molimo. Ka mehato e tsoelang pele, sehlopha sena se tsoile ‘lichabeng tsohle le mefuteng eohle le merabeng eohle le lipuong tsohle’ ho fihlela hona joale ha se etsa “bongata bo boholo ba batho” bo baloang ka limillione. Puo e tsoang melomong ea sona hase e neng e tla se khetholla le lihlopha leha e le life tsa lefatše tse arohanyang. Ha se behe tšepo ea sona ho motho leha e le ofe kapa mokhatlong leha e le ofe oa batho. Ho e-na le hoo, “ba ntse ba hoa ka mantsoe a phahamileng, ba re: Poloko ke ea Molimo oa rōna, o lutseng teroneng, le ea Konyana.”—Tšenolo 7:9, 10.
Seo ho Ithuta Puo ho se Hlokang ho Rōna
17. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re ithute puo e hloekileng hantle le ho ntlafatsa matla a rōna a ho e sebelisa?
17 Ho sa tsotellehe hore na ke nako e telele hakae re kopanela le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova, re ka etsa ho hongata ho ntlafatsa tsebo ea rōna ea puo e hloekileng le matla a rōna a ho e sebelisa hantle. Ke habohlokoa ho ikitlaetsa ho etsa joalo. Hobane’ng? Hobane sena ke pontšo ea lerato leo re nang le lona bakeng sa ’nete.
18, 19. (a) Ho tloha qalong feela, ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho hlaolela lerato le matla bakeng sa ’nete? (b) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho tsoela pele ho matlafatsa lerato leo?
18 Ho tloha qalong feela, lerato le joalo le thusa ho bula kelello ea motho le pelo hore a khone ho utloisisa mangolo ao a a hlokomelisoang; le mo susumelletsa ho atamela haufi le Jehova le ho ananela mokhatlo oa Hae o hlophisitsoeng. Ka hona, lerato la ’nete ke senotlolo sa ho itšoasolla litlamong tsa bolumeli ba bohata. Batho ba bang ba ipolela hore ba thahasella molaetsa oa Bibele empa ho se mohla ba lahlang mekhoa e etsang hore ba khomarele bolumeli ba bohata le tsela ea bona ea bophelo ea ho lumella ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Ke hobane’ng ha ho le joalo? Joalokaha ho hlalositsoe ho 2 Ba-Thessalonika 2:10, (NW) ha ba ‘amohele lerato la ho rata ’nete e le hore ba tle ba bolokehe.’ Ke habohlokoa hakaakang hore re be le lerato le joalo!
19 Hang ha re se re amohetse ’nete, ho matlafatsa ha rōna lerato le joalo ke eona taba e khōlō khōlong ea rōna ea moea. Hopola hore Jehova o bitsa ’nete “puo.” Ha motho a ithuta puo e ncha, o lokela ho ikitlaetsa ka matla ho eketsa pokello ea hae ea mantsoe, ho bitsa mantsoe ka nepo, ho ithuta makolopetso a melao ea puo, joalo-joalo. Ho rata puo e ncha le batho ba e buang ho tla mo thusa ho lula a ntse a hatela pele. Mohlomong a ka khona ho bua puo eo ho isa bohōleng bo itseng nakong ea likhoeli li se kae, empa ho hloka lilemo tse ngata tsa ho ikitlaetsa ka matla pele a ka bua puo eo joaloka letsoalloa la sebaka se itseng. Ho hlokahala boiteko bo tšoanang e le hore re tsebe ho bua puo e hloekileng hantle.
20. (a) Ke eng e etsang hore puo e hloekileng e be e hloekileng kannete? (b) Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore e mong le e mong oa rōna a falimehe haholo?
20 Ke habohlokoa haholo ho hlokomela hore puo eo Molimo o e nehang bahlanka ba oona e boleloa e hloekile. Sena ke ’nete, eseng ka lebaka la sebōpeho sa puo, empa ka lebaka la hore e fana ka bopaki ba bohloeki ba boitšoaro le ba moea. Puo ena ha e lumelle leshano, mano, kapa leleme le bolotsana. Ba buang puo ena ba tlameha ho bua ’nete ka mehla. (Sofonia 3:13, NW; Ba-Efese 4:25, NW) Ka ho tšoanang puo ea bona e tlameha ho bonahatsa litekanyetso tsa Jehova tse phahameng mabapi le boitšoaro ba botona le botšehali. (Ba-Efese 5:3, 4) Mangolo a boetse a re hlokomelisa hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e amanang le Babylona e Moholo, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, e litšila. (Tšenolo 18:2-4) Litšoantšo tsa melimo ea eona li bitsoa “litšoantšo tse manyala.” (Jeremia 50:2, NW) Ka hona, ka ho loketseng ba ithutang puo e hloekileng ba tlameha ho lahla mekhoa e etsang hore ba khomarele borapeli ba bohata, ba hane lithuto tsa bona, ba itšoasolle meketeng ea bona, hape ba tlose mantsoe a bontšang monahano oa bona o fosahetseng lipuong tsa bona. Ka ntle ho sena, ho Tšenolo 16:13-16, re hlokomelisoa hore puo ea leshano e bokellang lichaba hore li loantše ’Muso oa Molimo le eona e litšila, e susumetsoa ke bademona. Kahoo ho hlokahala hore re falimehe hore re se lumelle leha e le efe ea lintho tsena tse litšila ho tšoaetsa puo ea rōna.
21. Puo e hloekileng e akarelletsa eng ho phaella mantsoeng a buuoang?
21 Ka ho loketseng, seo re ithutang sona se bitsoa puo, empa sena hase bolele hore ba buang puo ena ba ithuta feela kamoo ba ka sebelisang mantsoe a tloaelehileng ho batho ba Jehova ka teng. Molumo oa lentsoe, ponahalo ea sefahleho, le boitšisinyo ba ’mele le tsona ke tsa bohlokoa. Li ka fetisa melaetsa eo mantsoe feela a ke keng a e fetisa. Khafetsa li bontša seo re hlileng re leng sona ka hare. Li ka bontša hore na re fothotse mōna, likhohlano, le bohale, tseo kaofela e leng mesebetsi ea nama ea boetsalibe. Ha moea oa Molimo o sebetsa ka bolokolohi bophelong ba rōna, litholoana tsa oona li bonahala ka tsela eo re buisanang le ba bang ka eona.—Ba-Galata 5:19-22; Ba-Efese 4:31, 32.
22. Ha re ithuta puo e hloekileng hantle, e ama tsela eo re etsang liqeto ka eona joang?
22 Motho leha e le ofe ea ithutileng puo e ncha oa tseba hore o tla be a finyelletse khatelo-pele ea sebele ha a iphumana a nahana lintho ka puo eo e ncha, ho fapana le ho li fetolela ho tsoa puong ea hae. Kahoo, le rōna ha re ithuta ’nete, re etsa boiteko bo tiileng ba ho e sebelisa bophelong ba rōna, ’me re e arolelana le ba bang ka mehla, butle-butle re iphumana re nahana ka ’nete. Ha re bapise re sa khaotse ’nete ea khale le e ncha le ho thatafalloa ke ho etsa khetho ea seo re lokelang ho se etsa. Esita le linthong tse nyenyane, re hopola melao-motheo ea Bibele hore e fane ka tataiso e hlokahalang.—Liproverbia 4:1-12.
23. Ho sa tsotellehe hore na puo ea tsona ke efe, ke eng se bontšang hore Lipaki tsa Jehova lefatšeng ka bophara kaofela li bua puo e hloekileng?
23 Ke ’nete hore ho na le lipuo tse likete-kete tse sebelisoang ke batho, empa puo e hloekileng e ka buuoa ka lipuo tsena kaofela. Lipaki tsa Jehova, li kopane, lefatšeng ka bophara, li sebelisa puo e hloekileng hamolemo ha li ntse li sebeletsa mahetla a bapile ho fana ka bopaki ba phatlalatsa bo tlisetsang Jehova, Molimo oa rōna o lerato, tlhompho.
Lipotso tsa Tlhahlobo
◻ Ke eng se akarelletsoang mphong ea puo?
◻ Puo e hloekileng ke eng?
◻ Sofonia 3:9, (NW) e phethahalitsoe molemong oa bo-mang?
◻ Ke joang re ka fanang ka bopaki ba hore kannete re rata puo e hloekileng?
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Ba tsebang puo e hloekileng ba e arolelana le ba bang
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Ho sa tsotellehe hore na puo ea tsona ke efe, Lipaki tsa Jehova lefatšeng ka bophara li bua puo e hloekileng