‘Nako ea Khotso’ e Atametse!
“Bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ho na le nako e behiloeng, . . . nako bakeng sa ntoa le nako bakeng sa khotso.”—MOEKLESIA 3:1, 8.
1. Ke boemo bofe bo ikhanyetsang bo bileng teng lekholong la bo20 la lilemo mabapi le ntoa le khotso?
KE KA lebaka le letle batho ba bangata ba labalabelang khotso. Historing ha ho lekholo lefe kapa lefe la lilemo le bileng le khotso e nyenyane ho feta lekholo la bo20 la lilemo. Hona ke ho ikhanyetsa, hobane ha ho mohla ho kileng ha etsoa boiteko bo boholo hakana ba ho tlisa khotso. Ka 1920 ho ile ha thehoa Selekane sa Lichaba. Ka 1928 Selekane sa Kellogg-Briand, seo buka e ’ngoe ea litšupiso e reng ke “boiteko bo tsotehang ka ho fetisisa ba ho boloka khotso har’a bo latellanang bo ’nileng ba etsoa ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše,” bo ileng ba tekeneloa ke “hoo e batlang e le lichaba tsohle tsa lefatše . . . li lumela ho hana ntoa e le kofuto ea leano la machaba.” Joale, ka 1945 ho ile ha thehoa mokhatlo oa Machaba a Kopaneng ho nka sebaka sa Selekane sa Lichaba se neng se se se sa sebetse.
2. Pakane eo Machaba a Kopaneng a ipolelang hore a na le eona ke efe, ’me e atlehile ho isa kae?
2 Joaloka Selekane, pakane eo Machaba a Kopaneng a ipolelang hore a na le eona ke ho boloka khotso ea lefatše. Empa katleho ea ’ona e ’nile ea e-ba e fokolang. Ke ’nete hore lefatšeng ha ho na moo ho nang le ntoa e lekanang le lintoa tse peli tsa lefatše. Leha ho le joalo, likhohlano tse ngata tse nyenyane li sa ntse li hlokisa ba likete tse makholo khotso ea kelello, li ba amoha thepa ea bona, ’me hangata lia ba bolaea. Na re ka ba le sebete sa ho tšepa hore Machaba a Kopaneng a ka fetola lekholo la bo21 la lilemo ‘nako ea khotso’?
Motheo oa Khotso ea ’Nete
3. Ke hobane’ng ha khotso ea ’nete e ke ke ea rena har’a lehloeo?
3 Khotso lipakeng tsa batho le lichaba e hloka ho fetang ho mamellana feela. Na ho na le ea ka hlang a ba khotsong le motho eo a mo hloileng? Eseng ho latela 1 Johanne 3:15: “E mong le e mong ea hloeang mor’abo ke ’molai.” History ea morao tjena e paka hore ho bonolo hore lehloeo le tebileng le tote ’me le bake pefo.
4. Ke bo-mang feela ba ka bang le khotso, hona hobane’ng?
4 Kaha Jehova ke “Molimo ea fanang ka khotso,” ke feela batho ba ratang Molimo le ba hlomphang ka ho tebileng melao-motheo ea hae e lokileng ba ka bang le khotso. Ho hlakile hore Jehova ha a fe motho e mong le e mong khotso. “‘Ha ho na khotso bakeng sa ba khopo,’ ho boletse Molimo oa ka.” Ke hobane ba khopo ba hana hore ba tataisoe ke moea o halalelang oa Molimo, oo tholoana ea oona e leng khotso.—Baroma 15:33; Esaia 57:21, NW; Bagalata 5:22.
5. Ke’ng e sa utloahaleng bakeng sa Bakreste ba ’nete?
5 Ho loantša batho ba bang—joalokaha bao ho thoeng ke Bakreste ba ’nile ba ho etsa hangata, haholo-holo lekholong la bo20 la lilemo—ha ho lumelloe ho Bakreste ba ’nete. (Jakobo 4:1-4) Ke ’nete hore ba loantša lithuto tse senyang lebitso la Molimo, empa ntoa ena e etselitsoe ho thusa batho, eseng ho ba ntša kotsi. Ho hlorisa ba bang ka lebaka la bolumeli bo fapaneng kapa ho ba ntša kotsi ’meleng ka mabaka a bochaba ho khahlanong ka ho feletseng le Bokreste ba ’nete. Pauluse o ile a laela Bakreste ba Roma, a re: “Haeba ho khoneha, ho fihlela moo ho itšetlehileng ka lōna, le be le khotso le batho bohle.”—Baroma 12:17-19; 2 Timothea 2:24, 25.
6. Khotso ea ’nete e ka fumanoa hokae feela kajeno?
6 Kajeno, khotso eo Molimo a fanang ka eona e lokela ho fumanoa feela har’a barapeli ba ’nete ba Jehova Molimo. (Pesaleme ea 119:165; Esaia 48:18) Ha ho na liphapang tsa lipolotiki tse senyang bonngoe ba bona, kaha libakeng tsohle ha ba nke lehlakore litabeng tsa lipolotiki. (Johanne 15:19; 17:14) Kaha ba ‘kopane ka ho loketseng kelellong e tšoanang le mokhoeng o tšoanang oa ho nahana,’ ha ho na ho se tšoane ha bolumeli ho sokelang khotso ea bona. (1 Bakorinthe 1:10) Khotso eo Lipaki tsa Jehova li e thabelang ke mohlolo oa kajeno, o tlisoang ke Molimo tumellanong le tšepiso ea hae: “Ke tla u fa khotso e be ’musi oa hao, ’me ho loka e be moahloli oa hao.”—Esaia 60:17; Baheberu 8:10.
Ke Hobane’ng ha e le ‘Nako ea Ntoa’?
7, 8. (a) Ho sa tsotellehe ho ba le khotso ha tsona, Lipaki tsa Jehova li talima nako ea hona joale joang? (b) Sebetsa se ka sehloohong sa ntoa ea Mokreste ke sefe?
7 Leha ho le joalo, Lipaki tsa Jehova li nka nako ea hona joale ka ho khetheha e le ‘nako ea ntoa,’ ho sa tsotellehe boemo ba tsona ba ho ba le khotso. Ha e le hantle, hase nako ea ntoa ea sebele kaha ho qobella ba bang molaetsa oa Bibele ka likhoka ho ne ho tla ba khahlanong le memo ea Molimo ea hore “mang kapa mang ea lakatsang a a nke metsi a bophelo ntle ho tefo.” (Tšenolo 22:17) Mona ha ho na tšokoloho e qobelloang! Ntoa eo Lipaki tsa Jehova li e loanang ke ea moea ka ho feletseng. Pauluse o ile a ngola: “Lihlomo tsa ntoa ea rōna hase tsa nama, empa li matla ka Molimo bakeng sa ho phethola lintho tse metseng ka matla.”—2 Bakorinthe 10:4; 1 Timothea 1:18.
8 Se ka sehloohong har’a “lihlomo tsa ntoa ea rōna” ke “sabole ea moea, ke hore, lentsoe la Molimo.” (Baefese 6:17) Sabole ena e matla. “Lentsoe la Molimo lea phela ’me le fana ka matla ’me le bohale ho feta sabole leha e le efe e sehang ka ’nģa tse peli ’me le phunyeletsa esita le ho ea fihla moo ho arohanang soule le moea, le manonyello le moko oa ’ona, ’me le khona ho lemoha menahano le boikemisetso tsa pelo.” (Baheberu 4:12) Ka ho sebelisa sabole ena, Bakreste ba khona ho phethola “menahano le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phahameng e phahamisoang khahlanong le tsebo ea Molimo.” (2 Bakorinthe 10:5) Le ba nolofalletsa ho pepesa lithuto tsa bohata, mekhoa e kotsi, le lifilosofi tse bontšang bohlale ba motho ho e-na le bohlale ba Molimo.—1 Bakorinthe 2:6-8; Baefese 6:11-13.
9. Ke hobane’ng ha re ke ke ra khaotsa ho loana khahlanong le nama ea boetsalibe?
9 Mofuta o mong oa ntoa ea moea ke o loanoang khahlanong le nama ea boetsalibe. Bakreste ba latela mohlala oa Pauluse, ea ileng a lumela: “Ke teteka ’mele oa ka ’me ke o tšoara joaloka lekhoba, e le hore, ka mor’a hore ke bolele ho ba bang, ’na ka bonna ke se ke ka ba ea sa amoheleheng ka tsela e itseng.” (1 Bakorinthe 9:27) Bakreste ba Kolose ba ile ba eletsoa hore ba bolaee “litho tsa ’mele ea [bona] tse leng lefatšeng mabapi le bohlola, ho se hloeke, takatso ea botona kapa ea botšehali, takatso e kotsi, le ho chacheha ka mohono, e leng borapeli ba litšoantšo.” (Bakolose 3:5) ’Me mongoli oa Bibele Jude o ile a khothatsa Bakreste hore ba “loane ntoa e thata bakeng sa tumelo eo hang le ka ho ke keng ha phetoa ho ileng ha nehelanoa ka eona ho bahalaleli.” (Jude 3) Ke hobane’ng ha re lokela ho etsa joalo? Pauluse oa araba: “Haeba le phela tumellanong le nama joang kapa joang le tla shoa; empa haeba le bolaea litloaelo tsa ’mele ka moea, le tla phela.” (Baroma 8:13) Ka mor’a ho nahana ka polelo ena e hlakileng, re ke ke ra khaotsa ho loantša litšekamelo tse mpe.
10. Ho ile ha etsahala eng ka 1914, e lebisang ho eng haufinyane?
10 Empa lebaka le leng leo ka lona nako ea hona joale e ka talingoang e le nako ea ntoa ke la hore “letsatsi la liphetetso tsa Molimo oa rōna” le haufi. (Esaia 61:1, 2) Ka 1914, nako ea Jehova e behiloeng e ne e fihlile bakeng sa ho theha ’Muso oa Bomesia le ho o fa matla a ho loana ka mafolofolo khahlanong le tsamaiso ea Satane. Nako eo batho ba e filoeng bakeng sa ho leka puso ea bona ntle le ho kenella ha Molimo e ile ea fela ka nako eo. Ho e-na le ho amohela ’Musi oa Molimo oa Bomesia, batho ba bangata ba tsoela pele ho mo hana, joalokaha ba bangata ba ile ba ho etsa lekholong la pele la lilemo. (Liketso 28:27) Ka hona, ka lebaka la ho hanyetsoa ha ’Muso ona, Kreste o ile a tlameha ho ‘hloma ’muso oa hae har’a lira tsa hae.’ (Pesaleme ea 110:2) Hoa thabisa hore ebe Tšenolo 6:2 e tšepisa hore o tla “phetha tlhōlo ea hae.” O tla etsa sena nakong ea ‘ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle . . . , e bitsoang Har–Magedone ka Seheberu.’—Tšenolo 16:14, 16.
“Nako ea ho Bua” e Fihlile
11. Ke hobane’ng ha Jehova e bile ea sa feleng pelo hakaale, empa ke eng e tla qetella e etsahetse?
11 Ho tloha phetohong e khōlō litabeng tsa batho ka 1914, ho fetile lilemo tse 85. Ho hang Jehova ha aa ka a fella batho pelo. O entse hore Lipaki tsa hae li lemohe ka ho feletseng ho potlaka ha boemo bona. Bophelo ba ba limilione bo kotsing. Matšoele ana a lokela ho lemosoa hobane “Jehova . . . ha a lakatse hore leha e le mang a timetsoe empa o lakatsa hore bohle ba fihle pakong.” (2 Petrose 3:9) Leha ho le joalo, haufinyane ho tla fihla ‘tšenolo ea Morena Jesu ho tsoa leholimong le mangeloi a hae a matla.’ Joale, bohle bao ka boomo ba hanneng molaetsa oa ’Muso oa Molimo ba tla thulana le “phetetso” eo Jesu a tla e tlisa “holim’a ba sa tsebeng Molimo le ba sa mameleng litaba tse molemo tse mabapi le Morena oa rōna Jesu.”—2 Bathesalonika 1:6-9.
12. (a) Ke hobane’ng ha khopolo e mabapi le hore na matšoenyeho a maholo a ka ’na a qala neng e se ea bohlokoa? (b) Jesu o ile a lemosa ka kotsi efe tabeng ee?
12 Ho se fele pelo ha Jehova ho tla qetella ho felile neng? Khopolo leha e le efe mabapi le hore na “matšoenyeho a maholo” a ka ’na a qala neng hase ea bohlokoa. Jesu o ile a bolela ka ho hlaka: “Malebana le letsatsi leo le hora eo ha ho ea tsebang.” Ka lehlakoreng le leng, o ile a lemosa: “Ka hona, le lule le lebetse, hobane ha le tsebe hore na Morena oa lōna o tla ka letsatsi lefe. . . . Ipakeng le le ba itokisitseng, hobane ka hora eo le sa nahaneng hore ke eona, Mora oa motho oa tla.” (Matheu 24:21, 36, 42, 44) Ha se hlalosoa ka ho hlakileng, sena se bolela hore letsatsi le leng le le leng re lokela ho lula re falimehetse liketsahalo tsa lefatše ’me re nahane ka ho qhoma ha matšoenyeho a maholo. (1 Bathesalonika 5:1-5) Ho kotsi hakaakang ho nahana hore re ka khoehlisa, ra phela bophelo boo ho thoeng ke bo tloaelehileng, re emetse ho bona hore na ho tla etsahala’ng! Jesu o itse: “Ikeleng hloko hore lipelo tsa lōna le ka mohla e se ke ea e-ba tse imeloang ke ho ja ho tlōla le ho noa haholo le matšoenyeho a bophelo, ’me ka tšohanyetso letsatsi leo la e-ba holim’a lōna hang-hang joaloka leraba.” (Luka 21:34, 35) Re ka kholiseha ka sena: “Meea e mene” ea timetso eo hona joale e tšoeroeng ke “mangeloi a mane” a Jehova e ke ke ea tšoaroa ka ho sa feleng.—Tšenolo 7:1-3.
13. Batho ba ka bang limilione tse tšeletseng ba hlokometse eng?
13 Ha ho nahanoa ka letsatsi lena la ho ikarabella le atamelang ka potlako, mantsoe a Solomone mabapi le ho ba teng ha “nako ea ho bua” a ba le moelelo o khethehileng. (Moeklesia 3:7, NW) Ha li se li hlokometse hore hona joale ka sebele ke nako ea ho bua, Lipaki tsa Jehova, tse ka bang limilione tse tšeletseng, ka cheseho li bua ka khanya ea bobusi ba Molimo ’me li lemosa ka letsatsi la hae la phetetso. Li itlhahisa ka ho rata letsatsing lena la lebotho la sesole la Kreste.—Pesaleme ea 110:3; 145:10-12.
Ba Buang ka “Khotso! Athe ha ho Khotso”
14. Ke baprofeta bafe ba bohata ba bileng teng lekholong la bosupa la lilemo B.C.E.?
14 Lekholong la bosupa la lilemo B.C.E., baprofeta ba Molimo Jeremia le Ezekiele ba ile ba fetisa melaetsa ea bomolimo ea kahlolo khahlanong le Jerusalema ka lebaka la mekhoa ea eona e tsoileng tseleng ea ho se mamele Molimo. Timetso eo ba e boletseng esale pele e ile ea etsahala ka 607 B.C.E., le hoja manģosa a Molimo a ne a ile a hanyetsoa ke baeta-pele ba bolumeli ba nang le tšusumetso e matla le ba hlaheletseng. Baeta-pele bana ba bolumeli ba ipakile ho ba “baprofeta ba maoatla . . . ba khelosa[ng] sechaba sa [Molimo], ba re: Khotso! athe ha ho khotso.”—Ezekiele 13:1-16; Jeremia 6:14, 15; 8:8-12.
15. Na kajeno ho na le baprofeta ba bohata ba tšoanang le bao? Hlalosa.
15 Joaloka “baprofeta ba maoatla” ba nakong eo, baeta-pele ba bolumeli ba bangata kajeno le bona ba hlōleha ho lemosa batho ka letsatsi la Molimo la kahlolo le tlang. Ho e-na le hoo, ba fana ka maikutlo a tšepisang a hore mekha ea lipolotiki e tla qetella e finyeletse khotso le tšireletseho. Ba tšoenyehile haholoanyane ka ho khahlisa batho ho feta ho khahlisa Molimo, ba bolella litho tsa likereke tsa bona seo li batlang ho se utloa ho e-na le ho hlalosa hore ’Muso oa Molimo o thehiloe le hore Morena oa Bomesia o se a tla phetha tlhōlo ea hae. (Daniele 2:44; 2 Timothea 4:3, 4; Tšenolo 6:2) Joaloka baprofeta ba bohata, le bona ba bua ka “khotso! athe ha ho khotso.” Empa kholiseho ea bona e tla tloha e fetoha tšabo ea tšohanyetso ha ba tlameha ho talimana le khalefo e fetisisang ea Eo ba mo sentseng lebitso le eo ba tliselitseng lebitso la hae thohako e khōlō. Baeta-pele ba ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, o hlalositsoeng ka Bibeleng e le mosali ea itšoereng hampe, ba tla timetsoa ba ntse ba etsa mehoo ea bona ea khotso e khelosang.—Tšenolo 18:7, 8.
16. (a) Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa tsebahala e le eng? (b) Li fapana joang le ba hooang ba re “khotso! athe ha ho khotso”?
16 Hore ebe bongata ba baeta-pele ba hlaheletseng le ba nang le tšusumetso bo tsoela pele ho etsa litšepiso tsa bona tsa boikaketsi tsa khotso, ha ho sisinye kholiseho ea ba nang le tumelo tšepisong ea Molimo ea khotso ea ’nete. Ka nako e fetang lilemo tse lekholo, Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa tsebahala e le baemeli ba Lentsoe la Molimo ba tšepahalang, bahanyetsi ba sebete ba bolumeli ba bohata le batšehetsi ba tiileng ba ’Muso oa Molimo. Ho hang ha li koeetse batho hore ba robale ka lipolelo tse tepelletsang, tse phoqang tsa khotso, ka mafolofolo li loanela ho ba hlokomelisa ’nete ea hore kajeno ke nako ea ntoa.—Esaia 56:10-12; Baroma 13:11, 12; 1 Bathesalonika 5:6.
Jehova o Tlohela ho Khutsa
17. Ho bolela’ng hore Jehova o tla tloha a tlohela ho khutsa?
17 Solomone o ile a boela a re: “Molimo o tla ahlolela ea lokileng le e mobe, etsoe merero eohle . . . e beetsoe nako ea eona.” (Moeklesia 3:17) E, Jehova o na le nako e behiloeng bakeng sa ho ahlola bolumeli ba bohata le ‘marena a lefatše a emang . . . khahlanong le Jehova le khahlanong le motlotsuoa oa hae.’ (Pesaleme ea 2:1-6, NW; Tšenolo 16:13-16) Hang ha nako eo e fihlile, matsatsi a Jehova a ho lula a ‘khutsitse’ a tla be a fetile. (Pesaleme ea 83:1; Esaia 62:1; Jeremia 47:6, 7) Ka Morena oa hae oa Bomesia ea behiloeng teroneng, Jesu Kreste, o tla “bua” ka puo eo e leng eona feela eo ho bonahalang hore bahanyetsi ba hae baa e utloisisa: “Joalo ka mohale, [Jehova] o tsoha bohale joalo ka motho oa ntoa, o etsa mohoo, o phahamisa litlatse tsa ntoa, o bontša lira matla a hae. E sa le ke khutsitse, ke ituletse ke itšoere; joale, ke hooa joalo ka mosali ea belehang, kea feheloa, kea sisimoha. Ke tla senya lithaba le maralla, ke omise botala ba tsona kaofela; ke tla fetola linōka naha e thata, ke pshese maliba. Ke tla tsamaisa lifofu ’mileng oo li sa o tsebeng, ke li ise ka litsela tseo li sa li tsebeng; ke tla fetola lefifi leseli pel’a tsona, le ’ona makukuno a fetohe lehoatata; ntho tseo ke tla li etsa, nke ke ka li tlohela.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.)—Esaia 42:13-16.
18. Batho ba Molimo ba tla tloha ba “khutsa” mabapi le eng?
18 Ha Jehova a “bua” ka ho loanela Bomolimo ba hae, ha ho sa tla hlokahala hore batho ba hae ba bue ka ho itoanela. E tla ba nako ea bona ea “ho khutsa.” Mantsoe ana a tla sebetsa joalokaha a ile a sebetsa ho bahlanka ba Molimo linakong tse fetileng: “Ha ho na ho hlokahala hore le loane lekhetlong lena. Emang ’me le bone poloko ea Jehova molemong oa lōna.”—2 Likronike 20:17, NW.
19. Bara babo Kreste ba moea ba tla tloha ba e-ba le tokelo efe?
19 Ke tlhōlo e senyang hakaakang bakeng sa Satane le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng! Bara babo Kreste ba tlotlisitsoeng ba tla tlatsetsa tlhōlong e ikhethang ea ho loka, tumellanong le tšepiso ena: “Ka lehlakoreng la hae, Molimo ea fanang ka khotso o tla silakanya Satane ka tlas’a maoto a lōna haufinyane.” (Baroma 16:20) Nako ea khotso eo e leng khale e letetsoe e atametse qetellong.
20. Haufinyane e tla ba nako ea eng?
20 Bophelo ba bohle ba lefatšeng ba pholohang pontšo ena e khōlō ea matla a Jehova ke bo hlohonolofetseng hakaakang! Kapele ka mor’a moo banna le basali ba tšepahalang ba nakong e fetileng, bao nako ea bona e behiloeng bakeng sa tsoho e tla beng e fihlile, ba tla kopana le bona. Puso ea Kreste ea Lilemo tse Sekete ka sebele e tla ba “nako ea ho lema . . . , nako ea ho folisa . . . , nako ea ho haha . . . , nako ea ho tšeha . . . , nako ea ho tlōla-tlōla . . . , nako ea ho kopa le . . . nako ea ho rata.” E, hape e tla ba ‘nako ea khotso’ ea ka ho sa feleng!—Moeklesia 3:1-8; Pesaleme ea 29:11; 37:11; 72:7.
U ka Araba Joang?
◻ Motheo oa khotso e tšoarellang ke ofe?
◻ Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li nka hore kajeno ke ‘nako ea ntoa’?
◻ Batho ba Molimo ba lokela “ho bua” neng, hona ba lokela “ho khutsa” neng?
◻ Jehova o tla tlohela ho khutsa joang, hona neng?
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 13]
Jehova o Behile Nako Bakeng sa
◻ ho hulela Gogo tlhaselong ea batho ba Molimo.—Ezekiele 38:3, 4, 10-12
◻ ho kenya ka lipelong tsa babusi ba batho hore ba timetse Babylona e Moholo.—Tšenolo 17:15-17; 19:2
◻ ho nyalisa Konyana.—Tšenolo 19:6, 7
◻ ho qalisa ntoa ea Har–Magedone.—Tšenolo 19:11-16, 19-21
◻ ho tlama Satane e le hore a qalise Puso ea Jesu ea Lilemo tse Sekete.—Tšenolo 20:1-3
Liketsahalo tsena li mpa li thathamisitsoe ka tatellano eo ho buuoang ka tsona ka eona ka Mangolong. Re ka tiiseha hore liketsahalo tsena tse hlano kaofela li tla etsahala ka tatellano eo Jehova a e rerang hape e le hantle ka nako eo a e behang.
[Litšoantšo tse leqepheng la 15]
Puso ea Kreste ea lilemo tse sekete ka sebele e tla ba nako . . .
ea ho tšeha . . .
ea ho kopa . . .
ea ho rata . . .
ea ho lema. . .
ea ho tlōla- tlōla . . .
ea ho haha . . .