Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Mosali oa Nyopa oa Thaba
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho II
    • 9, 10. Taelo ea hore ho ‘etsoe hore sebaka sa tente se be seholo’ e ne e tla bolela eng ho mosali ea lulang litenteng mehleng ea boholo-holo, hona ke hobane’ng ha ee e le nako ea thabo ho mosali ea joalo?

      9 Esaia o tsoela pele ho profeta ka nako ea keketseho e hlollang: “Etsa hore sebaka sa tente ea hao se be seholo. Ba otlolle masela a tente a tabernakele ea hao e khōlō. U se ke ua ithiba. Lelefatsa lithapo tsa hao tsa tente, ’me u tiise lithakhisa tsa hao tsa tente. Etsoe u tla ea ka ho le letona le ka ho le letšehali, ’me bana ba hao ba tla hapa lichaba, ’me ba ahe metseng e entsoeng lesupi. U se ke ua tšoha, etsoe u ke ke ua hlabisoa lihlong; ’me u se ke ua ikutloa u tlotlolotsoe, etsoe u ke ke ua soetseha. Etsoe u tla lebala le lihlong tsa nakong ea bocha ba hao, ’me ha u sa tla hopola nyeliso ea bohlolohali ba hao bo tsoelang pele.”—Esaia 54:2-4.

      10 Mona ho buuoa le Jerusalema joalokaha eka ke mosali le ’mè ea lulang litenteng, feela joaloka Sara. Ha a hlohonolofatsoa ka lelapa le hōlang, e ba nako ea hore ’mè eo a bone hore ntlo ea hae ea atolosoa. O lokela ho lelefatsa masela le lithapo tsa tente ’me a tiise lithakhisa tsa tente libakeng tsa tsona tse ncha. Ona ke mosebetsi o mo thabisang, ’me nakong eo a phathahaneng joalo, a ka ’na a lebala habonolo lilemo tseo a li qetileng a tsielehile a ipotsa hore na o tla ke a be le bana ba tla ntšetsa lesika pele kapa che.

  • Mosali oa Nyopa oa Thaba
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho II
    • a Ho ea ka Tšenolo 12:1-17, “mosali” oa Molimo o ile a hlohonolofatsoa ka ho enneng ka ho tsoala ‘ngoana’ oa bohlokoa ka ho fetisisa—eseng mora a le mong oa moea, empa ’Muso oa leholimo oa Bomesia. O ile oa tsoaloa ka 1914. (Bona Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!, leqepheng la 177-86.) Boprofeta ba Esaia bo lebisa tlhokomelo thabong eo a bang le eona ha Molimo a hlohonolofatsa bara ba hae ba tlotsitsoeng ba lefatšeng.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela