Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • “Le Nyakalle ka ho sa Feleng ka Lebaka la Seo ke se Bōpang”
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho II
    • 29. (a) Batho ba Molimo ba mamelang ba tla thabela lintho life naheng ea Juda e tsosolositsoeng? (b) Ke hobane’ng ha lifate e le papiso e loketseng e tšoantšetsang bophelo bo bolelele? (Bona mongolo o botlaaseng ba leqephe.)

      29 Jehova o tsoela pele ho hlalosa maemo a tla rena naheng e tsosolositsoeng ea Juda: “Ka sebele ba tla haha matlo ’me ba lule ho ’ona; ka sebele ba tla lema lirapa tsa morara ’me ba je litholoana tsa tsona. Ba ke ke ba haha ’me e mong a lule teng; ba ke ke ba lema ’me e mong a je. Etsoe matsatsi a sechaba sa ka a tla ba joaloka matsatsi a sefate; ’me bakhethoa ba ka ba tla sebelisa mosebetsi oa matsoho a bona ka botlalo.” (Esaia 65:21, 22) Ka mor’a ho khutlela naheng ea Juda e lutseng e le lesupi le eo ntle ho pelaelo e se nang matlo le lifate tsa morara, batho ba Molimo ba mamelang ba tla thabela ho lula matlong a bona le ho ja litholoana tsa masimo a bona a morara. Molimo o tla hlohonolofatsa mosebetsi oa bona, ’me ba tla phela halelele—ho lekana le matsatsi a lifate—ba thabele litholoana tsa mesebetsi ea bona.e

      30. Bahlanka ba Jehova ba thabela boemo bofe bo thabisang kajeno, hona ba tla thabela eng lefatšeng le lecha?

      30 Boprofeta bona bo phethahetse mehleng ena ea rōna. Batho ba Jehova ba ile ba tsoa botlamuoeng ba moea ka 1919 ’me ba qala ho tsosolosa “naha” ea bona, kapa sebaka sa bona sa tšebeletso le sa borapeli. Ba hahile liphutheho le ho hlaolela ho beha litholoana ka tsela ea moea. Ka hona, esita le hona joale batho ba Jehova ba thabela paradeise ea moea le khotso e fanoang ke Molimo. Re ka kholiseha hore khotso e joalo e tla tsoela pele ho isa Paradeiseng ea sebele. Re sitoa ho lekanyetsa seo Jehova a tlang ho se finyella ka matsoho le lipelo tse tletseng boikemisetso tsa barapeli ba hae lefatšeng le lecha. E tla ba ho thabisang hakaakang ho ikahela ntlo le ho lula ho eona! Ha ho na ho ba le khaello ea mosebetsi o khotsofatsang pusong ea ’Muso. E tla ba ho putsang hakaakang ho lula u “bona . . . molemo” oa litholoana tsa mesebetsi ea hao! (Moeklesia 3:13) Na re tla ba le nako e lekaneng bakeng sa ho thabela mosebetsi oa matsoho a rōna ka botlalo? E, ka sebele re tla ba le eona! Bophelo bo sa feleng ba batho ba tšepahalang bo tla ba “joaloka matsatsi a sefate”—lilemo tse likete le ho feta!

  • “Le Nyakalle ka ho sa Feleng ka Lebaka la Seo ke se Bōpang”
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho II
    • e Lifate ke papiso e loketseng e tšoantšetsang bophelo bo bolelele kaha ke tse ling tsa lintho tse tsebahalang tse phelang nako e telele ka ho fetisisa. Ka mohlala, sefate sa mohloaare se beha litholoana ka lilemo tse makholo ’me se ka ’na sa phela lilemo tse isang ho tse sekete.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela