‘Ho Thabile ba Mamelletseng’
1. Ho tloha ka 1914, ke boemo bofe lefatšeng bo phethahalitseng Mattheu 24:3-8 (NW), ’me ke lipolelo life tsa Selekane sa Lichaba le Machaba a Kopaneng tse hlōlehileng?
BUKA ea Robert Nisbet, The Present Age, e bua ka “Ntoa ea Lilemo tse Mashome a Supileng a Metso e Mehlano e ’nileng ea tsoela pele, e tšoha e bile le khefu, ho tloha ka 1914.” E, “lintoa le litlaleho tsa lintoa,” ho akarelletsa lintoa tsa lefatše—seo ke sona seo Jesu Kreste a ileng a se bolela esale pele bakeng sa nako ena ea bofelo. (Mattheu 24:3-8, NW) Ka 1920 ho ile ha theoa Selekane sa Lichaba “ho thibela ntoa ka ho sa feleng.” Se ile sa hlōleha ka mokhoa o soabisang hakaakang! Ka 1945 ho ile ha hlophisoa Machaba a Kopaneng “ho boloka meloko e tlang mahlomoleng a ntoa.” Empa buka Fires All Around the Horizon ea Max Harrelson ea tlaleha: “Ho tloha qetellong ea Ntoa ea II ea Lefatše ho batla ho sa ka ha e-ba le letsatsi leo ka lona ho neng ho se kae-kae moo ho loanoang.”
2. Batho ba bang ba botsa eng mabapi le maemo a lefatše, empa ke lipotso life tseo re lokelang ho li botsa?
2 Bokhukhuni le pefo, tšenyeho le tlala, lithethefatsi le mafu a seoa—tsena tsohle li ekelletsa tlhalosong eo e soabisang. Batho ba bang ba ka ’na ba botsa: ‘Batho ba ka tsoela pele ho mamella maemo a ferekanyang joalo joang?’ Empa, habohlokoa le ho feta, re lokela ho botsa: ‘Molimo o ka mamella ho senngoa ha pōpo ea oona ea lefatšeng joang? O tla lumella batho ba khopo ho senya lefatše le ho phaella thohako lebitsong la oona le leholo halelele hakae?’
3. (a) Moprofeta Esaia o ile a botsa potso efe, hona hobane’ng? (b) Jehova o ile a fana ka karabelo efe, ’me see se bontša eng bakeng sa mehla ea rōna?
3 Moprofeta Esaia o ile a phahamisa potso e tšoanang. O ne a abetsoe ho phatlalatsa molaetsa o tsoang ho Jehova ho batho ba naha ea habo. Empa o ile a lemosoa esale pele hore ba ne ba ke ke ba mo ela hloko leha e le hona ho ela hloko Molimo o mo romileng. Kahoo Esaia o ile a botsa: “Ho fihlela neng, Morena?” E, Esaia o ne a tla lokela ho bolella batho bana ba manganga halelele hakae, ’me Jehova o ne a tla mamella ho hana ha bona ho utloa molaetsa oa hae ho neng ho mo nyelisa halelele hakae? Jehova o ile a arabela: “Ho fihlela metse e heleha, e hloka baahi, le matlo a hloka batho, le naha e senyeha, e e-ba lesupi.” (Esaia 6:8-11) Ka ho tšoanang kajeno, Molimo o mamelletse lithohako tse joalo ho fihlela nakong eo o e khethileng ea ho liha kahlolo holim’a lefatše leo ho lona mokhopisi e moholo e ’nileng ea e-ba Bokreste-’mōtoana.
4. Phello ea mamello ea Jobo e bile efe, ’me see se re fa tiiso efe kajeno?
4 Jehova o ’nile a mamella liphephetso tsa Satane ka nako e telele. Lilemong tse ka bang 3 600 tse fetileng, Jobo ea tšepahalang le eena o ile a mamella, a hanyetsa phephetso ea Satane ea hore o ne a ke ke a boloka botšepehi ha a le tlas’a teko. See se ile sa thabisa pelo ea Jehova hakaakang! (Jobo 2:6-10; 27:5, NW; Liproverbia 27:11) Ho joalokaha ngoan’abo Jesu, Jakobo, a ile a phatlalatsa hamorao: “Bonang! Re phatlalatsa ba mamelletseng e le ba thabileng. Le utloile ka mamello ea Jobo ’me le bone phello eo Jehova a faneng ka eona, hore Jehova o mosa haholo leratong le mofuthu ’me o mohau.” Ka ho tšoanang, ba mamellang hammoho le Jehova kajeno ba tiisetsoa hore ba tla fumana phello e thabisang.—Jakobo 5:11, NW.
5. Jesu o ile a bontša joang hore mamello e ne e tla hlokahala ho batho ba Molimo kajeno, ’me ke mosebetsi ofe oo ba neng ba tla hloka ho mamella ha ba ntse ba o etsa?
5 Jesu o ile a bontša ka ho hlaka hore mamello e ne e tla hlokahala ho batho ba Molimo mehleng ea rōna. Ha a bolela esale pele letšoao la “bofelo ba tsamaiso ea lintho,” o itse: “Ea mamelletseng ho fihlela qetellong ke eena ea tla bolokeha.” Ea mamellang ha a ntse a etsa’ng? Mantsoe a latelang a Jesu aa arabela: “’Me litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona bakeng sa bopaki ho lichaba tsohle.” (Mattheu 24:3, 13, 14, NW) Ke feela ha ho le joalo ‘bofelo bo tlang ho tla.’—Bona le Mareka 13:10, 13; Luka 21:17-19, NW.
Lebaka Leo ka Lona Jehova a Mamellang
6. Ke hobane’ng ha Jehova e le mohlala o hlahelletseng oa mamello, ’me lebaka le leng leo ka lona a mamelletseng hakaale ke lefe?
6 Moapostola Pauluse o ile a hlalosa hore “Molimo, le hoja o e-na le thato ea ho bontša khalefo ea oona le ho tsebahatsa matla a oona, o mamelletse ka mamello e khōlō lijana tsa khalefo tse entsoeng tse tšoaneloang ke timetso.” (Ba-Roma 9:22, NW) Ke hobane’ng ha Jehova a mamelletse hore lijana tsee tse khopo, tsa khalefo li tsoele pele li ntse li le teng? Lebaka le leng ke lena: ho bontša hore puso ea motho, ka ntle ho ’Mōpi oa motho, e tlamehile ho hlōleha. (Jeremia 10:23) Haufinyane, bobusi ba Molimo bo tla tlotlisoa ha o paka hore ke oona feela o ka tlisetsang lelapa la motho khotso, kutloano, le thabo ka puso ea ’Muso oa Jesu.—Pesaleme ea 37:9-11; 45:1, 6, 7.
7. Jehova o mamelletse ka lebaka lefe hape, ’me ke molemo ofe oo see se o tliselitseng ba limillione ho tloha ka bo-1930?
7 Ho feta moo, Jehova o mamelletse “e le hore a ka tsebahatsa maruo a khanya ea hae holim’a lijana tsa mohau.” (Ba-Roma 9:23, NW) Lijana tsena tsa mohau ke batlotsuoa ba bolokang botšepehi ba “lopolotsoeng har’a batho” ho ea busa le Kreste Jesu ’Musong oa hae oa leholimo. Ho tšoauoa ha ba 144 000 ho ’nile ha tsoela pele ho tloha mehleng ea baapostola. Joale ho se ho atametse qetellong. (Tšenolo 7:3; 14:1, 4) ’Me bonang! Ho tloha ka bo-1930 mamello ea Jehova e tsoelang pele e fane ka monyetla oa ho bokelloa ha ba bang ba limillione, “bongata bo boholo ba batho . . . ba lichaba tsohle,” ba thabelang tebello ea ho pholoha mahlomola a ho qetela ho rua bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise. (Tšenolo 7:4, 9, 10, 13-17) Na u e mong oa bongata boo bo boholo ba batho? Haeba ho joalo, na ha ua thaba hore e be Jehova o mamelletse ho ba teng ha lijana tsa khalefo ho fihlela hona joale? Leha ho le joalo, u tlameha ho tsoela pele ho mamella, joalokaha Jehova a mamelletse.
Mamello ea Putsoa
8. Ke hobane’ng ha kaofela ha rōna re hloka mamello, ’me ke mohlala ofe oa mamello oo re lokelang ho o talima ka tieo?
8 Kaofela ha rōna re hloka mamello hore re tle re amohele lintho tse tšepisitsoeng. Ka mor’a ho bolela ’nete ena ea motheo ho Ba-Heberu 10:36, moapostola Pauluse o hlalosa ka mokhoa o qaqileng tumelo le mamello e tsotehang ea ‘leru le leholo la lipaki’ tsa mehleng ea boholo-holo. Joale o re lemosa hore re “mathe ka mamello peisong e behiloeng ka pel’a rōna, ha re ntse re talimile ka tieo Lenģosa le Leholo le Mophethahatsi oa tumelo ea rōna, Jesu. Bakeng sa thabo e neng e behiloe ka pel’a hae,” Jesu o ile a mamella tšebeletsong ea pelo eohle, ha ho mohla a kileng a lahleheloa ke pono ea moputso. Mohlala oa hae o re matlafatsa hakaakang hore le rōna re mamelle!—Ba-Heberu 12:1, 2, NW.
9. Ke litholoana life tse tlisitsoeng ke mehlala ea kajeno ea mamello?
9 Ho boetse ho na le mehlala e mengata ea mamello kajeno. E ka ’na eaba u tseba baena le bo-khaitseli ba ’nileng ba hlahella ka mamello ea bona, kapa u ne u ba tseba. Botšepehi ba bona bo ’nile ba re susumetsa hakaakang! ’Me selemo se seng le se seng, ha Lipaki tsa Jehova li tlalehela Mokhatlo oa Watch Tower mosebetsi oa tsona lefatšeng ka bophara, ho amoheloa litlaleho tse eketsehileng tse susumetsang tsa mamello le ho boloka botšepehi. Chate e maqepheng a mane a latelang ke mohlala o totobetseng oa mosebetsi o hlollang o finyelletsoeng ka 1989 kaha Lipaki tsena li ‘ekelitse tumelo ea tsona ka mamello.’—2 Petrose 1:5, 6.
Selemo sa Rōna se Hlollang ka ho Fetisisa
10. (a) Ke linaha le lihlopha tsa lihleke-hleke tse kae tse ileng tsa kopanela boboleling ba litaba tse molemo tsa ’Muso ka 1989, ’me ke ba bakae ba ileng ba kopanela mosebetsing oo? (b) Ke bo-pula-maliboho ba bakae ba ileng ba tlaleha khoeling ea tlhoro, ’me lenane le akaretsang la lihora tse qetiloeng tšebeletsong ea tšimo e bile lefe?
10 Joalokaha chate e ka pele e bontša, linaha le lihlopha tsa lihleke-hleke tse 212 li ile tsa kopanela boboleling ba ’Muso oa Jehova o tlang. ’Mali ea ratehang oa Molula-Qhooa, na u bile le tokelo ea ho ba e mong oa ba 3 787 188 ba ileng ba kopanela mosebetsing oo o hlollang? Na u ne u le e mong oa ba 808 184 ba ileng ba tlaleha joaloka bo-pula-maliboho khoeling ea tlhoro ea tšebeletso eo? Ho sa tsotellehe hore na u ile ua tlatsetsa ka eng kakaretsong ea lefatše lohle ea lenane la lihora tse 835 426 538 tse qetiloeng tšebeletsong ea tšimo ka 1989, u na le lebaka la ho thaba.—Pesaleme ea 104:33, 34; Ba-Filippi 4:4.
11. (a) Ke lenane lefe la ba neng ba le teng Sehopotsong ka la 22 Tlhakubele selemong se fetileng leo e leng lebaka la ho thaba, hona hobane’ng? (b) Ke ba bakae ba ileng ba kolobetsoa, hona ke linaha life chateng tse hlahelletseng tšobotsing ena?
11 Hape, thabela kakaretso eo e tsotehang ea ba 9 479 064 ba neng ba le teng moketeng oa lefatše ka bophara oa Sehopotso sa lefu la Jesu, ka la 22 Tlhakubele selemong se fetileng! Sena se supa hore ho ka ’na ha ba le baboleli ba ’Muso ba eketsehileng ba 5 691 876, haeba feela batho bana ba thahasellang ba seka linku ba ka alosoa ka lerato hore ba kene ka lesakeng la linku, hore ba kopanele ka mehla ho sebeletseng Jehova. Na re ka ba thusa ho etsa see? (Johanne 10:16; Tšenolo 7:9, 15) Ba bangata ba se ba ntse ba arabela, joalokaha ho bontšoa ke kakaretso e hlollang ea Lipaki tse ncha tse 263 855 tse kolobelitsoeng selemong sa tšebeletso sa 1989.
12. Ke litšobotsi life tse ling tseo chate e sa li senoleng (a) mabapi le lifektheri tsa Mokhatlo oa Watch Tower? (b) mabapi le ho tsamaisoa ha limakasine le lipeeletso?
12 Ho na le likarolo tse ling tseo chate e sa li senoleng. Lenyora la ho fumana likhatiso—Libibele, libuka, libukana tse boholo ba makasine, limakasine—le ne le ke ke la tingoa. Ka baka leo, lifektheri tsa Watchtower tse New York li ile tsa sebelisa li-ton tsa pampiri tse 25 999 ho hatisa Libibele, libuka, le libukana tse boholo ba makasine tse 35 811 000, keketseho ea 101 lekholong ho feta ka 1988. Lifektheri tse ling tse khōlō tsa Mokhatlo oa Watch Tower, ka ho khetheha tse Jeremane, Italy, le Japane, li ile tsa sebetsa li-shift tse eketsehileng, ho tšehetsa “mohlanka ea khabane, ea bohlale” ho fana ka ‘lijo tsa moea nakong ea teng.’ (Mattheu 24:45) Ka ’Mesa le Motšeanong, ho ile ha tlalehoa manane a matle ka mokhoa o sa tloaelehang a limakasine le lipeeletso tse tsamaisitsoeng linaheng tse ’maloa, ka khatiso e khethehileng kabong ea litokollo tsa Molula-Qhooa tse buang ka “Babylona e moholo.” (Tšenolo 17:5) Ha ho pelaelo hore ka ’Mesa ena e tlang, bo-pula-maliboho ba thusang le Lipaki tse ling ba tla tšolohela tšimong ea lefatše ka bongata ho se lokelang ho ipaka e le phutuho ea rōna e ntle ka ho fetisisa ea ho fana ka bopaki selemong sa tšebeletso sa 1990.—Bapisa le Esaia 40:31; Ba-Roma 12:11, 12.
13. Ke linaha life tse thathamisitsoeng chateng tse neng li sa thathamisoa selemong se fetileng? Hlalosa.
13 Talima chate hape. Na u bona linaha tse ling tse neng li sa thathamisoa ka mabitso selemong se fetileng? E! Hungary le Poland, moo mosebetsi oa rōna o sa tsoa lumelloa ka molao. Re leboha ba boholong linaheng tsena hore joale ba bontša ho nahanela ho joalo bakeng sa Lipaki tsa Jehova. Ntlheng ena, lithapelo tsa mokhatlo oa baena lefatšeng ka bophara li arabetsoe, “e le hore re ka tsoela pele ho phela bophelo bo tsitsitseng le bo khutsitseng ka boinehelo ba bomolimo bo felletseng le ka ho tiea.”—1 Timothea 2:1, 2, NW.
14. Fana ka lintlha tse ling tse hlahelletseng tsa Likopano tsa Setereke tsa “Boinehelo ba Bomolimo” tsa Poland.
14 “Boinehelo ba bomolimo”! Likopano tsa Setereke tsa “Boinehelo ba Bomolimo” li bile tsa tšoareloa Poland, libakeng tse tharo, ka Phato! Baena ba rōna ba 91 024 ba Mapolish ba ile ba ipaka e le batho ba babatsehang hakaakang ba amohelang baeti! (Ba-Heberu 13:1, 2, 16) Joalokaha eka ke ka mohlolo, baena ba mashome a likete—Maczech, Majeremane, Marussia, le ba bang—ba ile ba fumana tumello ea ho tla ka libese, literene, esita le ka maoto. Ba bang ba likete ba ile ba kena ka lifofane ba e-tsoa Amerika Leboea le Amerika Boroa, Europe Bophirimela, le libakeng tse hōle joaloka lihleke-hleke tsa Pacific le Japane. Mabala a maholo a lipapali, a neng a hloekisitsoe ka ho felletseng ke baena ba rōna, a ne a batla a se maholo ho lekana ho amohela ba 65 710 Chorzów, ba 40 442 Poznan, le ba 60 366 Warsaw—kakaretso e hlollang ea ba 166 518 ba neng ba le teng! Setsing ka seng, pono e hlollang ea kolobetso e ile ea ntša meokho ea ho ameha maikutlo ke thabo. Poznan ngoana ea lilemo li 9 le motho ea lilemo li 90 ba ile ba qoelisoa, ’me kakaretso ea ba 6 093 ba ileng ba qoelisoa likopanong tseo tse tharo e ne e akarelletsa bacha ba bangata ba tlaase lilemong, ba bangata ho bana e le ba tsoang linaheng tseo ho tsona ho ’nileng ha thoe bolumeli bo ne bo tla shoa le ba hōlileng. Ha ho joalo ka bolumeli ba ’nete bo theiloeng Lentsoeng la Molimo! (Bapisa le Pesaleme ea 148:12, 13; Liketso 2:41; 4:4.) Mamello ea baena ba rōna ba Europe Bochabela e putsitsoe ka mokhoa o babatsehang hakaakang!
Botšepehi bo Tsoelang Pele Tlas’a Teko
15. Lipaki tsa Lebanon li bontšitse mamello le ho tiea joang, hona e le ka liphello life tse ntle?
15 Joaloka moapostola Pauluse, Lipaki tsa Jehova li memeloa ho bontša mamello tlas’a maemo a mangata a fapa-fapaneng. (2 Ba-Korinthe 11:24-27) Ntoa ea lehae e ntse e tsoela pele Lebanon. Baena ba rōna ba arabela joang? Ka ho tiea le ka boikemisetso. Selemo sa 1989 se ile sa bona ho thunya le ho qhomisa ho hoholo, empa esita le moo hona ho ileng ha etsoa ka mokhoa o moholo ka ho fetisisa, baena ba ne ba ikemiselitse ho se khoehlise. Phutheho ea Beirut ea tlaleha: “Ho ile ha lokisetsoa lihlopha tse tsoang ka mehla tsa tšebeletso ea tšimo mantsiboeeng a matsatsi ’ohle a beke. Ho sa tsotellehe maemo a thata a tšireletseho, baena ha baa ka ba nyahama. Re ile ra koahela masimo a mangata ho feta leha e le neng pele. Ka ’Mesa re ile ra ba le tlhoro lenaneng la bo-pula-maliboho. Ho ile ha qalisoa lithuto tse ncha tsa Bibele, ’me ha tsamaisoa limakasine le libuka tse eketsehileng.”
16. Baena ba rōna Colombia ba bontšitse mamello joang ka ho tlisa litaba tse molemo metseng eo ho eona ho neng ho se na Lipaki?
16 Colombia e ’nile ea hlaha litabeng ka lebaka la thekiso ea lithethefatsi le pefo. Empa mamello e tšepahalang ea Bakreste mono le eona e hlaha litabeng. Haufinyane, bo-pula-maliboho ba khethehileng ba nakoana ba ile ba romeloa metseng e 31 e nang le baahi ba likete tse leshome kapa ho feta, moo ho neng ho se na Lipaki. Motseng o mong, ha batho ba neng ba sa tsoa thahasella ba fumana hore bo-pula-maliboho ba ne ba tla lula mono bakeng sa likhoeli tse seng kae feela, ba ile ba ipiletsa ho bo-pula-maliboho hore ba lule. Ho o mong, batho ba 18 ba thahasellang ba ile ba saena lengolo la kananelo bakeng sa thuso ea moea e fanoeng ha bo-pula-maliboho ba ntse ba lula moo ka likhoeli tse tharo ’me ba kōpa thuso e eketsehileng. Ba ile ba re: “Ena ke taba e tebileng.” Ha ho hlokahale hore re bolele hore maemong ao ka bobeli ho ile ha etsoa litokisetso tsa ho tsoela pele ho hlaolela thahasello. Ho ntlafatsa tšimo e hōle hakaalo ho hloka mamello, empa ho sebetsa ka thata ha bo-pula-maliboho ba etsang joalo ho hlohonolofatsoa ka mokhoa o enneng.
17, 18. (a) Lipaki tsa Jehova tsa Italy li ile tsa mamella tlas’a maemo afe? (b) Lipaki li ’nile tsa tsoella joang ho sa tsotellehe mashano a hasoang ka tsona?
17 Italy, Lipaki tsa Jehova li talimane le khanyetso e matla ea baruti, empa ka matla a Jehova li mamelletse. Mabatooeng a fapa-fapaneng, baruti ba ile ba aba lipampiri tse khomaretsoang hore li manamisoe menyakong ea matlo a litho tsa mabatooa a bona tse bolellang Lipaki tsa Jehova hore li se ke tsa letsa tšepe ea monyako. Baprista ba bangata ba ile ba mema bashanyana hore ba khomaretse lipampiri tsena tse khomaretsoang menyakong eohle e tikolohong e itseng—esita le matlong a malapa a Lipaki! Leha ho le joalo, Lipaki ha li tšosoe habonolo, ’me hangata li sebelisa lipampiri tseo tse khomaretsoang ho qalisa moqoqo. Ho feta moo, likoranta le thelevishene ea sechaba li ile tsa akaretsa taba eo ka mokhoa o pharalletseng, tsa nyatsa leeme la bolumeli le bontšitsoeng ’me tsa hatisa hore mekhoa e kang ona ha e le hantle ke letšoao la bofokoli ka lehlakoreng la kereke. Moprofesa e mong oa univesithi o ile a khopisoa ke lipampiri tseo tse khomaretsoang tse khahlanong le Lipaki hoo a ileng a etsa peeletso ea Molula-Qhooa le Tsoha!
18 Kereke e K’hatholike e Italy e bile e sebelisa bakoenehi ho jala mashano ka batho ba Jehova, empa sena le sona ha se sebetse hobane bahoeletsi ba 172 382 baa tsejoa e bile baa hlonephuoa. Monna e mong o ile a bolella Lipaki tse neng li mo etetse hore o balile lintho tse mpe ka rōna bukeng e ngotsoeng ke batho bao e neng e se e se Lipaki. Ka hona, o ile a hanyetsa haholo ha ngoan’abo a fetoha e mong oa Lipaki tsa Jehova. Empa, ka mor’a nakoana, o ile a hlokomela hore na ho fetola bolumeli ha ngoan’abo ho ne ho bile le phello e ntle hakaakang ho eena. O ile a ipotsa: ‘Ho khoneha joang hore ntho e ’ngoe e mpe joalo e hlahise litholoana tse ntle joalo?’ Kahoo, o ile a kōpa thuto ea Bibele ho Lipaki tse neng li mo etetse.—Bapisa le Ba-Kolosse 3:8-10.
Ho Sebetsana le ho Iphapanya
19, 20. (a) Ke boemo bofe bo ileng ba hloka mamello ka lehlakoreng la Lipaki Finland, ’me ke eng e hlileng e thahasellisang ka phuputso ea kereke? (b) Ke phihlelo efe e bontšang bohlokoa ba mamello ho boleleng litaba tse molemo?
19 Linaheng tseo ho tsona Lipaki li etang khafetsa, hangata ho iphapanyetsa litaba tse molemo ho atile. Ka sebele bona ke bona boemo Finland. Naheng eno kereke e ile ea etsa phuputso ’me ea fumana hore baahi ba etsang karolo ea 70 lekholong ha ba rate ha Lipaki li etela malapeng a bona. Leha ho le joalo, ba etsang karolo ea 30 lekholong ha ba na khanyetso e matla, ’me ho bana, ba etsang karolo ea 4 lekholong ba ile ba re ba hlile ba rata Lipaki tsa Jehova. Ena ke palo e thahasellisang. Karolo ea bone lekholong ea baahi ba Finland e emela batho ba 200 000. Bapisa palo eo le palo e teng ea bahoeletsi ba 17 303!
20 Mohoeletsi e mong ea neng a tsoile a le tšebeletsong o ile a hlokomelisoa phuputso ena ’me a botsoa: “Na ha le tsebe hore karolo ea 70 lekholong ho rōna e le talima le le batho ba sa batleheng? Ke hobane’ng ha le ntse le e-tla menyakong ea rōna?” Mohoeletsi o ile a arabela: “E, empa eona phuputso eo e bontšitse hore karolo ea 4 lekholong ho lōna ea re rata. Re ntse re leka ho fumana batho bao. Esita le haeba e ne e le karolo ea 1 lekholong feela, re ne re tla ’ne re ee ka ntlo le ntlo re leka ho ba fumana.” Mong’a ntlo o ile a imamela ka motsotsoana ’me a re: “Na molaetsa oa lōna ke oa bohlokoa hakaalo ho bona?” Mohoeletsi a arabela ka ho botsa: “Na u ka thabela ho o utloa?” Ka potlako mong’a ntlo o ile a bontša thahasello litabeng tse molemo.
Seo Bokamoso bo se Tšoereng
21. (a) Re tlameha ho loana ntoa ea mofuta ofe tsamaisong ee, hona hobane’ng? (b) Re ka ’na ra lokela ho mamella eng, ’me boprofeta ba Habakuke bo re tiisetsa eng?
21 Ho thoe’ng ka rōna kajeno? Na re ikemiselitse ho mamella hammoho le Jehova le Kreste Jesu ho fihlela qetellong? E ka ’na eaba ha e sa tla ba halelele haholo, empa re tlameha ho mamella! Tsamaisong ea Satane, re lokela ho loana ntoa e matla bakeng sa tumelo, kaha boitšoaro bo bobe ba lefatše, tšenyeho, le mahloeo a re pota-potile ka mahlakore ’ohle. (Juda 3, 20, 21) Re ka ’na ra lokela ho mamella mahloriso a mefuta e fapa-fapaneng. Esita le hona joale, baena ba rōna ba likete-kete baa hlokofatsoa literonkong, ’me ba bang ba ntse ba otloa ka sehlōhō. Baena bana ba ananela lithapelo tsa rōna. (2 Ba-Thessalonika 3:1, 2) Haufinyane haholo, tsamaiso ena e ke ke ea hlola e e-ba teng! Joalokaha Habakuke a bolela: “Hobane tšenolo eo e sa luletse nako ea teng, empa e tla itlhahanela qetellong, e ke ke ea thetsa. Ha e ka lieha, u e lebelle, hobane e tla etsahala ruri, e ke ke ea fela.”—Habakuke 2:3.
22. Ke phello efe eo ka kholiseho re ka e lebellang haeba re bontša tiisetso ea baprofeta le mamello ea Jobo?
22 Morutuoa Jakobo ka lerato oa re bolella: “Banab’eso, nkang baprofeta, ba buileng ka lebitso la Jehova, e le mohlala oa ho hlokofatsoa ke bobe le ho bontša tiisetso.” Kajeno rōna ba buang ka lebitso la Jehova re ka ba baboloki ba botšepehi nakong ea liteko tse bohloko, joalokaha Esaia, Jeremia, Daniele, le ba bang e bile baboloki ba botšepehi. Joaloka Jobo, re ka mamella. O ile a putsoa ka mokhoa o babatsehang hakaakang bakeng sa mamello ea hae! Mohau oa Jehova le mosa oa hae o lerato li tla re tlisetsa meputso eo ho seng e ka bapisoang le eona—haeba re mamella ho fihlela qetellong. ’Me e se eka mantsoe a Jakobo a ka phethahatsoa mabapi le e mong le e mong oa rōna: “Bonang! Re phatlalatsa ba mamelletseng e le ba thabileng.”—Jakobo 5:10 11, NW; Jobo 42:10-13.
U ne u Tla Arabela Joang?
◻ Jesu o ile a hatella tlhokahalo efe ea mamello?
◻ Jehova o mamelletse ka mabaka afe?
◻ Lintlha tse ling tse hlahelletseng tsa mosebetsi o hlollang o finyelletsoeng ka 1989 ke life?
◻ Mamello ea baena ba rōna ba Poland e putsitsoe joang?
◻ Lipaki tsa Lebanon, Colombia, le Italy li bontšitse botšepehi tlas’a teko joang?
[Chate e leqepheng la 20-23]
TLALEHO EA SELEMO SA TŠEBELETSO SA 1989 EA LIPAKI TSA JEHOVA LEFATŠENG LOHLE
(Sheba boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle khatisong)