Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Jehova o Iketsetsa Lebitso le Letle
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho II
    • 12 Jehova o tsoela pele: “Ka ’na ka talima, empa ho ne ho se na mothusi; eaba ke qala ho iponahatsa ke maketse, empa ho ne ho se na ea fanang ka tšehetso. Kahoo letsoho la ka la mpha poloko, ’me ka tšehetsoa ke khalefo ea ka. Ka ’na ka hatakela lichaba bohaleng ba ka, ka li tahisa ka khalefo ea ka ’me ka theolela lefatšeng mali a tsona a tšikhunyang.”—Esaia 63:5, 6.

      13 Ha ho mothusi oa motho ea ka inkelang botumo ka letsatsi le leholo la Jehova la phetetso. Ebile Jehova ha a hloke tšehetso ea motho leha e le ofe ho phethahatsa thato ea hae.c Letsoho la hae le matla ka ho ke keng ha lekanngoa le lekane bakeng sa ho etsa seo. (Pesaleme ea 44:3; 98:1; Jeremia 27:5) Ho feta moo, khalefo ea hae ea mo tšehetsa. Joang? Ka hore khalefo ea Molimo hase maikutlo a sa laoleheng empa ke khalefo e lokileng. Kaha kamehla Jehova o nka khato ho latela melao-motheo e lokileng, khalefo ea hae ea mo tšehetsa ’me e mo susumelletsa ho “theolela lefatšeng mali [a lira tsa hae] a tšikhunyang,” ho li tlotlolla le ho li hlōla.—Pesaleme ea 75:8; Esaia 25:10; 26:5.

  • Jehova o Iketsetsa Lebitso le Letle
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho II
    • c Jehova o bontša ho makala ka hore ebe ha ho ea faneng ka tšehetso. Ka sebele ho ka ’na ha nahanoa hore ke ho makatsang hore ebe lilemo tse ka bang 2 000 ka morao ho lefu la Jesu, ba matla ba moloko oa batho ba ntse ba hanyetsa thato ea Molimo.—Pesaleme ea 2:2-12; Esaia 59:16.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela