Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • “Molimo ke Lerato”
    Molula-Qhooa—2003 | July 1
    • 16. Ha Jehova a re tšoarela libe, ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore o re nka re hloekile ka morao ho moo?

      16 Na u kile ua leka ho tlosa letheba seaparong se ’mala o khanyang? Mohlomong ho sa tsotellehe boiteko bo matla ka ho fetisisa boo u ileng ua bo etsa, letheba le ile la sala le ntse le bonahala. Hlokomela kamoo Jehova a hlalosang matla a hae a ho tšoarela kateng: “Le hoja libe tsa lōna li ka ba joaloka sekareleta, li tla soeufala joaloka lehloa; le hoja li ka ba khubelu joaloka lesela la krimsone, li tla tšoana le boea.” (Esaia 1:18) Lentsoe “sekareleta” le bolela ’mala o bofubelu bo khanyang.a “Krimsone” e ne e le o mong oa mebala e loileng ea lesela le dailoeng. Re ke ke ra tlosa letheba la sebe ka matla a rōna. Empa Jehova a ka tlosa libe tse joaloka sekareleta le krimsone a li soeufatsa tsa ba joaloka lehloa kapa boea bo sa dauoang. Kahoo, ha Jehova a re tšoarela libe, ha ho hlokahale hore re ikutloe re ntse re jere letheba la libe tseo bophelo bohle ba rōna.

  • “Molimo ke Lerato”
    Molula-Qhooa—2003 | July 1
    • a Setsebi se seng se re sekareleta “e ne e le ’mala o sa tsoeng, kapa o sa thunyeng. O ne o sa ntšoe ke phoka, pula, ho hlatsuoa kapa hona ho sebelisoa nako e telele.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela