Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Borapeli ba ’Nete Boa Ata Lefatšeng ka Bophara
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho II
    • 11, 12. (a) “Mosali” o bona pono efe ha a talima nģ’a bophirimela? (b) Ke hobane’ng ha ba bangata hakaale ba potlaketse Jerusalema?

      11 Joale Jehova o laela “mosali” ho sheba nģ’a bophirimela, ’me oa botsa: “Ke bo-mang baa ba tlang ba fofa joaloka leru, le joaloka maeba a eang masobeng a matloana a ’ona?” Jehova ka boeena oa araba: “Lihlekehleke li tla lula li ntebeletse, le likepe tsa Tarshishe joaloka pele, e le hore li tlise bara ba hao ba tsoa hōle, ba e-na le silevera ea bona le khauta ea bona, lebitsong la Jehova Molimo oa hao le ho Mohalaleli oa Iseraele, etsoe o tla be a u khabisitse.”—Esaia 60:8, 9.

      12 Ak’u inahane u eme le “mosali” eo, le shebile nģ’a bophirimela ka mose oane ho Leoatle le Leholo. Le bona eng? Ho hlahella leru thōkoana le itjalileng ka bosoeu le tsamaea holim’a metsi. Le shebahala joaloka linonyana, empa ha le ntse le atamela, lea elelloa hore ke likepe li phahamisitse liseile tsa tsona. Li “tsoa hōle.”a (Esaia 49:12) Likepe tse ngata li sesa ka lebelo le leholo li lebile Sione hoo e kang ke mohlape oa maeba a khutlelang hae. Ke hobane’ng ha sehlopha see sa likepe se potlakile hakaale? Li potlaketse ho fihlisa barapeli ba Jehova ba li palameng hae ba tsoang libakeng tse hōle haholo. Ha e le hantle, bana bohle ba sa tsoa fihla—Baiseraele hammoho le basele, ba tsoang bochabela kapa bophirimela le ba tsoang linaheng tse haufi kapa tse hōle—ba potlaketse Jerusalema ho ea nehelana ka sohle seo ba nang le sona lebitsong la Jehova, Molimo oa bona.—Esaia 55:5.

  • Borapeli ba ’Nete Boa Ata Lefatšeng ka Bophara
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho II
    • a Mohlomong Tarshishe e ne e le sebakeng se tsejoang e le Spain hona joale. Leha ho le joalo, ho latela libuka tse ling tsa litšupiso, poleloana “likepe tsa Tarshishe” e bolela mofuta oa likepe—“likepe tse sesang leoatleng tse nang le lipalo tse phahameng tse tšehetsang liseile”—tse neng li “loketse ho sesetsa Tarshishe,” ka mantsoe a mang, likepe tse nkoang li loketse ho nka maeto a malelele a ho ea likoung tse hōle tsa likepe.—1 Marena 22:48.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela