Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Leseli Lichabeng
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho II
    • Ho Tlisa “Mpho ho Jehova”

      12, 13. ‘Bara ba motho’ ba tla tlisoa Jerusalema ka tsela efe ho qala ka 537 B.C.E.?

      12 Ka mor’a hore Jerusalema e tsosolosoe, Bajuda ba hasaneng libakeng tse hōle le naha ea habo bona ba tla talima motse oo hammoho le boprista ba oona bo tsosolositsoeng e le setsi sa borapeli bo hloekileng. Ba bangata ba bona ba tla tsamaea libaka tse telele ho ea moo mekete ea selemo le selemo e tšoareloang teng. Esaia o ngola tjena a le tlas’a pululelo: “‘Ba tla tlisa barab’abo lōna bohle lichabeng tsohle e le mpho ho Jehova, ka lipere le ka likoloi le ka likoloi tse khurumelitsoeng le ka limmoulo le ka likamele tse tšehali tse lebelo, ho nyolohela thabeng ea ka e halalelang, Jerusalema,’ ho boletse Jehova, ‘feela joalokaha bara ba Iseraele ba tlisa mpho ka sejana se hloekileng ka tlung ea Jehova. Ho bona ke tla boela ke nke ba bang hore e be baprista, hore e be Balevi.’”—Esaia 66:20, 21.

      13 Ba bang ba ‘bara bohle ba motho lichabeng tsohle’ ba ne ba le teng letsatsing la Pentekonta ha ho ne ho tšolleloa moea o halalelang ho barutuoa ba Jesu. Tlaleho e baleha tjena: “Jerusalema ho ne ho lula Bajuda, batho ba nang le tlhompho ea borapeli, ba tsoang sechabeng se seng le se seng sa tse tlas’a leholimo.” (Liketso 2:5) Ba ne ba e-tla Jerusalema ho tla rapela ho latela tloaelo ea Sejuda, empa eitse ha ba utloa litaba tse molemo tse mabapi le Jesu Kreste, ba bangata ba bona ba bontša tumelo ho eena ’me ba kolobetsoa.

      14, 15. (a) Bakreste ba tlotsitsoeng ba ile ba bokella “barab’abo” bona ba moea ba eketsehileng joang ka morao ho Ntoa ea I ea Lefatše, hona ba ile ba tlisoa ho Jehova e le “mpho ka sejana se hloekileng” joang? (b) Jehova o ile a ‘nka ba bang hore e be baprista’ ka tsela efe? (c) Bakreste ba bang ba tlotsitsoeng ba ileng ba kopanela ho bokelleng barab’abo bona ba moea ke bo-mang? (Bona lebokose le leqepheng lena.)

      14 Na boprofeta boo bo phethahala ka tsela e itseng mehleng ea kajeno? E, ruri boa phethahala. Ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše, bahlanka ba Jehova ba tlotsitsoeng ba ile ba lemoha hore ho ea ka Mangolo, ’Muso oa Molimo o ne o se o hlonngoe leholimong ka 1914. Ka ho ithuta Bibele ka hloko, ba ile ba hlokomela hore ho ne ho lokela ho bokelloe majalefa a mang a ’Muso, kapa ‘bara ba motho.’ Basebeletsi ba sebete ba ile ba ea “karolong e hōle-hōle ea lefatše,” ba sebelisa lipalangoang tsa mefuta eohle, ho ea batla bao e ka bang litho tsa sehlopha sa masala a tlotsitsoeng, bao bongata ba bona ba tsoileng likerekeng tsa Bokreste-’mōtoana. Ha ba fumanoa ba ile ba tlisoa e le mpho ho Jehova.—Liketso 1:8.

      15 Batlotsuoa ba ileng ba bokelloa lilemong tse qalang ba ne ba sa lebella hore Jehova a ba amohele kamoo ba neng ba le kateng pele ba tseba ’nete ea Bibele. Ba ile ba nka mehato ea ho itlhoekisa litšila tsa moea le tsa boitšoaro e le hore ba ka hlahisoa e le “mpho ka sejana se hloekileng,” kapa joalokaha moapostola Pauluse a bolela, e le “moroetsana ea hloekileng ho Kreste.” (2 Bakorinthe 11:2) Ho phaella ntlheng ea ho hana ho amohela thuto ea bolumeli e fosahetseng, batlotsuoa ba ile ba tlameha ho ithuta ho ema ba tiile tabeng ea ho se nke lehlakore litabeng tsa lipolotiki tsa lefatše lena. Ka 1931, ha bahlanka ba hae ba se ba hloekisitsoe ka ho loketseng, ka mosa Jehova o ile a ba fa tokelo ea ho jara lebitso la hae e le Lipaki tsa Jehova. (Esaia 43:10-12) Leha ho le joalo, Jehova o ile a ‘nka ba bang hore e be baprista’ ka tsela efe? E le sehlopha, batlotsuoa bana ba ile ba fetoha karolo ea “baprista ba marena, sechaba se halalelang,” ba nyehelang mahlabelo a thoriso ho Molimo.—1 Petrose 2:9; Esaia 54:1; Baheberu 13:15.

  • Leseli Lichabeng
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho II
    • [Lebokose se leqepheng la 409]

      Limpho Tse Tlotsitsoeng Tsa Jehova Tse Tsoang Lichabeng Tsohle

      Ka 1920, Juan Muñiz o ile a tloha United States a leba Spain a ntan’o fetela Argentina, moo a ileng a hlophisa liphutheho tsa batlotsuoa. Ho tloha ka 1923, leseli la ’nete le ile la khanyetsa ba lipelo li tšepahalang Afrika Bophirimela ha moromuoa William R. Brown (ea neng a atisa ho bitsoa Bible Brown) a qala ho bolela molaetsa oa ’Muso libakeng tse kang Sierra Leone, Ghana, Liberia, The Gambia le Nigeria. Selemong sona seo George Young oa Canada o ile a leba Brazil a ntan’o fetela Argentina, Costa Rica, Panama, Venezuela le Soviet Union. Hoo e ka bang nakong eona eo, Edwin Skinner o ile a tloha Engelane ka sekepe a leba India, moo a ileng a itukubetsa mosebetsing oa kotulo ka lilemo-lemo.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela